Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Bona Khanya ea Kreste ’Musong Pele ho Nako
    Molula-Qhooa—1988 | January 1
    • JESU oa emisa ha a le tseleng ho ea Cesarea, Filippi, ’me o ruta letšoele hammoho le barutuoa ba hae. O etsa tsebiso ena e susumetsang ho bona: “Ka ’nete ke re ho lōna: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utloa ho shoa, ba e-so ho bone Mor’a motho a e-tla ’musong oa hae.”

      Barutuoa ba tlameha ba ile ba ipotsa, ‘E be Jesu o ne a bolela eng moo?’ Hoo e ka bang beke hamorao, Jesu o nka Petrose, Jakobo, le Johanne ’me o tsamaea le bona ho hloa thaba e telele. E ka ’na eaba ke bosiu, kaha barutuoa baa otsela. Ha Jesu a ntse a rapela, o fetoha kapele ho bona. Sefahleho sa hae se qala ho khanya joaloka letsatsi, ’me liaparo tsa hae li khanya joaloka leseli.

  • Ho Bona Khanya ea Kreste ’Musong Pele ho Nako
    Molula-Qhooa—1988 | January 1
    • Pono ee e ipaka e le e matlafatsang hakaakang ho Jesu le barutuoa ba hae! Kamoo ho leng kateng, pono eo e ne e le ho bona pele ho nako khanya ea Kreste ’Musong. Ha e le hantle, barutuoa ba bone “Mor’a motho a e-tla ’musong oa hae,” joalokaha Jesu a ne a ile a tšepisa beke pejana ho moo. Kamor’a lefu la Jesu, Petrose o ile a ngola hore ‘e ne e bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa ho tlotlisoa ha Jesu ha re ne re e-na le eena thabeng e halalelang.’

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela