Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ea Khopo o Saletsoe ke Nako e Kae?
    Molula-Qhooa—2000 | February 1
    • 9 Habakuke o mamela ka hloko mantsoe a eketsehileng a Molimo, a tlalehiloeng ho Habakuke 1:6-11. (NW) Ona ke molaetsa oa Jehova—’me ho phethahala ha oona ho ke ke ha thijoa ke molimo leha e le ofe oa bohata kapa setšoantšo leha e le sefe se sa pheleng: “Ke mona ke hlahisa Bakalde, sechaba se sehlōhō le se bohale, se eang libakeng tsa lefatše tse bulehileng ka ho pharaletseng hore se rue libaka tsa bolulo tseo e seng tsa sona. Sea tšabeha ’me sea tšosa. Toka ea sona le ho hlompheha ha sona li tsoa ho sona. Lipere tsa sona li lebelo ho feta mangau, ’me li bohale ho feta liphiri tsa shoalane. ’Me lipere tsa sona tsa ntoa li ’nile tsa tila fatše, le lipere tsa sona tsa ntoa li tsoa hōle haholo. Li fofa joaloka ntsu e potlaketseng ho ea ja ho hong. Kaofela ha sona se tlela pefo feela. Ho bokana ha lifahleho tsa sona ho joaloka moea oa bochabela, ’me se bokella baholehuoa feela joaloka lehlabathe. Se soma marena, ’me balaoli ba phahameng ke ho hong ho tšehisang ho sona. Se tšeha esita le sebaka se seng le se seng se etselitsoeng qhobosheane, ’me se bokella lerōle le ho se hapa. Ka nako eo ka sebele se tla leba pele joaloka moea hape se tla feta ’me ka sebele se be molato. Matla ana a sona a teng ka lebaka la molimo oa sona.”

  • Ea Khopo o Saletsoe ke Nako e Kae?
    Molula-Qhooa—2000 | February 1
    • 11. U ka hlalosa ho tla ha mabotho a Bababylona joang khahlanong le Juda?

      11 Lipere tsa Babylona li lebelo ho feta mangau a lebelo. Bahlabani ba eona ba palameng lipere ba bohale ho feta liphiri tse lapileng tse tsomang bosiu. ‘Lipere tsa sona tsa ntoa li tila’ ke ho hloka mamello ha li chesehela ho tloha. Li tloha Babylona e hōle li habile Juda. Bakalde ba fofang joaloka ntsu e potlaketseng sejo se hlabosang, ba tla tloha ba ubella liphofu tsa bona. Empa na see e tla ba tlhaselo feela ea nakoana, phutuho feela ea masole a seng makae? Le hanyenyane! “Kaofela ha sona se tlela pefo feela,” joaloka lebotho le leholo le phuthehelang ho ea senya. Lifahleho tsa bona li khanya cheseho, ba palame ba lebile bophirimela Juda le Jerusalema, ba tsamaea ka potlako joaloka moea oa bochabela. Mabotho a Bababylona a hohola batšoaruoa ba bangata hoo ba ‘bokellang baholehuoa feela joaloka lehlabathe.’

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela