Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • E-bang ba Kopantsoeng ke Puo e Hloekileng
    Molula-Qhooa—1991 | May 1
    • E-bang ba Kopantsoeng ke Puo e Hloekileng

      “Nakong eo ke tla neha lichaba hore li fetohele puong e hloekileng, e le hore kaofela ha tsona li ka bitsa lebitso la Jehova, e le hore li tle li mo sebeletse mahetla a bapile.”—SOFONIA 3:9, NW.

      1. Na batho ba kile ba utloa ha Jehova Molimo a bua?

      PUO ea Jehova Molimo e hloekile. Empa na ho na le mohla batho ba kileng ba mo utloa ha a bua? E! Seo se etsahetse ha Mor’a hae, Jesu Kreste, a ne a le lefatšeng makholo a 19 a lilemo a fetileng. Ka mohlala, ha Jesu a ne a kolobetsoa, Molimo o ile oa utloahala o re: “Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena.” (Mattheu 3:13-17) Eo e ne e le polelo ea ’nete e hloekileng, e ileng ea utluoa ke Jesu le Johanne Mokolobetsi ka puo ea batho.

      2. Ke eng se bontšoang ke moapostola Pauluse ha a bua ka “lipuo tsa . . . mangeloi”?

      2 Lilemo tse ’maloa hamorao moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a bua ka “lipuo tsa batho le tsa mangeloi.” (1 Ba-Korinthe 13:1) See se bontša eng? Se bontša hore hase batho feela ba nang le puo empa le batho ba moea ba na le eona! Ho hlakile hore Molimo le mangeloi ha ba buisane ka ho sebelisa mantsoe le puo eo re ka e utloang le ho e utloisisa. Hobane’ng? Hobane sepaka-paka se kang se potolohileng lefatše sea hlokahala hore se fetise maqhubu a molumo ao batho ba ka a utloang le ho a utloisisa.

      3. Puo ea batho e simolohile joang?

      3 Puo ea batho e simolohile joang? Ba bang ba bolela hore baholo-holo ba rōna ba ile ba thatafalloa ke ho buisana ’me ba fetohela mokhoeng oa ho buisana ka ho hoeleketsa le ho tsetsela. Buka Evolution (Laeborari ea Bophelo le Tlhaho) e re: “Motho ea tšoanang le tšoene ea phetseng lilemo tse ka bang millione tse fetileng . . . mohlomong o ne a tseba hantle melumo e seng mekae ea mantsoe.” Empa mongoli ea tsebahalang oa buka e hlalosang mantsoe Ludwig Koehler o itse: “Puo ea batho ke sephiri; ke mpho e tsoang ho Molimo, ke mohlolo.” E, puo ea batho ke mpho e tsoang ho Molimo, hobane Molimo o ile oa neha motho oa pele, Adama, puo. Kamoo ho bonahalang ka teng puo ena ke eo qetellong e ileng ea bitsoa Seheberu. Puo eo e ne e buuoa ke litloholo tsa Moiseraele “Abrame, Moheberu,” mopatriareka ea tšepahalang eo ntate-moholo oa hae Sema e neng e le mora oa seahi sa areka Noe. (Genese 11:10-26; 14:13; 17:3-6) Ka baka la ho hlohonolofatsoa ha Sema ke Molimo ho latela boprofeta, hoa utloahala ho fihlela qeto ea hore puo ea hae ha ea ka ea angoa ke ntho e ’ngoe eo Jehova Molimo a ileng a e etsa ka mohlolo lilemong tse makholo a 43 tse fetileng.—Genese 9:26.

      4. Nimrode e ne e le mang, hona Satane Diabolose o ile a mo sebelisa joang?

      4 Ka nako eo “lefatše lohle le ne le na le puo e le ’ngoe le mantsoe a le mang.” (Genese 11:1) Nakong eo ho ne ho phela monna ea bitsoang Nimrode, “setsomi se matla khahlanong le Jehova.” (Genese 10:8, 9, NW) Sera se seholo se sa bonahaleng sa batho, Satane, haholo-holo se ile sa sebelisa Nimrode hore a hlome karolo ea lefatšeng ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Diabolose. Nimrode o ne a batla ho iketsetsa lebitso, ’me boikutlo boo ba boikhohomoso bo ile ba jaleha ho balateli ba hae, ba ileng ba qala ho kenella mosebetsing o khethehileng oa kaho naheng ea Shineare. Ho latela Genese khaolo ea 11, temana ea 4, ba ile ba re: “Tlong joale, re ikhahele motse le tora, hloro ea eona e fihle leholimong, ’me re iketsetse lebitso, re tle re se ke ra qhalanyetsoa lefatšeng lohle.” Boikemisetso boo bo kotsi bo neng bo le khahlanong le taelo ea Molimo ea ‘ho tlatsa lefatše’ bo ile ba fela ha Jehova a ferekanya puo ea bafetoheli bao. Tlaleho ea Bibele e re: “Eaba Jehova o ba qhalanya teng joalo, ba ea le lefatše lohle, ba lesa ho haha motse.” (Genese 9:1; 11:2-9) Motse oo o ile oa bitsoa Babele, kapa Babylona (e bolelang, “Pherekano”), “hobane Jehova o ile a ferekanya puo ea lefatše lohle teng.”—Byington.

      5. (a) Ke eng e ileng ea thibeloa ha Molimo o ne o ferekanya puo ea batho? (b) Re ka fihlela qeto efe ka puo ea Noe le Sema?

      5 Mohlolo oo—ho ferekanngoa ha puo e le ’ngoe ea batho—o ile oa etsa hore lefatše le tlatsoe joalokaha Molimo o ne o laetse Noe, ’me o ile oa thibela morero leha e le ofe oo mohlomong Satane a neng a e-na le oona oa ho hloma borapeli ba hae bo litšila bo kopaneng ba batho ba neng ba fetohetse ’Musi Morena oa leholimo le lefatše. Ke ’nete hore ka ho sebelisa bolumeli ba mofuta ofe kapa ofe ba bohata, batho e ile ea e-ba bahlaseluoa ba Diabolose, ’me ba ne ba sebeletsa bademona ha ba ne ba etsa melimo le melimotsana, ba e reha mabitso ka lipuo tsa bona tse fapaneng, ba bile ba e rapela. (1 Ba-Korinthe 10:20) Empa khato e ileng ea nkoa ke Molimo o le mong oa ’nete Babele e ile ea thibela ho etsoa ha bolumeli bo le bong ba bohata bo kopaneng bo nehang Diabolose borapeli boo ho bonahalang eka o ne a lakatsa ho bo fumana. Ke ’nete hore Noe ea lokileng le mora oa hae Sema ha ho mohla ba ileng ba ferekanngoa pherekanong eo ea naha ea Shineare. Kahoo ka ho utloahalang ho ka fihleloa qeto ea hore puo ea bona e ile ea lula e le e neng e buuoa ke Abrame ea tšepahalang (kapa Abrahama)—e leng puo eo Molimo o ileng oa bua ka eona ho motho Adama tšimong ea Edene.

      6. Letsatsing la Pentekonta 33 C.E., Jehova o ile a bontša joang hore a ka fana ka matla a ho bua lipuo lisele?

      6 Jehova, ea ileng a ferekanya puo ea pele ea batho, a ka boela a fana ka matla a ho bua lipuo lisele. O ile a fela a etsa joalo letsatsing la Pentekonta selemong sa 33 sa Mehla ea rōna e Tloaelehileng! Ho latela Liketso 2:1-11, ka nako eo balateli ba ka bang 120 ba Jesu Kreste ba ne ba phuthehetse ka kamoreng e ka holimo Jerusalema. (Liketso 1:13, 15) Ka tšohanyetso, ho ile ha ba le molumo o tsoang leholimong “o kang oa moea o fokang ka sefefo.” Ho ile ha bonahala “maleme a arohaneng, a kang malakabe a mollo” ’me a lula ho e mong le e mong. Ho sa le joalo, barutuoa “ba tlala Moea o Halalelang ’me ba qala ho bua ka lipuo lisele, kamoo moea o ba buisang kateng.” Ka lipuo tseo tse fanoeng ke Molimo, ba ne ba bolela “limakatso tsa Molimo.” ’Me oo e bile mohlolo o moholo hakaakang ha Bajode le basokolohi ba lipuo tse fapaneng, ba tsoang libakeng tse hōle tse kang Mesopotamia, Egepeta, Libya, le Roma, ba utloisisa molaetsa o phelisang!

      Puo e Fanoeng ke Molimo Kajeno!

      7. Haeba ho ne ho buuoa puo e le ’ngoe feela ’me e utloisisoa lefatšeng ka bophara ho ne ho tla ba le litebello life?

      7 Kaha Molimo o ka fana ka matla a ho bua lipuo tse fapaneng ka mohlolo, na e ne e ke ke ea e-ba ho hlollang ha o ne o ka etsa hore ho buuoe puo e le ’ngoe feela ’me e utloisisoe lefatšeng ka bophara? Seo se ne se tla hōlisa kutloisiso e khōloanyane ka har’a lelapa la motho. Ho joalokaha The World Book Encyclopedia e bolela: “Haeba batho bohle ba ne ba bua puo e tšoanang, likamano tsa meetlo le tsa moruo li ne li tla atamelana haholoanyane, ’me mohau o ne o tla ata mahareng a linaha.” Koana, bonyane ho ’nile ha buuoa lipuo tse akaretsang tse 600 ho theosa le lilemo. Lipuong tsena, Esperanto e ’nile ea e-ba le tšusumetso e khōlō ka ho fetisisa hobane batho ba ka bang 10 000 000 ba ithutile eona ho tloha ha e qala selemong sa 1887. Leha ho le joalo, ha ho mohla boiteko ba batho ba ho kopanya batho ka puo e akaretsang bo kileng ba atleha. Ha e le hantle, mathata a eketsehileng le ho feta a baka karohano lefatšeng lena ha ‘bobe ba batho ba khopo bo ntse bo tōta.’—2 Timothea 3:13, BPN.

      8. Esita le haeba ho ne ho ka amoheloa puo e akaretsang lefatšeng la kajeno, ho ne ho tla ’ne ho be le eng, hona hobane’ng?

      8 Ha re bua re ipapisitse le bolumeli, ho na le pherekano e khōlō. Empa na hase sona seo re lokelang ho se lebella, kaha buka ea Bibele ea Tšenolo e bitsa ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata “Babylona e moholo”? (Tšenolo 18:2) E, hobane lentsoe “Babylona” le bolela “Pherekano.” Esita le haeba puo e iqapetsoeng kapa puo e ’ngoe e tloaelehileng e kang Senyesemane, Sefora, Sejeremane, kapa Serussia, e ne e ka amoheloa e le puo e akaretsang lefatšeng la kajeno, karohano e ne e tla ’ne e be teng bolumeling le ka litsela tse ling. Hobane’ng? Hobane “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe,” Satane Diabolose. (1 Johanne 5:19) Ke eena mothofatso oa boithati, ’me ka takatso e fetelletseng o lakatsa ho rapeloa ke batho bohle, feela joalokaha a ile a etsa mehleng ea Nimrode le ea Tora ea Babele. Puo e akaretsang e buuoang ke batho ba baetsalibe e ne e ka ba ea neha Satane monyetla oa ho hloma borapeli bo kopaneng ba Diabolose! Empa le ka mohla Jehova a ke ke a lumella hore seo se etsahale; ha e le hantle, haufinyane o tla felisa bolumeli bohle ba bohata le bo susumetsoang ke Diabolose.

      9. Ke joang hona joale batho ba tsoang lichabeng tsohle ba ntseng ba kopanngoa?

      9 Empa, taba e makatsang ke hore batho ba lokileng ba lichaba tsohle le ba merabe eohle ba se ba ntse ba kopanngoa hona joale. Sena se etsahala ho latela kamoo Molimo o rerileng ka teng le molemong oa borapeli ba oona. Kajeno, Molimo o nolofalletsa batho ho ithuta le ho bua puo e le ’ngoe feela e hloekileng lefatšeng. ’Me ka sebele ke puo e akaretsang. Ka sebele, kajeno Jehova Molimo o ruta batho ba bangata ba tsoang lichabeng tsohle lefatšeng lohle puo ena e hloekileng. Sena ke phethahatso ea tšepiso ea Molimo ea boprofeta e fanoeng ka Sofonia eo e neng e le moprofeta le paki ea oona: “Nakong eo ke tla neha lichaba hore li fetohele puong e hloekileng [ha e le hantle, “molomo o hloekileng”], e le hore kaofela ha tsona li ka bitsa lebitso la Jehova, e le hore li tle li mo sebeletse mahetla a bapile.” (Sofonia 3:9, NW) Puo ee e hloekileng ke eng?

      Ho Hlalosa Puo e Hloekileng

      10. Puo e hloekileng ke eng?

      10 Puo e hloekileng ke ’nete ea Molimo e fumanoang ka Lentsoeng la oona, Mangolo a Halalelang. Ka ho khethehileng ke ’nete e mabapi le ’Muso oa Molimo, o tla tlisetsa batho khotso le mahlohonolo a mang. Puo e hloekileng e felisa ho hloka tsebo ha bolumeli le borapeli ba bohata. E kopanya bohle ba e buang borapeling bo hloekileng le bo loketseng ba Molimo o phelang le oa ’nete, Jehova. Kajeno, lipuo tse ka bang 3 000 tse teng li thibela batho ho utloisisa, ’me malumeli a teng a makholo-kholo a bohata a ferekanya batho. Kahoo re thabile hakaakang hore ebe Molimo o ntse o fetolela batho ba bangata puong ena e hlollang e hloekileng!

      11. Puo e hloekileng e entse eng molemong oa batho ba tsoang lichabeng tsohle le merabeng eohle?

      11 E, puo e hloekileng e tsejoa hantle ke batho ba lichaba tsohle le ba merabe eohle. Kaha ke eona feela puo ea moea e hloekileng lefatšeng, e sebeletsa e le matla a kopanyang. E nolofalletsa bohle ba e buang ho ‘bitsa lebitso la Jehova, e le hore ba mo sebeletse mahetla a bapile,’ kapa ha e le hantle, “ka lehetla le le leng.” Kahoo ba sebeletsa Molimo “ka tumellano e le ’ngoe,” “ka tumellano e le ’ngoe e momahaneng le ka lehetla le le leng le kopaneng.” (The New English Bible; The Amplified Bible) Phetolelo ea Steven T. Byington e baleha tjena: “Ka nako eo [’na Jehova Molimo] ke tla fetola melomo ea lichaba tsohle hore e be e hloekileng, e le hore kaofela li ka bitsa lebitso la Jehova ’me li sebelisane ’moho tšebeletsong ea hae.” Tšebelisano-’moho e joalo har’a batho ba lipuo tse ngata lefatšeng ka bophara tšebeletsong ea Molimo e fumanoa feela har’a Lipaki tsa Jehova. Kajeno linaheng tse 212, baboleli bana ba ’Muso ba fetang limillione tse ’nè ba bolela litaba tse molemo ka lipuo tse ngata tsa batho. Empa, Lipaki ‘li bua ka tumellano’ ’me li ‘kopane ka ho loketseng mohopolong o tšoanang le khopolong e tšoanang.’ (1 Ba-Korinthe 1:10, NW) Ho joalo hobane, ho sa tsotellehe hore na li hokae lefatšeng, Lipaki tsa Jehova kaofela li bua puo e le ’ngoe e hloekileng, thorisong le tlotlisong ea Ntate oa tsona oa leholimo.

      Ithute Puo e Hloekileng Hona Joale!

      12, 13. (a) Ke hobane’ng ha u lokela ho ameha ka ho bua puo e hloekileng? (b) Ke hobane’ng ha mantsoe a ho Sofonia 3:8, 9 e le a bohlokoa hakaale kajeno?

      12 Ke hobane’ng ha u lokela ho ameha ka ho bua puo e hloekileng? Tabeng ea pele, ke hobane bophelo ba hao bo itšetlehile ka ho ithuta eona le ho e bua. Pele Molimo o tšepisa ho “neha lichaba hore li fetohele puong e hloekileng,” o ile oa lemosa: “Ntebelleng he, ho bolela Jehova, tsatsing leo ke tlang ho ema ka lona ho hapa, hobane ke rerile ho phutha lichaba le ho bokella mebuso, ke tle ke tšollele holim’a eona khalefo ea ka, ho tuka hohle ha bohale ba ka; hobane ka mollo oa poulelo ea ka lefatše lohle le tla chesoa.”—Sofonia 3:8.

      13 Mantsoe ao a ’Musi Morena Jehova a ile a buuoa ka lekhetlo la pele Juda, eo Jerusalema e neng e le motse-moholo oa eona, lilemong tse makholo a 26 tse fetileng. Empa ka ho khethehileng polelo eo e ne e reretsoe mehla ea rōna hobane Jerusalema e ne e tšoantšetsa Bokreste-’mōtoana. ’Me nako eo re phelang ho eona, haesale ho tloha ha ’Muso oa leholimo oa Molimo o ne o hlongoa ka 1914, ke letsatsi la Jehova la ho bokella lichaba le ho phutha mebuso. O li khobokantse hammoho kaofela tlas’a tlhokomelo ea hae ka mosebetsi o moholo oa ho fana ka bopaki. ’Me mosebetsi oona ona o li hlohlellelitse hore li be khahlanong le morero oa hae. Leha ho le joalo, ka mohau Jehova Molimo o nolofalletsa batho ba tsoang lichabeng tsena tsohle hore ba kopane ka ho bua puo e hloekileng. Ka eona, bohle ba batlang bophelo lefatšeng la hae le lecha le tšepisitsoeng ba ka mo sebeletsa ka kutloano pele lichaba tsohle li timetsoa ke ponahatso ea bohale ba Molimo e kang mollo ‘ntoeng ea letsatsi le leholo ea Molimo o Matla ’Ohle,’ eo ka tloaelo e bitsoang Harmagedone. (Tšenolo 16:14, 16; 2 Petrose 3:13) Ka thabo, ba buang puo e hloekileng le ba bitsang lebitso la Jehova ka tumelo e le barapeli ba ’nete ba kopaneng ba tla sireletsoa ke Molimo nakong ea bohale ba tlokotsi eo ea lefatše. Molimo o tla ba kenya lefatšeng le lecha ba sireletsehile, moo qetellong puo e le ’ngoe feela e hloekileng e leng eona e tla buuoa ke batho bohle.

      14. O sebelisa Sofonia, Molimo o ile oa bontša joang hore ho pholoha bofelo ba tsamaiso ena ea lintho ho hloka hore motho a nke khato hang-hang?

      14 Ka moprofeta oa hae Sofonia, Jehova o hlakisa hore ba lebelletseng ho pholoha bofelo ba tsamaiso e khopo ea lintho ea hona joale ba tlameha ho nka khato hang-hang. Ho latela Sofonia 2:1-3, Molimo o re: “Imameleng, imameleng, lōna sechaba se sa soabeng, morero oa Jehova ha o e-so ho tsoale, ha ho e-so ho tle letsatsi leo joale ka mooko o fefoloang, ha ho e-so ho tle holim’a lōna ho tuka ha bohale ba Jehova, ha le e-so ho tle ho lōna, tsatsi la bohale ba Jehova! Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatše, ba etsang ka taelo ea hae; batlang ho loka, le batle boikokobetso; ekaba [“mohlomong,” BPN] le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.”

      15. (a) Sofonia 2:1-3 e ile ea phethahatsoa joang ka lekhetlo la pele? (b) Ke bo-mang ba ileng ba pholoha kahlolo eo Molimo o ileng oa e liha holim’a Juda, hona ke eng se tla tšoana le ho pholoha hoo mehleng ea rōna?

      15 Mantsoe ao a ile a phethahala ka lekhetlo la pele ho Juda ea boholo-holo le Jerusalema. Batho ba baetsalibe ba Juda ha baa ka ba arabela hamolemo boipiletsong ba Molimo, joalokaha ho bontšitsoe ke ho liha ha oona kahlolo holim’a bona o sebelisa Bababylona ka selemo sa 607 B.C.E. Feela joalokaha Juda e ne e le “sechaba se sa soabeng” ka pel’a Molimo, ka ho tšoanang Bokreste-’mōtoana e ’nile ea e-ba “sechaba” se sa soabeng ka pel’a Jehova. Leha ho le joalo, ka baka la ho ela lentsoe la Molimo hloko, Bajuda ba seng bakae hammoho le ba bang ba ile ba pholoha, har’a bona ho ne ho e-na le moprofeta ea tšepahalang oa Jehova, Jeremia. Ba bang ba ileng ba pholoha e ne e le Moethiopia ea bitsoang Ebede-meleke le litloholo tsa Jonadabe. (Jeremia 35:18, 19; 39:11, 12, 16-18) Ka ho tšoanang kajeno, “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Jesu tse bokelletsoeng ho tsoa lichabeng tsohle bo tla pholoha Harmagedone le ho kena lefatšeng le lecha la Molimo. (Tšenolo 7:9; Johanne 10:14-16) Ke feela ba ithutang puo e hloekileng le ba e buang bao e tla ba baphonyohi ba thabileng.

      16. Motho o tlameha ho etsa eng e le hore a ka patoa “tsatsing la bohale ba Jehova”?

      16 Feela joalokaha e ne e le taelo ea Jehova hore Juda le Jerusalema li felisoe, ka ho tšoanang Bokreste-’mōtoana bo tlameha ho felisoa. Ka sebele, timetso ea bolumeli bohle ba bohata e haufi, ’me ba lakatsang ho pholoha ba tlameha ho nka khato hang-hang. Ba tlameha ho etsa joalo “ho e-so ho tle letsatsi leo joale ka mooko o fefoloang,” ’me ba fefoloa kapele ke moea, joalokaha ho olosoa lithollo seotlong. Hore re tle re lopolloe bohaleng ba Molimo, re tlameha ho bua puo e hloekileng ’me re arabele temosong ea Molimo pele letsatsi la bohale bo tukang ba Jehova le re oela holimo. Mehleng ea Sofonia le kajeno, baikokobetsi ba batla Jehova Molimo, hammoho le ho loka le boikokobetso. Ho batla ha rōna Jehova ho bolela ho mo rata ka lipelo tsa rōna tsohle, ka sephefumolohi sohle, ka khopolo eohle, le ka matla a rōna ’ohle. (Mareka 12:29, 30, NW) ‘[Ba etsang joalo] mohlomong ba ka patoa letsatsing la bohale ba Jehova.’ Empa ke hobane’ng ha boprofeta bo re “mohlomong”? Hobane poloko e itšetlehile ka botšepehi le mamello. (Mattheu 24:13) Ba iphaphathang le litekanyetso tse lokileng tsa Molimo ’me ba tsoela pele ba bua puo e hloekileng ba tla patoa letsatsing la bohale ba Jehova.

      17. Lipotso tse setseng tseo re lokelang ho li hlahloba ke life?

      17 Kaha letsatsi la bohale ba Jehova le haufi ’me poloko e itšetlehile ka ho ithuta le ho sebelisa puo e hloekileng, hona joale ke nako ea ho ithuta eona le ho e bua ka ho tebileng. Empa ke joang motho a ka ithutang puo e hloekileng? Hona u ka rua molemo joang ka ho e bua?

      U ne U Tla Arabela Joang?

      ◻ Puo ea batho e simolohile joang?

      ◻ Puo e hloekileng ke eng?

      ◻ Ke hobane’ng ha mantsoe a ho Sofonia 3:8, 9 e le a bohlokoa hakaale kajeno?

      ◻ Re tlameha ho etsa eng e le hore re ka patoa “tsatsing la bohale ba Jehova”?

  • Bua Puo e Hloekileng U Tle U Phele ka ho sa Feleng!
    Molula-Qhooa—1991 | May 1
    • Bua Puo e Hloekileng U Tle U Phele ka ho sa Feleng!

      “Batlang Jehova, . . . batlang ho loka, le batle boikokobetso; ekaba [“mohlomong,” “BPN”] le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.”—SOFONIA 2:3.

      1. (a) Liithuti li sebelisa mekhoa efe ho ithuta puo esele? (b) Ke hobane’ng ha u lokela ho bua puo e hloekileng?

      LIITHUTI li ka ithuta puo e ncha li sebelisa mokhoa oa ho e ngola kapa li sebelisa mokhoa oa ho e bua. Ka mokhoa oa ho ngola puo, hangata li sebelisa libuka tsa ho ithuta ’me li ithuta melao ea puo. Ka mokhoa oa ho bua puo, li etsisa melumo le mekhoa ea ho bōpa mantsoe eo tichere ea tsona e e sebelisang ha e bua. Mekhoa ena ka bobeli e-ea sebelisoa ha ho ithutoa “puo e hloekileng.” ’Me ke habohlokoa hore re ithute puo ena haeba re batla ho “patoa tsatsing la bohale ba Jehova.”—Sofonia 2:1-3; 3:8, 9, NW.

      2. Ke joang re ka ithutang se ka ’nang sa bitsoa melao ea puo e hloekileng?

      2 Buka e ka sehloohong e sebelisoang ha ho ithutoa puo e hloekileng ke Bibele. Ho ithuta eona ka matla le likhatiso tse theiloeng Bibeleng ho ka u ruta se ka ’nang sa bitsoa melao ea puo bakeng sa puo e hloekileng. Thuto ea lehae ea Bibele e khannoang ke e mong oa Lipaki tsa Jehova ke motheo o molemo. Ho ba seng ba inehetse ho Molimo, ho ithuta Mangolo ka mehla le ka matla ke habohlokoa. Empa na ho hlile ho na le litsela tse sebetsang tsa ho ithuta puo e hloekileng? ’Me ho e bua ho tlisa melemo efe?

      Kamoo U ka Ithutang Puo e Hloekileng

      3. Tsela e ’ngoe ea ho ithuta puo e hloekileng ke efe?

      3 Tsela e ’ngoe ea ho ithuta puo e hloekileng ke ho amahanya linnete tseo u ithutang tsona le lintlha tseo u seng u ntse u li tseba, feela joalokaha seithuti sa puo se ka ’na sa amahanya melao e sa tšoaneng ea puo mohato ka mohato. Ka mohlala, mohlomong ka nako e ’ngoe u ne u tseba hore Jesu Kreste ke Mora oa Molimo, empa u ne u tseba ho fokolang ka mesebetsi ea hae. Ho tloha nakong eo, mohlomong ho ithuta Bibele ho u rutile hore hona joale Kreste o busa e le Morena oa leholimo le hore nakong ea Puso ea hae ea Lilemo tse Sekete, batho ba utloang ba tla phahamisetsoa phethehong. (Tšenolo 20:5, 6) E, ho amahanya likhopolo tse ncha le tseo u seng u ntse u li tseba ho u thusa hore u ntlafatse kutloisiso ea hao ea puo e hloekileng.

      4. (a) Tsela e ’ngoe ea ho ithuta ‘melao’ ea puo e hloekileng ke efe, ’me ke tlaleho efe ea Bibele e sebelisoang ho bontša see? (b) Ho ile ha etsahala eng ha Gideone le banna ba 300 ba nang le eena ba nka khato? (c) Tlaleho ea Gideone e ruta thuto efe?

      4 Tsela e ’ngoe ea ho ithuta ‘melao’ ea puo e hloekileng ke ho etsa setšoantšo sa liketsahalo tsa Bibele ka kelellong. Ha re etsa mohlala: Leka ho ‘bona le ho utloa’ tlaleho e tlalehiloeng ho Baahloli 7:15-23. Bona! Moahloli oa Moiseraele Gideone o arotse mabotho a hae hore e be mekhahlelo e meraro e nang le banna ba lekholo mokhahlelo ka mong. Ba le lefifing, ba theoha Thabeng ea Gilboa ba khutsitse ’me ba lika-liketsa liahelo tsa Bamediane ba robetseng. Na banna bana ba 300 ba hlometse hantle? Che, ha baa hlomela ka mokhoa oa ntoa. Ba ne ba tla itšehisa ka tsela e phoqang ka mabotho ao a ikhohomosang! Monna e mong le e mong o nkile terompeta feela, nkho e khōlō ea metsi, le serumula se ka har’a nkho. Empa mamela! Ha ho fanoa ka pontšo, banna ba lekholo ba nang le Gideone ba letsa literompeta tsa bona ’me ba pshatla linkho tsa bona tsa metsi. Le ba bang ba 200 ba etsa se tšoanang. Ha kaofela ba phahamisetsa lirumula tse tukang holimo, u ba utloa ba hoeletsa: “Sabole ea Jehova le ea Gideone!” Sena se tšosa Bamediane haholo! Ba tsoa ka litenteng tsa bona ba jajatheha, ’me ba tona mahlo a bona a tletseng boroko ke ho tšaba malakabe a tlōlang a hlahisang libōpeho tsa liriti le ho tsosa tšabo ea litumela-khoela. Ha Bamediane ba qala ho baleha, banna ba nang le Gideone ba tsoela pele ho letsa literompeta tsa bona, ’me Jehova o etsa hore lira tsa bona li loane e le tsona. Eo ke thuto e matla hakaakang ea puo e hloekileng! Molimo o ka lopolla batho ba oona o sa sebelise lebotho la sesole la batho. Ho feta moo, “Jehova a ke ke a lahla sechaba sa hae, ka baka la lebitso la hae le leholo.”—1 Samuele 12:22.

      5. Liboka tsa Bokreste li ka re thusa ho hloekisa puo ea rōna joang?

      5 Ha liithuti li rutoa puo esele ka ho sebelisa mokhoa oa ho bua puo eo, li leka ho pheta ka nepo melumo le mekhoa ea ho bōpa mantsoe e etsoang ke tichere. Ho na le menyetla e metle hakaakang ea ho bua puo e hloekileng libokeng tsa Bokreste! Moo re utloa ha ba bang ba itlhalosa ka puo eo ea ’nete ea Mangolo, ’me rōna ka borōna re ka ba le tokelo ea ho fana ka litlhaloso. Na re tšaba hore mohlomong re tloha re bua ntho e fosahetseng? Ha rea lokela ho ameha haholo ka hoo, hobane phoso e lokisitsoeng ka mosa ke moholo ea tsamaisang seboka se kang sa Thuto ea beke le beke ea Molula-Qhooa e ka hloekisa puo ea rōna. Ka hona, e-ba teng le ho nka karolo ka ho fana ka litlhaloso libokeng tsa Bokreste ka mehla.—Ba-Heberu 10:24, 25.

      Ho Hloekisoa ha Litšila

      6. Ke hobane’ng ha ho e-na le phapang e kaale-kaale pakeng tsa Lipaki tsa Jehova le mekhatlo ea bolumeli ea Bokreste-’mōtoana?

      6 Ba bolelang morero oa Jehova le ba phatlalatsang ’Muso oa hae oa leholimo ba bua puo e hloekileng e le Lipaki tsa hae. Ba tsebahatsa lebitso la hae ’me ba mo sebeletsa “mahetla a bapile,” kapa ka tumellano e le ’ngoe. (Sofonia 3:9, NW) Le hoja malumeli a Bokreste-’mōtoana a na le Bibele, ha a bue puo e hloekileng kapa ho bitsa lebitso la Molimo ka tumelo. (Joele 2:32) Ha a na molaetsa o lumellanang o theiloeng Mangolong. Hobane’ng? Hobane a etelletsa lineano tsa bolumeli pele, lifilosofi tsa lefatše, le maqhaama a lipolotiki ho feta Lentsoe la Molimo. Merero, litebello, le mekhoa ea ’ona ke ea lefatše lena le khopo.

      7. Ho bontšoa phapang efe pakeng tsa Lipaki tsa Jehova le malumeli a bohata ho 1 Johanne 4:4-6?

      7 Bokreste-’mōtoana—ha e le hantle, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata kaofela—ha bo bue puo e tšoanang le e buuoang ke Lipaki tsa Jehova. Ka ho thahasellisang, moapostola Johanne o ile a ngolla ba buang puo e hloekileng tjena: “Le tsoa ho Molimo, ’me le ba hlōtse; hobane ea leng ho lōna o fetisa ka boholo ea leng lefatšeng. Bona ke ba lefatše; ke ka baka leo ba bolelang tsa lefatše, ’me lefatše lea ba utloa. Rōna, re ba Molimo; ea tsebang Molimo oa re utloa; eo e seng oa Molimo ha a re utloe.” (1 Johanne 4:4-6) Bahlanka ba Jehova ba hlōtse baruti ba bohata hobane Molimo, o leng kamanong le batho ba oona, ‘o moholo ho feta [Diabolose, ea] leng kamanong le lefatše,’ mokhatlo oa batho ba sa lokang. Kaha bakoenehi “ke ba lefatše” ’me ba na le moea oa lona o khopo, ‘ba bua se tsoang lefatšeng ’me lefatše lea ba mamela.’ Empa batho ba kang linku ba mamela batho ba tsoang ho Molimo, ba hlokomela hore batho ba Jehova ba bua puo e hloekileng ea ’nete ea Bibele e fanoang ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.

      8. Motho ea hlokang molao o hlalosoa joang?

      8 Ho ile ha boleloa esale pele hore bokoenehi bo tla ba teng, ’me ‘sephiri sa ho hloka molao’ se ne se se se ntse se sebetsa lekholong la pele la lilemo C.E. Ka mor’a nako, banna ba ileng ba amohela—kapa ba nka—boikarabelo ba ho ruta ka phuthehong ba ne ba ruta lithuto tse ngata tsa bohata. Puo ea bona e ne e sa hloeka ho hang. Kahoo ho ile ha hlaha “motho ea hlokang molao” ea entsoeng ka lihlopha tse ngata tse sa tšoaneng, baruti ba Bokreste-’mōtoana, ba khomaretseng lineano tsa bolumeli ba bohata, filosofi ea lefatše, le lithuto tseo eseng tsa Mangolo.—2 Ba-Thessalonika 2:3, 7, NW.

      Puo e Hloekileng e Utloahala Lefatšeng ka Bophara

      9. Ke liphetoho life tsa bolumeli tse neng li le teng lekholong la bo19 la lilemo?

      9 Ke sehlotšoana sa batho ba tšabang Molimo feela ‘se loanelang tumelo e fuoeng bahalaleli.’ (Juda 3) Ke hokae moo balumeli ba joalo ba neng ba tla fumanoa teng? Ka makholo a lilemo, bolumeli ba bohata bo ne bo bolokile batho ba bangata lefifing la moea, empa Molimo o tsebile bao ba seng bakae bao o neng o ba amohela. (2 Timothea 2:19) ’Me hape, har’a liphetoho tsa khoebo, tsa mesebetsi e meholo, le tsa sechaba tsa lekholong la bo19 la lilemo, ho ile ha phahama mantsoe a ileng a hlaha a fapane le babele e tloaelehileng ea pherekano ea bolumeli ba bohata. Lihlotšoana li ile tsa leka ho bala lipontšo tsa linako le ho bolela esale pele ho tla ha Jesu ka lekhetlo la bobeli, empa hase bona kaofela ba neng ba bua puo e hloekileng.

      10. Ke sehlopha sefe se neng se bolela “ho tla ka lekhetlo la bobeli” seo Molimo o ileng oa se khetha hore se bue puo e hloekileng, hona ke hobane’ng ha ho hlakile hore letsoho la Jehova le ’nile la ba le sona?

      10 Leha ho le joalo, ka 1879 ho ile ha hlaka hore na ke lentsoe la bo-mang le bolelang “ho tla ka lekhetlo la bobeli” le neng le khethiloe ke Jehova hore le bue puo e hloekileng e le Lipaki tsa hae. Ka nako eo sehlotšoana sa thuto ea Bibele se neng se etelletsoe pele ke Charles Taze Russell se ne se kopanela Pittsburgh, Pennsylvania, U.S.A. Se ne se kholisehile hore ho tla ha Jesu ka lekhetlo la bobeli ho ne ho tla qalisa ho ba teng ha hae a sa bonahale, hore nako ea mahlomola a lefatše e ne e larile ka pele, le hore mahlomola ana a ne a tla lateloa ke Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete e neng e tla tsosolosa Paradeise ea lefatšeng, hammoho le ho tlisa bophelo bo sa feleng ho batho ba utloang. Ka July 1879 Liithuti tsena tsa Bibele li ile tsa qala ho hatisa makasine oo hona joale o tsejoang e le Molula-Qhooa. Ho ile ha abjoa likopi tse 6 000 feela tsa tokollo ena ea pele. Empa “letsoho la Jehova” le ne le e-na le Lipaki tseo, hobane hona joale makasine ona o hatisoa ka lipuo tse 111, ka kakaretso ea limakasine tse ka bang 15 000 000 tse hatisoang bakeng sa tokollo ka ’ngoe.—Bapisa le Liketso 11:19-21.

      11, 12. Ba buang puo e hloekileng ba utloisisa linnete life tse ling tsa Mangolo?

      11 Ka Bibele le likhatiso tsa Lipaki tsa Jehova, ’me haholo-holo ka ho bolela ha Bakreste bana litaba tse molemo ka cheseho, puo e hloekileng e fetohile e tsejoang lefatšeng ka bophara. ’Me ba e buang ba thabela melemo e meholo hakaakang! Ho fapana le ho bolela hore ‘Molimo ke Molimo, Kreste ke Molimo, le Moea o Halalelang ke Molimo’ ka puo ea sephiri ea Boraro-bo-bong, li lumellana le Bibele hore Jehova ke Ea Phahameng ka ho Fetisisa, Jesu Kreste joaloka ea tlaasana ke Mora oa Hae, ’me moea o halalelang ke matla a hlollang a Molimo a sebetsang. (Genese 1:2; Pesaleme ea 83:18, NW; Mattheu 3:16, 17) Batho ba buang puo e hloekileng baa tseba hore motho ha aa ka a iphetola ho tloha mofuteng o tlaasana oa bophelo empa o bōpiloe ke Molimo o lerato. (Genese 1:27; 2:7) Ba hlokomela hore sephefumolohi se khaotsa ho phela ha se e-shoa—e leng ’nete e felisang tšabo ea bafu. (Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4) Lihele li utloisisoa e le lebitla le tloaelehileng la batho, eseng sebaka sa tlhokofatso ea mollo se sebelisoang ke molimo o itseng o khopo. (Jobo 14:13) Hape, baa tseba hore tsoho ke tšepo ea bafu e fanoeng ke Molimo.—Johanne 5:28, 29; 11:25; Liketso 24:15.

      12 Ba buang puo e hloekileng ba bontša tlhompho bakeng sa mali le bophelo. (Genese 9:3, 4; Liketso 15:28, 29) Baa hlokomela hore bophelo ba Kreste ha a sa le lefatšeng ke theko ea topollo e ileng ea lefshoa bakeng sa batho ba utloang. (Mattheu 20:28; 1 Johanne 2:1, 2) Le ka mohla ha ba rapele “bahalaleli,” kaha baa tseba hore lithapelo tsa bona li tlameha ho lebisoa ho Jehova Molimo ka Jesu Kreste. (Johanne 14:6, 13, 14) Kaha Lentsoe la Molimo le nyatsa borapeli ba litšoantšo, ha ba sebelise litšoantšo borapeling ba bona. (Exoda 20:4-6; 1 Ba-Korinthe 10:14) ’Me ba qoba likotsi tsa ho sebelisana le bademona hobane ba hana tšebelisano le meea, eo le eona e nyatsoang ke Bibele.—Deuteronoma 18:10-12; Ba-Galata 5:19-21.

      13. Ke hobane’ng ha ba buang puo e hloekileng ba sa tsieleha?

      13 Bahlanka ba Jehova, ba buang puo e hloekileng, ha baa tsieleha hore na ba hokae kemisong ea nako. Jehova o ba rutile hore ba “nakong ea bofelo,” hammoho le ho beng teng ha Jesu e le moea o sa bonahaleng o khanyang. (Daniele 12:4; Mattheu 24:3-14; 2 Timothea 3:1-5; 1 Petrose 3:18) Kreste, a tšehelitsoe ke makhotla a matla a leholimo, haufinyane o tla kalla ho ea ntoeng hore a lihe kahlolo ea Molimo khahlanong le tsamaiso ena ea lintho. (Daniele 2:44; Tšenolo 16:14, 16; 18:1-8; 19:11-21) E, ba buang puo e hloekileng ba tšoarehile ka ho bolela litaba tse molemo tsa hore haufinyane ’Muso oa Molimo tlas’a Kreste o tla tlisa mahlohonolo a maholo ho batho bohle ba utloang lefatšeng la paradeise. (Esaia 9:6, 7; Daniele 7:13, 14; Mattheu 6:9, 10; 24:14; Luka 23:43) Re buile ho hongata, empa re sa ōkōtse ka holimo feela! Ka sebele, puo e hloekileng ke puo e enneng ka ho fetisisa le ea bohlokoa ka ho fetisisa lefatšeng!

      14. Ba buang puo e hloekileng ba thabela melemo efe e meng?

      14 Melemo e thabeloang ke ba buang puo e hloekileng e akarelletsa “khotso ea Molimo” e lebelang lipelo le matla a kelello. (Ba-Filippi 4:6, 7) Ba utloa melao ea Bibele, e tlatsetsang bophelong bo botle, thabo, le khotsofalo e tlisoang ke ho khahlisa Jehova. (1 Ba-Korinthe 6:9, 10) E, hape ba buang puo e hloekileng ba na le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha le tšepisitsoeng la Molimo.—2 Petrose 3:13.

      E Sebelise ho Seng Joalo e Tla U Lahlehela

      15. U tla rua molemo joang ka ho tseba puo e hloekileng hantle?

      15 Haeba u tla bua puo e hloekileng lefatšeng le lecha, u tlameha ho e tseba hantle hoo e fetohang puo eo u nahanang ka eona. Ha motho a ithuta puo, pele o nahana ka puo ea hae ’me a fetolele mehopolo ea hae puong e ncha. Empa ha a se a tseba puo e ncha hantle, o qala ho nahana ka eona ka ntle le hore a e fetolele. Ka ho tšoanang, ka ho ithuta ka matla, u ka utloisisa puo e hloekileng hamolemo hoo u tla tseba kamoo u lokelang ho sebelisa melao ea Bibele le melao-motheo ea eona ha u rarolla mathata ’me u lule u ntse u le ‘tseleng ea bophelo.’—Pesaleme ea 16:11.

      16. Ho ka etsahala eng haeba u sa sebelise puo e hloekileng ka mehla?

      16 U tlameha ho sebelisa puo e hloekileng ka mehla, ho seng joalo u tla lahleheloa ke matla a ho tseba ho e bua hantle. Ha re etsa mohlala: Lilemong tse fetileng, ba bang ho rōna re ile ra ithuta puo esele. Mohlomong re sa ntse re hopola mantsoe a mang ka puo eo empa re se re e lebetse hobane re ne re sa e sebelise ka mehla. Ho ka etsahala ntho e tšoanang le ka puo e hloekileng. Haeba re sa e sebelise ka mehla, re ka e lebala, ’me seo se ka ba le liphello tse kotsi moeeng. Ka hona a re e bueng ka mehla libokeng le tšebeletsong ea Bokreste. Mesebetsi ena, hammoho le thuto ea botho, e tla re nolofalletsa ho bua lintho ka nepo re sebelisa puo e hloekileng. ’Me seo ke sa bohlokoa hakaakang!

      17. Ke eng se bontšang hore puo e ka boloka bophelo kapa ea baka lefu?

      17 Puo e ka boloka bophelo kapa ea baka lefu. Sena se ile sa bonahala nakong ea khohlano e neng e le teng pakeng tsa leloko la Iseraele la Efraime le Moahloli Jafeta oa Gileade. E le hore Bagileade ba ka tseba Baefraime ba neng ba leka ho baleha ka ho tšela Nōka ea Jordane, ba ne ba sebelisa lentsoe “Shibbolethe,” le neng le e-na le molumo o qalang oa “sh.” Banna ba Efraime ba ile ba itšenola ho balebeli ba Bagileade malibohong a Jordane ka ho re “Sibbolethe” ho e-na le ho re “Shibbolethe,” ba ne ba sa bitse molumo o qalang oa lentsoe leo hantle. Ka baka leo, ho ile ha bolaoa Baefraime ba 42 000! (Baahloli 12:5, 6) Ka ho tšoanang, seo baruti ba Bokreste-’mōtoana ba se rutang se ka ’na sa utloahala eka se atamelitse puong e hloekileng ho ba sa tloaelanang hantle le ’nete ea Bibele. Empa ho bua ka tsela e fosahetseng ea bolumeli ho tla ipaka ho le kotsi ka letsatsi la bohale ba Jehova.

      Re Tla Lula Re Kopane

      18, 19. Sofonia 3:1-5 ke ea bohlokoa bofe?

      18 Ha ho buuoa ka Jerusalema e sa tšepahaleng ea boholo-holo le ’mate oa eona oa kajeno, Bokreste-’mōtoana, ho Sofonia 3:1-5 ho thoe: “Ho malimabe motse o ikhantšang, o litšila, motse o hlorisang! Ha o mamele lentsoe, ha o amohele khalemelo, ha o tšepe Jehova; ha o atamele ho Molimo oa oona. Marena a oona ke litau tse rorang har’a oona; baahloli ba oona ke liphiri tsa phirimana tse sa bolokeleng hosasane letho. Baprofeta ba oona ke baithorisi, banna ba bohata; baprista ba oona ba tlotlolla nģalo e halalelang, ba khopamisa molao. Jehova o lokile ka hare ho oona; ha a etse bokhopo, ka hosasa ho hong le ho hong o ntšetsa kahlolo ea hae leseling, ha a lese ho etsa joalo; empa molotsana ha a tsebe lihlong.” Bohlokoa ba mantsoe ao ke bofe?

      19 Jerusalema ea boholo-holo le Bokreste-’mōtoana ba kajeno li ile tsa fetohela Jehova ’me tsa itšilafatsa ka borapeli ba bohata. Liphoso tsa baeta-pele ba tsona li felletse ka khatello. Ho sa tsotellehe litemoso tsa Molimo tse iphetang, ha lia ka tsa mamela le ho atamela haufi le oona. Mahosana a tsona a ’nile a e-ba joaloka litau tse harolang, ka boikhohomoso a hlokomoloha ho loka. Baahloli ba tsona ba harasoantse toka joaloka liphiri tse harolang. Baprista ba tsona ba ‘silafalitse se halalelang ’me ba khopamisitse molao’ oa Molimo. Kahoo haufinyane Jehova o tla ‘phutha lichaba le ho bokella mebuso, a tle a tšollele holim’a eona khalefo ea hae, ho tuka hohle ha bohale ba hae.’—Sofonia 3:8.

      20. (a) Motho o tlameha ho etsa eng hore a pholohe letsatsi la bohale ba Jehova? (b) U ka tšepa ho thabela mahlohonolo a ka ho sa feleng a tsoang ho Molimo ka ho etsa joang?

      20 Letsatsi la bohale ba Jehova le atamela ka potlako. Ka hona, hore u pholohele lefatšeng le lecha la Molimo, ithute puo e hloekileng le ho e bua ntle ho tieho. Ke ka ho etsa joalo feela u ka sireletsoang tlokotsing ea moea hona joale le tlokotsing ea lefatše lohle e atamelang ka potlako. Lipaki tsa Jehova li bolela letsatsi la bohale ba Molimo le molaetsa o khothatsang oa ’Muso oa oona. Li thaba haholo hore li bue ka khanya ea borena ba oona! (Pesaleme ea 145:10-13) E-ba ea kopantsoeng hammoho le tsona, ’me u ka tšepa ho thabela bophelo bo sa feleng le mahlohonolo a mang a tsoang ho Moqapi oa puo e hloekileng, ’Musi Morena Jehova.

      U ne U Tla Arabela Joang?

      ◻ Litsela tse ling tsa ho ithuta puo e hloekileng ke life?

      ◻ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho bua puo e hloekileng?

      ◻ Ho ka etsahala eng haeba u sa sebelise puo e hloekileng ka mehla?

      ◻ Ke joang motho a ka pholohang letsatsi la bohale ba Jehova le ho thabela mahlohonolo a ka ho sa feleng?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela