Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Buka ea Bibele ea 38—Zakaria
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 12. Ke khothatso le tiiso efe tse fanoeng mabapi le ho hahoa ha tempele?

      12 Pono ea bohlano: Seluloana sa mabone le lifate tsa mehloare (4:1-14). Lengeloi le tsosa Zakaria hore a bone seluloana sa gauda sa mabone a supileng, se likiloe ke lifate tse peli tsa mehloare. O utloa lentsoe lena la Jehova ho Zorobabele: ‘Hase ka matla le ka borena, empa e le ka moea oa Molimo.’ “Thaba e kholo” e tla batalatsoa ka pel’a Zorobabele, ’me lejoe la ntlha la tempele le tla tlisoa hore le hoeletse: “‘Le letle hakaakang! Le letle hakaakang!’” (BPN) Zorobabele o ralile metheo ea tempele, ’me Zorobabele o tla phetha mosebetsi. Mabone a supileng ke mahlo a Jehova “a ntseng a qamaka lefatše lohle.” (4:6, 7, 10) Lifate tse peli tsa mehloare ke batlotsuoa ba Jehova ba babeli.

  • Buka ea Bibele ea 38—Zakaria
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 23. Tlaleho ea Zakaria e matlafatsa tumelo joang?

      23 Bohle ba ithutang le ho nahanisisa ka boprofeta ba Zakaria ba tla rua molemo ka ho fumana tsebo e matlafatsang tumelo. Ka makhetlo a fetang a 50 Zakaria o lebisa tlhokomelo ho “Jehova oa makhotla” e le Eena ea loanelang batho ba Hae le ho ba sireletsa, a ba tlatsa matla ho ea ka seo ba se hlokang. Ha khanyetso e kang thaba e ne e sokela ho phethoa ha ho hahuoa ha tempele, Zakaria o ile a phatlalatsa: “Ke lentsoe la Jehova ho Zorobabele, le reng: Hase ka matla le ka borena, empa e le ka moea oa ka, ho bolela Jehova oa makhotla! Uena thaba e kholo, u eng pel’a Zorobabele? U lehoatata feela!” Tempele e ile ea phethoa ka thuso ea moea oa Jehova. Ka ho tšoanang kajeno, litšitiso li tla qhibiliha haeba ho sebetsanoa le tsona ka tumelo ho Jehova. Ho joalokaha Jesu a ile a bolella barutuoa ba hae: “Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ea mosetareda, leha le be le ka re ho thaba ena: Fallela mane; e ka fallela teng, ’me ho ka be ho se letho le le sitang.”—Zak. 4:6, 7; Matt. 17:20.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela