Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae
    Etsisa Tumelo ea Bona
    • 18, 19. Ho ile ha etsahala’ng ka Jonase ha a le botebong ba leoatle, ke sebōpuoa sa mofuta ofe se ileng sa mo kometsa, hona ke mang ea ileng a etsa seo? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

      18 Empa butle hanyane! Ho ne ho e-na le ntho e neng e tsamaea haufi le eena—e phelang, ea tonanahali, e ntšo. E ile ea mo seohela ka tsela e tšosang. Ea ahlamisa molomo o moholohali, ea mo kometsa!

      Jonase o qoela ka leoatleng ’me tlhapi e khōlō e sesa haufi le eena

      Jehova “a lokisetsa hore tlhapi e khōlō e metse Jonase”

      19 O ne a nahana hore joale ho felile ka eena. Empa Jonase o ile a lemoha ntho e ’ngoe e makatsang. O ne a ntse a phela! Ho hang ntho ena e ne e sa mo hlafuna kapa hona ho mo robokella, ebile o ne a sa bipetsana. Le hoja a ne a le moo e neng e tlameha ebe ke lebitla la hae, o ne a ntse a phela. Butle-butle Jonase o ile a hlolloa. Ha ho pelaelo hore ke Molimo oa hae, Jehova, ea neng a ile “a lokisetsa hore tlhapi e khōlō e metse Jonase.”c—Jon. 1:17.

      20. Re ka ithuta’ng ka Jonase mabapi le thapelo eo a ileng a e etsa ha a le ka mpeng ea tlhapi e khōlō?

      20 Ha feta metsotso, metsotso ea fetoha lihora. Ha Jonase a le lefifing leo le letšo-letšo leo ho seng mohla a kileng a le bona, o fumana nako ea ho thuisa ebile o rapela Jehova Molimo. Re ka ithuta ho hongata thapelong ea Jonase e tlalehiloeng khaolong ea bobeli ea buka ea hae. E bontša hore Jonase o ne a tseba Mangolo haholo, kaha khafetsa thapelong eo o ile a bua mantsoe a hlahang ho Lipesaleme. E boetse e bontša hore o ne a e-na le tšobotsi e itseng e babatsehang: e leng teboho. Jonase o ile a phetha ka ho re: “Ha e le ’na, ke tla u etsetsa sehlabelo ka lentsoe la liteboho. Seo ke itlammeng ka sona, ke tla se phetha. Poloko ke ea Jehova.”—Jon. 2:9.

      21. Jonase o ile a ithuta eng ka hore Jehova a mo pholose, hona ke thuto efe ea bohlokoa eo re lokelang ho e hopola?

      21 Ha a le sebakeng seo se sa tloaelehang—e leng “likarolong tse ka hare tsa tlhapi”—Jonase o ile a ithuta hore Jehova a ka pholosa mang kapa mang, a le kae kapa kae, neng kapa neng. Esita leha a le moo, Jehova o ile a fumana mohlanka oa hae ea mathateng ’me a mo pholosa. (Jon. 1:17) Ke Jehova feela ea neng a ka etsa hore motho a lule a phela ka matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ea tlhapi e khōlō. Kajeno ke habohlokoa hore le rōna re hopole hore Jehova ke “Molimo eo phefumoloho ea [rōna] e leng letsohong la hae.” (Dan. 5:23) Hore ebe re teng le hore rea phela, ke ka lebaka la hae. Na re bontša kananelo? Ka sebele seo se lokela ho re susumelletsa ho mamela Jehova.

      22, 23. (a) Nakoana hamorao, Jonase o ile a lekoa joang ho bontša hore na o na le kananelo kapa che? (b) Re ka ithuta eng ho Jonase ka liphoso tseo re li etsang?

      22 Jonase o ile a etsa joang? Na o ile a ithuta ho bontša kananelo ka hore a mamele Jehova? Hantle haholo. Ka mor’a matsatsi a mararo le masiu a mararo, tlhapi eo e ile ea tlisa Jonase lebōpong moo “e ileng ea hlatsetsa Jonase naheng e omileng.” (Jon. 2:10) Nahana feela—ka mor’a lintho tsena tsohle, ho ne ho sa hlokahale hore Jonase a sese ho ea lebōpong! Ke ’nete hore o ile a lokela ho ipatlela tsela ea ho tloha lebōpong leo, ho sa tsotellehe hore na le ne le le hokae. Leha ho le joalo, nakoana hamorao, ho ile ha fihla nako ea hore a bontše hore na o na le kananelo kapa che. Jonase 3:1, 2, e re: “Joale lentsoe la Jehova la hlaha ho Jonase ka lekhetlo la bobeli, la re: ‘Ema, u ee Ninive motseng o moholo, ’me u phatlalatse ho eona phatlalatso eo ke u bolellang eona.’” Jonase o ne a tla etsa’ng?

  • O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae
    Etsisa Tumelo ea Bona
    • c Lentsoe la Seheberu bakeng sa “tlhapi” le ile la fetoleloa ka Segerike e le “sebata se tšabehang sa leoatleng” kapa “tlhapi ea tonanahali.” Le hoja re se na mokhoa oa ho tseba hantle hore na phoofolo ena ea leoatleng e ne e le ea mofuta ofe, ho ’nile ha hlokomeloa hore Leoatleng la Mediterranean ho na le lishaka tse khōlō hoo li ka koenyang motho a ntse a feletse. Libakeng tse ling ho na le lishaka tse khōlō le ho feta; mofuta o mong oa shaka o ka ba bolelele ba limithara tse 15—esita le ho feta moo!

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela