Ke Mang ea Tla Amoheloa ke Jehova?
“Sebeletsang pholoho ea lōna . . . hobane ho rata le ho phetha ha lōna ho sebetsoa ka ho lōna ke Molimo, ka ho ea ka boithatelo ba hae.”—BAFILIPPI 2:12, 13, “TLP.”
1, 2. Ke tlas’a boemo bofe Jesu a ileng a fumana phatlalatso ea hore o amohetsoe ke Molimo, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella see?
E NE e le nako ea phetoho e khōlō historing. Johanne Mokolobetsi o ne a ntse a bolela molaetsa oa Molimo ’me a qoelisa metsing ba bakang. Joale monna e mong eo Johanne a neng a tseba hore ke ea lokileng a mo atamela; e ne e le Jesu. O ne a se na sebe seo ho neng ho hlokahala hore a se bakele, empa o ile a kōpa hore a kolobetsoe ‘ho phethahatsa hohle ho lokileng.’—Mattheu 3:1-15, TLP.
2 Hoba Johanne a phethe taelo eo ka boikokobetso, ’me Jesu a tsoe ka metsing, “maholimo a phetloa, ’me a bona ho theoha joaloka leeba moea oa Molimo.” Ho feta moo, “ha e-ba le lentsoe le tsoang maholimong le reng: ‘Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.’” (Mattheu 3:16, 17, NW; Mareka 1:11, NW) Eo e ne e le phatlalatso e hlollang hakaakang! Kaofela ha rōna re thabela ho thabisa motho e mong eo re mo hlonephang. (Liketso 6:3-6; 16:1, 2; Ba-Filippi 2:19-22; Mattheu 25:21) Joale, u ka inahanela hore na u ne u tla ikutloa joang haeba Molimo o matla ’ohle o ka phatlalatsa hore, ‘Ke u amohetse!’
3. Re lokela ho ameha ka eng malebana le ho amoheloa ke Molimo?
3 Na kajeno ho ka etsahala hore motho a amoheloe ke Molimo? Ka mohlala, ha re nke motho ea ‘se nang tšepo, ea se nang Molimo lefatšeng,’ ea leng “hole le bophelo ba Molimo.” (Ba-Efese 2:12; 4:18) Na a ka tloha boemong boo ’me a tla boemong bo hlohonolofalitsoeng ba ho amoheloa ke Jehova? Haeba ho joalo, joang? A re boneng.
Mantsoe a Hae a ne a Bolela Eng?
4. (a) Lentsoe la Segerike bakeng sa “amohela” phatlalatsong eo Molimo o ileng oa e etsa le na le moelelo ofe? (b) Ke hobane’ng ha tsela eo le sebelisitsoeng ka eona ntlheng ena e le e thahasellisang ka ho khethehileng?
4 Litlaleho tsa Melaetsa tse nang le mantsoe ‘Ke amohetse Jesu’ a builoeng ke Molimo li sebelisa lentsoe le hlalosang ketso la Segerike eu·do·keʹo. (Mattheu 3:17, NW; Mareka 1:11, NW; Luka 3:22, NW) Lentsoe lena le hlalosang ketso le bolela “ho thabisoa haholo, ho amohela ka mofuthu, ho nyakalatsoa,” ’me lereho le nkiloeng ho lona le na le moelelo oa “mohau, boithatelo, kamohelo e mofuthu, takaletso, takatso.” Eu·do·keʹo ha ea lekanyetsoa feela tabeng ea ho amoheloa ke Molimo. Ka mohlala, Bakreste ba Macedonia ‘ba ile ba thabisoa’ ke ho arolelana chelete le ba bang. (Ba-Roma 10:1; 15:26, NW; 2 Ba-Korinthe 5:8, NW; 1 Ba-Thessalonika 2:8, NW; 3:1, NW) Ho ntse ho le joalo, ho amoheloa hoo Jesu a ileng a ho fumana ho ile ha boleloa ka ho hlaka le ka ho toba ke Molimo, e seng batho. Polelo ena e sebelisoa ha ho buuoa ka Jesu feela ka mor’a hore a kolobetsoe. (Mattheu 17:5, NW; 2 Petrose 1:17, NW) Ho thahasellisang, Luka 2:52 (NW) e sebelisa lentsoe le fapaneng—khaʹris—ha e bua ka Jesu e le mocha ea sa kolobetsoang ea neng a fumana “kamohelo e mofuthu” ho Molimo le batho.
5. (a) Ke eng e totobatsang hore batho ba sa phethahalang ba ka amoheloa ke Molimo? (b) “Batho ba hauhetsoeng” ke bo-mang?
5 Na ho ka etsahala hore le batho ba sa phethahalang joaloka rōna ba amoheloe ke Molimo? Ka thabo, karabelo ke e. Ha Jesu a tsoaloa, mangeloi a ile a phatlalatsa: “Khanya e be ho Molimo maholimong, ’me holim’a lefatše khotso e be har’a batho ba hauhetsoeng [eu·do·kiʹas].” (Luka 2:14, NW) Ka puo ea Segerike hantle, mangeloi a ne a bina ka tlhohonolofatso e tlang ho “batho bao ho nahanoang hantle ka bona” kapa “batho bao Molimo o ba amohelang.”a Moprofesa Hans Bietenhard o ngola ka tšebeliso ena ea en an·throʹpois eu·do·kiʹas: “Polelo ena e supa batho bao Molimo o ithatetseng bona . . . Ka hona, mona ha re bue ka mohau oa batho . . . Re bua ka thato ea borena le e tletseng mohau ea Molimo, e ikhethelang batho bakeng sa pholoho.” Ka hona, joalokaha e le khale Lipaki tsa Jehova li hlalosa, Luka 2:14 (NW) e bontša hore ka boinehelo le kolobetso, ho ka etsahala hore batho ba sa phethahalang ba fetohe batho ba hauhetsoeng, batho bao Molimo o ba amohelang!b
6. Ho sa ntsane ho hlokahala hore re tsebe eng ka ho amoheloa ke Molimo?
6 Leha ho le joalo, u ka ’na ua hlokomela hore na ho na le phapang e kaakang pakeng tsa ho ba ‘lira tsa Molimo tseo mehopolo ea tsona e leng mesebetsing e mebe’ le ho amoheloa joaloka metsoalle ea Molimo oa rōna o lokileng o bohlale. (Ba-Kolosse 1:21; Pesaleme ea 15:1-5) Kahoo, le hoja u ka ’na ua lopoloha ho tseba hore batho ba ka amoheloa, u ka ’na ua batla ho tseba se amehang. Re ka ithuta ho hongata ka sena litšebelisanong tsa Molimo le batho nakong e fetileng.
O ne a Amohela Batho
7. Exoda 12:38 e re bontša eng ka boikutlo ba Molimo?
7 Makholo a lilemo pele ho phatlalatso e ho Luka 2:14, Jehova o ne a amohela batho hore ba tl’o mo sebeletsa. Ke ’nete hore Molimo o ne o sebelisana ka ho khethehileng le sechaba sa Iseraele, se neng se inehetse ho oona. (Exoda 19:5-8; 31:16, 17) Empa, hopola hore ha Iseraele e e-tsoa bokhobeng Egepeta, “letšoele le kopakaneng la ea le bona.” (Exoda 12:38) Joale batho bana bao e neng e se Baiseraele bao e ka ’nang eaba ba ne ba sebelisana le batho ba Molimo ’me ba bone ka mahlo likotlo tse ileng tsa oela Egepeta ba ile ba khetha ho tsamaea le Iseraele. E ka ’na eaba ba bang ba ile ba fetoha basokolohi ka botlalo.
8. Ke mefuta efe e ’meli ea balichaba ba neng ba ahile Iseraele, ’me ke hobane’ng ha ho ne ho e-na le phapang tseleng eo Baiseraele ba neng ba sebelisana le bona ka eona?
8 Selekane sa Molao se ne se lumella boemo bona ba batho bao e seng Baiseraele ba neng ba ikopantse le Molimo le batho ba oona. Balichaba ba bang e ne e le bajaki ba neng ba mpa ba ahile naheng ea Iseraele, moo ba neng ba lokela ho mamela melao ea motheo, e kang e neng e thibela ho bolaea le e neng e hloka hore ho bolokoe Sabbatha. (Nehemia 13:16-21) Ho fapana le ho thabela bajaki bana joaloka banab’abo, Moiseraele o ne a ba hlokolosi ha a bua le bona kapa a sebelisana le bona, hobane e ne e e-s’o be karolo ea sechaba sa Molimo. Ka mohlala, le hoja Moiseraele a ne a sa lumelloa ho reka le ho ja setopo sa phoofolo e sa ntšoang mali e neng e ipolaile, balichaba ba joalo bao e neng e se basokolohi ba ne ba ka ’na ba etsa joalo. (Deuteronoma 14:21; Ezekiele 4:14) Ka mor’a nako ba bang ba bajaki bana ba balichaba ba ne ba ka ’na ba latela tsela e nkiloeng ke balichaba ba bang ba ileng ba fetoha basokolohi ba bolotseng. Ke feela ka nako eo ba neng ba ka tšoaroa joaloka bana babo Baiseraele borapeling ba ’nete, ba nang le boikarabelo ba ho boloka Molao oohle. (Levitike 16:29; 17:10; 19:33, 34; 24:22) Ruthe, Momoabe, le Naamane, molepera oa Syria, ke batho bao e neng e se Baiseraele bao Molimo o ileng oa ba amohela.—Mattheu 1:5; Luka 4:27.
9. Salomone o ile a tiisa boikutlo ba Molimo mabapi le balichaba joang?
9 Re boetse re bona boikutlo ba Molimo ba ho amohela batho bao e seng Baiseraele mehleng ea Morena Salomone. Ha ho neheloa tempele, Salomone o ile a rapela: “Molichaba, eo e seng oa sechaba sa hao sa Iseraele, ea tsoang lefatšeng le hole ka baka la lebitso la hao . . . ha a ka tla, a rapela tlung ena; u mamele, u le maholimong, . . . hore lichaba tsohle tsa lefatše li tle li tsebe lebitso la hao, li u tšabe, joale ka ha sechaba sa hao sa Iseraele se u tšaba.” (1 Marena 8:41-43) E, Jehova o ne a amohela lithapelo tsa balichaba ba lipelo li tšepahalang ba neng ba mo batla. Mohlomong bana le bona ba ne ba tla ithuta melao ea hae, ba ikokobeletse ketso ea ho bolla, ’me ba fetohe litho tse amohelehang tsa sechaba sa hae se hlohonolofalitsoeng.
10. Bajode ba ne ba sebetsana le leqhalaha la Ethiopia joang, ’me ke hobane’ng ha ho bolla ho ile ha le tsoela molemo?
10 Monna e mong ea ileng a etsa sena hamorao ke ramatlotlo oa Mofumahali oa Kandase naheng e hōle ea Ethiopia. E ka ’na eaba ha a qala ho utloa ka Bajode le borapeli ba bona, mokhoa oo a neng a phela ka oona le litsela tsa hae tsa bolumeli li ne li sa amohelehe ho Jehova. Kahoo Bajode ba ne ba tla lokela ho bontša mamello e khōlō ha monna enoa oa molichaba ea har’a bona a ntse a ithuta Molao e le hore a tsebe lintho tseo Molimo o li hlokang. Ka ho hlakileng o ile a tsoela pele ’me a etsa liphetoho tse hlokahalang hore a tšoanelehe bakeng sa ho bolla. Liketso 8:27 e re bolella hore ‘o ne a tlile Jerusalema ho rapela.’ (Exoda 12:48, 49) Sena se ne se tla bontša hore joale e ne e se e le mosokolohi ka botlalo. Ka hona o ne a le boemong ba ho amohela Messia le ho ba morutuoa oa hae ea kolobelitsoeng, ’me a ipapisitse le thato ea Molimo e neng e ntse e senoleha butle-butle.
Phutheho ea Bokreste le ba sa Lumelang
11, 12. (a) Ho ile ha hlaha phetoho efe e eketsehileng ha Moethiopia eo a kolobetsoa? (b) See se ne se lumellana le Ba-Filippi 2:12, 13 (NW) joang?
11 Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mattheu 28:19, 20) Mosokolohi oa Ethiopia ea sa tsoa boleloa o ne a se a ntse a tseba ka Jehova le moea o halalelang. Kahoo hang ha Filippi a mo thusa ho utloisisa le ho amohela Jesu joaloka Mora oa Molimo eo e neng e le Messia, o ne a ka kolobetsoa. Ka hona e ne e ka ba setho se amohelehang sa sechaba sa Jehova se neng se latela Kreste. Joalokaha ho ka lebelloa, o ne a tla ikarabella ho Molimo, ho ne ho hlokahala hore a ‘boloke tsohle tse laetsoeng’ Bakreste. Empa boikarabelo bona bo ne bo tsamaea le tebello e babatsehang: pholoho!
12 Hamorao, Pauluse o ile a ngola hore ho hlokahala hore Bakreste bohle ba ‘sebeletse pholoho ea bona ka tšabo le ka thōthōmelo.’ Empa, ho ne ho ka etsahala hore motho a etse joalo, “hobane ho rata le ho phetha ha lōna ho sebetsoa ka ho lōna ke Molimo, ka ho ea ka boithatelo [eu·do·kiʹas] ba hae.”—Ba-Filippi 2:12, 13, TLP.
13. Bakreste ba ne ba sebetsana joang le batho ba sa kang ba potlakela ho kolobetsoa joaloka leqhalaha la Ethiopia?
13 Hase bohle ba neng ba kopanela le Bakreste ba ’nete ba neng ba se ba tšoaneleha joaloka Moethiopia eo hore ba ka potlakela ho ea kolobetsong. Ba bang, bao e neng e se Bajode kapa basokolohi, ba ne ba e-na le tsebo e fokolang ka Jehova le litsela tsa hae kapa ba se na eona ho hang; leha e le hore boitšoaro ba bona bo ne bo tataisoa ke litekanyetso tsa hae. Ho ne ho tla sebetsanoa le bona joang? Bakreste ba ne ba lokela ho latela mohlala oa Jesu. Ka sebele ha aa ka a khothaletsa kapa hona ho lumella sebe. (Johanne 5:14) Ho ntse ho le joalo, o ne a e-na le mamello ho baetsalibe ba neng ba e-tla ho eena le ba neng ba lakatsa ho etsa hore litsela tsa bona li lumellane le tsa Molimo.—Luka 15:1-7.
14, 15. Ntle le Bakreste ba tlotsitsoeng, ke batho ba mefuta efe ba neng ba e-ba teng libokeng Korinthe, ’me e ka ’na eaba ba ne ba fapana joang ka tsoelo-pele ea bona moeeng?
14 Hore Bakreste ba ne ba sebetsana ka mamello le ba neng ba ntse ba ithuta ka Molimo ho hlakisoa ke seo Pauluse a se buileng ka liboka Korinthe. Ha a hlalosa tšebeliso ea lineo tsa mohlolo tsa moea eo qalong e neng e khetholla Bokreste e le bona bo hlohonolofalitsoeng ke Molimo, Pauluse o ile a bua ka “balumeli” le “ba sa lumelang.” (1 Ba-Korinthe 14:22) “Balumeli” ke ba neng ba amohetse Kreste ’me ba kolobelitsoe. (Liketso 8:13; 16:31-34) “Ba-Korinthe ba bangata, ha ba utloa Pauluse, ba lumela le bona, ’me ba kolobetsoa.”—Liketso 18:8.
15 Ho latela 1 Ba-Korinthe 14:24 (NW), ‘ba sa lumelang kapa batho ba tloaelehileng’ le bona ba ne ba e-tla libokeng Korinthe ’me ba ne ba amoheloa.c Mohlomong ba ne ba fapana ka tsoelo-pele ea bona ho ithuteng le ho sebeliseng Lentsoe la Molimo. E ka ’na eaba ba bang ba ne ba ntse ba etsa sebe. E ka ’na eaba ba bang ba ne ba se ba e-na le tumelo e itseng, mohlomong ba se ba entse liphetoho tse itseng bophelong ba bona, ’me, esita le pele ba kolobetsoa, ba ne ba se ba qalile ho bolella ba bang seo ba ithutileng sona.
16. Batho ba joalo ba ne ba ka fumana molemo joang ka ho ba har’a Bakreste libokeng tsa phutheho?
16 Ho totobetse hore ha ho lea mong oa batho ba joalo ba sa kolobetsoang ea neng a le “Moreneng.” (1 Ba-Korinthe 7:39) Haeba bophelo ba bona ba nako e fetileng bo ne bo e-na le liphoso tse tebileng boitšoarong le moeeng, ka ho utloahalang ho ne ho tla ba nka nako hore ba fetohele litekanyetsong tsa Molimo. Khabareng, hafeela ba ne ba sa leke ka boomo ho senya tumelo le bohloeki tsa phutheho, ba ne ba amoheloa. Seo ba neng ba se bona le ho se utloa libokeng se ne se ka ‘ba laea’ ha ‘liphiri tsa lipelo tsa bona li bonahatsoa.’—1 Ba-Korinthe 14:23-25, NW; 2 Ba-Korinthe 6:14.
Ho Lula u Amoheloa ke Molimo Bakeng sa Pholoho
17. Luka 2:14 (NW) e phethahetse joang lekholong la pele la lilemo?
17 Ka boboleli ba pontšeng ba Bakreste ba kolobelitsoeng lekholong la pele la lilemo, ba likete ba ile ba utloa litaba tse molemo. Ba ile ba lumela seo ba se utloang, ba bakela tsela ea bona ea bophelo ea nako e fetileng, ’me ba kolobetsoa, ba etsa “polelo ea phatlalatsa bakeng sa ho bolokeha.” (Ba-Roma 10:10-15, NW; Liketso 2:41-44; 5:14; Ba-Kolosse 1:23) Ha ho pelaelo hore batho ba ileng ba kolobetsoa morao koo ba ile ba amoheloa ke Jehova, hobane o ile a ba tlotsa ka moea o halalelang, a ba nka hore e be bara ba hae ba moea. Moapostola Pauluse o ngotse: “O no o rere pele ho re bea bana ba oona, ka Jesu Kreste, ka ketso ea boithatelo [an·throʹpois eu·do·kiʹan] ba oona.” (Ba-Efese 1:5) Ka hona, lekholong leo la lilemo se neng se boletsoe esale pele ke mangeloi ha Jesu a tsoaloa sa qala ho ipaka e le ’nete: “Khotso e be har’a batho ba hauhetsoeng [kapa, batho ba amohetsoeng ke Molimo].”—Luka 2:14, NW.
18. Ke hobane’ng ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba ke ke ba nka boemo ba bona bo amohelehang ho Molimo e le lefeela?
18 Ho boloka khotso eo, ho ne ho hlokahala hore ‘batho bao ba hauhetsoeng’ ba ‘sebeletse pholoho ea bona ka tšabo le ka thōthōmelo.’ (Ba-Filippi 2:12, TLP) Hoo ho ne ho se bonolo, hobane e ne e ntse e le batho ba sa phethahalang. Ba ne ba tla thulana le liteko le likhatello tsa ho etsa bobe. Haeba ba ne ba inehela ketsong e fosahetseng, ba ne ba tla lahleheloa ke kamohelo ea Molimo. Ka hona ka lerato Jehova a lokisetsa hore ho be le balisa ba moea ba neng ba tla thusa liphutheho le ho li sireletsa.—1 Petrose 5:2, 3.
19, 20. Molimo o ile oa etsa litokisetso life e le hore Bakreste ba kolobelitsoeng ba ka tsoela pele ho ba bahlanka ba oona ba amohelehang?
19 Baholo ba joalo ba phutheho ba ne ba tla nka ka ho teba keletso ea Pauluse: “Ekare ha motho a oela molatong o mong, lōna bao le leng ba moea, le ke le mo tsose ka moea o mosa; ’me u iponele, e se re ua lekoa le uena.” (Ba-Galata 6:1) Joalokaha re ka utloisisa, motho ea nkileng bohato ba bohlokoa ba kolobetso o ne a tla ba le boikarabelo bo boholoanyane, joaloka molichaba ea neng a fetoha mosokolohi ea bolotseng Iseraeleng. Leha ho le joalo, haeba Mokreste ea kolobelitsoeng a fosa, o ne a ka fumana thuso e lerato ka phuthehong.
20 Sehlopha sa baholo ka phuthehong se ka fana ka thuso ho motho ea oetseng phosong e tebileng. Juda o ngotse: “Le hauhele ba bang ba lika-likang; ’me le pholose ba bang ka ho ba tšosa, le ba tlose mollong, ’me le ile le kobo e nang le litšila tsa nama.” (Juda 22, 23) Setho se kolobelitsoeng sa phutheho se neng se thusitsoe ka tsela ena se ne se ka tsoela pele se thabela ho amoheloa ke Jehova le ho thabela khotso eo mangeloi a buileng ka eona ha Jesu a tsoaloa.
21, 22. Phello e ne e tla ba efe haeba motho a ne a fetoha moetsalibe ea sa bakeng, ’me litho tse tšepahalang tsa phutheho li ne li tla itšoara joang?
21 Le hoja ho ne ho etsahala seoelo, ho ne ho e-na le maemo a mang ao ho ’ona mofosi a neng a sa bake. Joale baholo ba ne ba tla lokela ho mo leleka e le ho sireletsa phutheho e hloekileng hore e se silafatsoe. Ho ile ha etsahala joalo ka monna e mong ea kolobelitsoeng Korinthe ea neng a qophella ho kena kamanong ea boitšoaro bo bobe. Pauluse o ile a eletsa phutheho: “Le se ke la kopana le bafebi; e seng hore le ka khaohana ruri le bafebi ba lefatše lena, le ba lakatsang leruo, le masholu, le ba rapelang litšoantšo; hobane hoja ho joalo, e be e ka khona le tsoe lefatšeng. Empa joale, ke le ngolla hore le se ke la kopana le ea ipitsang moena, e leng mofebi, kapa ea lakatsang leruo, leha e le ea rapelang melimo, leha e le moetselletsi, kapa letahoa, kapa lesholu; ea joalo, le ho ja, le se n’o ja le eena.”—1 Ba-Korinthe 5:9-11.
22 Kaha monna eo oa Korinthe o ne a se a nkile bohato ba bohlokoa ba kolobetso, a fetohile setho sa phutheho le ea amoheloang ke Molimo, ho lelekoa ha hae e ne e le taba e tebileng. Pauluse o bontšitse hore Bakreste ba ne ba sa lokela ho kopana le eena, hobane o ne a lahlile boemo ba hae bo amohelehang pel’a Molimo. (Bapisa 2 Johanne 10, 11.) Petrose o ngotse ka batho ba joalo ba lelekiloeng: “Hobane ho no ho ka fetisa ka molemo ho bona hore ba se ke ba tseba tsela ea ho loka, ho e-na le hore ba khelohe molao o halalelang oo ba o neiloeng, ha ba se ba o tsebile. Empa ba hlahetsoe ke taba ea setšoantšo sa ’nete se reng: Ntja e khutletse mahlatseng a eona.”—2 Petrose 2:21, 22.
23. Lekholong la pele la lilemo, ka kakaretso boemo e ne e le bofe har’a Bakreste mabapi le ho ipoloka ba amoheloa ke Molimo?
23 Ka ho hlakileng Jehova o ne a ke ke a hlola a talima batho ba joalo e le ba amohelehang, hobane ba ne ba lelekiloe ka baka la ho tsoela pele e le bafosi ba sa bakeng. (Ba-Heberu 10:38; bapisa 1 Ba-Korinthe 10:5.) Ka ho hlakileng, ke ba fokolang feela ba ileng ba khaoloa. Ba ileng ba fumana “mosa o sa tšoanelang le khotso e tsoang ho Molimo” ’me ba ‘nkeloa ho ba bara ho latela boithatelo ba thato ea oona’ ba ile ba lula ba tšepahala ba le bangata.—Ba-Efese 1:2, 5, 8-10, NW.
24. Ke karolo efe ea taba ee e batlang hore re e ele hloko ka ho eketsehileng?
24 Ha e le hantle hoa tšoana le mehleng ea rōna. Empa, a re ke re nahanisiseng ka hore na ‘ba sa lumelang kapa batho ba tloaelehileng’ ba ka thusoa joang hore e be ba amoheloang ke Molimo kajeno le hore na ho ka etsoa’ng ho ba thusa haeba ba fosa tseleng ena. Sehlooho se latelang se tla tšohla litaba tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bapisa le “batho-bao-o-ba-amohelang,” New Testament ea George Swann; “batho bao o thabisoang ke bona,” The Revised Standard Version.
b Bona Molula-Qhooa oa Mphalane 15, 1965, maqephe 476-71.
c “Mantsoe ἄπιστος (apistos, ‘ea sa lumelang’) le ιδιώτης (idiōtēs, ‘motho ea se nang kutloisiso,’ ‘ea batlang’) ka bobeli a oela sehlopheng sa ba sa lumelang ho fapana le ba pholohileng ba kereke ea Bokreste.”—The Expositor’s Bible Commentary, Moqolo 10, leqephe 275.
Na Ua Hopola?
◻ Ho latela Mangolo, ke ho tloha neng e bile ke ka tsela efe batho ba neng ba ka amoheloa ke Molimo?
◻ Pono ea Molimo e ne e le efe ka balichaba ba neng ba le har’a batho ba oona, empa ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Baiseraele ba leka-Iekanye ho ba hlokolosi le ho ba le mamello?
◻ Re ka fihlela qeto efe ho tsoa ’neteng ea hore “ba sa lumelang” ba ne ba e-tla libokeng tsa Bokreste Korinthe?
◻ Molimo o entse tokisetso efe ho thusa Bakreste ba kolobelitsoeng hore ba lule e le bahlanka ba oona ba amohelehang?