Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ha Jesu a Tla ka Khanya ea ’Muso
    Molula-Qhooa—1997 | May 15
    • 3, 4. (a) Jesu o ile a re’ng matsatsi a tšeletseng pele a fetoha sebōpeho? (b) Hlalosa se ileng sa etsahala nakong ea ho fetoha sebōpeho.

      3 Matsatsi a tšeletseng pele a fetoha sebōpeho, Jesu o ile a bolella balateli ba hae: “Mora oa motho o reretsoe hore a tle ka khanya ea Ntate oa hae a e-na le mangeloi a hae, ’me joale o tla buseletsa e mong le e mong ho ea ka boitšoaro ba hae.” Mantsoe ana a ne a tla phethahala ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho.’ Jesu o ile a tsoela pele ho re: “Kannete ke re ho lōna ho na le ba bang ba ba emeng mona bao ho hang ba se nang ho latsoa lefu ho fihlela pele ba bona Mora oa motho a tla ka ’muso oa hae.” (Matheu 16:27, 28; 24:3; 25:31-34, 41; Daniele 12:4) O ile a fetoha sebōpeho ho phethahatsa mantsoe ao a qetellang.

  • Ha Jesu a Tla ka Khanya ea ’Muso
    Molula-Qhooa—1997 | May 15
    • 5. Ho fetoha sebōpeho ho bile le phello efe ho moapostola Petrose?

      5 Moapostola Petrose o ne a se a boletse hore Jesu ke “Kreste, Mora oa Molimo ea phelang.” (Matheu 16:16) Mantsoe a Jehova a tsoang leholimong a ile a tiisa polelo eo, ’me pono ea Jesu ea fetohileng sebōpeho e ne e le pontšo e tlang esale pele ea ho tla ha Kreste ka matla a ’Muso le ka khanya, bakeng sa ho ahlola moloko oa batho qetellong. Lilemo tse fetang 30 ka mor’a ho fetoha sebōpeho hona, Petrose o ile a ngola: “E ne e se ka ho latela lipale tsa bohata tse qapiloeng ka bomene-mene re ileng ra le tsebisa matla le ho ba teng tsa Morena oa rōna Jesu Kreste, empa e ne e le ka hore re bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa botle ba hae bo hlollang. Etsoe o ile a amohela ho Molimo Ntate tlhompho le khanya, ha mantsoe a kang ana a ne a fetisetsoa ho eena ka khanya e hlollang: ‘Enoa ke mora oa ka, moratuoa oa ka, eo ’na ka bonna ke mo amohetseng.’ E, re ile ra utloa mantsoe ana a fetisoa ho tsoa leholimong ha re ntse re e-na le eena thabeng e halalelang.”—2 Petrose 1:16-18; 1 Petrose 4:17.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela