-
“Ha ho Mohla Motho e Mong a Kileng a Bua Tjena”‘Tloo U be Molateli oa Ka’
-
-
9 Ketsahalong e ’ngoe, babokelli ba lekhetho ba ile ba botsa Petrose hore na Jesu o lefa lekhetho la tempele na.c Petrose o ile a araba le pele a nahana, a re “E.” Hamorao Jesu o ile a behelana mabaka le eena, a re: “U nahana joang, Simone? Marena a lefatše a amohela lekhetho la thepa kapa lekhetho la hlooho ho bo-mang? Ho bara ba ’ona kapa ho basele?” Petrose a re: “Ho basele.” Jesu a re: “Joale, ka sebele, bara ba lokolohile lekhethong.” (Matheu 17:24-27) Ha ho pelaelo hore Petrose o ile a hlakeloa ke ntlha ka lebaka la lipotso tseo, kaha ho ne ho tsebahala hore ba boreneng bona ha ba lefe lekhetho. Kahoo, kaha Jesu ke Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Morena oa leholimo ea rapeloang tempeleng moo, o ne a sa tlameha ho lefa lekhetho. Hlokomela hore ho e-na le hore a bolelle Petrose ntlha ka ho toba, Jesu o ile a mo botsa lipotso ka bohlale ho mo thusa hore a fihlele qeto e nepahetseng, mohlomong a be a elelloe hore le nakong e tlang ho hlokahala hore a nahanisise taba pele a arabela.
-
-
“Ha ho Mohla Motho e Mong a Kileng a Bua Tjena”‘Tloo U be Molateli oa Ka’
-
-
c Bajuda ba ne ba tlameha ho lefa lekhetho la tempele le ntšoang selemo le selemo la lidrakema tse peli, tse neng li batla li lekana le moputso oa matsatsi a mabeli. Buka e ’ngoe e re: “Lekhetho lena le ne le lefella boholo ba litšenyehelo tsa letsatsi le letsatsi tsa sehlabelo sa secheso le tsa mahlabelo a mang ’ohle a neng a etsetsoa batho moo.”
-