-
‘Lulang Lentsoeng la Ka’Molula-Qhooa—2003 | February 1
-
-
16. (a) Ke batho bafe ba tšoantšetsoang ke mobu o meutloa? (b) Ho latela litlaleho tse tharo tsa Kosepele, ke’ng se tšoantšetsoang ke meutloa?—Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.
16 Ke batho ba mofuta ofe ba tšoantšetsoang ke mobu o meutloa? Jesu oa hlalosa, o re: “Ke ba utloileng, empa, ka ho nkoa ke matšoenyeho le maruo le menyaka ea bophelo bona, ba bipetsoa ka ho feletseng ’me ha ba tlise letho phethehong.” (Luka 8:14) Joalokaha peō ea mojali le meutloa li mela mobung ka nako e le ’ngoe, ka tsela e tšoanang, batho ba bang ba leka ho amohela lentsoe la Molimo le “menyaka ea bophelo bona” ka nako e le ’ngoe. ’Nete ea lentsoe la Molimo e jaloa lipelong tsa bona, empa e tlameha ho hlōlisana le lintho tse ling tseo ba li ratang. Pelo ea bona ea tšoantšetso e arohane. (Luka 9:57-62) Sena se ba thibela ho ipha nako e lekaneng ea ho thuisa ka thapelo le ka tsela e khotsofatsang ka lentsoe la Molimo. Ba sitoa ho amohela lentsoe la Molimo ka botlalo ’me kahoo ha ba na kananelo e tlohang pelong e hlokahalang bakeng sa ho mamella. Butle-butle, lithahasello tsa bona tsa moea li koaheloa ke ho phehella lintho tseo e seng tsa moea hoo ba ‘bipetsoang ka ho feletseng.’c Ba sa rateng Jehova ka pelo eohle ba ba le phello e soabisang hakaakang!—Matheu 6:24; 22:37.
17. Ho hlokahala hore re etse liqeto life e le hore re se ke ra bipetsoa ke meutloa ea tšoantšetso e boletsoeng papisong ea Jesu?
17 Ha re etelletsa pele litaba tsa moea, re qoba ho bipetsoa ke lintho tse bohloko le tse monate tsa lefatše lena. (Matheu 6:31-33; Luka 21:34-36) Ha rea lokela ho hlokomoloha ho bala Bibele le ho thuisa ka seo re se balang. Re tla fumana nako e eketsehileng ea ho thuisa ka botebo le ka thapelo haeba re nolofatsa bophelo ba rōna ka hohle kamoo ho ka etsahalang. (1 Timothea 6:6-8) Bahlanka ba Molimo ba entseng sena—bao ho ka thoeng ba fothotse meutloa mobung hore semela se behang litholoana se fumane lijo tse eketsehileng, leseli le sebaka—ba hlohonolofatsoa ke Jehova. Sandra ea lilemo li 26 o re: “Ha ke thuisa ka melemo eo ke e fumaneng ’neteng, ke hlokomela hore lefatše le ke ke la fana ka melemo e joalo!”—Pesaleme ea 84:11.
-
-
‘Lulang Lentsoeng la Ka’Molula-Qhooa—2003 | February 1
-
-
c Ho latela litlaleho tse tharo tsa Kosepele tsa papiso ea Jesu, peō e bipetsoa ke lintho tse bohloko le tse monate tsa lefatše lena: “Matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho,” “matla a thetsang a maruo,” “litakatso tsa lintho tse ling” le “menyaka ea bophelo bona.”—Mareka 4:19; Matheu 13:22; Luka 8:14; Jeremia 4:3, 4.
-