-
Lipotso Tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | November
-
-
O ile a re ho bona: “Marena a lichaba a rena ka thata holim’a tsona, le ba nang le matla holim’a tsona ba bitsoa Ba Tsoelang Molemo. Leha ho le joalo, ha lea lokela ho ba ka tsela eo.”—Luka 22:25, 26.
-
-
Lipotso Tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | November
-
-
Joale Jesu o ne a bolela’ng ha a re ho barutuoa ba hae: “Ha lea lokela ho ba ka tsela eo”? Na Jesu o ne a bolela hore ha baa lokela ho thusa batho ba bang? Che! Empa o ne a re ba lokela ho ba le sepheo se nepahetseng sa ho thusa batho.
Mehleng ea Jesu, barui ba ne ba tšehetsa lipapali, ba etsa liphaka ba bile ba haha litempele le lintho tse ling. Leha ho le joalo, sepheo sa bona e ne e le hore ba hlahelle ba be ba bonoe ke batho le ho ba susumelletsa hore ba ba khethe. Lipatlisiso li bontša hore batho ba bang ba ne ba fana ka sepheo sa hore ba tle ba hlole likhetho. Kahoo, Jesu o ne a batla hore balateli ba hae ba be le sepheo se nepahetseng ha ba fana.
Lilemo hamorao moapostola Pauluse le eena o ile a bontša bohlokoa ba ho fana ka sepheo se setle. O ile a ngolla phutheho ea Korinthe a re: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.”—2 Bakor. 9:7.
-