Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • U Mamela Mang—Molimo Kapa Batho?
    Molula-Qhooa—2005 | December 15
    • 7. Ke hobane’ng ha baprista ba ka sehloohong ba ile ba halefisoa ke mosebetsi oa boboleli?

      7 Baprista ba ka sehloohong ba ile ba halefisoa ke boikemisetso ba baapostola ba ho tsoela pele ba bolela. Baprista ba bang, ho akarelletsa le Kaifase, e ne e le Basaduse ba sa lumeleng tsoho ea bafu. (Liketso 4:1, 2; 5:17) Ho ntse ho le joalo, baapostola ba ne ba phehella hore Jesu o tsositsoe bafung. Ho phaella moo, baprista ba bang ba ka sehloohong ba ne ba ipatla ka mokhoa o feteletseng ho balaoli ba Roma. Ha baprista ba ka sehloohong ba ne ba fuoa monyetla nyeoeng ea Jesu hore ba lumele hore Jesu ke morena oa bona, ba ile ba ba ba hooa ba re: “Ha re na morena haese Cesare.” (Johanne 19:15)a Baapostola ba ne ba sa tiise feela hore Jesu o ne a tsositsoe bafung empa ba ne ba boetse ba ruta hore ka ntle ho lebitso la Jesu, “ha ho lebitso le leng tlas’a leholimo leo ho fanoeng ka lona har’a batho leo ka sebele re tla pholoha ka lona.” (Liketso 2:36; 4:12) Baprista ba ne ba tšaba hore haeba batho ba ne ba ka lebella hore Jesu ea tsositsoeng e be Moeta-pele oa bona, Baroma ba ne ba ka ’na ba tla eaba baeta-pele ba Bajuda ba nkeloa ‘sebaka sa bona le sechaba sa bona.’—Johanne 11:48.

  • U Mamela Mang—Molimo Kapa Batho?
    Molula-Qhooa—2005 | December 15
    • a “Cesare” eo baprista ba ka sehloohong ba ileng ba mo khetha phatlalatsa lekhetlong leo, e ne e le Moemphera Tiberiuse oa Roma ea neng a khesoa, a ikakasa ebile e le ’molai. Tiberiuse o ne a boetse a tumme ka boitšoaro bo hlephileng ba ho kopanela liphate.—Daniele 11:15, 21.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela