Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ela Hloko Lentsoe la Molimo la Boprofeta
    Molula-Qhooa—2000 | April 1
    • 5. Ka mantsoe a hao, u ka hlalosa ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang joang?

      5 Ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang e ne e le ketsahalo ea boprofeta. Jesu o itse: “Mora oa motho o reretsoe hore a tle ka khanya ea Ntate oa hae . . . Kannete ke re ho lōna ho na le ba bang ba ba emeng mona bao ho hang ba se nang ho latsoa lefu ho fihlela pele ba bona Mora oa motho a tla ka ’muso oa hae.” (Matheu 16:27, 28) Na ba bang ba baapostola ba ile ba fela ba bona Jesu a e-tla ka ’Muso oa hae? Matheu 17:1-7 e re: “Matsatsi a tšeletseng hamorao Jesu a nka Petrose le Jakobo le Johanne mor’abo ’me a nyolohela le bona thabeng e phahameng ba le bang. ’Me a fetoha sebōpeho ka pel’a bona.” A ketsahalo e tsotehang! “Sefahleho sa hae se ile sa khanya joaloka letsatsi, le liaparo tsa hae tsa ka ntle ea e-ba tse phatsimang joaloka leseli. ’Me, bonang! ha bonahala ho bona Moshe le Elija, ba qoqa le eena.” Hape, “leru le khanyang la ba koahela,” ’me ba utloa lentsoe la Molimo ka boeena le re: “‘Enoa ke Mora oa ka, moratuoa, eo ke mo amohetseng; mo mameleng.’ Ha ba utloa sena barutuoa ba itihela ka lifahleho ’me ba tšoha haholo. Joale Jesu a atamela ’me, ha a ba ama, a re: ‘Emang ’me le se ke la ba le tšabo.’”

  • Ela Hloko Lentsoe la Molimo la Boprofeta
    Molula-Qhooa—2000 | April 1
    • 7. Re tseba joang hore Petrose o ne a hopola ka ho hlaka pono ea ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang?

      7 Ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang ho ile ha thusa ho matlafatsa tumelo ea baapostola bao ba bararo ba neng ba tla etella pele phuthehong ea Bokreste. Sefahleho se phatsimang sa Kreste, liaparo tse benyang tsa hae le lentsoe la Molimo ka boeena le bolelang hore Jesu ke Mora oa Hae ea ratoang eo ba lokelang ho mo mamela—tsena tsohle li ile tsa phetha morero oa hona hamolemo ka ho fetisisa. Empa baapostola ba ne ba sa lokela ho phetela mang kapa mang pono ena ho fihlela ha Jesu a tsositsoe. Lilemo tse ka bang 32 hamorao, pono ena e ne e ntse e hlakile ka kelellong ea Petrose. Ha a bua ka eona le bohlokoa ba eona, o ile a ngola: “Che, e ne e se ka ho latela lipale tsa bohata tse qapiloeng ka bomene-mene re ileng ra le tsebisa matla le ho ba teng tsa Morena oa rōna Jesu Kreste, empa e ne e le ka hore re bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa botle ba hae bo hlollang. Etsoe o ile a amohela ho Molimo Ntate tlhompho le khanya, ha mantsoe a kang ana a ne a fetisetsoa ho eena ka khanya e hlollang: ‘Enoa ke mora oa ka, moratuoa oa ka, eo ’na ka bonna ke mo amohetseng.’ E, re ile ra utloa mantsoe ana a fetisoa ho tsoa leholimong ha re ntse re e-na le eena thabeng e halalelang.”—2 Petrose 1:16-18.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela