Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Ntebelleng”
    Molula-Qhooa—1996 | March 1
    • 3 Se hlokomelehang ke ’nete ea hore ha Sofonia a bolela likahlolo tsa bomolimo khahlanong le “mahosana” a Juda (bahlomphehi, kapa marena a meloko) le “bara ba morena,” le ka mohla ha aa ka a bua ka morena ka boeena nyatsong ea hae.a (Sofonia 1:8; 3:3) Sena se bontša hore Morena Josiase e monyenyane o ne a se a bontšitse hore o sekametse ka matla borapeling bo hloekileng, le hoja, ka lebaka la boemo boo Sofonia a ileng a bo nyatsa, ho totobetse hore o ne a e-s’o qale liphetoho tsa hae tsa bolumeli. Sena sohle se fana ka maikutlo a hore Sofonia o ile a profeta a le Juda lilemong tse qalang tsa Josiase, ea ileng a busa ho tloha ka 659 ho ea ho 629 B.C.E. Ha ho pelaelo hore ho profeta ho matla ha Sofonia ho ile ha etsa hore Josiase a elelloe haholoanyane borapeli ba litšoantšo, pefo le tšenyeho tse neng li atile Juda ka nako eo le ho matlafatsa letšolo leo a ileng a le etsa hamorao khahlanong le borapeli ba litšoantšo.—2 Likronike 34:1-3.

  • “Ntebelleng”
    Molula-Qhooa—1996 | March 1
    • a Ho ne ho tla bonahala hore polelo “bara ba morena” e bolela mahosana ’ohle a borena, kaha bara ba Josiase ba ne ba le banyenyane haholo ka nako eo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela