Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na Lefatše le ka ba le Bonngoe?
    Tsoha!—1994 | January 8
    • Na Lefatše le ka ba le Bonngoe?

      ‘Hangata haholo, hloea moahisani oa hao ho ne ho bonahala e le lepetjo la 1992.’

      SEO e ne e le tekanyetso ea Newsweek. Makasine oo o ile oa eketsa: “Likarohano tsena—moahisani khahlanong le moahisani, morabe khahlanong le morabe, sechaba khahlanong le sechaba se seng—esale e le lintho tseo re li pepeselitsoeng, ’me liketsahalo tsa selemo sena li hlahisa lipelaelo mabapi le hore na ho na le seo re se finyellang mabapi le ho koala likheo tsena.”

      Haufinyane, ho thibelloa ke sesole, lipolao tse sehloho, le peto moo pele e neng e le Yugoslavia e bile lihlooho tsa litaba lefatšeng lohle. Bosnia le Herzegovina feela, ba ka bang 150 000 ba bolailoe kapa ba nyametse. ’Me ba ka bang 1 500 000 ba ntšitsoe malapeng a bona. Na u ka bolela hore liketsahalo tsee tse bohloko li ke ke tsa etsahala sebakeng sa heno?

      Ofisiri ea Machaba a Kopaneng José-María Mendiluce o ile a lemosa: “Batho ba ka fetoloa mechini ea ho hloea le ho bolaea ntle le bothata bo boholo. . . . Bophirima ho na le boikutlo ba hore ntoa ea kupa sebakeng seo e ka bang lihora tse tharo ho tloha Venice hobane feela batho ba Balkan ba fapane ka ho feletseng le baahi ba bang ba Europe. Eo ke phoso e kotsi haholo.”

      Ha Soviet Union e felisoa ka 1991, pefo ea merabe e itseng e ile ea latela kapele. Ho ile ha bolaoa ba ka bang 1 500, ’me ba ka bang 80 000 ba ile ba lelekoa rephabliking ea Georgia ea moo pele e neng e le Soviet. Ba makholo ba ile ba shoa, ’me ba likete ba ile ba lelekoa ke ntoa Moldova. Ho boetse ho ’nile ha e-ba le ho lahleheloa ke bophelo liqhoebeshanong tse pakeng tsa Armenia le Azerbaijan, haesita le likarolong tse ling tsa lirephabliki tsa moo pele e neng e le Soviet.

      Rephabliki e khōlō ka ho fetisisa ea moo pele e neng e le Soviet ke Russia. Esita le moo lihlopha tse ngata tsa merabe li batla ho ithehela linaha tsa tsona. Kahoo, The European e ile ea tlaleha ka July selemong se fetileng: “Kopano ea Russia e tobane le ho khaoha litsekana.” Koranta eo e ile ea re: “Libekeng tse seng kae tse fetileng, libaka tse tharo li ile tsa vouta tsa ipolela e le lirephabliki . . . Tse ling tse tharo li bontšitse bekeng e fetileng hore li tla latela le tsona.”

      Haeba ho thehoa linaha tse arohaneng, u thatafalloa ho bitsa mabitso a sa tloaelehang, joaloka Kaliningrad, Tatarstan, Stavropolye, Chechnya, Vologda, Sverdlovsk, Bashkortostan, Yakutiya, le Primorye. Na see ha se utloahale se tšoana le se etsahetseng moo pele e neng e le Yugoslavia—Serbia, moo Croatia, le Slovenia li thehiloeng ’me ho ntse ho ka thehoa linaha tse ling?

      Mongoli oa naha oa United States Warren Christopher o ile a bua ka “ho rōpōha ha liqhoebeshano tseo e leng khale li hateletsoe tsa merabe, bolumeli le sebaka” ’me a botsa: “Haeba re ke ke ra fumana tsela e itseng ea hore lihlopha tsa merabe e fapaneng li phele hammoho naheng, ho tla ba le linaha tse kae?” O ile a re ho ka ba le tse likete.

      Likarohano Hohle

      U nahana hore ho bile le liqhoebeshano tse kae tsa merabe, bolumeli, le libaka mathoasong a selemo se fetileng? Na u ka re tse 4, 7, 9, 13, kapa mohlomong esita le tse 15? Ka February, The New York Times e ile ea thathamisa kakaretso ea tse 48! Thelevishene e ka ’na ea se ke ea u bontša litšoantšo tsa litōpō tse tletseng mali le bana ba tletseng tšabo liketsahalong tseo tsohle tse 48, empa na seo se etsa hore liketsahalo tseo tse sehlōhō e se be tsa sebele hakaalo ho bahlaseluoa?

      Ha ho sekhutlo sa lefatše seo ho sona ho bonahalang eka ntoa e ke ke ea qhoma. Naha ea Afrika Bophirima ea Liberia ka ho tšoanang e sentsoe ke pefo ea merabe. Moeta-pele e mong oa likhukhuni o ile a fumana tšehetso melokong ea Gio le Mano bakeng sa ho ketola mopresidente, eo e neng e le oa sehlopha sa morabe sa Krahn. Ho ile ha e-shoa batho ba fetang 20 000 ntoeng ea lehae, ’me ba likete tse makholo ba ile ba lelekoa malapeng a bona.

      Afrika Boroa, ba basoeu le ba batšo baa loantšana khohlanong ea ho batla taolo ea lipolotiki. Empa ntoa ha e feela lipakeng tsa ba batšo le ba basoeu. Ka 1992 feela, ba ka bang 3 000 ba ile ba bolaoa ntoeng e neng e le lipakeng tsa lihlopha tsa batho ba batšo tse qothisanang lehlokoa.

      Somalia ho ile ha e-shoa ba ka bang 300 000 ’me ba ka bang milione ba ile ba siuoa ba se na mahae ha ntoa ea batho ba liboko tse fapaneng e fetoha ntoa ea lehae. Burundi le Rwanda, likhohlano tsa merabe lipakeng tsa Mahutu le Matutsi li bakile mafu a likete lilemong tse sa tsoa feta.

      Ntoa e bonahala e sa lale lipakeng tsa Bajode le Maarabo Iseraele, lipakeng tsa Mahindu le Mamosleme India, le lipakeng tsa Maprostanta le Mak’hatholike Ireland. Pefo ea merabe e boetse e qhomme ka 1992 Los Angeles, California, ’me ha e-shoa batho ba fetang 40. Hohle moo batho ba merabe e fapaneng, bochaba, kapa bolumeli ba phelang hammoho ba atamelane, hangata ho hlaha likhohlano tse sehlōhō.

      Na batho ba ka rarolla tlokotsi ee ea qabang ea merabe?

      Boiteko bo Kopanetsoeng ba Batho

      Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahala boitekong ba moo pele e neng e le Yugoslavia le moo pele e neng e le Soviet Union. Ka 1929, Yugoslavia e ile ea thehoa ka boiteko ba ho tlisa bonngoe naheng e le ’ngoe lihlopha tsa merabe e fapaneng e phelang Europe e boroa-bochabela. Soviet Union ka ho tšoanang e ile ea thehoa ka ho kopanya batho ba fapaneng ba limelo tse fapaneng tsa morabe, bolumeli, le bochaba. Ka mashome a mangata a lilemo ka bobeli linaha tseo li ne li na le mebuso e matla e li momahantseng, ’me qetellong ho ne ho bonahala eka baahi ba tsona ba ithutile ho phela hammoho.

      E mong oa baeta-pele Serbia o ile a hlalosa: “’Mapa oa merabe oa Bosnia pele ho ntoa, haesita le oa Yugoslavia pele ho ntoa, e ne eka letlalo la jaguar. Batho ba ne ba kopane ka tsela eo ba neng ba ke ke ba arohanngoa.” Ha e le hantle, hoo e ka bang karolo ea 15 lekholong ea manyalo Yugoslavia e ne e le lipakeng tsa batho ba lihlopha tsa merabe e fapaneng. Boemo bo tšoanang ba hoo e bonahalang eka ke bonngoe bo ne bo thehiloe ka ho kopanngoa ha batho ba lihlopha tsa merabe Soviet Union.

      Kahoo, batho ba ile ba tšoha haholo ha, ka mor’a lilemo tse mashome a mangata tsa ho bonahalang eka ke khotso, pefo ea merabe e qhoma. Kajeno, joalokaha moqolotsi e mong oa litaba a ile a ngola, batho ba se ba “arola seo pele e neng e le Yugoslavia ka morabe, bolumeli le bochaba.” Ke hobane’ng ha, nakong eo mebuso eo e matla e oang, linaha tsee li ile tsa arohana?

      Lisosa

      Ka tlhaho batho ha ba hloee batho ba sehlopha sa morabe o mong. Joalokaha pina e ’ngoe e tummeng e kile ea bolela, u lokela ‘ho rutoa ka hloko pele e e-ba morao haholo, pele u e-ba lilemo li tšeletseng kapa li supileng kapa li robeli, ho hloea batho bohle bao beng ka uena ba ba hloileng.’ Pina ena e ne e bua ka banyalani ba bacha ba nang le liphapang tsa morabe tse bonahalang. Empa, ho latela setsebi sa kelello Zarka Kovac, batho ba moo pele e neng e le Yugoslavia ba na le “liphapang tse fokolang haholo tsa ’mele haeba li le teng.” Leha ho le joalo, pefo e ngata ho feta kamoo ho ka utloisisoang ka teng. Kovac o ile a re: “U retla motho eo u ’molaileng e le hore u tle u se ke ua hlokomela ngoan’eno.”

      Ka ho hlakileng, lehloeo le joalo la merabe le bochaba ha lea bōpelloa ka hare ho batho. Batho ba ’nile ba rutoa ka hloko ke ba fetisang lithuto le beng ka bona ba hopolang lihlōhō tsa nako e fetileng. Ke mang eo e ka bang o susumetsa see sohle? Ka ho leka ho utloisisa lihlōhō tsa ntoa, rakhoebo e mong oa Sarajevo o ile a susumeletsoa ho etsa qeto: “Ka mor’a hore ntoa ea Bosnia e qete selemo ke lumela hore Satane ke eena ea tšoereng marapo. Hona ke bohlanya feela.”

      Le hoja ba bangata ba sa lumele hore Satane Diabolose o teng, Bibele e supa boteng ba motho ea sa bonahaleng, ea nang le matla a ka holimo ho a batho ea nang le tšusumetso e fosahetseng ka ho feletseng boitšoarong ba moloko oa batho. (Mattheu 4:1-11; Johanne 12:31) Ha u nahana ka hona—ka khethollo, lehloeo, le pefo tse se nang motheo kaofela—mohlomong u ka ’na ua lumela hore Bibele ha e bue tsa eona ha e re: ‘Ea bitsoang Diabolose le Satane, o thetsa lefatše kaofela.’—Tšenolo 12:9; 1 Johanne 5:19.

      Lehlaseli la Tšepo

      Ha re hlahloba mofere-fere oa lefatše oa morao tjena, toro ea moloko oa batho o nang le bonngoe e bonahala e le hōle ho feta leha e le neng pele. Likhohlano tsa bochaba le tsa merabe li sokela boteng ba motho ho feta leha e le neng pele. Empa leha ho le joalo, le har’a lefifi lena la lefatše lohle, lehlaseli la tšepo lea khanya. Nakong ea lehlabula la 1993, sehlopha sa batho ba lihlopha tse loantšanang tsa merabe se ile sa bonahatsa tlamo e tšoanang e ileng ea se lumella ho behella ntoa ea merabe ka thōko le ho sebetsa hammoho ka lerato le bonngoe.

      Ha e le hantle, tlamo ena ho bonahala e le eona ntho e ’nileng ea arohanya moloko oa batho hangata—bolumeli. Makasine oa Time o ile oa tlaleha: “Haeba motho a fatisisa khethollong e sehlōhō ea meloko, kapa bochaba, hangata u fumana hore bolumeli bo ntse bo kentse letsoho . . . Lehloeo la bolumeli le qetella le hloka mohau ’me le se na lithibelo.” Ka tsela e tšoanang, India Today e ile ea re: “Bolumeli e ’nile ea e-ba tšireletso eo tlas’a eona ho ’nileng ha hlohleletsoa litlōlo tsa molao tse tšabehang ka ho fetisisa. . . . Bo hlahisa pefo e sehlōhō ka ho fetisisa ’me ke matla a senyang haholo.”

      Ka sebele, bolumeli bo ’nile ba ipaka e le karolo ea bothata, eseng tharollo. Empa sehlopha sena sa bolumeli se boletsoeng ka holimo—sehlopha sa lipalo tse khōlō—se bontšitse hore bolumeli bo ka tlisa bonngoe, ba se ke ba arola. Feela ke bo-mang bao e leng litho tsa sehlopha see? Hona ke hobane’ng ha ba ’nile ba thabela katleho e hlollang moo ba bang ba hlōlehileng? Ho araba re u mema hore u bale lihlooho tse latelang. Ho etsa joalo ho ka u fa pono e ncha mabapi le bokamoso ba moloko oa batho.

  • Bonngoe Bo Hlollang Lefatše
    Tsoha!—1994 | January 8
    • Bonngoe Bo Hlollang Lefatše

      LEFATŠE le ile la nyarosoa ke ho oa ha tšohanyetso ha Bokomonisi ’me haufinyane tjena le nyarositsoe ke pefo e eketsehang ea merabe. Empa, ka nako e tšoanang, ba limilione Europe Bochabela ba ’nile ba hlolloa ke mosebetsi o nang le bonngoe, le o thabisang oa sehlopha se hlōtseng lehloeo la merabe le la bochaba—Lipaki tsa Jehova.

      Lipaki tsa Jehova li atlehile ho boloka borapeli bo nang le bonngoe esita leha ntoa e ne e kupa ho li potoloha. Ka 1991, ha letšoele la machaba la Lipaki tse 14 684 le kopana Zagreb, Croatia, lepolesa le leng le ile la re: “Ho ne ho ka ba hotle ho bontša ba phatlalatso hore na ho etsahala eng lebaleng lena la lipapali, hona mona, moo re bonang baahi ba Serbia, ba Croatia, ba Slovenia, ba Montenegrin, le ba bang ba lutse ’moho ka khotso.”

      Selemong sona seo, moqolotsi e mong oa litaba kopanong e Siberia o ile a bona Marussia a kopa motho e mocha ea qetang ho kolobetsoa oa leloko la Buryat. Ka ho tseba hore setsoalle sa sebele lipakeng tsa batho bao ba fapaneng se fumaneha ka thata, o ile a botsa: “Le ile la khona joang ho hlōla mekoallo ee ea bochaba?”

      Selemong se fetileng Lipaki tsa Jehova li ile tsa tšoara likopano tse 45 Europe Bochabela le Asia, tse bileng Moscow le Kiev e ne e le tsa machaba. Ka kakaretso ho ile ha e-ba teng ba fetang 368-000 likopanong tseo tse 45—ba fetang 112 000 moo pele e neng e le Soviet Union ’me ba ka bang 11 000 metseng e mene ea moo pele e neng e le Yugoslavia.

      Ho sa tsotellehe ho loana ho libakeng tsa tsona, Lipaki tse ka bang 215 li ile tsa finyella kopanong e Belgrade, Serbia, ka August 19 ho ea ho 22. Ho ile ha e-ba teng ba 3 241. Motlalehi e mong o ile a hlokomela: “Lihlopha tse potolohileng Sarajevo ka boeona li ile tsa ba teng. Li ile tsa hira bese, ’me ba 56 ba ile ba tla. Tsena li ne li tsoa Lukavica, Pale, Ilidža, le Vogošća. Ho boetse ho ile ha tla batho ba bahlano ba tsoang Benkovac. Ntlha e ’ngoe e thahasellisang ke hore ba 23 ho ba 174 ba ileng ba kolobetsoa kopanong eo ba ne ba e-tsoa libakeng tsena tse likhathatso.”

      Moscow le Kiev

      Ka July 28, 1993, leqephe le ka holimo la The New York Times le ne le e-na le setšoantšo se seholo sa Lipaki tsa Jehova Moscow, le tlhaloso e reng: “Ho lokolloa ha bolumeli Russia ho tlisa basokolohi Locomotive Stadium e Moscow bakeng sa

      kolobetso ea letšoele e le Lipaki tsa Jehova.”

      Times e ile ea tlaleha: “Litho tse neng li keleketla meokho lifahlehong li ile tsa kopa basokolohi bao ba metsi. Ho fapana le boitšoaro bo tloaelehileng Locomotive, ha ho motho ea tsubang, ha ho motho ea rohakanang, ha ho motho ea tahiloeng.” Ka matsatsi a mane Lipaki tse tsoang Russia le linaheng tse ling tse fetang 30 li ile tsa tlala lebala leo la lipapali li sa petetsana, tlhōrō ea ba bileng teng e le 23 743.

      Kopano e khōloanyane le ho feta ea machaba ea Lipaki tsa Jehova e ile ea tšoareloa Kiev, motse-moholo oa Ukraine. Tlhōrō ea ba bileng teng e ile ea e-ba 64 714 ba bokane Republican Stadium, le leng la mabala a lipapali a maholo ka ho fetisisa Europe Bochabela. Leqephe le ka holimo la Evening Kiev le ile la tlaleha: “Lipaki tsa Jehova . . . li na le bonngoe eseng feela ka libeche tse putsoa tse ngotsoeng ‘Thuto ea Bomolimo’ empa ka tumelo ea ’nete.”

      Kamoo Bonngoe bo Finyelloang

      Kamoo bonngoe bo joalo bo finyelloang ho ile ha bontšoa ke Paki e ’ngoe ea Ukraine e seng e hōlile kopanong ea Kiev. E ile ea supa holimo eaba e re, “Jehova.” Eaba, e atolosa matsoho e etsa selika-likoe, ea ntoo phahamisa monoana o le mong. Molaetsa oa eona o ne o hlakile: ‘Kaofela re ntho e le ’ngoe, re na le bonngoe ka thuto ea bomolimo ea Jehova Molimo.’

      Ka ho thahasellisang, Encyclopædia Britannica e ile ea tlaleha ka Lipaki tsa Jehova moo pele e neng e le Soviet Union, e bontša lebaka leo Lipaki li nang le bonngoe. E ile ea hlalosa: “Li tseba lithuto tsa tsona [tse thehiloeng Bibeleng], ke basōkōlli ba chesehang ’me li hlophisa bophelo ba tsona tumellanong le litumelo tsa tsona tsa bolumeli.” Ka hona, e ne e le ho loketseng hakaakang hore sehlooho sa likopano tsa Lipaki tsa Jehova tsa 1993-94 e be “Thuto ea Bomolimo”!

      Jesu Kreste, ea ileng a etella pele thuto ea bomolimo, o ile a supa molao-motheo oa bohlokoa o tlisang bonngoe ha a rapella balateli ba hae: “Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše.” E, boemo ba Lipaki tsa Jehova ba ho se nke lehlakore bo etsa hore li be le bonngoe, joalokaha Jesu a ile a kōpa ha a rapela: “Ba tle ba be bang, joale ka ha uena, Ntate, u le ho ’na, le ’na ke le ho uena; le bona ba be bang ho rōna.”—Johanne 17:16-21.

      Phihlelo ea e mong ea bileng teng a tsoa Spain e bontša kamoo ho se be karolo ea lefatše ho etsang hore batho ba Molimo ba be le bonngoe. Ha a le tseleng a ea kopanong Moscow, o ile a lula pel’a monna ea tsoang Afghanistan ea ileng a hlalosa hore esita le batho ba bolumeli bo le bong baa bolaeana ntoeng ea lehae e naheng eo. Eaba oa botsa: “Bolumeli ba hao bo buella mokha ofe oa lipolotiki?” Karabo e ile ea ba: “Ha bo buelle ofe kapa ofe.” Kaha Lipaki tsa Jehova ha li nke lehlakore lipolotiking, ha li kenelle ntoeng ea merabe, e etsang hore batho ba loantšane.

      Baeti ba leetong ho tloha rephabliking eo pele e neng e le ea Soviet ka bobona ba ile ba latsoa hore na ntoa ke ntho e tšosang hakae. Terene eo ba neng ba e palame e ile ea kena moo mabotho a loantšanang a neng a thunyana teng. Ba ne ba thabile hakaakang ho fihla Kiev ba sireletsehile ’me ba thabela lerato le bonngoe tse teng har’a lihlopha tse ngata tsa merabe tsa lichaba tse ngata lebaleng leo la lipapali!

      Ba bangata ba bileng teng ba tsoang Jeremane le Russia ka ho khetheha ba ile ba ananela seo thuto ea bomolimo e ba etselitseng sona. Ha e sa le bahlankana molokong o fetileng, ba ile ba leka ho bolaeana Ntoeng ea II ea Lefatše. Empa nakong ea kopano ea Kiev, ba ne ba e-na le bonngoe bolumeling ba ’nete, joalokaha ho ka bonoa leqepheng la 23.

      Bashebelli ba ne ba Hloletsoe

      Moscow, motse o nang le baahi ba ka bang limilione tse robong, pele o ne o e-na le monyetla o fokolang oa ho itloaelanya le Lipaki tsa Jehova. Ke ’nete, ba bangata ba ne ba utloile ka ho hlorisoa ha tsona le ho kenngoa teronkong tlas’a Bokomonisi. Hape, lehlabuleng la selemo se fetileng, ho ne ho se ho thehiloe liphutheho tse 18 Moscow le tse 13 Kiev ho hlokomela lenane le ntseng le eketseha la ba bang teng libokeng tsa Lipaki. Empa joale batho ba moo ba bone likete tse mashome tsa ba tlileng kopanong ba qhoaetseng libeche mabaleng a likopano le ho potoloha metse ea bona! Bashebelli ba bangata ba ile ba hlolloa.

      Mohlahlobi e moholo oa tšebeletso ea ho tima mollo oa Moscow o ile a re: “Kopano ena ke e tsotoang ka ho fetisisa. Ke ntho e babatsehang hore ebe batho ba bangata hakana ba bochaba bo fapaneng ba ka fumana puo e tšoanang. Ke hloletsoe ke bohloeki le ho hlophiseha ha batho ba lōna. Ke sebelitse lebaleng lena la lipapali ka lilemo tse 20 ’me ho hang ha ke e-s’o bone ntho e tšoanang le eo.”

      Motho e mong ea bontšang bahahlauli libaka o ile a re: “Hangata ha ke tsamaisa sehlopha, ho hloka bonngoe ha sona ho bonahala hang ha se tloha lebaleng la lifofane. Ha hoa ba joalo ka Lipaki tsa Jehova.” Moeti e mong kopanong e Kiev o ile a hooa: “Ka sebele le na le bonngoe. Hoo ho fapane hakaakang le tsela eo lintho li leng ka eona ka ntle ho marako a lebala lee la lipapali!”

      Ha kopano ea Moscow e qala ka Labone, July 22, basebetsi ba ’maloa ba neng ba eme setšeng sa kaho se seholo haufinyane le moo ba ile ba bonoa ba khaotsa mosebetsi oa bona ka motsotsoana. Eka ba ne ba hloletsoe ke molumo oa mantsoe a fetang 23 000 a neng a binela holimo. Ba ka be ba ile ba hlolloa le ho feta hoja ba tseba hore lipina tseo li ne li binoa ka lipuo tse fapaneng tse fetang 12. Esita Lipaki tseo e leng lithōlō tse sa tsebeng ho bina ka mantsoe a tsona li ile tsa “bina” ka matsoho a tsona li sebelisa puo ea matsoho.

      Sebaka sa ho bokana se neng se ratoa haholo linakong tsa mantsiboea e ne e le Red Square e khōlō ea Moscow, hantle feela ka ntle ho marako a Kremlin. Bosiu ba pele kopano e qala (ha hoa ka ha fifala ho fihlela ka hora ea leshome), Lipaki tse makholo tsa merabe e fapaneng le bochaba li ne li le moo li hakana ka thabo. Ho ile ha etsahala hore motlalehi oa litaba oa Moscow Times a pote le moo ’me o ne a batla ho tseba se eketsehileng. O ile a botsa: “Le baemeli ba mang?” Ha a bolelloa, o ile a re: “Ha ke e-s’o ka ke bona ho tsoaka-tsoakana ho thabileng ha batho ba mefuta e mengata hakana Red Square. Hangata sehlopha se seholo hakana se tla mona ho tla etsa lipontšo kapa ho ipelaetsa ka ho hong.”

      Ka sebele baahi ba Moscow le Kiev ba ne ba hloletsoe ke batho ba tlileng kopanong ba likete ba qhoaetseng libeche ba lumelisanang ka thabo e khōlō, ba hakana, ’me ba leka ho buisana. Rakhoebo ea tsoang Iran ea neng a etetse Kiev o ile a atamela Paki e ’ngoe ea United States ’me a re: “Le na le ntho e babatsehang. Esale ke le shebile matsatsi a ’maloa a fetileng. Ke batla tse ling tsa libuka tsa lōna ka Senyesemane hore ke il’o bala.” O ile a hlalosa hore haeba a ne a sa tsamaee hoseng ho latelang ho ea Iran, o ne a tla tla kopanong.

      Ho pholletsa le Moscow le Kiev—haholo-holo literateng, libakeng tse bulehileng, le litereneng tse tsamaeang litonnorong tse ka tlaase ho lefatše—ba tlileng kopanong ba ne ba e-ea ho batho ho ba fa lipampitšana tse thehiloeng Bibeleng le libukana tse lekanang le makasine. Mantsiboea a mang le a mang Lipaki li ne li bonoa li eme haufi le Lebitla la Lenin le Red Square ka khutso li ntse li qoqa ’me li aba lipampitšana. Hangata mpho e ne e amoheloa, hangata e le ka pososelo e mofuthu. Haeba mpho e ne e etsoa tereneng e tsamaeang tonnorong e entsoeng ka tlaase ho lefatše, ka tloaelo motho o ne a qala ho e bala hang-hang. Ho ne ho tloaelehile ho bona batho ba bahlano kapa ba tšeletseng ka tereneng ba ntse ba bala lipampitšana tse thehiloeng Bibeleng.

      Ka mor’a ho bala molaetsa, hangata bapalami ba literene tseo ba ne ba bontša kananelo. Monna e mong ea lilemong tse bohareng o ile a hlalosa ka Senyesemane se sa nepahalang ka ho feletseng: “Ha rea ka ra ba le monyetla oa ho ithuta lintho tse kang tsena. Ke le leboha haholo.” Ketsahalong e ’ngoe, mohlankana e mong le ’mè oa hae ba ne ba hloletsoe ke molaetsa oo hoo ba ileng ba theoha tereneng ha ba fihla moo motho enoa ea neng a tlile kopanong a neng a lokela ho theoha teng ho ntšetsa moqoqo pele.

      Kiev e ne e tletse Lipaki tse tlileng kopanong tse fetang 50 000 tse neng li tsoa linaheng tse fetang 30, tseo kaofela li neng li hloka marobalo. Bongata ba tsona bo ile ba lula lihoteleng, malapeng a batho, le likolong, empa tse ka bang 1 800 li ile tsa fuoa marobalo likepeng tse tšeletseng. Mohlokomeli ea hloekisang oa se seng sa likepe tseo o ile a siela Lipaki molaetsa. O ile a re: “Ho ’na ekare le tsoa polaneteng e ’ngoe. Le na le botle bo bongata le kutloano hoo le tlisang mahlohonolo. Ho ka etsahala hore ebe le bana ba Molimo. Ke nahana ka sena ka linako tsohle.”

      Ho loketse hakaakang hore ebe Lipaki tsa Jehova li ile tsa khona ho tšoara likopano tsa tsona tse khōlō le hore ba boholong le batho bohle ka ho tšoanang ba ne ba ka bona litšoaneleho tse ntle joalo tsa Bokreste le boitšoaro tse tlotlisang Molimo! Ba boholong sebakeng seo ba ileng ba sebetsa le Lipaki ba ne ba tletse thoriso feela bakeng sa tšebetso ea tsona, boitšoaro, le tšebelisano-’moho ea tsona le batsamaisi ba lebala la lipapali le mafapha a mang a motse.

      E mong ea boholong Kiev o ile a re: “Lebala lena la lipapali ha le e-s’o ka le hloekisoa hantle tjena ka lilemo tse 13.” Lepolesa la moo le ile la hooa: “Le batho ba molemo hakaakang! Ekare motho o lefatšeng le lecha. Ha ke utloisise hore na ke hobane’ng ha le ne le hlorisoa.”

      Lintlha tsa Sehlooho tsa Kopano

      Ho Lipaki Moscow le Kiev, mohlomong ntho e khōlō e ka sehloohong e ne e le boteng ba ba likete ba tsoang linaheng tse ling tse ngata, ho akareletsa le litho tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. Thabo ea ho ba hammoho feela, ba e-na le bonngoe borapeling bo nang le khotso le batho ba lichaba tse ngata tse fapaneng, e ne e ke ke ea hlalosoa. Ha sebui sa ho qetela Moscow le Kiev se bolela hore liteboho tsa rōna tse ka sehloohong li ea ho Jehova Molimo, ea entseng hore likopano tseo li khone ho tšoaroa, bamameli ba ile ba raoha ’me ba qala ho opa liatla ba sa khaotse ka metsotso e seng mekae ho fihlela sebui se tsoela pele ka puo ea sona.

      Lintlha tse ling tsa sehlooho tsa kopano e ne e le lipuo tse neng li fanoa letsatsi le letsatsi ka Senyesemane ke litho tsa Sehlopha se Busang le litlaleho tse khutšoaane tse ileng tsa fanoa ke ba tlileng kopanong ba tsoang linaheng tse fapaneng. Lipuo tsena tsa Senyesemane li ne li fetoleloa ka nako e le ’ngoe ka lipuo tse ngata. Ka mohlala, Kiev, ka tse 16! Kahoo ka ho lula likarolong tse behetsoeng sehlopha sa puo e itseng, ba teng ba ne ba ka utloa karolo eo ea lenaneo ka puo ea bona.

      Ho ntse ho le joalo ntlha e ’ngoe ea sehlooho ea kopano e ne e le ho lokolloa ha bukana e ncha e lekanang le makasine Morero oa Bophelo ke Ofe? ka Serussia le Seukraine. Ho ile ha ananeloa ka ho khetheha ho lokolloa ha Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo ka Serussia, e sebelisetsoang ho hlomella Lipaki tsa Jehova ho fana ka linnete tsa Bibele ka tsela e molemo haholoanyane. Ho ile ha boela ha lokolloa Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ka Serussia, peho e ngotsoeng ka bokhutšoaane, le ka tatellano ea nako ea histori ea Bibele eo haholo-holo e ngoletsoeng bacha. Ho se ho hatisitsoe likopi tse fetang limilione tse 36 tsa buka ena ka lipuo tse fetang 80.

      Kannete kolobetso e khōlō ea barutuoa ba bacha e ne e le ntlha ea sehlooho ea kopano. Taba ea hore ba bangata ba ileng ba kolobetsoa e ne e le bacha e ile ea hlokomeloa. Sebokeng sa baqolotsi ba litaba Kiev, mongolli e mong oa koranta e bitsoang Osvita o ile a botsa: “Ho hlokomeleha hore kopanong ea lōna ho na le palo e khōlō ea bacha. Ba mosa, ba shebahala hantle, ’me ba itšoere hantle. Le khona seo joang? Na le na le leano le khethehileng bakeng sa bacha? Ke sebetsana le bacha, ’me nka thahasella haholo ho tseba.”

      Le hoja ho inehela ho Molimo ho tlameha ho thehoa tsebong, eseng maikutlong, kolobetso ka boeona e ntse e le ketsahalo e amang maikutlo, e amang pelo. Moscow letšoele le ile la ema ’me la opa liatla ho tloha nakong eo ba 1 489 ba neng ba kolobetsoa ba qala ho leba matamong a mararo a ho kolobetsoa ho fihlela bohle ba kolobelitsoe, ho fetang hora hamorao.

      Kiev, moo ho neng ho le teng ba fetang

      64 000, matamo a tšeletseng a ne a lokiselitsoe bakeng sa ho kolobetsa karolong e ’ngoe ea lebala la lipapali. Kaha ho ne ho e-na le bakolobetsi ba tšeletseng kapa ho feta letamong ka leng, ho ne ho kolobetsoa batho ba ka etsang phutheho e boholo bo lekaneng metsotso e meng le e meng e ’meli. Ho ntse ho le joalo, kolobetso e ile ea nka lihora tse fetang tse peli! Kopanong ea Machaba ea “Thato ea Molimo” New York ka 1958, ho ile ha kolobetsoa ba 7 136. Empa Kiev, Lipaki tsa Jehova tse sa tsoa khethoa bocha tse 7 402 tse tsoang Ukraine le lirephabliking tse ling tsa moo pele e neng e le Soviet Union li ile tsa etsa hore ena e be kolobetso ea Bokreste e khōlō ka ho fetisisa e tlalehong. Bana e ne e le batho ba buang Serussia ba tsoang libakeng tseo ho tsona Lipaki tsa Jehova li neng li thibetsoe ho tla fihlela haufinyane tjena, ’me ho ne ho le joalo ka mashome a lilemo!

      Ntlha ea sehlooho ea kopano Belgrade e ne e le boteng ba ba tsoang libakeng tse ranthantsoeng ke ntoa, tse lika-likelitsoeng ke sesole. E mong ea neng a sebetsa kopanong o ile a tlaleha: “Bana ba tlileng kopanong ba ile ba tsebahatsa liteboho tsa bona ka makhetlo a mangata bakeng sa tokelo eo ba e filoeng ea ho tla kopanong. Leha ho le joalo, re na le boikutlo ba hore ke khothatso ea sebele ho rōna bohle ba ileng ba khona ho kopana le bona le ho paka lerato le cheseho ea bona bakeng sa ’nete ea Bibele.”

      Likopanong tsa “Thuto ea Bomolimo” tse ngata, ho ile ha baloa lengolo le susumetsang le ngotsoeng mariheng a ho feta le tsoang Sarajevo. Mongoli o ile a re: “Tekanyo ea mohatsela e ka ba likhato tse 5 Fahrenheit [likhato tse -15 Celsius]. Ke na le mosali oa ka le bara ba ka ba babeli ’me ha re na motlakase le patsi e lekaneng . . . Ho utloahala molumo oa lithunya le liqhomane. Empa lipelong tsa rōna re khutsitse ’me re futhumetse ka lebaka la ’nete le ka lebaka la kamano ea rōna e ntle le Jehova. . . . Re kōpa hore le tsoele pele ho re rapella ho Jehova hore a re thuse ho phehella le ho mamella mahlomola ana ’ohle, re tiile tumelong. Rea le rapella!”

      Phapang e Hokae?

      Ha li bapisoa le ho hloka bonngoe ho bonahalang bolumeling ba lefatše, Lipaki li ema li fapane ka ho totobetseng. Empa ha e le hantle, li ka etsa phapang efe? Mabapi le kopano ea Lipaki lilemong tsa ho feta, sehlooho se seng se ile sa bolela: “Ho lekane ho bolela hore haeba lefatše lohle le ne le phela ka litekanyetso tsa [Bibele tsa] Lipaki tsa Jehova ho ne ho tla fela tšollo ea mali le lehloeo, ’me lerato le ne le tla rena joaloka morena.”

      Ho ntse ho le joalo, boholo ba moloko oa batho ha bo e-s’o ka bo latela thuto ea bomolimo. Lekholong la pele la lilemo, ba ne ba bile ba hana ho mamela Mora oa Molimo, Jesu Kreste. Kahoo na ho lebella hore ka letsatsi le leng re tla bona ho ba le bonngoe lefatšeng ke ho lebella ho hongata? Ntho e joalo e ka etsahala joang?

      [Lebokose le leqepheng la 22]

      LIKOPANO TSA EUROPE BOCHABELA LE ASIA

      Naha Tlhōrō ea ba Ba Kolo-

      Bileng Teng belitsoeng

      Albania (kopano e le ’ngoe) 598 39

      Bulgaria (kopano e le ’ngoe) 704 45

      Czech Republic (likopano tse peli) 20 025 620

      Moo pele e neng e le Soviet Union

      Estonia (likopano tse peli) 4 732 383

      Russia (likopano tse tharo) 32 582 2 454

      Ukraine (likopano tse peli) 69 333 7 797

      Kyrgyzstan (kopano e le ’ngoe) 5 678 604

      Moo pele e neng e le Yugoslavia

      Croatia (kopano e le ’ngoe) 5 003 157

      Macedonia (kopano e le ’ngoe) 642 27

      Serbia (kopano e le ’ngoe) 3 241 174

      Slovenia (kopano e le ’ngoe) 1 961 69

      Hungary (likopano tse hlano) 22 191 798

      Poland (likopano tse 13) 152 371 4 352

      Romania (likopano tse robong) 36 615 2 375

      Slovakia (likopano tse peli) 13 215 473

      KAKARETSO: 368 891 20 367

      [Setšoantšo se leqepheng la 23]

      Ba fetang 64 000 ba ile ba kopana Republican Stadium, Kiev

      [Setšoantšo se leqepheng la 23]

      Lira tsa Ntoa ea II ea Lefatše tse tsoang Jeremane le Ukraine li ile tsa kenngoa bonngoeng ke ’nete ea Bibele

      [Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]

      Barapeli ba nang le bonngoe ba fetang 23 000 Locomotive Stadium, Moscow

      Ho ile ha kolobetsoa ba 7 402 Kiev, le ba 1 489 Moscow

      Ba tlileng kopanong ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba tla le lijo tse ngata bakeng sa ba hlokang

      Ka holimo le bohareng: Lihlopha tse ngata tsa merabe li ile tsa kopana ka bonngoe bo nang le khotso

      Ka tlaase: Ho paka Red Square

      [Litšoantšo tse leqepheng la 26]

      Ba tlileng kopanong ba ile ba thabela ho amohela buka ea “Lipale tsa Bibele,” “Buka ea Tataiso ea Sekolo,” le bukana e lekanang le makasine e ncha ka puo ea bona

  • Kamoo Lefatše le Tla ba bonngoeng
    Tsoha!—1994 | January 8
    • Kamoo Lefatše le Tla ba bonngoeng

      BOITEKO ba batho ba ho ipusa ka katleho bo hlōlehile ka ho feletseng. Ntle le pelaelo u tla lumellana le tekanyetso e bululetsoeng: ‘Batho ba rena holim’a ba bang ho ba etsa hampe.’ (Moeklesia 8:9) Ke hobane’ng ha batho ba hlōlehile ka tsela e soabisang hakaale ho ipusa?

      Bibele e fana ka lebaka, ha e hlalosa: “Motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Che, hase boikhethelo ba motho, kapa tokelo, ho ipusa kapa ho busa batho ba bang. Ke tokelo e khethehileng ea Jehova Molimo, ’Mōpi oa rōna, eo ka eena re bolelloang sena: “Jehova ke moahloli oa rōna, Jehova ke molaoli oa rōna, Jehova ke Morena oa rōna.”—Esaia 33:22.

      Ke feela ha batho bohle ba amohela Jehova Molimo e le ’Musi lefatše le ka bang le bonngoe. Empa na seo se tla ke se etsahale? Khale moprofeta oa Molimo o ile a bua ka ‘mehla ea bofelo,’ ha batho ba bangata ba ne ba tla qala ho batla taeo ho Jehova.

      Khotso ea Lefatše ka Bophara e Boletsoeng Esale Pele

      Moprofeta Esaia o ile a ngola: “Ho tla etsahala mehleng ea bofelo,” hore “ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba . . . ’me lichaba kaofela li tla phallela teng. Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona.” Ha re bala ho ea pele, re bona phello ea ho batla taeo ho Jehova. Boprofeta bo tsoela pele: “Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”—Esaia 2:2-4.

      E, phello ea ho mamela thuto ena ea bomolimo e tla ba hore ha ho sa tla ba le ho loana, ha ho sa tla ba le pefo ea merabe, ha ho sa tla ba le ntoa. Babusi ba batho ba ne ba nahana hore ba ka phethahatsa boprofeta bona ba Bibele ’me ba bile ba ngola karolo ea ho qetela ea bona leboteng la Moaho oa Machaba a Kopaneng o Motseng oa New York. Empa leha ho le joalo, ntoa le lehloeo har’a lihlopha tsa bochaba le merabe li eketsehile ho tla fihlela bofelong ba 1993. Kahoo na u ka re boprofeta ba Molimo bo hlōlehile?

      Che, ha boa hlōleha—hobane batho ba merabe eohle hona joale ba phallela ntlong ea Jehova ho ea amohela thuto ea bomolimo. Ka sebele, Likopano tsa “Thuto ea Bomolimo” tsa Lipaki tsa Jehova tsa 1993-94 e bile bopaki bo boholo hakaakang ba phethahatso ea boprofeta boo! Boena ba lefatše lohle ba Lipaki tsa Jehova ha bo lumelle letho—ebang ke morabe, bochaba, kapa semelo sa mofuta oa morabe—ho etsa hore li hloeane kapa li bolaeane. Ka tšoantšetso li teile liphehla tsa tsona tsa ntoa mehoma ’me li teile marumo a tsona lisekele.

      Motho e mong a ka ’na a hanyetsa: ‘Empa, le ke ke la lebella hore motho e mong le e mong a mamele taeo ea Molimo ea ho ratana.’ Le hoja sena e le ’nete, Molimo o na le matla a ho felisa bahanyetsi bohle ba thato ea hae ea bomolimo.

      Seo Molimo a Tla se Etsa

      Na u rapela joalokaha Jesu a ile a ruta balateli ba hae, tjee: “Ntate oa rōna ea leholimong, lebitso la hao le Halaletsoe. ’Muso oa hao o tle. Thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalokaha e etsoa leholimong”? (Mattheu 6:9, 10, King James Version) Haeba u etsa joalo, u ka kholiseha hore Ntate oa rōna oa leholimo ea lerato o tla araba thapelo eo. O tla etsa joalo joang?

      Molimo o se a ntse a khethile Mor’a hae, “Khosana ea Khotso,” e le ’musi ea khethiloeng oa “’muso” oa hae, ’Muso oo re ileng ra rutoa ho o rapella. (Esaia 9:6, KJ) Re hloka ’musi ea joalo oa moea ea phahametseng batho, hobane ke eena feela ea ka tlosang tšusumetso e khopo ea Satane le bademona ba hae molokong oa batho. Babusi ba batho, ho sa tsotelehe hore na ba na le sepheo se setle hakae, ba ke ke ba etsa seo.—1 Johanne 3:8; Tšenolo 12:7-12.

      Empa, ho tla etsahala joang ka mebuso ea kajeno e hlōlehang ho ikokobeletsa puso ea bomolimo? Boprofeta bo bong ba Bibele bo hlalosang ’Muso oo Jesu a ileng a re ruta ho o rapella bo re: “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae . . . [’Muso oa Molimo oa leholimo] o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” Kahoo, ho rapella ’Muso oa Molimo hore o tle ho bolela hore re rapella ’muso o le mong oa lefatše ka bophara tlas’a puso ea “Morena oa khotso.”—Daniele 2:44; Esaia 9:6.

      Joale, ha lelapa la batho le le bonngoeng ka khotso tlas’a ’Muso oa Molimo, bohle ba tla ratana ho sa tsotelehe morabe kapa semelo sa morabe. Eo e tla ba nako e hlollang hakaakang! (Tšenolo 21:3, 4) Re u mema hore u thabele tatso ea pele boemo boo ba khotso bo e-tla esale joale har’a Lipaki tsa Jehova ’me ebe u lebella le tsona nako eo lefatše lohle le tla ba

      bonngoeng ka khotso.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela