Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae
    Molula-Qhooa—2009 | January 1
    • Empa ema hanyane! Ho ne ho e-na le ntho e neng e tsamaea haufi le eena—e joaloka ntho e phelang, ea tonanahali, e ntšo. E ile ea mo seohela ka tsela e tšosang. Ea ahlamisa molomo o moholohali, ea mo kometsa!

      O ne a nahana hore joale ho felile ka eena. Empa Jonase o ile a lemoha ntho e ’ngoe e makatsang. O ne a sa ntse a phela! Ho hang ntho ena e ne e sa mo hlafuna kapa hona ho mo robokella, ebile o ne a sa bipetsana. Che, o ne a ntse a phela le hoja a le moo e neng e tšoanela ho ba lebitla la hae. Butle-butle Jonase o ile a hlolloa. Ha ho pelaelo hore ke Molimo oa hae, Jehova ea neng a ile “a lokisetsa hore tlhapi e khōlō e metse Jonase.”c—Jonase 1:17.

      Ho feta metsotso, metsotso e fetoha lihora. Ha Jonase a le lefifing leo le letšo-letšo leo ho seng mohla a kileng a le bona, o fumana nako ea ho thuisa ebile o rapela Jehova Molimo. Thapelo ea hae e tlalehiloeng ka botlalo khaolong ea bobeli ea buka ea Jonase, e fana ka lintlha tse itseng tsa bohlokoa. E bontša hore Jonase o ne a tseba Mangolo haholo, kaha khafetsa thapelong eo o ile a bua mantsoe a ileng a buuoa ho Lipesaleme. E boetse e bontša hore o ne a e-na le tšobotsi e itseng e babatsehang: e leng teboho. Jonase o ile a phetha ka ho re: “Ha e le ’na, ke tla u etsetsa sehlabelo ka lentsoe la liteboho. Seo ke itlammeng ka sona, ke tla se phetha. Poloko ke ea Jehova.”—Jonase 2:9.

      Jonase o ile a ithuta hore Jehova a ka boloka mang kapa mang, kae kapa kae, neng kapa neng. Esita le ha a le moo, “likarolong tse ka hare tsa tlhapi,” Jehova o ile a fumana mohlanka oa hae ea mathateng ’me a mo pholosa. (Jonase 1:17) Ke Jehova feela ea neng a ka etsa hore motho a lule a phela ka matsatsi a mararo le masiu a mararo mpeng ea tlhapi e khōlō. Kajeno ke habohlokoa hore le rōna re hopole hore Jehova ke “Molimo eo phefumoloho ea [rōna] e leng letsohong la hae.” (Daniele 5:23) Hore ebe re teng, rea phela, ke ka lebaka la hae. Na rea mo leboha? Ka sebele seo se lokela ho re susumelletsa ho mamela Jehova.

      Jonase o ile a etsa joang? Na o ile a ithuta ho leboha Jehova ka hore a mo mamele? Hantle haholo. Ka mor’a matsatsi a mararo le masiu a mararo, tlhapi eo e ile ea tlisa Jonase lebōpong moo “e ileng ea hlatsetsa Jonase naheng e omileng.” (Jonase 2:10) Ak’u inahanele—ka mor’a lintho tsena tsohle, ho ne ho sa hlokahale hore Jonase a sese ho ea lebōpong! Ke ’nete hore o ile a lokela ho ipatlela tsela ea ho tloha lebōpong leo, ho sa tsotellehe hore na le ne le le hokae. Leha ho le joalo, nakoana hamorao, ho ile ha fihla nako ea hore a bontše hore na o na le kananelo kapa che. Jonase 3:1, 2, e re: “Joale lentsoe la Jehova la hlaha ho Jonase ka lekhetlo la bobeli, la re: ‘Ema, u ee Ninive motseng o moholo, ’me u phatlalatse ho eona phatlalatso eo ke u bolellang eona.’” Jonase o ne a tla etsa’ng?

  • O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae
    Molula-Qhooa—2009 | January 1
    • c Lentsoe la Seheberu bakeng sa “tlhapi” le ile la fetoleloa ka Segerike e le “sebatahali se tšabehang sa leoatleng” kapa “tlhapi ea tonanahali.” Le hoja re se na mokhoa oa ho tseba hantle hore na phoofolo ena ea leoatleng e ne e le ea mofuta ofe, ho ’nile ha hlokomeloa hore Leoatleng la Mediterranean ho na le lishaka tse khōlō hoo li ka koenyang motho a ntse a feletse. Libakeng tse ling ho na le lishaka tse khōlō le ho feta; mofuta o mong oa shaka o ka ba bolelele ba limithara tse 15—esita le ho feta moo!

  • O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae
    Molula-Qhooa—2009 | January 1
    • Esita leha Molimo a sa kenelle ka matla a hae, ka linako tse ling ho etsahala lintho tse hlollang. Ka mohlala, ho boleloa hore ka 1758 mosesisi e mong o ile a thella sekepeng sa hae eaba o oela ka Leoatleng la Mediterranean moo shaka e ileng ea mo koenya. Leha ho le joalo, shaka eo e ile ea thunngoa ka kanono. Eitse ha e thunngoa, eaba e hlatsa motho eo ’me a huleloa sebakeng se sireletsehileng a ntse a phela, ho hang a sa lemala. Haeba pale eo ke ’nete, re ka ’na ra e nka e hlolla esita le hona ho makatsa—empa e se mohlolo. Na Molimo o ne a ke ke a sebelisa matla a hae ho etsa se fetang seo hōle?

      Bahlahlobisisi ba boetse ba tsitlella hore ha ho na motho ea ka phelang ka mpeng ea tlhapi ka matsatsi a mararo a sa bipetsane. Leha ho le joalo, batho ba ’nile ba e-ba le bohlale ba ho pompela moea ka litankeng tseo ba li sebelisetsang ho hema ha ba le ka tlas’a metsi nako e telele. Na Molimo o ne a ke ke a sebelisa matla a hae a maholo, a se nang moeli hammoho le bohlale ba hae ho etsa hore Jonase a ’ne a phele ’me a heme ka matsatsi ao a mararo? Seo lengeloi le leng la Jehova le ileng la se bolella Maria, ’mè oa Jesu, ke ’nete ha le ne le re: “Ho Molimo ha ho polelo e ke keng ea khoneha.”—Luka 1:37.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela