Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • U Rarolla Liphapang Joang?
    Molula-Qhooa—1994 | July 15
    • Ho Rarolla Liphapang tse Tebileng

      “Ekare ha ngoan’eno a u sitetsoe, e-ea, u mo laee u e-na le eena a notši; ha a u mamela, etlaba u ruile ngoan’eno. Empa ha a sa u mamele, u ee le e mong, leha ba ka ba babeli, polelo tsohle li tle li tiee ke melomo ea lipaki tse peli kapa tse tharo. Ekare ha a sa ba utloe, u bolelle kereke; ha a sa utloe le kereke, ho uena a be joalo ka mohetene le mo-lekhetho.”—Mattheu 18:15-17.

      Ho thoe’ng haeba Mojode (kapa hamorao, Mokreste) a ne a oela mathateng a tebileng le morapeli-’moho le eena oa Jehova? Ea neng a nahana hore o sitetsoe o ne a lokela ho nka bohato ba pele. O ne a lokela ho bua taba boinotšing le ea sitiloeng. Ka sebele o ne a ka rua ngoan’abo habonolo haholoanyane ka hore a se ke a leka ho ikemela, haholo-holo haeba e ne e bile taba ea ho se utloisise feela ho neng ho ka felisoa kapele. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e tla lokisoa habonolo haeba ba amehang ka ho toba e ne e le bona feela ba tsebang ka taba eo.

  • U Rarolla Liphapang Joang?
    Molula-Qhooa—1994 | July 15
    • Taba ea hore hoa etsahala hore mofosi ea sa bakeng a khaoloe, e bontša hore Mattheu 18:15-17 ha e amane le liphapang tse fokolang. Jesu o ne a bua ka litšito tse tebileng, empa leha ho le joalo e le tsa mofuta o ka ’nang oa lokisoa lipakeng tsa batho ba babeli feela ba amehang. Ka mohlala, tšito e ka ’na ea e-ba ho etselletsa, ho amang botumo ba mohlaseluoa ka botebo. Kapa mohlomong e ka ama litaba tsa lichelete, hobane litemana tse latelang li na le setšoantšo sa Jesu sa lekhoba le se nang mohau le neng le tšoaretsoe molato o moholo. (Mattheu 18:23-35) Molato o sa lefuoang ka nako eo ho lumellanoeng ka eona e ka ’na ea e-ba bothata feela ba nakoana bo ka rarolloang habonolo pakeng tsa batho bao ba babeli. Empa e ka ba sebe se tebileng, e leng, bosholu, haeba ea alimiloeng ka manganga a ile a hana ho lefa molato oa hae.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela