-
“Ba Bitsoang ‘Melimo’”Tsoha!—2005 | May 8
-
-
Empa motho a ka ’na a botsa, ‘Ke ka kutloisiso efe Jesu e leng “Molimo ea Matla,” hona na moapostola Johanne ha aa ka a re Jesu ka boeena ke Molimo?’ Phetolelong ea Bibele ea King James, Johanne 1:1 e baleha tjena: “Lentsoe le ne le le teng tšimolohong, ’me Lentsoe le ne le e-na le Molimo, ’me Lentsoe e ne e le Molimo.” Ba bang ba pheha khang ea hore sena se bolela hore “Lentsoe” ea ileng a hlaha lefatšeng e le ngoana Jesu, ke Molimo ea Matla ’Ohle ka boeena. Na see ke ’nete?
Haeba temana ena e bolela hore Jesu ka boeena e ne e le Molimo ea Matla ’Ohle, e ne e tla hanana le polelo e ka holimo hona temaneng eo e reng “Lentsoe le ne le e-na le Molimo.” Ha motho a “e-na le” motho e mong, e ke ke ea e-ba motho a le mong le motho eo. Ka hona, liphetolelo tse ngata tsa Bibele li etsa phapang, li hlakisa hore Lentsoe e ne e se Molimo ea Matla ’Ohle. Ka mohlala, mehlala ea liphetolelo tse ling tsa Bibele e re: “Lentsoe e ne e le Molimo,” “molimo e ne e le Lentsoe,” le “Lentsoe le ne le halalela.”a
Litemana tsa Bibele tseo ka puo ea Segerike li nang le mantsoe a bōpehileng joaloka a ho Johanne 1:1 li sebelisa lentsoe “molimo.” Ka mohlala, ha letšoele le ne le bua ka Heroda Agripa 1, le ile la hooa: ‘Ke molimo ea buang.’ ’Me ha Pauluse a sa bolaoa ke noha e mahloko, batho ba ile ba re: “Ke molimo.” (Liketso 12:22; 28:3-6) Ho tumellanong le sebōpeho-puo sa Segerike le thuto ea Bibele ho bua ka Lentsoe e le “molimo,” eseng Molimo.
Nahana kamoo Johanne a ileng a khetholla “Lentsoe” kateng khaolong ea pele ea Kosepele ea hae. O ngotse: “Lentsoe o ile a fetoha nama ’me a lula har’a rōna, ’me ra bona khanya ea hae [eseng ea Molimo], khanya e joaloka ea mora ea tsoetsoeng a ’notši ea tsoang ho ntate.” Kahoo “Lentsoe,” ea ileng a ba nama, o phetse lefatšeng e le Jesu ’me o bonoe ke batho. Ka hona, e ne e ke ke eaba ke Molimo ea Matla ’Ohle, eo Johanne a reng ka eena: “Ha ho motho ea boneng Molimo ka nako leha e le efe.”—Johanne 1:14, 18.
-
-
“Ba Bitsoang ‘Melimo’”Tsoha!—2005 | May 8
-
-
a Bona The New Testament, ea James L. Tomanek; The Emphatic Diaglott, interlinear reading, ea Benjamin Wilson; The Bible—An American Translation, ea J.M.P. Smith le E. J. Goodspeed.
-