Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lerato la Lōna la Bara ba Motho a le Tsoele Pele!
    Molula-Qhooa—1997 | August 1
    • 5. Re tseba joang hore Jehova o na le kutloelo-bohloko?

      5 Na Jehova o na le kutloelo-bohloko e joalo? Ka sebele ho joalo. Ka mohlala, re bala sena mabapi le bohloko bo ileng ba utluoa ke sechaba sa hae sa Iseraele: “Litsietsing tsohle tsa bona a ba tsietsing le bona.” (Esaia 63:9) Jehova ha aa ka a bona mathata a bona feela; o ile a utloela sechaba seo bohloko. Hore na o na le boikutlo bo matla hakae ho bontšoa ke mantsoe a Jehova ka boeena ho sechaba sa hae, a tlalehiloeng ho Zakaria 2:8: “Ea le amang o ama thaka ea leihlo la [ka, NW].”a Mabapi le temana ena mohlalosi e mong o re: “Leihlo ke se seng sa litho tse rarahaneng le tse tetemang ka ho fetisisa ’meleng oa motho; ’me thaka ea leihlo—lesoba leo khanya ea leholimo e kenang ka lona ho etsa hore motho a bone—ke karolo ea leihlo e boi ka ho fetisisa, ebile e le ea bohlokoa ka ho fetisisa. Ha ho letho le ka fetisang khopolo ea tlhokomelo e bonolo ea Jehova bakeng sa lintho tseo a li ratang hamolemo ho feta sena.”

  • Lerato la Lōna la Bara ba Motho a le Tsoele Pele!
    Molula-Qhooa—1997 | August 1
    • a Liphetolelo tse ling li fana ka maikutlo a hore ea amang batho ba Molimo o ama leihlo la Iseraele kapa la hae ka boeena, eseng la Molimo. Phoso ena e ile ea etsoa ke bangoli ba lilemong tse bohareng bao, boitekong ba bona bo khelohileng ba ho lokisa litemana, ba ileng ba talima temana ena e le e sa bontšeng ho hlompha, eaba baa e fetola. Ka ho etsa joalo ba ile ba pata matla a Jehova a ho ipeha boemong ba motho e mong.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela