-
Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Maria?Molula-Qhooa—2009 | January 1
-
-
Bibele e bontša hore Maria le Josefa ba ne ba futsanehile. Hobane’ng re rialo? E ’ngoe ea lintlha tse seng kae tseo Kosepele ea Matheu, ea Mareka, ea Luka le ea Johanne li li bontšang ka banyalani bana ke hore matsatsi a 40 ka mor’a hore Maria a belehe Jesu, eena le Josefa ba ile ba ea tempeleng ho ea etsa nyehelo e neng e hlokahala—e leng “maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli.”a (Luka 2:22-24) Ke feela batho ba neng ba futsanehile haholo hoo ba neng ba ke ke ba khona ho nyehela konyana e tona ba neng ba lumeletsoe ho etsa sehlabelo sa mofuta ona. Kahoo, e tlameha ebe Maria le Josefa ba ne ba phela ka thata. Leha ho le joalo, se hlollang ke hore ba ile ba atleha ho ba le lelapa leo ho lona ho neng ho rena lerato. Ha ho potang hore ba ne ba nka lintho tse amanang le borapeli ba bona ho Molimo e le tsona lintho tse tlang pele bophelong.—Deuteronoma 6:6, 7.
-
-
Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Maria?Molula-Qhooa—2009 | January 1
-
-
a Ena e ne e bitsoa nyehelo ea sebe. (Levitike 12:6, 8) Maria o ile a etsa nyehelo eo ho bontša hore oa utloisisa hore eena joaloka batho bohle ba sa phethahalang, o ne a futsitse liphello tsa sebe sa motho oa pele, Adama.—Baroma 5:12.
-