-
Tsela ea Lerato ha e Fele le ka MohlaMolula-Qhooa—1999 | February 15
-
-
Tsela ea Lerato ha e Fele le ka Mohla
“Le ’ne le batle ka cheseho limpho tse khōloanyane. ’Me leha ho le joalo ke le bontša tsela e fetisisang.”—1 BAKORINTHE 12:31.
1-3. (a) Ho ithuta ho bontša lerato ho batla ho tšoana le ho ithuta puo e ncha joang? (b) Ke lintlha life tse etsang hore ho ithuta ho bontša lerato e be phephetso?
NA U kile ua leka ho ithuta puo e ncha? Ha e le hantle, ke phephetso! Ke ’nete hore ngoana e monyenyane a ka ithuta puo habonolo feela ka ho ba har’a batho ba e buang. Boko ba hae bo tšoara melumo le moelelo oa mantsoe, e leng ho etsang hore ka mor’a nako e khutšoanyane ngoana e monyenyane a tsebe ho itlhalosa hantle, mohlomong a bile a li shoashoathela ruri. Ha ho joalo ka batho ba baholo. Re sheba dikishinari ea puo esele ka makhetlo-khetlo, e le hore feela re tsebe lipoleloana tse seng kae tsa motheo ka puo eo. Leha ho le joalo, ka mor’a nako le ka ho ba har’a batho ba buang puo eo, re qala ho nahana ka tsela ea puo e ncha ’me ho e bua ho batla ho re nolofalla.
2 Ho ithuta ho bontša lerato ho batla ho tšoana le ho ithuta puo e ncha. Ke ’nete hore ka tlhaho batho ba na le tšoaneleho ena ea bomolimo ka tekanyo e itseng. (Genese 1:27; bapisa le 1 Johanne 4:8.) Leha ho le joalo, ho ithuta ho bontša lerato ho hloka boiteko bo fetang bo tloaelehileng—haholo-holo mehleng ena eo boikutlo bo mofuthu ba tlhaho bo hlileng bo haellang. (2 Timothea 3:1-5) Ka linako tse ling boemo bona bo ba teng ka lapeng. E, ba bangata ba hōlela tikolohong e thata eo ho eona e bang ka seoelo ho buuoang mantsoe a bontšang
-