-
Bontša Hore U Ananela Seo Jehova le Jesu ba U Etselitseng SonaU ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
3. Re ka etsa’ng ho bontša kananelo?
A re nke hore motho e mong o ile a u pholosa ha u ne u khangoa ke metsi. Na u ne u ka lebala seo motho eo a u etselitseng sona? Kapa na u ne u tla batla litsela tsa ho mo bontša hore u ananela ntho eo a u etselitseng eona?
Re na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng ka lebaka la seo Jehova a re etselitseng sona. Bala 1 Johanne 4:8-10 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Ke hobane’ng ha sehlabelo sa Jesu e le mpho e khethehileng?
U ikutloa joang ka ntho eo Jehova le Jesu ba u etselitseng eona?
Re ka bontša joang hore re ananela ntho eo Jehova le Jesu ba re etselitseng eona? Bala 2 Bakorinthe 5:15 le 1 Johanne 4:11; 5:3. Ka mor’a ho bala lengolo ka leng, buisanang ka potso ena:
Ho ea ka lengolo lee, re ka etsa’ng ho bontša kananelo?
-
-
Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Inehela U be U Kolobetsoe?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
1. Ke’ng e susumeletsang motho hore a inehele ho Molimo?
Re inehela ho Jehova hobane re mo rata. (1 Johanne 4:10, 19) Bibele e re fa taelo e reng: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.” (Mareka 12:30) Re bontša hore re rata Molimo ka lintho tseo re li buang le tseo re li etsang. Joalokaha batho ba ratanang ba nyalana, le rona ha re rata Jehova re tla batla ho inehela ho eena ’me re kolobetsoe.
-