-
O Ile a Ithuta Liphosong Tsa HaeMolula-Qhooa—2009 | January 1
-
-
Kaha Jonase o ne a ikutloa a se na thuso, o ile a ea karolong e ka tlaase ea sekepe eaba o fumana moo a ka robalang teng. Ha a fihla moo, o ile a ea le sephume sa boroko.b Motsamaisi o ile a fumana Jonase a robetse, a mo tsosa eaba o re a rapele molimo oa hae joalokaha batho ba bang. Kaha ba ne ba kholisehile hore sefefo sena e ne e le sa mohlolo, basesisi bao ba likepe ba ile ba lahla lotho e le hore ba bone hore na ke bo-mang har’a bona bao e ka ’nang eaba ba nkha lefotha. Ha ho potang hore Jonase o ile a tetebela maikutlo ha lotho e ntse e feta ba bang. Nakoana hamorao ’nete e ile ea hlaka. Jehova o ne a loebehlanya leoatle ka lebaka la motho a le mong, e leng Jonase, ebile o ile a etsa hore lotho e oele ho eena!—Jonase 1:5-7.
-
-
O Ile a Ithuta Liphosong Tsa HaeMolula-Qhooa—2009 | January 1
-
-
b Septuagint e hatisa taba ea hore Jonase o ne a khalehile thuoe! hobane e re o ne a bile a khona. Ho e-na le ho nka hore Jonase o ile a robala hobane a sa tsotelle se etsahalang, re lokela ho hopola hore ka linako tse ling batho ba nyahameng haholo ba tleloa ke boroko bo boholo. Lihoreng tseo Jesu a neng a le mahlomoleng ka tsona serapeng sa Gethesemane, Petrose, Jakobo le Johanne ba ile “ba otsela ka lebaka la ho sareloa.”—Luka 22:45.
-