Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Buka ea Bibele ea 39—Malakia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 4. Ke eng e pakang hore buka ea Malakia ke ’nete ’me e bululetsoe?

      4 Ka mehla buka ea Malakia e ’nile ea amoheloa ke Bajode e le ea ’nete. Lirapa tse qotsitsoeng ho eona Mangolong a Bokreste a Segerike, ao a ’maloa a oona a bontšang ho phethahala ha boprofeta ba eona, li paka hore Malakia e ne e bululetsoe le hore ke karolo ea libuka tsa Mangolo a Seheberu tse neng li amoheloa ke phutheho ea Bokreste.—Mal. 1:2, 3—Ba-Roma 9:13; Mal. 3:1—Matt. 11:10 le Luka 1:76 le 7:27; Mal. 4:5, 6—Matt. 11:14 le 17:​10-13, Mar. 9:11-13 le Luka 1:17.

  • Buka ea Bibele ea 39—Malakia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 15. “Elia” oa boprofeta ba Malakia ke mang?

      15 Joale, ho Malakia 4:5, 6, Jehova o tšepisitse: “Bonang, ke ea le romela moprofeta Elia.” “Elia” eo ke mang? Jesu le lengeloi ba hlahileng ho Zakaria ka bobeli ba lebisa mantsoe ana ho Johanne Mokolobetsi, ba bontša hore e ne e le eena ea tla “busetsa tsohle” le ho ‘lokisetsa Jehova sechaba se hlekehileng hantle’ ho amohela Messia. Leha ho le joalo, Malakia le eena o bolela hore “Elia” ke selelekela sa ‘letsatsi le leholo le le tšabehang la Jehova,’ kahoo a bontša ho phethahala ho tlang ka letsatsi la kahlolo.—Matt. 17:11; Luka 1:17; Matt. 11:14; Mar. 9:12.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela