Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jehova Molimo oa Rōna o Mohau
    Molula-Qhooa—1989 | March 1
    • Khutlelang ho Jehova

      Esita le ba etsang phoso e tebileng ba ka khutlela ho Jehova ’me ba bontšoa mohau. (Pesaleme ea 145:8, 9) Hosea o ile a bua hape ka tlhokomelo e lerato ea Molimo ho Baiseraele. Le hoja sechaba se ile sa furalla Jehova, o ile a tšepisa hore o tla se khutlisa, ha a re: “Ke tla ba lopolla matleng a nģalo ea bafu, ke ba namolele lefung.” Samaria (Iseraele) e ne e tla lokela ho lefa moputso oa bofetoheli. Empa Baiseraele ba ile ba phehelloa ho khutlela ho Molimo ka mantsoe a molemo, ‘mahlabelo a maleme.’ Boprofeta bo ile ba qetella ka khopolo e tšelisang ea hore ba bohlale le ba lokileng ba tsamaeang litseleng tse lokileng tsa Jehova ba ne ba tla thabela mohau le lerato tsa hae.—13:1-14:9.

  • Jehova Molimo oa Rōna o Mohau
    Molula-Qhooa—1989 | March 1
    • ○ 13:14—Jehova o ne a ke ke a lopolla Baiseraele ba sa utloeng ka ho ba pholosa ka nako eo matleng a Sheol kapa a ba namolele lefung. O ne a ke ke a ba bontša kutloelo-bohloko, hobane ba ne ba sa lokeloe ke mohau. Empa moapostola Pauluse o bontšitse hore qetellong Molimo o tla felisa lefu ka ho sa feleng ’me a felise le matla a lona a ho bolaea. Jehova o bontšitse matla a hae a ho etsa joalo ka ho tsosa Jesu Kreste lefung le Sheol, ka tsela eo a fana ka tiiso ea hore batho bao a ba hopotseng ba tla tsosoa ke Mora oa hae tlas’a puso ea ’Muso.—Johanne 5:28, 29.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela