Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ha ho Letho le Molemo ho Feta ’Nete
    Molula-Qhooa—1998 | January 1
    • Ha ho Letho le Molemo ho Feta ’Nete

      Joalokaha ho Boletse G. N. Van Der Bijl

      Ka June 1941, ke ile ka neheloa sepoleseng sa Gestapo ’me ka isoa kampong ea mahloriso ea Sachsenhausen e pel’a Berlin, Jeremane. Nomoro ea ka ea botšoaruoa e le 38190, ke ile ka lula sebakeng seo ho fihlela nakong ea leeto la lefu le tummeng hampe ka April 1945. Empa pele ke hlalosa liketsahalo tseo, a nke ke hlalose hore na ho tlile joang hore ke be motšoaruoa.

      KE HLAHETSE Rotterdam, Netherlands, ha Ntoa ea I ea Lefatše e qala, ka 1914. Ntate o ne a sebetsa relooeng, ’me folete ea rōna e nyenyane e ne e le pel’a seporo. Ho ella qetellong ea ntoa ka 1918, ke ne ke bona literene tse ngata tseo ho thoeng ke liambulense li feta ka lebelo pel’a folete ea rōna. Ha ho pelaelo hore li ne li tletse masole a lemetseng a neng a isoa hae a tsoa lebaleng la ntoa.

      Ha ke le lilemo li 12, ke ile ka tsoa sekolong ho ea batla mosebetsi. Lilemo tse robeli hamorao, ke ile ka etsa mosebetsi oa ho aba lijo ka sekepeng sa baeti, ’me ka lilemo tse ’nè tse latelang, ke ne ke tsamaea ka sekepe lipakeng tsa Netherlands le United States.

      Ha re ntse re emisitse boema-kepeng ba New York lehlabuleng la 1939, ntoa e ’ngoe ea lefatše e ile ea sokela. Ka hona, ha monna e mong a palama sekepe sa rōna ’me a mpha buka ea Government, e neng e bua ka ’muso o lokileng, ke ile ka e amohela ka thabo. Ha ke khutlela Rotterdam, ke ile ka qala ho batla mosebetsi teng, kaha ho ne ho bonahala hore bophelo ba leoatleng bo ne bo se bo sa sireletseha. Ka la 1 September, Jeremane e ile ea hlasela Poland ’me lichaba li ile tsa qoela Ntoeng ea II ea Lefatše.

      Ho Ithuta ’Nete ea Bibele

      Hoseng ho hong ha Sontaha ka March 1940, ke ne ke etetse moholoane oa ka ea seng a nyetse ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a letsa tšepe ea monyako. Ke ile ka mo bolella hore ke se ke ntse ke e-na le buka ea Government ’me ka mo botsa ka litaba tse mabapi le leholimo le hore na ke bo-mang ba eang teng. Ke ile ka fumana karabo e hlakileng le e utloahalang hoo ke ileng ka ipolella, ‘Ena ke ’nete.’ Ke ile ka mo fa aterese ea ka ’me ka mo memela ho nketela ha ka.

      Ka mor’a maeto a mararo feela, ao nakong ea ’ona re bileng le puisano e batsi ea Bibele, ke ile ka qala ho tsamaea le Paki ena mosebetsing oa ho bolela ka ntlo le ntlo. Ha re fihla tšimong, e ile ea mpontša moo ke lokelang ho qala teng, ’me ke ne ke le mong. Ke tsela eo ka eona ba bangata ba bacha ba neng ba qalisa mosebetsing oa boboleli mehleng eo. Ke ile ka lemosoa hore, e le hore ke se ke ka bonoa seterateng, ke lokela hore ka linako tsohle ke be ka har’a mathule ha ke nehelana ka lingoliloeng. Ho ne ho hlokahala hore motho a be hlokolosi mehleng eo ea pele ea ntoa.

      Libeke tse tharo hamorao, ka la 10 May, 1940, lebotho la ntoa la Jeremane le ile la hlasela Netherlands, ’me ka la 29 May, mokomishinara oa Reich, Seyss-Inquart o ile a bolela hore mokhatlo o hlophisitsoeng oa Lipaki tsa Jehova o thibetsoe. Re ne re kopana ka lihlopha tse nyenyane feela, ’me re ne re le hlokolosi hore re boloka libaka tsa rōna tsa liboka e le lekunutu. Se neng se re matlafatsa ka ho khetheha e ne e le maeto a balebeli ba tsamaeang.

      Ke ne ke tsuba haholo, ’me ha ke neha Paki e neng e ithuta le ’na sakerete ’me ke fumana hore ha e tsube, ke ile ka re: “Le ka mohla nke ke ka tlohela ho tsuba!” Leha ho le joalo, kapele ka mor’a moo ha ke ntse ke theosa le seterata, ke ile ka nahana, ‘Haeba ke tla ba Paki, ke batla ho ba Paki ea sebele.’ Ka hona, ha kea ka ka hlola ke tsuba.

      Ho Emela ’Nete

      Ka June 1940, likhoeli tse ka tlaase ho tse tharo ka mor’a hore ke kopane le Paki ha moholoane oa ka, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ’me ka kolobetsoa. Likhoeli tse seng kae hamorao, ka October 1940, ke ile ka kenela tšebeletso ea nako e tletseng ke le pula-maliboho. Ka nako eo, ke ile ka fuoa se neng se bitsoa baki ea bopula-maliboho. E ne e e-na le lipokotho tse ngata tsa libuka le libukana, ’me e ne e aparoa ka har’a jase.

      Ha e le hantle, ho tloha qalong ea taolo ea Majeremane, Lipaki tsa Jehova li ile tsa tsongoa ka ho feletseng ’me tsa tšoaroa. Hoseng ho hong ka February 1941, ke ne ke le tšebeletsong ea tšimo le Lipaki tse ling tse seng kae. Ha li ntse li etela batho ka lehlakoreng le leng la mokoloko oa matlo, ke ile ka sebetsa ka lehlakoreng le leng la mokoloko ona hore ke tle ke kopane le tsona. Ka mor’a nako e itseng, ke ile ka ea ho tsona e le hore ke bone hore na li liehisoa ke’ng ’me ka kopana le monna ea ileng a botsa, “Na le uena u na le buka leha e le efe ea tsee tse nyenyane?”

      Ke ile ka araba: “E.” Ha ke rialo, o ile a ntšoara ’me a nkisa sepoleseng. Ke ile ka ba litlamong ka likhoeli tse ka bang ’nè. Liofisiri tse ngata li ne li le botsoalle. Hafeela motho a ne a sa neheloa sepoleseng sa Gestapo, o ne a ka lokolloa feela ka ho tekena polelo e ngotsoeng ea hore a ke ke a hlola a aba lingoliloeng tsa Bibele. Ha ke ne ke laeloa ho tekenela polelo e joalo, ke ile ka araba: “Esita leha u ka mpha bokholokhotho ba chelete, nke ke ka tekena.”

      Ka mor’a ho tšoaroa haleletsana, ke ile ka neheloa sepoleseng sa Gestapo. Joale ke ile ka isoa kampong ea mahloriso ea Sachsenhausen, Jeremane.

      Bophelo ba Sachsenhausen

      Ha ke fihla ka June 1941, ho ne ho se ho e-na le Lipaki tse 150—bongata e le Majeremane—Sachsenhausen. Rōna batšoaruoa ba bacha re ile ra isoa karolong ea kampo e bitsoang Boinotšing. Ha re le moo, barab’abo rōna ba Bakreste ba ile ba re hlokomela ’me ba re lokisetsa seo re lokelang ho se lebella. Ka mor’a beke Lipaki tse ling li ile tsa fihla li e-tsoa Netherlands. Pele, re ile ra laeloa hore re eme nģa e le ’ngoe ka pel’a liahelo tsa sesole ho tloha ka hora ea bosupa hoseng ho fihlela ka hora ea botšelela mantsiboea. Ka linako tse ling batšoaruoa ba ne ba tlameha ho etsa seo letsatsi le leng le le leng ka nako e etsang beke kapa ho feta.

      Ho sa tsotellehe tšoaro e mpe, barab’abo rōna ba ile ba hlokomela tlhoko e potlakileng ea ho lula ba hlophisehile le ho fumana lijo tsa moea. Letsatsi le leng le le leng ho ne ho e-ba le ea fuoang kabelo ea ho lokisetsa lintlha tsa temana ea Bibele e itseng. Hamorao, jareteng eo ho bokanoang ho eona, Lipaki li ne li e-tla ho eena ka bomong ’me li mamela seo a se lokiselitseng. Ka tsela ena kapa eane, kamehla lingoliloeng li ne li kenngoa kampong ka sekhukhu, ’me ha e le hantle re ne re bokana Sontaha se seng le se seng ’me re ithuta lingoliloeng tsena tsa Bibele hammoho.

      Ka tsela e itseng, kopi ea buka Children, e neng e ile ea lokolloa kopanong ea St. Louis, United States lehlabuleng la 1941, e ile ea kenngoa ka sekhukhu Sachsenhausen. Ho fokotsa menyetla ea kotsi ea hore buka ena e fumanoe le ho senngoa, re ile ra e ntša maqephe, ’me a abeloa barab’abo rōna e le hore e mong le e mong a ka ba le monyetla oa ho e bala.

      Ka mor’a nakoana, baokameli ba kampo ena ba ile ba fumana hore re tšoara liboka. Ka hona, Lipaki li ile tsa aroloa ’me tsa isoa liahelong tsa sesole tse sa tšoaneng. Sena se ile sa re neha monyetla o motle haholo oa ho bolella batšoaruoa ba bang, ’me phello e bile hore batho ba bangata ba Poland, Ukraine le ba bang ba amohele ’nete.

      Manazi ha aa ka a pata morero oa ’ona oa ho bolaea kapa ho senya botšepehi ba Bibelforscher, e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa kateng. Ka lebaka leo, re ile ra behoa tlas’a khatello e boima. Re ile ra bolelloa hore re ne re ka lokolloa haeba re ne re ka tekenela polelo e latolang tumelo ea rōna. Barab’abo rōna ba bang ba ile ba qala ho beha mabaka, “Ha ke lokolohile, nka etsa ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova.” Le hoja ba seng bakae ba ile ba tekena, barab’abo rōna ba bangata ba ile ba lula ba tšepahala ho sa tsotellehe ho hloka, tlotlollo le tšoaro e mpe. Ha rea ka ra hlola re utloa letho ka ba bang ba ileng ba sekisetsa. Leha ho le joalo, hoa thabisa hore ebe ba bang ba ile ba hlaphoheloa hamorao, ’me e sa ntse e le Lipaki tse mafolofolo.

      Kamehla re ne re qobelloa ho shebella ha batšoaruoa ba otloa ka sehlōhō, joaloka ho otloa ka thupa ka makhetlo a 25. Ka lekhetlo le leng, re ile ra qobelloa ho shebella ha banna ba bane ba bolaoa ka ho fanyehoa. Liphihlelo tseo li na le tšusumetso ea sebele ho motho. Mor’abo rōna e mong, e molelele, monna ea bohehang ea neng a lula liahelong tsa sesole tseo ke neng ke le ho tsona, o ile a re ho ’na: “Pele ke e-tla mona, ke ne ke akheha hang ha ke bona mali. Empa hona joale ke tiile pelo.” Ho ntse ho le joalo, le hoja ho ka etsahala hore ebe re ne re tiile lipelo, ha rea ka ra fetoha ba hlokang kutloelo-bohloko. Ha e le hantle, le ka mohla ha kea ka ka hlonamela bahlorisi ba rōna kapa ho ba hloea.

      Ka mor’a ho sebetsa le kommando (sehlopha sa basebetsi) ka nako e itseng, ke ile ka kena sepetlele ka lebaka la feberu e matla. Ngaka e mosa ea Norway le mooki oa Czechoslovakia ba ile ba nthusa, ’me e ka ’na eaba mosa oa bona o pholositse bophelo ba ka.

      Leeto la Lefu

      Ka April 1945, ho ne ho hlakile hore Jeremane e ne e hlōloa ke ntoa. Masole a linaha tsa selekane tse ka bophirimela a ne a atamela ka potlako a hlaha ka bophirimela, ’me Masoviet, a hlaha ka bochabela. Ho ne ho ke ke ha etsahala hore Manazi a bolaee ba likete tse makholo ba likampong tsa mahloriso le ho epela litopo tsa bona ka matsatsi a seng makae a sa siee mohlala leha e le ofe. Ka hona a ile a etsa qeto ea ho bolaea ba kulang le ho isa batšoaruoa ba setseng boema-kepeng bo haufi-ufi. A ne a rerile hore sebakeng seo, a tla ba laela likepeng ’me a tebise likepe tseo leoatleng.

      Leeto la batšoaruoa ba ka bang 26 000 ho tloha Sachsenhausen le ile la qala bosiung ba la 20 April. Pele re tloha kampong eo, barab’abo rōna ba kulang ba ile ba pholosoa sebakeng sa kokelo. Ho ile ha fumanoa kariki eo ba neng ba ka tsamaea ka eona. Kaofela re ne re le 230 re e-tsoa linaheng tse tšeletseng tse fapaneng. Mor’abo rōna Arthur Winkler, ea ileng a tlatsetsa haholo katolosong ea mosebetsi Netherlands, o ne a le har’a ba kulang. Rōna Lipaki re ne re le ba ho qetela mokolokong oa leeto lena, ’me re ne re sa khaotse ho khothatsana hore re ’ne re tsamaee.

      Qalong, re ile ra tsamaea lihora tse 36 re sa phomole. Ke ile ka khaleha ke ntse ke tsamaea ka lebaka la ho sareloa ka ho feletseng le ho khathala. Empa ho salla morao kapa ho phomola ho ne ho sa khonehe hobane motho o ne a ipeha kotsing ea hore balebeli ba mo thunye. Bosiu re ne re robala naheng kapa merung. Lijo li ne li fokola kapa li le sieo. Ha bohloko ba tlala bo se bo iphile matla, ke ile ka nyeka sesepa sa meno seo Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu oa Sweden o neng o re file sona.

      Ka nako e ’ngoe, ka lebaka la ho ferekana ha balebeli ba Majeremane mabapi le hore na masole a Marussia le a United States a hokae, re ile ra emisa morung ka matsatsi a mane. Ena e ne e le tataiso ea bomolimo hobane, phello e bile hore re se ke ra hlola re fihla Lübeck Bay ka nako e loketseng hore re palame likepe tseo ho neng ho lebeletsoe hore li tla re isa lebitleng la rōna la leoatle. Qetellong, ka mor’a matsatsi a 12 le leeto la lik’hilomithara tse ka bang 200, re ile ra fihla Crivitz Wood. Sebaka sena se ne se le haufi le Schwerin, motse o bohōle ba lik’hilomithara tse 50 ho tloha Lübeck.

      Masoviet a ne a le ka letsohong la rōna le letona, ’me Maamerika a le ka ho le letšehali. Ka lebaka la ho luma ha lithunya tse khōlō le ho thunya ho sa khaotseng, re ile ra tseba hore re pel’a lebala la ntoa. Balebeli ba Majeremane ba ile ba tšoha haholo; ba bang ba ile ba baleha, ’me ba bang ba ile ba hlobola lijunifomo tsa bona tsa sesole ’me ba apara liaparo tsa batšoaruoa tseo ba neng ba li hlobolisitse ba shoeleng, ka tšepo ea hore ba ke ke ba hlokomeloa. Har’a pherekano ena, rōna Lipaki re ile ra bokana bakeng sa ho rapella tataiso.

      Barab’abo rōna ba neng ba re etella pele ba ile ba etsa qeto ea hore re lokela ho tloha hoseng-seng ha letsatsi le latelang ’me re ee nģeng ea masole a United States. Le hoja hoo e ka bang halofo ea batšoaruoa ba neng ba qalile leeto lena la lefu ba ile ba shoa kapa ba bolaoa tseleng, Lipaki tsohle li ile tsa pholoha.

      Lesole le leng la Canada le ile la mpalamisa koloing ho ea motseng oa Nijmegen, moo khaitseli ea ka e kileng ea lula teng. Empa ha ke fihla sebakeng seo, ke ile ka fumana hore e ne e se e faletse. Ka hona ka qala leeto la ho ea Rotterdam. Ka lehlohonolo, ha ke le tseleng motho e mong o ile a mpalamisa koloing ea hae e ileng ea nkisa ka ho toba moo ke neng ke ea teng.

      ’Nete e ’Nile ea E-ba Bophelo ba Ka

      Hona mohla ke fihlang Rotterdam, ke ile ka boela ka etsa kōpo ea mosebetsi oa bopula-maliboho. Libeke tse tharo hamorao ke ne ke le kabelong ea ka motseng oa Zutphen, moo ke ileng ka sebeletsa teng selemo le halofo. Nakong eo, ke ile ka boela ka ba matla ’meleng. Eaba ke khetheloa ho ba molebeli oa potoloho, e leng kamoo basebeletsi ba tsamaeang ba bitsoang kateng. Likhoeli tse seng kae hamorao, ke ile ka memeloa Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se South Lansing, New York. Ka mor’a hore ke fumane lengolo sehlopheng sa bo12 sa sekolo seo ka February 1949, ke ile ka fuoa kabelo ea ho ea Belgium.

      Ke sebelelitse likarolong tse sa tšoaneng tsa tšebeletso Belgium, ho akarelletsa le lilemo tse robeli ke le ofising ea lekala le mashome a lilemo mosebetsing oa ho tsamaea ke le molebeli oa potoloho le oa setereke. Ka 1958, ke ile ka nyala Justine, eo e bileng molekane oa ka mosebetsing oa ho tsamaea. Hona joale, lilemong tsa ka tsa botsofali, ke sa ntse ke e-na le thabo ea ho khona ho sebeletsa ka tsela e lekanyelitsoeng ke le molebeli ea tsamaeang ea tšoarang molepo.

      Ha ke hetla morao tšebeletsong ea ka, ka sebele nka re: “Ha ho letho le molemo ho feta ’nete.” Ke ’nete hore hase kamehla ho bileng bonolo. Ke fumane hore ho hlokahala hore ke ithute ka liphoso tsa ka le mefokolo. Ka hona, ha ke bua le bacha ke atisa ho ba bolella: “Le lōna le tla etsa liphoso ’me mohlomong le be le sitoe ka ho tebileng, empa le se ke la qala leshano ka tsona. Buisanang le batsoali ba lōna ka taba eo kapa le moholo ea itseng, ebe le etsa liphetoho tse hlokahalang.”

      Lilemong tse ka bang 50 ke le tšebeletsong ea nako e tletseng Belgium, ke bile le tokelo ea ho bona bao nkileng ka ba tseba e sa le bana ba sebeletsa e le baholo le balebeli ba potoloho. ’Me ke bone baboleli ba ’Muso ba ka bang 1700 naheng ena ba eketseha ba e-ba ka holimo ho 27-000.

      Kea botsa, “Na ho ne ho ka ba le tsela e thabisang ea ho phela ho feta ho sebeletsa Jehova?” Le ka mohla ha e e-s’o be teng, hona joale ha e eo, ’me ha e sa tla hlola e e-ba teng. Ke rapela hore Jehova a tsoele pele ho ntataisa le ho ntlhohonolofatsa le mosali oa ka e le hore re ka tsoela pele ho mo sebeletsa ka ho sa feleng.

      [Setšoantšo se leqepheng la 26]

      ’Na le mosali oa ka nakoana ka mor’a hore re nyalane ka 1958

  • “Le Etse Batho ba Lichaba Tsohle Barutuoa”
    Molula-Qhooa—1998 | January 1
    • “Le Etse Batho ba Lichaba Tsohle Barutuoa”

      “KA HONA e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetsa ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.” Ke kamoo Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e fetoletseng taelo ea Jesu e ho Matheu 28:19. Leha ho le joalo, phetolelo ena e ’nile ea tšoauoa phoso. Ka mohlala, pampitšana e ’ngoe ea bolumeli e re: “Phetolelo feela e amoheloang ke taba e ngotsoeng ea Segerike ke e reng: ‘Le etse lichaba tsohle barutuoa!’” Na see ke ’nete?

      Phetolelo ena e reng, “Le etse lichaba tsohle barutuoa,” e hlaha liphetolelong tse ngata tsa Bibele ’me ke phetolelo ea lentsoe ka lentsoe ea Segerike. Kahoo, phetolelo e reng, “Le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetsa,” e entsoe motheong ofe? Oa moelelo oa taba e potolohileng. Ka ho hlakileng, polelo e reng “le ba kolobetsa,” e bolela batho ka bomong, eseng lichaba. Hans Bruns, seithuti sa Lejeremane, o re: “[Lentsoe] ‘ba’ ha le bolele lichaba (Segerike se fana ka phapang e hlakileng), empa le bolela batho ba lichabeng tseo.”

      Ho feta moo, ho lokela ho nahanoe ka tsela eo taelo ea Jesu e ileng ea phethoa ka eona. Re bala tjena ka tšebeletso ea Pauluse le Barnabase ha ba ne ba le Derbe, motseng o Asia Minor: “Ka mor’a ho bolella motse oo litaba tse molemo le ho etsa barutuoa ba bangata, ba khutlela Lystra le Ikoniamo le Antioke.” (Liketso 14:21) Hlokomela hore Pauluse le Barnabase ba ile ba etsa batho ba bang ba Derbe barutuoa, eseng motse oa Derbe.

      Ka tsela e tšoanang, buka ea Tšenolo ha e bua ka mehla ea bofelo ha ea ka ea re lichaba tsohle li tla sebeletsa Molimo, empa e itse “bongata bo boholo . . . bo tsoa[ng] lichabeng tsohle le melokong eohle le lihlopheng tsohle tsa batho le malemeng ’ohle” bo tla etsa joalo. (Tšenolo 7:9) Kahoo, New World Translation e ipakile e le phetolelo e ka tšeptjoang ea ‘Lengolo lohle le bululetsoeng ke Molimo.’—2 Timothea 3:16.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela