Khaolo ea 39
Molimo o Hopola Mora oa Hae
JESU o ile a lla ha motsoalle oa hae Lazaro a ne a shoele. Na u nahana hore Jehova o ile a sareloa ha Jesu a ne a utloa bohloko ’me a e-shoa?— Bibele e re Molimo a ka ‘utloisoa bohloko’ ke lintho tse etsahalang.—Pesaleme ea 78:40, 41; Johanne 11:35.
Na u ka inahanela bohloko boo Jehova a ileng a bo utloa ha a ntse a shebeletse ha Mora oa hae ea ratoang a e-shoa?— Jesu o ne a kholisehile hore Molimo ha a na ho mo lebala. Ke kahoo mantsoeng a hae a ho qetela pele a e-shoa a ileng a re: “Ntate, ke beha [bophelo ba] ka matsohong a hao.”—Luka 23:46.
Jesu o ne a kholisehile hore o ne a tla tsosoa bafung, hore o ne a sa tl’o tloheloa “liheleng,” kapa lebitleng. Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, moapostola Petrose o ile a qotsa se builoeng ka Jesu ka Bibeleng, a re: “Moea oa hae ha oa ka oa tloheloa liheleng, le nama ea hae ha ea ka ea bona ho bola.” (Liketso 2:31, King James Version; Pesaleme ea 16:10) Che, setopo sa Jesu ha sea ka sa e-ba le nako ea ho bola lebitleng, ke hore, ha sea ka sa senyeha le ho ba le monko o mobe.
Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o bile a bolella barutuoa ba hae hore o ne a sa tl’o qeta nako e telele a shoele. O ile a ba hlalosetsa hore o ne a tla “bolaoa, ’me a tsosoe ka letsatsi la boraro.” (Luka 9:22) Kahoo, barutuoa ba ne ba sa lokela ho makala ha Jesu a tsosoa bafung. Empa na ba ile ba makala?— A re ke re bone.
E ne e ka ba ka hora ea boraro, Labohlano thapama ha Mosuoe e Moholo a e-shoa a le thupeng ea tlhokofatso. Josefa, e ne e le setho se ruileng sa Sanhedrine, a bile a lumela ho Jesu ka sekhukhu. Ha a utloa hore Jesu o shoele, o ile a ea ho Pilato, ’musisi oa Roma. A kōpa hore na a ka theola setopo sa Jesu thupeng ’me a se pata. Ka mor’a moo, Josefa a nka setopo sa Jesu a se isa serapeng se nang le lebitla, e leng sebaka seo ho behoang litopo ho sona.
Ka mor’a hore ho behoe setopo ka lebitleng, ho ile ha pitikisetsoa lejoe le leholo ka pel’a lebitla. Kahoo lebitla la koaloa. Joale e ne e le letsatsi la boraro, e leng Sontaha. Letsatsi le ne le e-s’o chabe, kahoo ho ne ho sa le lefifi. Ho ne ho e-na le banna ba lebetseng lebitla. Ba rometsoe ke baprista ba ka sehloohong. Na u tseba lebaka?—
Baprista le bona ba ne ba utloile hore Jesu o ile a re o ne a tla tsosoa bafung. Kahoo e le hore ba thibele barutuoa ba hae hore ba se ke ba utsoa setopo ebe ba re Jesu o tsositsoe bafung, baprista ba ile ba beha balebeli. Ka tšohanyetso, lefatše le ile la qala ho sisinyeha. Ho ile ha hlaha lehlaseli la khanya lefifing. E ne e le lengeloi la Jehova! Masole a ne a tšohile hoo a neng a sitoa le ho sisinyeha. Lengeloi le ile la ea lebitleng ’me la tlosa lejoe. Lebitla la sala le se na letho!
E, ho joalokaha moapostola Petrose hamorao a ile a re: “Jesu enoa Molimo o ile a mo tsosa.” (Liketso 2:32) Molimo o ile a tsosa Jesu a e-na le ’mele o kang oo Jesu a neng a e-na le oona pele a tla lefatšeng. O ile a tsosoa bafung a e-na le ’mele oa moea o kang oa mangeloi. (1 Petrose 3:18) Kahoo e le hore batho ba bone Jesu, o ile a tlameha ho ipha ’mele oa nama. Na ke seo a ileng a se etsa?— A re ke re bone.
Joale letsatsi le ne le se le qala ho chaba. Masole a ne a se a tsamaile. Maria Magdalena le basali ba bang bao e leng barutuoa ba Jesu ba ne ba le tseleng e lebang lebitleng. Ba ne ba ntse ba buisana ba re: ‘Ke mang ea tla re pitikisetsa lejoe lela le leholo?’ (Mareka 16:3) Empa ha ba fihla lebitleng, ba ile ba fumana lejoe le se le tlositsoe. ’Me lebitla le se na letho! Setopo sa Jesu se ne se le sieo! Hang-hang Maria Magdalena a matha ka lebelo ho ea batla ba bang ba baapostola ba Jesu.
Basali ba bang ba ile ba sala lebitleng. Ba ne ba ntse ba ipotsa: ‘Ebe setopo sa Jesu se hokae?’ Ka ho panya ha leihlo ho ile ha hlaha banna ba babeli ba apereng liaparo tse khanyang. E ne e le mangeloi! A ile a re ho basali bana: ‘Ke hobane’ng ha le batla Jesu moo? O tsositsoe bafung. E-eang kapele ’me le bolelle barutuoa ba hae.’ U ka inahanela hore na basali bao ba ile ba matha hakaakang! Ha ba le tseleng, ba ile ba kopana le monna e mong. Na ua tseba hore na e ne e le mang?—
E ne e le Jesu, ea neng a iphile ’mele oa nama! Le eena o ile a re ho basali bao: ‘E-eang ’me le bolelle barutuoa ba ka.’ Basali bao ba ne ba thabile. Ba ile ba fumana barutuoa ’me ba re ho bona: ‘Jesu oa phela! Re mo bone!’ Maria o ne a se a ntse a boleletse Petrose le Johanne hore lebitla ha le na letho. Joale ba ile ba ea ho lona, joalokaha u ba bona mona. Ba ile ba sheba liaparo tsa lesela tseo Jesu a neng a phuthetsoe ka tsona, empa ba ne ba sa tsebe hantle hore na ba re’ng. Ba ne ba batla ho lumela hore Jesu oa phela, empa ba thatafalloa ho lumela seo ba se bonang.
Hamorao hona letsatsing leo la Sontaha, Jesu o ile a itlhahisa ho barutuoa ba hae ba babeli ba neng ba le tseleng e eang motsaneng oa Emmause. Jesu o ile a tsamaea le bona le ho bua le bona, empa ba ne ba sa mo hlokomele kaha o ne a e-na le ’mele o mong oa nama o fapaneng le oo a neng a e-na le oona pele. Ba ile ba hlokomela hore ke Jesu ha a ntse a e-ja le ha a rapela le bona. Barutuoa ba ile ba thaba hoo ba ileng ba tsamaea ka potlako lik’hilomithara tse ngata ho khutlela Jerusalema! Mohlomong e bile nakoana ka mor’a mona moo Jesu a ileng a itlhahisa ho Petrose ho mo bontša hore Oa phela.
Joale hamorao hona mantsiboeeng ao a Sontaha, barutuoa ba bangata ba ne ba bokane ka kamoreng. Menyako e ne e notletsoe. Ha ba re hepu! ba ile ba fumana Jesu a e-na le bona ka moo ka kamoreng! Joale ba ile ba tseba hore ka sebele Mosuoe e Moholo o boetse oa phela. U ka inahanela feela hore na ba ile ba thaba hakaakang!—Matheu 28:1-15; Luka 24:1-49; Johanne 19:38–20:21.
Ka matsatsi a 40 Jesu o ile a itlhahisa ka ’mele e sa tšoaneng ea nama ho bontša barutuoa ba hae hore oa phela. Ka mor’a moo o ile a tloha lefatšeng ’me a khutlela ho Ntate oa hae leholimong. (Liketso 1:9-11) Ka mor’a nakoana barutuoa ba ile ba qala ho bolella motho e mong le e mong hore Molimo o tsositse Jesu bafung. Esita le ha baprista ba ne ba ba otla ’me ba etsa hore ba bang ba bona ba bolaoe, ba ile ba tsoela pele ho bolela. Ba ne ba tseba hore le ha ba ka shoa, Molimo o tla ba hopola feela joalokaha a ile a hopola Mora oa hae.
Balateli bao ba Jesu ba qalong ba ne ba fapane hakaakang le batho ba bangata ba kajeno! Batho bana ba nahana feela ka meutlanyana ea Easter le ka mahe a Easter a mebala-bala ka nako ea selemo eo Jesu a ileng a tsosoa bafung ka eona. Empa Bibele ha e bue letho ka meutlanyana le mahe a Easter. E bua ka ho sebeletsa Molimo.
Re ka etsisa barutuoa ba Jesu ka ho bolella batho ba bang hore Molimo o ile a etsa ntho e babatsehang ha a ne a tsosa Mora oa hae bafung. Le ka mohla ha rea lokela ho tšoha, esita le ha batho ba re ba tla re bolaea. Le haeba re ka shoa, Jehova o tla re hopola ’me a re tsose bafung, feela joalokaha a ile a tsosa Jesu bafung.
Na ha re thabele ho tseba hore Molimo o hopola batho ba mo sebeletsang le hore o tla ba tsosa bafung?— Ho tseba lintho tsena ho lokela ho re susumelletsa ho batla ho tseba kamoo re ka thabisang Molimo kateng. Na u ne u tseba hore re ka mo thabisa?— Re tla bua ka taba ena nakong e tlang.
Ho lumela hore Jesu o tsohile bafung ho lokela ho tiisa tšepo ea rōna le ho matlafatsa tumelo ea rōna. Ke kōpa u bale Liketso 2:22-36; 4:18-20; le 1 Bakorinthe 15:3-8, 20-23.
[Setšoantšo se leqepheng la 202]
Ke hobane’ng ha lebitla lee le se na letho? Ho etsahetse’ng?
[Setšoantšo se leqepheng la 205]
E ka ’na eaba Petrose le Johanne ba nahana’ng?
[Setšoantšo se leqepheng la 206]
Batho ba bangata ba nahana ka eng nakong ea selemo eo Jesu a tsositsoeng bafung ka eona? Uena u nahana’ng ka seo?