-
Kamohelo e Mofuthu ea Baeti ea Bokreste Lefatšeng le ArohanengMolula-Qhooa—1996 | October 1
-
-
“Ka hona, rōna, re tlas’a tlamo ea ho amohela batho ba joalo ka kamohelo e mofuthu ea baeti, e le hore re ka ba basebetsi-’moho ’neteng.”—3 JOHANNE 8.
-
-
Kamohelo e Mofuthu ea Baeti ea Bokreste Lefatšeng le ArohanengMolula-Qhooa—1996 | October 1
-
-
3. Re ka fumana thabo le khotsofalo ea ’nete joang?
3 Lintho li ne li tla fapana hakaakang haeba batho ba ne ba ile ba etsisa tsela ea Jehova ea ho sebetsana le ba bang—ho ba mosa, ho fana ka seatla se bulehileng, ho amohela baeti ka mofuthu! O ile a etsa hore ho hlake hore lekunutu la thabo ea ’nete ha le ho lekeng ho khotsofatsa litakatso tsa rōna. Ho e-na le hoo, senotlolo ke sena: “Ho na le thabo e eketsehileng ho faneng ho feta e teng ho amoheleng.” (Liketso 20:35) Ho fumana thabo ea ’nete le khotsofalo, re tlameha ho hlōla mekoallo le likarohano tse ka ’nang tsa re khina. ’Me re tlameha ho finyella ba sebeletsang Jehova hammoho le rōna. Ho hlokahala hore re ele hloko keletso ena: “Ka hona, rōna, re tlas’a tlamo ea ho amohela batho ba joalo ka kamohelo e mofuthu ea baeti, e le hore re ka ba basebetsi-’moho ’neteng.” (3 Johanne 8) Ho amohela ba tšoanelehang ka mofuthu boeting, ho isa bohōleng boo maemo a rōna a re lumellang, ho molemo ka litsela tse peli—ho tlisetsa bafani le ba fanang molemo. Joale, ke bo-mang ba leng har’a ba tšoanelehang bao re lokelang ho ba ‘amohela ka kamohelo e mofuthu ea baeti’?
-