Ho Boloka Bonngoe Ba Rōna Ba Bokreste
SENGOLI se seng sa Mok’hatholike Domenico Mosso se ngotse: “Nahana ha u se u bitsoa moena kapa khaitseli, u sa bitsoe ke moprista, empa u bitsoa ke mohlomphehi ea lilemong tse bohareng ea pel’a hao kapa ke mofumahatsana e motle ea sa tsoa fihla ka letsohong la hao le letona. ‘Ka se ke ka utloa hantle?’ ‘Ke itse, lumela moena.’ ‘U ka bua joalo joang . . . ha ke u tsebe ho hang, joale setsoalle see sohle se tla joang? Ho feta moo, re ka kerekeng.’”
Ka sebele boikutlo ba ’nete ba boena ha bo eo ka har’a likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Sena se bontša ho hloka ha bona bonngoe ba Bokreste. Leha ho le joalo, ha ho joalo ho Lipaki tsa Jehova. Joaloka balateli ba pele ba Jesu, ka bolokolohi re bitsana moena le khaitseli. (2 Petrose 3:15, NW) Kae kapa kae moo re ka eang teng lefatšeng, hafeela motho a fumane Holo ea ’Muso o fumana kamohelo ea boena e mofuthu ka ho fetisisa. Hape bonngoe bo bontšoa ke ’nete ea hore liphutheho tsohle li latela mokhoa o tšoanang oa thupelo le hore Lipaki tsohle li tšoarehile boboleling ba “Evangeli ena ea ’muso.”—Mattheu 24:14.
Bosiung ba pele a e-shoa, Jesu Kreste o ile a rapela: “Ke rapella le ba tlang ho lumela ho ’na ka polelo ea bona, bohle ba tle ba be bang, joale ka ha uena, Ntate, u le ho ’na, le ’na ke le ho uena.” (Johanne 17:20, 21) Tlaleho ea Bibele e bontša hore Jehova Molimo o ile a arabela thapelo ea Jesu. Har’a Bakreste ba pele, bora bo nkileng nako e telele pakeng tsa Bajode le Balichaba bo ile ba felisoa ke matla a kopanyang a lithuto tsa Kreste.—Ba-Galata 3:28.
Leha ho le joalo, ho boloka bonngoe bona ho ile ha hloka boiteko. Moapostola Pauluse o ile a phehella basebetsi-’moho le eena hore ‘ba tsamaee ka mokhoa o tšoanelang pitso [ea leholimo] ba tiee matla ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo ea khotso.’ Ba ne ba sa lokela ho arohana ka lihlotšoana tse fapaneng. Che, “’Mele o mong, le Moea o mong, joale ka ha le bitselitsoe tebello e le ’ngoe ka ho bitsoa ha lōna. Morena o mong, tumelo e ’ngoe, le kolobetso e ’ngoe. Molimo o mong, e leng Ntat’a bohle.” Ho ne ho fanoe ka baapostola, balisa, le baruti ka phuthehong hore ba thuse batho hore ba “finyelle bohle bonngoeng ba tumelo.”—Ba-Efese 4:1-6, 11-14.
Ka katleho Lipaki tsa Jehova mehleng ea kajeno li bolokile “bonngoe” bona. Leha ho le joalo, mabaka a fapa-fapaneng—moea oa boitaolo, phapang ea bophelo ba sechaba le phapang ea merabe, lipha tse fapa-fapaneng le mefokolo e har’a Bakreste ’moho le rōna—li ka sokela “bonngoe ba tumelo” ea rōna. Bo ka bolokoa joang?
Ho Fepeloa Tafoleng e le ’Ngoe
Jehova ha a bonesetse Mokreste e mong le e mong e le motho ka mong. Ho fapana le hoo, Kreste o khethile sehlopha sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ho fana ka boitsebiso ba thuto ea Mangolo le keletso e tlang ka nako ho Bakreste lefatšeng lohle. (Mattheu 24:45-47) Ka hona Molula-Qhooa o hatisoa ka lipuo tse 103 ho thusa ho finyella se hlokahalang lefatšeng ka bophara.
Ho fepeloa tafoleng e le ’ngoe ea moea ho entse ho hoholo ho hlahisa bonngoe ba tumelo le ho bo boloka. Leha ho le joalo, ka linako tse ling, ho ka ’na ha bonahala eka keletso e ’ngoe ha e sebetse linaheng tse itseng. Na re lokela ho ikutloa hore ha re hloke boitsebiso boo? Le hanyenyane. E ka ’na eaba tse ling tsa litemoso tsa Pauluse ho Bakreste ba neng ba phela motseng oa Korinthe oa boitšoaro bo bobe, oa borapeli ba melimo ea litšoantšo li ne li bonahala li sa sebetse ka botlalo ho Bakreste ba phelang libakeng tse ka thōko. (1 Ba-Korinthe 6:15, 16; 10:14) Empa hohle Bakreste ba ne ba talima seo Pauluse a se ngotseng e le karolo ea “mangolo.”—2 Petrose 3:16.
Ka ho tšoanang kajeno, lihlooho tse itseng li ka ’na tsa bonahala e se tse sebetsang maemong a sebaka sa heno joaloka tse ling. Empa re lokela ho amohela temoso e tlang pele ho nako, re tseba hore mehleng ea rōna ea mekhoa ea puisano e tsamaeang ka potlako, mekhoa e seng metle e qalileng karolong e ’ngoe ea lefatše e ka pharalla ka potlako!
Mefokolo le Ho Talima Litaba ka Mokhoa o Feteletseng
Morutuoa Jakobo o itse: “Hobane bohle re khopjoa nthong tse ngata.” (Jakobo 3:2) Ka baka la ho se phethahale, batho ba boetse ba sekamela ho feteletsa lintho. Bothata bona bo ka ’na ba se ke ba bonahala haeba batho ba talima litaba ka mokhoa o tšoanang. Ka mohlala, batho ba babeli ba ratang ho nyatsa-nyatsa haholo ba ka ’na ba bonahala ba sebelisana hantle. Empa haeba e mong a le bohlasoa ’me e mong e le ea ratang ho nyatsa-nyatsa, ho ka ba le ho omana ho sa khaotseng!
Lipaki tsa Jehova li tsoa bathong “ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle.” (Tšenolo 7:9) Ka baka leo, batho ka bomong har’a rōna ba ka ’na ba ba le likhopolo tse fapaneng haholo ka litaba tse kang lijo, liaparo, tlhokomelo ea bophelo, esita le melao ea tulisano. Ho talima litaba ka mokhoa o fapaneng joalo ha hoa lokela ho hlahisa lekhalo pakeng tsa rōna. Bibele e re lemosa hore re se feteletse lintho ’me e re khothaletsa hore re sebeletse ho leka-lekana le ho etsa lintho ka mokhoa o nang le kelello. Bibele e re: “Bohlale bo tsoang holimo . . . bo na le khotso, bo na le kelello.”—Jakobo 3:17, NW.
Ke ’nete hore Bibele e nyatsa mekhoa e itseng ka tsela e tobileng haholo. Empa hangata e khothaletsa feela hore re be mahareng a lintho tse peli tse feteletseng. Nahana ka seo Bibele e se bolelang litabeng tse latelang:
Mosebetsi oa Boipheliso: “Botsoa bo lihela motho bolibeng ba boroko, ’me moea oa mokokorohi o tla lapa.” (Liproverbia 19:15) “Le ke ke la sebeletsa Molimo le Leruo.”—Mattheu 6:24, TLP.
Ho Bua: “Ea itšoarang molomo o bohlale.” (Liproverbia 10:19) “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le sebaka sa eona . . . nako e teng ea ho khutsa, e teng nako le ea ho bua.”—Moeklesia 3:1, 7.
Setsoalle: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:35)“U se ke ua itloaetsa haholo lapeng la oa heno, e se re mohlomong a tenoa ke uena, a ba a u hloea.”—Liproverbia 25:17.
Khōliso ea Bana: “Ea hlokisang mora oa hae thupa, o mo hloile; empa ea mo ratang o mo laea a sa le monyenyane.” (Liproverbia 13:24) “Se halefiseng bana ba lōna, ba tle ba se ke ba nyahama lipelo.”—Ba-Kolosse 3:21.
Ha tsela eo re talimang litaba ka eona e e-ba e leka-lekaneng haholoanyane ho e-na le ho ba e feteletseng, re tla ba le likhohlano tse fokolang le Bakreste ba bang. Empa ho thoe’ng haeba ho se lumellane ho ntse ho hlaha ka lebaka la ho se phethahale? Hopola mantsoe a Pauluse ho Ba-Kolosse 3:13, (TLP): “Ha e mong a lla ka e mong le mamellane, ’me le tšoarelane.”
‘O Nkhopisitse’
Leha ho le joalo, ba bang ka phuthehong ba ka ’na ba sekamela ho ba ba hlabehang ka mokhoa o feteletseng, ba nka mantsoe a se nang molato le liketso tse se nang molato e le tse entsoeng ka sepheo se sebe. Mohlomong sena se bakoa ke semelo seo ba tsoang ho sona. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ke ho soabisang hakaakang ha batho ba joalo ba hlabehang feela-feela ba itumella hore ba khopisoe ke mesoaso, kapa ho hobe le ho feta, ba ferekanya ba bang ka taba eo ka ho jala lipeō tsa karohano!
Ke ’nete hore Bibele e nyatsa boitšoaro bo ka khopisang barutuoa ba bang. (Luka 17:1, 2) Hape ba hōlileng moeeng ba lokela ho nahanela maikutlo a Bakreste ’moho le bona. Ka nako e tšoanang, Bibele e lemosa ka matla hore re se hlabehe feela-feela le ho nontša likhopiso likelellong tsa rōna. (Moeklesia 7:9) Ho feta moo, ho jala moea oa ho se khotsofale har’a baena ka ho pepesa liphoso tsa motho e mong ke e ’ngoe ea lintho “tse hloiloeng ke Jehova.”—Liproverbia 6:16-19.
Moea oa Molimo o ka re thusa ho hlōla ho hlabeha feela-feela. Ho fapana le ho lula re ntse re nahana ka liphoso tsa baena ba rōna, ka thuso ea moea oo, re ka nahana ka likhopolo tse molemo, tse hahang. (Ba-Filippi 4:8) Sena se haha bonngoe.
Bonngoe Hase Ho Etsa Ntho e Tšoanang
Leha ho le joalo, bonngoe ba lefatše ka bophara ha bo bolele ho tlosoa ha libopeho tsa batho ka bomong kapa ho senya litokelo tsa botho. Moo melao-motheo ea Bibele e sebetsang, re thabela ho tlohela mekhoa ea monahano oa boitaolo ea lefatše lena le ho amohela tataiso ea moea oa Jehova. Ho ntse ho le joalo, ha re phetha thōmo ea rōna re le baboleli, re lumeletsoe ho senola libopeho tsa botho, e, ho inahana. Ka sebele, hangata baena ba rōna ba sebelisa masene a maholo ho etsa hore mekhoa ea bona ea ho paka e lumellane le maemo a sebaka.
Hape ho na le mesebetsi e pharaletseng eo ho eona melao-motheo ea Mangolo e sa ameheng ka ho toba, ho akareletsa meetlo e itseng ea sebaka. Lefatšeng la Europe, hangata batho ba tšoarana ka matsoho. Likarolong tse ling tsa Bochabela bo Hōle, baa inamelana. Mekhoa eo ka bobeli ea amoheleha ho Bakreste. Kapa nahana ka moaparo le boitlhopho. Bibele e fana feela ka lintlha tsa motheo tse tataisang bakeng sa ho itekanela le ho leka-lekana. Re ntse re sa tlōle lintlha tseo tse tataisang, re ka ’na ra latela lithahasello tsa rōna, re ntse re sebelisa “kelello e hlaphohileng.”—1 Timothea 2:9, 10, NW.
Ka hona baholo ba lokela ho ela hloko hore ka mehla ba fane ka keletso motheong o tiileng oa melao-motheo ea Bibele ho fapana le lithahasello tsa botho. Ke ’nete hore ha ba e-tla litabeng tsa moea, ba tla etella pele ho phahamiseng bonngoe ba sebele. Le rōna re ka etsa karolo ea rōna. Re ka ‘itekola hore na re tumelong’ ka boithuto ba ka mehla ba Bibele le likhatiso tsa ‘mohlanka ea khabane.’ (2 Ba-Korinthe 13:5) Re ka boloka bonngoe ka mesebetsi ka hore ka sebete re etse “polelo ea phatlalatsa” ea tumelo ea rōna.—Ba-Heberu 13:15, NW.
Ka tsela ena re tla utloa keletso ena e bululetsoeng: “Kea le rapela, banab’eso, ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste, ke re: Le ke le bolele bohle taba e le ’ngoe; likhaohano li se ke tsa e-ba teng har’a lōna, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.”—1 Ba-Korinthe 1:10.
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Ho boloka likamano tse ntle ke habohlokoa bakeng sa bonngoe, esita le haeba motho a e-na le lebaka la ho khopeha