-
Ha ho Letho le ka ‘re Arohanyang le Lerato Leo Molimo a re Bontšitseng Lona’Atamela ho Jehova
-
-
19 Jehova o na le kutloelo-bohloko. Kutloelo-bohloko ke eng? Mokreste e mong ea tšepahalang ea seng a holile o ile a re: “Kutloelo-bohloko ke ha ke utloa bohloko boo u bo utloang ka pelong ea ka.” Na Jehova o hlile o angoa ke bohloko boo re bo utloang? Mabapi le mahlomola a sechaba sa hae sa Iseraele re bala sena: “Nakong ea mahlomola ’ohle a bona le eena o ile a hlomoha.” (Esaia 63:9) Ha se feela hore Jehova o ne a bona mahlomola a sona empa o ne a utloela sechaba bohloko. Hore na o ne a se utloela bohloko ka ho teba hakae ho bontšoa ke mantsoe a Jehova ho bahlanka ba hae, ha a re: “Ea le thetsang o thetsa thaka ea leihlo la ka.”b (Zakaria 2:8) Hoo e ne e tla ba ntho e bohloko hakaakang! E, Jehova o re utloela bohloko. Ha re utloa bohloko, le eena o utloa bohloko.
-
-
Ha ho Letho le ka ‘re Arohanyang le Lerato Leo Molimo a re Bontšitseng Lona’Atamela ho Jehova
-
-
b Liphetolelo tse ling mona li fana ka maikutlo a hore ea thetsang batho ba Molimo ho tšoana le ha a ithetsa leihlo kapa a thetsa leihlo la Iseraele, eseng la Molimo. Phoso ena e ile ea kenyelletsoa ke bangoli ba bang ba neng ba nka hore temana ena ha e na tlhompho e loketseng eaba baa e fetola. Boiteko ba bona bo fosahetseng bo ile ba pata botebo ba kutloelo-bohloko ea Jehova.
-