Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ‘Ela Lintho Hloko ka Tsela e Fetang e Tloaelehileng’
    Molula-Qhooa—2002 | September 15
    • ‘Ela Lintho Hloko ka Tsela e Fetang e Tloaelehileng’

      ‘Ho hlokahala hore re ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng lintho tseo re ileng ra li utloa, e le hore le ka mohla re se ke ra hoholeha.’—BAHEBERU 2:1.

      1. Bontša kamoo litšitiso li ka bakang kotsi kateng.

      LIKOTSI tsa likoloi li bolaea batho ba ka bang 37 000 selemo le selemo United States feela. Litsebi li bolela hore mafu a mangata hakana a ne a ka qojoa haeba baqhobi ba ne ba ka ba seli haholoanyane tseleng. Likelello tsa baqhobi ba bang li lelerisoa ke ho bala matšoao le mamatjana a liphatlalatso kapa ke ho sebelisa thelefono ea cellular. Ba bang bona ba ja ba ntse ba khanna. Maemong ana kaofela, litšitiso tsena li ka baka kotsi.

      2, 3. Pauluse o ile a fa Bakreste ba Baheberu keletso efe, ’me ke hobane’ng ha keletso ea hae e ne e loketse?

      2 Lilemong tse ka bang 2 000 pele ho qaptjoa koloi, moapostola Pauluse o ile a qoolla tšitiso e itseng e neng e le kotsi ho Bakreste ba bang ba Baheberu. Pauluse o ile a hatisa hore Jesu Kreste ea tsositsoeng o ne a filoe setulo se phahameng ho feta sa mangeloi ’ohle, etsoe o ne a lutse ka letsohong le letona la Molimo. Ka mor’a moo moapostola enoa o ile a re: “Ke ka lebaka leo ho hlokahalang hore re ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng lintho tseo re ileng ra li utloa, e le hore le ka mohla re se ke ra hoholeha.”—Baheberu 2:1.

      3 Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba Baheberu ba “ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng lintho tseo [ba] ileng [ba] li utloa” mabapi le Jesu? Hobane ho ne ho se ho fetile lilemo tse ka bang 30 Jesu a tlohile lefatšeng. Kaha Monghali oa bona o ne a le sieo, Bakreste ba bang ba Baheberu ba ne ba qala ho hoholehela thōko le tumelo ea ’nete. Likelello tsa bona li ne li lelerisoa ke tsamaiso ea bolumeli ea Sejuda, e leng tsela eo ba neng ba rapela ka eona nakong e fetileng.

      Ho ne ho Hlokahala Hore ba Ele Lintho Hloko Haholo

      4. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba Baheberu ba ne ba ka ’na ba ekeha hore ba khutlele tsamaisong ea bolumeli ea Sejuda?

      4 Ke eng e neng e ka eka Mokreste hore a khutlele tsamaisong ea bolumeli ea Sejuda? Tsamaisong ea bolumeli tlas’a Molao, ho ne ho sebelisoa lintho tse bonahalang. Batho ba ne ba bona baprista hape ba fofonela lephoka la mahlabelo a chang. Leha ho le joalo, maemong a itseng, Bokreste bo ne bo fapane ka ho feletseng. Bakreste ba ne ba e-na le Moprista ea Phahameng, Jesu Kreste, empa ho ne ho fetile lilemo tse 30 a sa bonoe lefatšeng. (Baheberu 4:14) Ba ne ba e-na le tempele, empa sehalalelo sa eona e ne e le leholimo ka bolona. (Baheberu 9:24) Ho fapana le lebollo le neng le etsoa ’meleng tlas’a Molao, lebollo la Bakreste e ne e le “la pelo ka moea.” (Baroma 2:29) Kahoo, Bakreste ba Baheberu ba ne ba ka ’na ba qala ho bona Bokreste e se ntho ea sebele.

      5. Pauluse o ile a bontša joang hore tsamaiso ea bolumeli e thehiloeng ke Jesu e ne e phahametse ea Molao?

      5 Ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba Baheberu ba hlokomele ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo ka tsamaiso ea bolumeli e thehiloeng ke Kreste. E ne e thehiloe haholo tumelong ho feta linthong tse bonahalang, empa e ne e phahametse Molao o neng o fanoe ka moprofeta Moshe. Pauluse o ile a ngola, a re: “Haeba mali a lipōli le a lipoho le molora oa khomo ea sethole o fafatsoang holim’a ba silafetseng o halaletsa ho isa tekanyong ea bohloeki ba nama, mali a Kreste, eo ka moea o sa feleng a ileng a inyehela ho Molimo a se na sekoli, a tla hloekisa matsoalo a rōna hakaakang mesebetsing e shoeleng e le hore re ka etsetsa Molimo ea phelang tšebeletso e halalelang?” (Baheberu 9:13, 14) Ha ho pelaelo hore tšoarelo e fumanoang ka tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu Kreste e phahame ka litsela tse ngata ho feta e neng e fumanoa ka mahlabelo a neng a nyeheloa tlas’a Molao.—Baheberu 7:26-28.

      6, 7. (a) Ke boemo bofe bo neng bo potlakisa hore Bakreste ba Baheberu ba “ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng lintho tseo [ba] ileng [ba] li utloa”? (b) Ha Pauluse a ne a ngolla Baheberu lengolo, Jerusalema e ne e saletsoe ke nako e kae? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

      6 Ho ne ho e-na le lebaka le leng leo ka lona ho neng ho hlokahala hore Bakreste ba Baheberu ba ele hloko ka ho fetisisa lintho tseo ba ileng ba li utloa mabapi le Jesu. O ne a boletse esale pele hore Jerusalema e tla timetsoa. Jesu o ile a re: “Matsatsi a tla u tlela ha lira tsa hao li tla haha thibello e nang le lithupa tse nchocho ho u likoloha ’me li tla u pota-pota li u bakele mahlomola ka mahlakoreng ’ohle, ’me li tla u tabanya fatše le bana ba hao ba ka hare ho uena, ’me li ke ke tsa tlohela lejoe holim’a lejoe ho uena, hobane ha ua ka ua lemoha nako ea ho hlahlojoa ha hao.”—Luka 19:43, 44.

      7 See se ne se tla etsahala neng? Jesu ha aa ka a senola letsatsi le hora. Ho e-na le hoo, o ile a fana ka taelo ena: “Ha le bona Jerusalema e lika-likelitsoe ke mabotho a liahelong, joale le tsebe hore ho etsoa lesupi ha eona ho atametse. Joale ba leng Judea ba ke ba qale ho balehela lithabeng, ’me ba ka hare ho eona ba tlohe, ’me ba libakeng tse ka thōko ba se ke ba kena ka har’a eona.” (Luka 21:20, 21) Nakong ea lilemo tse 30 ka mor’a hore Jesu a bue mantsoe ana, Bakreste ba bang ba Jerusalema ha baa ka ba hlola ba nka hore metsotso e jele babeli, ’me likelello tsa bona li ile tsa lelera. Kamoo ho leng kateng, ba ile ba tšoana le mokhanni ea tlositseng mahlo tseleng. Ba ne ba tla tsoa kotsi haeba ba ne ba sa lokise monahano oa bona. Ho sa tsotellehe seo ba neng ba se nahana, timetso ea Jerusalema e ne e le haufi!a Re tšepa hore keletso ea Pauluse e ile ea tsosa Bakreste ba Jerusalema ba neng ba otsela moeeng.

      Ho ‘Ela Lintho Hloko ka Tsela e Fetang e Tloaelehileng’ Kajeno

      8. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re “ele hloko” linnete tsa Lentsoe la Molimo “ka tsela e fetang e tloaelehileng”?

      8 Joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, ho hlokahala hore re “ele hloko” linnete tsa Lentsoe la Molimo “ka tsela e fetang e tloaelehileng.” Hobane’ng? Hobane le rōna re talimane le timetso haufinyane, eseng ea sechaba se le seng, empa ea tsamaiso eohle ea lintho. (Tšenolo 11:18; 16:14, 16) Ha e le hantle, ha re tsebe ka ho toba letsatsi le hora tseo ka tsona Jehova a tla nka khato. (Matheu 24:36) Leha ho le joalo, re lipaki tse boneng phethahatso ea boprofeta ba Bibele bo bontšang ka ho hlaka hore re phela “matsatsing a ho qetela.” (2 Timothea 3:1-5) Kahoo, re lokela ho alosa eng kapa eng e ka lelerisang likelello tsa rōna. Ho hlokahala hore re ele hloko Lentsoe la Molimo ’me re lule re elelloa hore metsotso e jele babeli. Ke feela ka ho etsa joalo moo re tla “atleha ho phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale.”—Luka 21:36.

  • ‘Ela Lintho Hloko ka Tsela e Fetang e Tloaelehileng’
    Molula-Qhooa—2002 | September 15
    • a Ho ka etsahala hore ebe lengolo le neng le e-ea ho Baheberu le ne le ngotsoe ka 61 C.E. Haeba ho joalo, ho ne ho setse lilemo tse ka bang hlano feela pele Jerusalema e lika-liketsoa ke mabotho a liahelong a Cestius Gallus. Kapele feela mabotho ao a ile a tloha, a fa Bakreste ba falimehileng monyetla oa hore ba balehe. Lilemo tse ’nè hamorao, Jerusalema e ile ea timetsoa ke mabotho a Roma a tlas’a Molaoli Titus.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela