Na U sa Hopola?
Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, leka ho araba lipotso tse latelang:
• Mangolo a Segerike a Bakreste a sebelisa lentsoe “phutheho” ka litsela life tse ’nè?
Moelelo oa lona oa sehlooho o sebetsa sehlopheng sa Bakreste ba tlotsitsoeng (litemaneng tse ling ho akarelletsoa le Kreste). Ka linako tse ling, ‘phutheho ea Molimo’ e bolela Bakreste bohle ba phelang ka nako e itseng. Tsela ea boraro e sebetsa ho Bakreste bohle ba sebakeng se itseng. Qetellong, lentsoe lena le ka sebetsa ho litho tsa phutheho ea sebaka ka seng.—4/15, leqepheng la 21-3.
• Ho bitsetsoa ha Bakreste tšepong ea leholimo ho khaotsa neng?
Bibele ha e arabe taba eo ka tsela e tobileng. Ho bitsoa hoo ho ile ha qala ka 33 C.E., ’me ha tsoela pele ho fihlela mehleng ea kajeno. Ka mor’a 1935 boikitlaetso bo matla bo ileng ba etsoa mosebetsing oa ho etsa barutuoa e ile ea e-ba ba ho bokella bongata bo boholo. Ba bang ba kolobelitsoeng ka mor’a 1935 ba fumane bopaki ba moea o halalelang ba hore ba na le tšepo ea ho ea leholimong, kahoo, re ke ke ra bolela ka ho toba hore na ho bitsoa hoo ho khaotsa neng. Batlotsuoa ba ’nete ha ba na moea oa Molimo o mongata ho feta oa linku tse ling, ebile ha baa lebella ho tšoaroa ka tsela e khethehileng. Ho sa tsotellehe hore na Bakreste ba na le tšepo efe, ho hlokahala hore ba tšepahale ’me ba tsoele pele ho phetha thato ea Molimo.—5/1, leqepheng la 30-1.
• Ha Jafeta a etsa kano ea hae, na o ne a ikemiselitse ho nyehela morali oa hae ho Molimo e le nyehelo ea secheso?
Che. Jafeta o ne a bolela hore o ne a tla nyehela motho ea neng a tla mo khahlanyetsa tšebeletsong ea Molimo a ’notši, e leng se neng se lumelloa ke Molao oa Moshe. (1 Samuele 2:22) E le ho phethahatsa kano eo, morali oa Jafeta o ile a tsoela pele a sebeletsa tabernakeleng, a itela haholo hobane kano eo e ne e bolela hore o ne a ke ke a nyaloa le ka mohla.—5/15, leqepheng la 9-10.
• Codex e ile ea phetha karolo efe mehleng ea pele ea Bokreste?
Ho bonahala eka haholo-holo Bakreste ba ne ba sebelisa moqolo, bonyane ho fihlela qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E. Lekholong le latelang la lilemo, ho ile ha e-ba le qhoebeshano pakeng tsa batho ba neng ba buella codex le ba neng ba buella moqolo. Litsebi li lumela hore ho sebelisa ha Bakreste codex ho ile ha phetha karolo ea bohlokoa haholo ho etseng hore e amoheloe hohle.—6/1, leqepheng la 14-15.
• Almanaka ea Gezere ke Eng?
Ke letlapa le lenyenyane la mokoetla le sibolotsoeng ka 1908 sebakeng seo e neng e le motse oa Gezere. Batho ba bangata ba nahana hore moshanyana e mong o ile a ngola letlapa leo e le mosebetsi oa sekolo. Letlapa leo le hlalosa almanaka e nolofalitsoeng ea linako tsa temo, ho qala ka nako ea ho bokella ka khoeli e tsamaisanang le September/October ’me le bua ka lijalo tse fapa-fapaneng le mesebetsi ea temo.—6/15, leqepheng la 8.
• Ho siteloa moea o halalelang ho bolela’ng?
Ho ka khoneha hore motho a siteloe moea o halalelang oa Jehova, e leng sebe se ke keng sa tšoareloa. (Matheu 12:31) Molimo ke eena ea etsang qeto ea hore na re entse sebe se sa tšoareloeng kapa che, ’me a ka re amoha moea oa hae. (Pesaleme ea 51:11) Haeba sebe sa rōna se re soabisitse haholo, ho ka etsahala hore re bakile e le kannete, e leng se bolelang hore ha rea siteloa moea.—7/15, leqepheng la 16-17.
• Kaha Morena Saule o ne a kile a sebelisana le Davida, ke hobane’ng ha a ile a botsa hore na Davida ke mora oa mang? (1 Samuele 16:22; 17:58)
Saule o ne a sa thahaselle feela ho tseba lebitso la ntate oa Davida. Kaha o ne a bone hore Davida ke motho ea nang le tumelo le ea sebete ’me a sa tsoa hlōla Goliathe, Saule o ne a batla ho tseba hore na monna ea hōlisitseng moshanyana ea tjena ke motho ea joang. Mohlomong Saule o ne a e-na le maikutlo a ho kenya Jese kapa ba bang ba lelapa la hae lebothong la hae.—8/1, leqepheng la 31.