Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bt khao. 3 maq. 20-27
  • “Ba Tlala Moea o Halalelang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ba Tlala Moea o Halalelang”
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ba ne ba le Sebakeng se le Seng” (Liketso 2:1-4)
  • “Barutuoa ba Bua Lipuo Tsa Bona” (Liketso 2:5-13)
  • “Petrose a Ema” (Liketso 2:14-37)
  • “Le Kolobetsoe” (Liketso 2:38-47)
  • Petrose oa Bolela ka Pentekonta
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Bokreste Boa Ata Har’a Bajuda ba Lekholong la Pele la Lilemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste Lekholong la Pele la Lilemo
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
bt khao. 3 maq. 20-27

KHAOLO EA 3

“Ba Tlala Moea o Halalelang”

Se ileng sa etsahala ha ho fanoa ka moea o halalelang ka Pentekonta

E Thehiloe ho Liketso 2:1-47

1. Hlalosa hore na ho ne ho e-ba joang Moketeng oa Pentekonta.

KE THABO feela literateng tsa Jerusalema.a Mosi o lopalla o tloha aletareng ea tempele ha Balevi ba bina Hallel (Pesaleme ea 113 ho ea ho 118); ho ka etsahala hore motho a le mong oa e phokola ebe ba bang baa e lumela. Baeti baa phethesela literateng. Ba tsoa libakeng tse hole tse kang Elame, Mesopotamia, Kapadosia, Pontase, Egepeta le Roma.b Ho etsahala’ng? Ke Pentekonta, eo hape ho thoeng ke “letsatsi la ho tlisa lihlahisoa tsa pele tse butsoitseng.” (Num. 28:26) Mokete ona oa selemo le selemo o ba qetellong ea kotulo ea harese le qalong ea kotulo ea koro. Ke letsatsi la thabo.

JERUSALEMA—SETSI SA BOLUMELI BA SEJUDA

Boholo ba lintho tse tlalehiloeng khaolong ea pele ea Liketso li etsahala Jerusalema. Motse ona o lutse maralleng a mokoloko oa lithaba tsa Judea, hoo e ka bang lik’hilomithara tse 55 ka bochabela ho Leoatle la Mediterranean. Ka 1070 B.C.E., Morena Davida o ile a hapa qhobosheane e holim’a leralla ea Thaba ea Sione ’me motse o ileng oa potoloha sebaka seo, e ile ea e-ba motse-moholo oa sechaba sa Iseraele ea boholo-holo.

Thaba ea Sione e haufi le Thaba ea Moria, moo Bajuda ba boholo-holo ba lumelang hore Abrahama o ile a leka ho etsa Isaka sehlabelo teng lilemong tse 1 900 pele ho liketsahalo tse hlalositsoeng ho Liketso. Thaba ea Moria e ile ea e-ba karolo ea motse oo ha Solomone a haha tempele ea pele ea Jehova holim’a eona. Tempele eo e ne e phetha karolo ea bohlokoa bophelong le borapeling ba Bajuda.

Bajuda ba tsoang lefatšeng lohle ba chesehelang borapeli ba ne ba tloaetse ho bokana tempeleng ea Jehova e le hore ba etse mahlabelo, ba rapele le ho keteka mekete e bang ka linako tse itseng. Ba ne ba etsa lintho tsena hobane ba mamela taelo ea Molimo e reng: “Hararo ka selemo, e mong le e mong e motona ho lona a hlahe ka pel’a Jehova Molimo oa lona sebakeng seo a se khethang.” (Deut. 16:16) Jerusalema e ne e boetse e le setsi sa Sanhedrine e Kholo, e leng lekhotla le phahameng la Bajuda ebile e le lekhotla la tsamaiso.

’Mapa o bontšang moo batho ba ileng ba utloa litaba tse monate ka Pentekonta ea 33 C.E. ba neng ba tsoa teng 1. Libaka: Libia, Egepeta, Ethiopia, Bithinia, Pontase, Kapadosia, Judea, Mesopotamia, Babilonia , Elame, Media le Parthia. 2. Litoropo: Roma, Alexandria, Memfise, Antioke (ea Siria), Jerusalema le Babilona. 3. Maoatle: Leoatle la Mediterranean, Leoatle le Letšo, Leoatle le Lefubelu, Leoatle la Caspian le Kou ea Persia.

2. Ho etsahala lintho life tse hlollang ka Pentekonta ea 33 C.E.?

2 Hoo e ka bang ka hora ea borobong hoseng hona ho pholileng hamonate nakong ea selemo ka 33 C.E., ho etsahala ntho e ’ngoe e tla lula e tsotoa ka lilemo tse makholo. Ka tšohanyetso, leholimong ho hlaha “lerata . . . le joaloka la moea o fokang ka sekhahla,” kapa “molumo . . . o kang oa moea o fokang ka sefefo.” (Lik. 2:2; Bibele ea Sesotho) Lerata lena le tlala ntlo eo barutuoa ba Jesu ba ka bang 120 ba bokaneng ho eona. Ka mor’a moo, ho etsahala ntho e hlollang. Ba bona maleme a kang a mollo ’me ka leng la ’ona le lula holim’a e mong le e mong oa bona.c Joale, ba “tlala moea o halalelang” ’me ba qala ho bua lipuo tse sa tšoaneng! Ha barutuoa ba tloha moo, baeti ba kopanang le bona literateng tsa Jerusalema baa makala, hobane barutuoa ba khona ho buisana le bona! Ka sebele, e mong le e mong o utloa ba ‘bua puo ea hae.’—Lik. 2:1-6.

3. (a) Ke hobane’ng ha ho ka thoe se etsahetseng ka Pentekonta ea 33 C.E. ke sa bohlokoa historing ea borapeli ba ’nete? (b) Puo ea Petrose e ne e amana joang le ho sebelisoa ha “linotlolo tsa ’Muso”?

3 Tlaleho ena e thahasellisang e hlalosa ketsahalo ea bohlokoa borapeling ba ’nete—e leng ea ho thehoa ha sechaba sa Iseraele ea moea, phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng. (Bagal. 6:16) Empa ha ho felle moo. Ha Petrose a bua le letšoele letsatsing leo, o ile a sebelisa senotlolo sa pele sa “linotlolo tsa ’Muso” tse tharo, tse neng li tla bulela lihlopha tse sa tšoaneng monyetla oa ho fumana litlhohonolofatso tse khethehileng. (Mat. 16:18, 19) Senotlolo sena sa pele se ile sa thusa Bajuda le basokolohi ba Bajuda hore ba amohele litaba tse monate ’me ba tlotsoe ka moea o halalelang oa Molimo.d Ka tsela eo e ne e tla ba karolo ea Iseraele ea moea, ’me ba be le tšepo ea ho busa e le marena le baprista ’Musong oa Mesia. (Tšen. 5:9, 10) Hamorao, monyetla oo o ne o tla fuoa Basamaria le Balichaba. Bakreste ba kajeno ba ka ithuta’ng liketsahalong tsa bohlokoa tsa Pentekonta ea 33 C.E.?

“Ba ne ba le Sebakeng se le Seng” (Liketso 2:1-4)

4. Ke joang phutheho ea Bakreste ea kajeno e ntšetsang pele se qaliloeng ke phutheho e thehiloeng ka 33 C.E.?

4 Phutheho ea Bakreste e thehiloe ka barutuoa ba ka bang 120 bao ‘kaofela ba neng ba le hammoho sebakeng se le seng,’ kamoreng e ka holimo, ’me ba tlotsoa ka moea o halalelang. (Lik. 2:1) Qetellong ea letsatsi leo, phutheho eo e ne e se e e-na le litho tse kolobelitsoeng tse likete. Eo e ne e le qalo feela ea kholo ea mokhatlo o hlophisitsoeng o ntseng o hola le kajeno! Ruri Molimo o sebelisa banna le basali ba mo tšabang—e leng phutheho ea Bakreste ea kajeno—hore ‘litaba tse monate tsa ’Muso li boleloe lefatšeng lohle hore batho ba lichaba tsohle ba li utloe’ pele lefatše le fela.—Mat. 24:14.

5. Ho kopanela le phutheho ea Bakreste ho ne ho tla ba le molemo ofe lekholong la pele la lilemo le kajeno?

5 Hape phutheho ea Bakreste e ne e tla matlafatsa batlotsuoa moeeng, ’me hamorao e matlafatse “linku tse ling.” (Joh. 10:16) Pauluse o ile a bontša kamoo a ananelang hore ebe litho tsa phutheho lia tšehetsana ha a ngolla Bakreste ba Roma a re: “Ke labalabela ho le bona e le hore ke le fe mpho e tsoang ho Molimo hore le tle le matlafale kapa e le hore ’na le lona re ka khothatsana ka tumelo ea rona.”—Bar. 1:11, 12.

ROMA—SETSI SA ’MUSO O MOHOLO

Nako eo buka ea Liketso e buang ka eona, Roma e ne e le motse o moholo ka ho fetisisa le oa bohlokoa lipolotiking mehleng eo. E ne e le setsi sa ’muso o moholo o neng o laola linaha ho tloha Brithani ho ea Afrika Leboea le ho tloha Leoatleng la Atlantic ho ea Koung ea Persia.

Roma ho ne ho e-na le mekhoa, merabe, lipuo le litumela-khoela tse sa tšoaneng. Baeti le bahoebi ba hlahang ka makhalo ’ohle ba ne ba tla teng ba tsamaea ka litsela tse lokisitsoeng hantle. Boema-kepeng bo haufi ba Ostia, likepe li ne li kena li sa tsoa kena li tlisa lijo le thepa e mabothobotho motseng ona.

Lekholong la pele la lilemo C.E., batho ba lulang Roma ba ne ba feta milione. Mohlomong halofo ea bona e ne e le makhoba—linokoane tse seng li ahlotsoe, bana ba rekisitsoeng kapa bao batsoali ba bona ba ba lahlileng kherehloa le batšoaruoa ba hapiloeng liphutuhong tsa mabotho a sesole a Roma. Bajuda ba tsoang Jerusalema ba ne ba le har’a makhoba a tlisitsoeng Roma ka mor’a hore motse oo o hloloe ke Pompey, molaoli oa lebotho la sesole sa Roma ka 63 B.C.E.

Boholo ba baahi bao e seng makhoba e ne e le mekopa-kopa e neng e lula mehahong ea mekato e mengata e phetheselang ’me e phela ka liphallelo tsa ’muso. Leha ho le joalo, baemphera ba ne ba hahile mehaho ea sechaba e majabajaba motse-moholo. Har’a eona ho ne ho e-na le liholo tsa boithabiso le mabala a lipapali a maholo ao ho neng ho e-ba le liketsahalo tse khahlehang tse kang litšoantšiso, tlholisano ea ho loana le mejaho ea likariki—baahi ba ne ba kena mahala libakeng tsena tsohle tsa boithabiso.

6, 7. Kajeno phutheho ea Bakreste e phetha taelo ea Jesu ea ho ruta batho ba lichaba tsohle joang?

6 Kajeno, phutheho ea Bakreste e na le sepheo se tšoanang le seo e neng e e-na le sona lekholong la pele la lilemo. Jesu o ile a fa barutuoa ba hae mosebetsi o thabisang le hoja ba ne ba tla tobana le litšitiso. O ile a re ho bona: “Le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho mamela lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Mat. 28:19, 20.

7 Jehova o sebelisa phutheho ea Bakreste ea Lipaki Tsa Jehova ho etsa mosebetsi oo kajeno. Ke ’nete hore ha ho bonolo ho ruta batho ba buang lipuo tse sa tšoaneng. Ho sa tsotellehe seo, Lipaki Tsa Jehova li hatisitse lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ka lipuo tse fetang 1 000. Haeba u ba teng kamehla libokeng tsa phutheho ea Bakreste ’me u etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa, u na le lebaka la ho thaba. U e mong oa ba seng bakae lefatšeng kajeno ba nang le tlotla ea ho paka ka ho phethahetseng ka lebitso la Jehova!

8. Re fumana molemo ofe ha re le libokeng?

8 Jehova Molimo o fane ka barab’abo rona lefatšeng ka bophara ho u thusa ho mamella bophelo bo thata u ntse u thabile. Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Baheberu a re: “A re tsotellaneng e le hore re ka susumeletsana ho ba lerato le ho etsa lintho tse ntle. Re se ke ra tlohela ho bokana ’moho joalokaha ba bang ba tloaetse empa re khothatsane. Re etse lintho tsena le ho feta hobane rea bona hore letsatsi le ntse le atamela.” (Baheb. 10:24, 25) Phutheho ea Bakreste ke mpho e tsoang ho Jehova bakeng sa hore u khothatse ba bang le bona ba u khothatse. Atamelana le bara le barali beno ba Bakreste. Le ka mohla u se ke ua tlohela ho ea libokeng tsa Bakreste!

“Barutuoa ba Bua Lipuo Tsa Bona” (Liketso 2:5-13)

Barutuoa ba Jesu ba pakela Bajuda le batho ba sokolohetseng Bojudeng seterateng se phetheselang.

“Re utloa ba bua ka mesebetsi e meholo ea Molimo ka lipuo tsa rona.”—Liketso 2:11

9, 10. Ba bang ba entse’ng hore ba khone ho pakela batho ba buang lipuo tsa linaha tse ling?

9 Ak’u inahanele hore letšoele le kopakaneng la Bajuda le basokolohi le ile la thaba hakaakang ka Pentekonta ea 33 C.E.! Mohlomong boholo ba ba neng ba le teng bo ne bo bua Segerike kapa Seheberu. Empa “barutuoa ba bua lipuo tsa bona.” (Lik. 2:6) Ka sebele e tlameha ebe batho bao ba ile ba ameha lipelo ha ba utloa litaba tse monate ka lipuo tsa bona. Ke ’nete hore Bakreste kajeno ha ba na lineo tsa mohlolo tsa ho bua lipuo tsa linaha tse ling. Leha ho le joalo, ba bangata ba ithaopela ho bolella batho ba lichaba tsohle molaetsa oa ’Muso. Ka tsela efe? Ba bang ba ithutile puo e ncha e le hore ba ka sebeletsa liphuthehong tse haufi le moo ba lulang teng tsa lipuo tsa linaha tse ling kapa esita le ho fallela linaheng tse ling. Hangata ba hlokometse hore batho ba khahloa haholo ke boiteko ba bona.

10 Nka ka mohlala, Christine, ea ileng a ithuta Segujarati hammoho le Lipaki tse ling tse supileng. Ha a kopana le mosali ea sebetsang le eena ea buang Segujarati, o ile a mo lumelisa ka puo ea hae. Mosali enoa o ile a thaba a ba a batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha Christine a leka ka matla ho ithuta puo e thata hakana ea Segujarati. Christine o ile a mo pakela. Mosali enoa o ile a re ho Christine: “E tlameha ebe molaetsa oa lona ke oa bohlokoa e le kannete.”

11. Re ka itokisetsa ho pakela batho ba buang lipuo tse ling joang?

11 Ke ’nete hore hase bohle ba ka ithutang puo e ’ngoe. Leha ho le joalo, re ka lula re le malala-a-laotsoe ho bolella batho ba lipuo tse ling molaetsa oa ’Muso. Joang? Ka ho sebelisa JW Language® app ho ithuta ho lumelisa ka e ’ngoe ea lipuo tse buuoang moo u lulang. U ka boela oa ithuta lipolelo tse seng kae tse ka etsang hore motho a batle ho bua le uena. Ba bontše jw.org. Mohlomong u ka ba bontša livideo le lingoliloeng tse fumanehang ka lipuo tsa bona. Ha re sebelisa lithulusi tsena tšimong, re tla thaba joaloka Bakreste ba mehleng ea pele. Batho ba neng ba tsoa linaheng tse ling ba ile ba makala ha ba utloa litaba tse monate ka “lipuo tsa bona.”

BAJUDA MESOPOTAMIA LE EGEPETA

The History of the Jewish People in the Age of Jesus Christ (175 B.C.–A.D. 135) e re: “Mesopotamia, Media le Babilonia ho ne ho lula litloholo tsa litho tsa ’muso oa meloko [ea Iseraele] e leshome, le tsa litho tsa ’muso oa Juda, ka mor’a hore li lelekeloe moo ke Baasiria le Bababilona.” Ho latela Esdrase 2:64, ke Baiseraele ba 42 360 feela ba ileng ba khutlela Jerusalema ha ba tsoa botlamuoeng Babilona. Sena se etsahetse ka 537 B.C.E. Flavius Josephus o re lekholong la pele la lilemo C.E., Bajuda ba neng ba “lula Babilona” ba ne ba le likete tse mashome. Lekholong la boraro ho ea ho la bohlano la lilemo C.E., ba ne ba ntse ba hatisa buka ea lineano tsa Bajuda e bitsoang Babylonian Talmud.

Ho na le bopaki bo ngotsoeng bo bontšang hore ho ne ho e-na le Bajuda Egepeta hoo e ka bang lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. Nakong eo, Jeremia o ile a romela molaetsa ho Bajuda ba lulang libakeng tse sa tšoaneng tsa Egepeta, ho akarelletsa le Memfise. (Jer. 44:1, nal.) Ho ka etsahala hore batho ba bangata ba ile ba fallela Egepeta nakong eo lichaba li neng li latela mekhoa ea Bagerike. Josephus o re Bajuda ba ne ba le har’a batho ba pele ba ileng ba fallela Alexandria. Hamorao ba ile ba fuoa karolo e itseng ea motse ona. Lekholong la pele la lilemo C.E., Philo, e leng mongoli oa Mojuda o ile a bolela hore batho ba habo ba milione ba ne ba lula likarolong tsohle tsa Egepeta, ho tloha “nģ’a Libia ho ea meeling ea Ethiopia.”

“Petrose a Ema” (Liketso 2:14-37)

12. (a) Moprofeta Joele o ile a re’ng ha a bolela mohlolo o neng o tla etsahala ka Pentekonta ea 33 C.E.? (b) Ke hobane’ng ha ho ne ho lebeletsoe hore boprofeta ba Joele bo tla phethahala lekholong la pele la lilemo?

12 “Petrose a ema” e le hore a bue le letšoele la lichaba tse sa tšoaneng. (Lik. 2:14) O ile a hlalosetsa bohle hore ke Molimo ea neng a fane ka matla a mohlolo a ho bua lipuo tse sa tšoaneng e le ho phethahatsa boprofeta ba Joele bo reng: “Ke tla fa motho e mong le e mong moea o halalelang.” (Joele 2:28) Pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ke tla kopa Ntate ’me eena o tla le fa mothusi,” ’me a re mothusi eo ke “moea.”—Joh. 14:16, 17.

13, 14. Petrose o ile a leka joang ho finyella lipelo tsa batho bao a buisanang le bona, ’me re ka mo etsisa joang?

13 Petrose o ile a lihela likhala ka mantsoe a matla, a re ho letšoele: “Baiseraele bohle ba ke ba tsebe hore kannete Jesu enoa eo le mo khokhothetseng palong, Molimo o mo khethile hore e be Morena hape e be Kreste.” (Lik. 2:36) Bonneteng, boholo ba batho ba neng ba mametse Petrose bo ne bo le sieo ha Jesu a bolaeloa palong. Empa, kaha e ne e le karolo ea sechaba sa Bajuda, ba ne ba ikarabella bakeng sa ketso ena. Leha ho le joalo, hlokomela hore Petrose o ile a buisana le Bajuda ba habo ka tlhompho ’me a ba finyella lipelo. Sepheo sa Petrose e ne e le ho susumetsa bamameli ba hae hore ba bake, eseng ho ba nyatsa. Na mantsoe a Petrose a ile a ba khopisa? Le hanyenyane. Ho e-na le hoo, ba ile “ba utloa bohloko bo tebileng.” Ba botsa ba re: “Re etse joang?” Mohlomong tlhompho eo Petrose a neng a bua ka eona e ile ea etsa hore a finyelle lipelo tsa ba bangata, hoo ba ileng ba susumelletseha hore ba bake.—Lik. 2:37.

14 Re ka etsisa Petrose ka ho finyella batho lipelo. Ha re pakela ba bang, ha ho hlokahale hore re tsotelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo mong’a ntlo a e buang e sa lumellaneng le mangolo. Ho e-na le hoo, re lokela ho bua ka lintlha tseo re lumellanang ka tsona le mong’a ntlo. Ka mor’a moo ka bohlale re ka behelana mabaka le eena ka Lentsoe la Molimo. Hangata ha linnete tsa Bibele li boleloa ka tsela e molemo joalo, ho bonolo hore batho ba lipelo li ntle ba li amohele.

BAKRESTE BA PONTASE

Bajuda ba tsoang Pontase, e leng setereke se ka leboea sa Asia Minor ke ba bang ba batho ba ileng ba utloa puo ea Petrose ka Pentekonta ea 33 C.E. (Lik. 2:9) Ho hlakile hore ba bang ba bona ba ile ba isa litaba tse monate linaheng tsa habo bona, hobane ba bang bao Petrose a neng a ba ngoletse lengolo la hae la pele ba ne ba akarelletsa balumeli ba neng ba ‘hasane’ libakeng tse kang Pontase.g (1 Pet. 1:1) Lengolo la hae le senola hore Bakreste bana ba ne ba “utloisoa bohloko ke liteko tse fapaneng” ka lebaka la tumelo ea bona. (1 Pet. 1:6) Ho ka etsahala hore li ne li akarelletsa khanyetso le mahloriso.

Liteko tse ling tseo Bakreste ba Pontase ba ileng ba talimana le tsona li hlaha mangolong a Pliny e Monyenyane, e leng ’musisi oa profinse ea Roma ea Bithinia le Pontase le Moemphera Trajan. Ha Pliny a ngola a le Pontase hoo e ka bang ka 112 C.E., o ile a tlaleha hore “tšusumetso” ea Bakreste e ne e beha motho e mong le e mong kotsing, ho sa tsotellehe hore na ke monna kapa mosali, ke ngoana kapa motho e moholo, kapa boemo ba hae ke bofe. Pliny o ile a fa ba qosoang ka hore ke Bakreste monyetla oa ho bo latola, ’me a bolaea ba hanang ho bo latola. Mang kapa mang ea neng a rohaka Kreste kapa a rapela melimo kapa seemahale sa Trajan o ne a lokolloa. Pliny o ile a hlokomela hore “bao e neng e le Bakreste ba ’nete ba ke ke ba qobelloa ho etsa” lintho tsena.

g Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng mona e le ‘hasane’ le na le moelelo oa Sejuda, o bontšang hore boholo ba basokolohi ba pele bo ne bo tsoa metseng ea Bajuda.

“Le Kolobetsoe” (Liketso 2:38-47)

15. (a) Petrose o ile a re’ng, ’me batho ba etsa joang? (b) Ke hobane’ng ha ba likete ba ileng ba utloa litaba tse monate ka Pentekonta ba ne ba tšoaneleha hore ba kolobetsoe letsatsing lona leo?

15 Ka letsatsi le thahasellisang la Pentekonta ea 33 C.E., Petrose o ile a re ho Bajuda le basokolohi ba amohetseng molaetsa oa hae: “Bakang le be le kolobetsoe.” (Lik. 2:38) Ka mor’a moo, ba ka bang 3 000 ba ile ba kolobetsoa, mohlomong ba kolobeletsoa matamong a Jerusalema kapa a pel’a eona.e Na ba entse see ka lebaka la ho nkeha maikutlo? Na tlaleho ee ke mohlala ho liithuti tsa Bibele le ho bana bao batsoali ba bona e leng Bakreste hore ba kolobetsoe ka lepotlapotla? Le hanyenyane. Hopola hore Bajuda le batho ba sokolohetseng Bojudeng ba ileng ba kolobetsoa letsatsing leo la Pentekonta ea 33 C.E. ba ne ba khothaletse ho ithuta Lentsoe la Molimo, ’me e le karolo ea sechaba se inehetseng ho Jehova. Ho feta moo, ba ne ba se ba ntse ba bontša hore baa cheseha—ba bang ba tsamaea sebaka se selelele e le hore ba be teng moketeng ona oa selemo le selemo. Ka mor’a hore ba amohele linnete tse mabapi le seo Jesu Kreste a se etsang ho phethahatsa morero oa Molimo, ba ne ba itokiselitse ho tsoela pele ho sebeletsa Molimo—empa joale e se e le balateli ba Kreste ba kolobelitsoeng.

BASOKOLOHI E NE E LE BO-MANG?

‘Bajuda le basokolohi’ ba ile ba mamela Petrose ka Pentekonta ea 33 C.E.—Lik. 2:10.

Nikolase, eo ho thoeng ke “mosokolohi oa Antioke,” ke e mong oa banna ba neng ba tšoaneleha ba khethetsoeng ho hlokomela “mosebetsi ona oa bohlokoa” oa ho aba lijo letsatsi le letsatsi. (Lik. 6:3-5) Basokolohi e ne e le Balichaba ba sokolohetseng bolumeling ba Sejuda. Ho ne ho nkoa e le Bajuda ka hohle-hohle, kaha ba ne ba amohetse Molimo le Molao oa Iseraele, ba lahlile melimo e meng kaofela, ba bolotse (banna), ’me ba ikamahantse le sechaba sa Iseraele.

Ka mor’a hore Bajuda ba lokolloe botlamuoeng Babilona ka 537 B.C.E., ba bangata ba ile ba lula hole le naha ea Iseraele empa ba khomarela mekhoa ea Bolumeli ba Sejuda. Ka lebaka lena, batho ba lulang sebakeng sa boholo-holo sa bochabela bo Hare ba ne ba tseba bolumeli ba Sejuda. Bangoli ba boholo-holo, ba kang Horace le Seneca, ba tiisa hore batho ba bangata ba linaha tse sa tšoaneng ba ileng ba khahloa ke Bajuda le bolumeli ba bona ba ile ba aha le bona ’me ea e-ba basokolohi.

16. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba bontša moea oa boitelo joang?

16 Ka sebele Jehova o ile a hlohonolofatsa sehlopha seo. Bibele e re: “Barutuoa bohle ba bacha ba ne ba bokana ebile ba arolelana lintho tsohle. Ba ne ba rekisa lintho tsa bona ebe ba arolela bohle chelete ho ea kamoo e mong le e mong a hlokang kateng.”f (Lik. 2:44, 45) Ruri Bakreste bohle ba ’nete ba lokela ho etsisa moea oo oa lerato le boitelo.

17. Ho hlokahala hore motho a nke mehato efe e le hore a tšoanelehele ho kolobetsoa?

17 Ho hlokahala mehato e mengata ea Mangolo e le hore Mokreste a ka inehela a ba a kolobetsoa. Motho o lokela ho rua tsebo ea Lentsoe la Molimo. (Joh. 17:3) Ho hlokahala hore a bontše tumelo ’me a bakele mekhoa ea hae ea pele, a bontše hore o e soabetse e le kannete. (Lik. 3:19) Joale o tlameha ho sokoloha, kapa ho fetoha, ’me a qale ho etsa mesebetsi e metle e lumellanang le thato ea Molimo. (Bar. 12:2; Baef. 4:23, 24) Ka mor’a hore a nke mehato ena, o inehela ho Molimo ka thapelo ebe oa kolobetsoa.—Mat. 16:24; 1 Pet. 3:21.

18. Barutuoa ba kolobelitsoeng ba Kreste ba na le tlotla efe?

18 Na u morutuoa oa Jesu Kreste ea inehetseng le ho kolobetsoa? Haeba ho joalo, ananela tlotla ena. Joaloka barutuoa ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba tletse moea o halalelang, u ka sebelisoa haholo hore u fane ka bopaki bo hlakileng ’me u etse thato ea Jehova!

a Sheba lebokose la sehlooho se reng “Jerusalema—Setsi sa Bolumeli ba Sejuda.”

b Sheba lebokose la sehlooho se reng “Roma—Setsi sa ’Muso o Moholo”; “Bajuda Mesopotamia le Egepeta” le “Bakreste ba Pontase.”

c “Maleme” ana e ne e se mollo oa sebele, empa e ne e le ho kang “malakabe a mollo,” e leng seo ka sebele se bontšang hore se neng se lutse ho morutuoa ka mong se ne se shebahala joaloka mollo se bile se khanya joaloka oona.

d Sheba lebokose la sehlooho se reng “Basokolohi e ne e le Bo-mang?.”

e Ka la 7 August, 1993, kopanong ea machaba ea Lipaki Tsa Jehova Kiev, Ukraine, batho ba 7 402 ba ile ba kolobetsoa matamong a tšeletseng. Ba ile ba kolobetsoa ka nako e etsang lihora tse peli le metsotso e leshome le metso e mehlano.

f Ka nakoana ho ile ha lokisetsoa lintho tseo baeti ba neng ba le Jerusalema ba neng ba li hloka e le hore ba fumane thuto e eketsehileng ea lintho tsa moea. Li ne li fanoa ka boithatelo ’me ho se motho ea qobelloang.—Lik. 5:1-4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela