Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Phatlalatsang Sena Har’a Lichaba”
    Lula U Hopola Letsatsi la Jehova
    • 1. Ke hobane’ng ha ho bua ha Jehova le moprofeta oa hae ho ka bapisoa le ho puruma ha tau?

      NA U kile ua utloa tau e puruma? Lerata la ho puruma ha eona le feta la boro e thuhang majoe. U ne u tla etsa joang haeba u ka utloa tau e puruma haufi ha ho khutsitse har’a bosiu? Mohlomong u ne u tla raoha hang-hang. E mong oa baprofeta ba 12 bao re ntseng re tšohla mangolo a bona, e leng Amose, o ile a sebelisa papiso ena: “Ho na le tau e purumileng! Ke mang ea ke keng a tšoha? ’Musi Morena Jehova o buile! Ke mang ea ke keng a profeta?” (Amose 3:3-8) Haeba u ne u ka utloa Jehova ka boeena a bua, na u ne u ke ke ua etsa seo Amose a ileng a se etsa? O ile a nka khato hang-hang ’me a profeta khahlanong le sechaba sa Iseraele sa meloko e leshome.

  • “Phatlalatsang Sena Har’a Lichaba”
    Lula U Hopola Letsatsi la Jehova
    • 3. U ka etsa mosebetsi o tšoanang le oa baprofeta bao re ntseng re ithuta libuka tsa bona joang?

      3 Na ruri u etsa mosebetsi o kang oa baprofeta? E ka ’na eaba ha u e-s’o utloe ha tau e puruma, e leng ho bolelang hore ha ua bululeloa ke Jehova ka ho toba. Leha ho le joalo, u utloile molaetsa o potlakileng o hlahang Lentsoeng la hae, Bibele, o buang ka letsatsi la Jehova le seng le le haufi. Joalokaha re hlokometse Khaolong ea 1 ea buka ena, lentsoe “moprofeta” le lentsoe “boprofeta” ke mantsoe a bolelang lintho tse fapa-fapaneng. Le hoja mohlomong u se moprofeta ea tšoanang le Amose kapa baprofeta ba bang ba boholo-holo, u ntse u ka bua ka lintho tseo e leng hona li tla etsahala. Joang? U ka phatlalatsa melaetsa ea boprofeta eo u ithutileng eona ka Mangolong a Halalelang, ho kopanyelletsa le libukeng tsa baprofeta bao ba 12. Ena ke nako ea hore u etse sona seo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela