Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 8/15 leq. 27
  • Na u sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Johanne
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Buka ea Bibele ea 43—Johanne
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ka Mor’a Nyeoe Sanhedrine, ba Isa Jesu ho Pilato
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 8/15 leq. 27

Na u sa Hopola?

Na u fumane litokollo tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa e le tsa bohlokoa bo sebetsang ho uena? Ke hobane’ng ha u sa leke ka lipotso tse latelang ho bona hore na u hopola ho hokae?

◻ Karabelo ke efe bothateng ba kajeno ba kemaro ea bacha?

Bacha ba tlameha ho neoa tataiso boitšoarong le moeeng. Bibele e bontša hore batsoali ba na le boikarabelo ba ho etsa sena. (Ba-Efese 6:4)—4/15, leqephe 4.

◻ Ke eng e thatafatsang ho hōlisa bana ka katleho?

Batsoali le bana ha baa phethahala ’me kahoo, ba etsa liphoso. (Ba-Roma 5:12) Hape, bana ba hōlang ba susumetsoa haholo ke litšekamelo tse mpe tsa mokhatlo oa kajeno; sena se ama hampe lintho tseo ba li nkang e le tsa bohlokoa le pono ea bona bophelong. (2 Timothea 3:1-5)—5/1, leqephe 4.

◻ Ke lintlha life tse ’ne tse totobetseng tsa ho se tšoane pakeng tsa Bakreste ba ’nete le Bakreste ka lebitso?

Bakreste ba ’nete ba itima mali. (Liketso 15:28, 29) Ba boloka litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro. (1 Ba-Korinthe 6:9, 10) Bakreste ba ’nete ba lula ba sa jele paate lipolotiking le likhohlanong tsa bochaba. (Johanne 17:16) Ba latelang Jesu ba etsisa mohlala oa hae oa lerato tabeng ea likamano tsa bona tsa lelapa. (Ba-Efese 5:21-25)—5/1, maqephe 17-19.

◻ Ke hobane’ng ha Bajode ba ile ba bitsa Jesu Mosamaria? (Johanne 8:48)

Bajode ba ne ba hloile Basamaria. Kahoo, lentsoe leo le ile la sebelisoa ke bona e le pontšo ea nyeliso le thohako ho Jesu.—5/15, leqephe 8.

◻ “Puo e hloekileng” eo ho buuoang ka eona ho Sofonia 3:9 (NW) ke efe?

Ena ke puo ea ’nete ea Mangolo e nolofaletsang batho ba tšabang Molimo ba lichaba tsohle le merabe eohle ho sebeletsa Jehova ba jarisane ka mahetla.—5/15, leqephe 16.

◻ Ke bolokolohi bofe bo hlahisoang ke ho hōlisa kamano e ntle le Molimo?

Bolokolohi tšabong ea bokhoba ea ho tšaba motho le meetlong e boima eo e hlileng e seng ea bohlokoa ba letho kapa e se nang molemo. (Liproverbia 29:25) Hape, bolokolohi tšabong ea lefu. (Moeklesia 9:5, 10; Johanne 5:28, 29)—6/1, maqephe 5-6.

◻ Jesu o ne a bolela’ng ha a re: “Bosiu boa tla, boo motho a sitoang ho sebetsa ka jona”? (Johanne 9:4)

Mona Jesu o ne a bua ka nako ea ha a ne a tla theohela lebitleng ’me a ke ke a hlola a khona ho etsa mesebetsi e babatsehang eo a neng a e entse ha a sa phela.—6/1, leqephe 8.

◻ Kolobetso ea metsing e bolela eng?

Ho qoelisoa ka ho feletseng metsing ke tšoantšetso e loketseng ea boinehelo ba motho ho Molimo, hobane motho o fetoha mosebeletsi ea hlomamisitsoeng. Ha e le hantle, ha a le tlas’a metsi, motho o shoa tseleng ea hae eo a neng a phela ka eona pele, ’me ha a nyoloha metsing, kamoo ho leng kateng, o fetoha ea phelelang tsela e ncha ea boitelo tšebeletsong ea Jehova. (Bapisa Ba-Roma 6:2-4; 12:1; Ba-Filippi 3:16.)—6/15, leqephe 29.

◻ Litsela tse ling tsa ho bontša teboho ho Jehova ke life?

Ha teboho e le matla, takatso e susumetsang ea ho sebeletsa Molimo e tlokoma pelong e ananelang. Mokhoa o mong oa ho khotsofatsa takatso ena ke ho kopanela tšebeletsong, mohlomong tšebeletsong ea bopula-maliboho. E ’ngoe ke ka ho kopanela lenaneong la kaho le etsahalang hona joale ho pota lefatše.—7/1, leqephe 11.

◻ Ke hobane’ng ha Jesu a ile a nea barutuoa ba hae ba 70 matla a ho phekola ba kulang ha a ba roma phutuhong ea ho bolela Galilea?

Barutuoa bana, ka ho etsa mehlolo e joalo, ba ile ba hleka tsela bakeng sa Jesu hore a etse mosebetsi o latelang oo. Mehlolo eo ba e entseng e ne e tla etsa hore beng ba matlo ba bangata ba chesehele ho kopana le Jesu le ho mamela molaetsa oa hae oa ’Muso.—7/1, maqephe 16-17.

◻ Na Jesu o ne a bua ka Judase ha a re ho Pilato: “Ea ’neetseng uena o na le sebe se fetisang”?—Johanne 19:11.

Ho bonahala hore Jesu o ne a bua ka bohle ba neng ba ikarabella bakeng sa hore a be nyeoeng ka pel’a Pilato. Hoo ka sebele ho ne ho akarelletsa Judase Iskariota, ea ileng a eka Jesu. (Luka 22:2-6) Empa moprista e moholo Kaiafa le baeta-pele ba bang ba bolumeli le bona ba ne ba ameha hore e be Jesu o tšoeroe. (Mattheu 26:59-65; 27:1, 2, 20-23) Ho na le lebaka le utloahalang la hore bana bohle ba molato ba ne ba akareletsoa ho seo Jesu a se buileng ho Johanne 19:11.—7/15, leqephe 30.

◻ Ke kotsi efe e bolaeang ka ho khetheha e amanang le borapeli ba litšoantšo?

Mopesaleme o itse ho Baiseraele: “Ba sebeletsa melimo ea litšoantšo ea bahedene, ba iphumana ba tšoasitsoe ho etseng bara ba bona le barali ba bona mahlabelo ho bademona.” (Pesaleme ea 106:36, 37, The Jerusalem Bible) Mangolo a Bokreste a Segerike a lemosa ka kotsi e tšoanang. (1 Ba-Korinthe 10:19, 20) Borapeli ba litšoantšo ba mofuta ofe kapa ofe bo bula monyetla oa hore setšoantšo se sebeletse e le mokhoa oa ho kopana le matla a bodemona.—8/1, leqephe 6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela