Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Malumeli a Bohata a Sentse Molimo Lebitso Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 2. Liketso tsa malumeli a bohata li senya Molimo lebitso joang?

      Malumeli a bohata ha a tšoare batho ka tsela eo Jehova a ba tšoarang ka eona. Bibele e re ka bolumeli ba bohata: “Libe tsa hae li khobokellane ho ea fihla leholimong.” (Tšenolo 18:5) Ka lilemo tse makholo, haesale malumeli a kenella lipolotiking, lintoeng hape a bolaea kapa a lumella ho bolaoa ha batho ba bangata haholo. Baruti ba bang ba batla ho rua, kahoo ba batla chelete ho balateli ba bona. Liketso tsa bona li bontša hantle hore ha ba tsebe Molimo ebile ha ba na le tokelo ea ho mo emela.​—Bala 1 Johanne 4:8.

  • Lula U Tšepahalla Jehova
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • Bapala VIDEO.

      VIDEO: Tsoa Babylona e Moholo! (5:06)

      Setšoantšo se hlahang videong ea ‘Tsoa Babylona e Moholo!’ Motho ea ithutang Bibele o tlohela mosebetsi oa hae oa ho sebetsa kerekeng.

      Bala Luka 4:8 le Tšenolo 18:​4, 5 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Na lebitso la ka le ntse le hlaha libukeng tsa kereke?

      • Na ke kenetse mokhatlo o ikopantseng le bolumeli bo itseng?

      • Na mosebetsi oo ke o etsang o tšehetsa bolumeli ba bohata ka tsela efe kapa efe?

      • Na ho na le lintho tse ling tseo ke lokelang ho li etsa e le hore ke tlohelle bolumeli ba bohata?

      • Haeba ke arabile e ’ngoe ea lipotso tsena ka E, ke lokela ho etsa liphetoho life?

      Maemong ana kaofela u etse qeto e tla u siea u e-na le letsoalo le khutsitseng e bile e bontša hore u tšepahalla Jehova.

      Morali’abo rona o tsoa ka shopong le ngoana oa hae. Ba feta pel’a ’mè ea ntseng a kopa chelete bakeng sa mokhatlo oa kereke.

      Ha u ne u ka kopuoa hore u ntše chelete ho tšehetsa mokhatlo oa liphallelo o amanang le bolumeli ba bohata, u ne u tla etsa’ng?

      BATHO BA BANG BA RE: “Ke lokela ho tseba hore na bakoenehi ba ntse ba re’ng ka Lipaki Tsa Jehova e le hore ke tsebe ho emela ’nete.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela