Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 3/15 maq. 28-30
  • Theofilase oa Antioke e ne e le Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Theofilase oa Antioke e ne e le Mang?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Histori ea Botho
  • Ho Talima Libukeng Tsa Hae
  • Bopaki ba Bohlokoa
  • Luka—Mosebetsi-’moho ea Ratehang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • “Le Tla ba Lipaki Tsa Ka”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Mahloriso a Hlahisa Khōlo Antioke
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Na U sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 3/15 maq. 28-30

Theofilase oa Antioke e ne e le Mang?

“U MPITSA Mokreste, joalokaha eka ho jara lebitso lena ho tlisa thohako, ’na, ka lehlakoreng la ka, ke lumela hore ke Mokreste, ’me ke nka lebitso lena e le le ratehang ho Molimo, ke tšepile ho sebeletsa Molimo.”

Ke tsela eo Theofilase a kenyeletsang buka ea hae e likhaolo li tharo e nang le sehlooho Theophilus to Autolycus. Ke qaleho ea boitšireletso ba hae khahlanong le bokoenehi ba lekholong la bobeli la lilemo. Theofilase o ile a itsebahatsa ka sebete e le molateli oa Kreste. Ho bonahala a ne a ikemiselitse ho tsamaisa litaba tsa hae ka tsela ea hore e be ea “ratehang ho Molimo,” tumellanong le moelelo oa lebitso la hae ka puo ea Segerike. Feela Theofilase e ne e le mang? O phetse neng? Hona o ile a finyella eng?

Histori ea Botho

Ho tsejoa ho honyenyane ka histori ea botho ea Theofilase. O ile a hōlisoa ke batsoali bao e seng Bakreste. Hamorao Theofilase o ile a sokolohela Bokresteng empa feela e le ka mor’a ho ithuta Mangolo ka hloko. E ile ea e-ba mobishopo phuthehong ea Antioke ea Syria, eo kajeno e tsebahalang e le ea Antakya, e Turkey.

Tumellanong le taelo ea Jesu, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba bolela har’a baahi ba Antioke. Luka o ile a tlaleha katleho ea bona, a re: “Letsoho la Jehova le ne le e-na le bona, ’me palo e khōlō e ileng ea fetoha balumeli ea retelehela ho Morena.” (Liketso 11:20, 21) Ka tataiso ea bomolimo, balateli ba Jesu Kreste ba ile ba tsebahala e le Bakreste. Lebitso lena le ile la qala ho sebelisoa Antioke ea Syria. (Liketso 11:26) Lekholong la pele la lilemo C.E., moapostola Pauluse o ile a etela Antioke ea Syria, ’me e ile ea e-ba setsi sa hae sa tšebeletso. Barnabase le Pauluse, ba tsamaea le Johanne Mareka, ba ile ba kena leetong la bona la pele la boromuoa ba le Antioke.

Bakreste ba pele ba Antioke e tlameha ebe ba ’nile ba khothatsoa haholo ke maeto a baapostola motseng oa bona. Ho arabela ha bona ka mafolo-folo ’neteng ea Lentsoe la Molimo, ntle ho pelaelo e ne e bile ka lebaka la maeto a matlafatsang tumelo a baemeli ba sehlopha se busang ba lekholong la pele la lilemo. (Liketso 11:22, 23) E tlameha ebe e bile ho khothatsang hakaakang ho bona baahi ba bangata hakaalo ba Antioke ba nehela bophelo ba bona ho Jehova Molimo! Leha ho le joalo, Theofilase o ile a phela Antioke lilemo tse fetang 100 hamorao.

Rahistori Eusebius o bolela hore Theofilase e ile ea e-ba mobishopo oa botšelela oa Antioke, ha a bala ho tloha nakong ea baapostola ba Kreste. Theofilase o ile a ngola lipuisano tse ngata tsa molomo le bopaki bo khahlanong le bokhelohi. O akarelletsoa har’a Bakreste ba ka bang 12 kapa ho feta ba ileng ba loanela tumelo mehleng ea hae.

Ho Talima Libukeng Tsa Hae

Ha a arabela puisano ea pejana, Theofilase o ngolla Autolycus oa mohetene ka mantsoe ana a qalang: “Leleme le phollatsi le polelo ea bokheleke li fana ka monyaka ’me thoriso e joalo ea lefeela e thabisa, batho ba sōtō ba bolileng likelellong.” Theofilase oa hlalosa, o re: “Morati oa ’nete ha a mamele lipolelo tse khabisitsoeng, empa o hlahlobisisa bonnete ba taba . . . U ntlhasela ka mantsoe a lefeela, boithorisong ba hao ka melimo ea lehong le ea lejoe, e betliloeng le e tšollotsoeng, e sa boneng leha e le ho utloa, hobane e le litšoantšo le mosebetsi oa matsoho a batho.”—Bapisa le Pesaleme ea 115:4-8.

Theofilase o pepesa ho fosahala ha borapeli ba litšoantšo. Ka tloaelo ea hae ha a ngola o leka ho hlalosa boleng ba Molimo oa ’nete ka ho hlaka, le hoja e le ka mokhoa o tlōlisang. Oa qaqisa: “Sebōpeho sa Molimo se ke ke sa hlalosoa, ’me se ke ke sa bonoa ka mahlo a nama. Hobane ka khanya A ke ke a hlalosoa, ka boholo a ke ke a lekanngoa, ka bophahamo a ke ke a utloisisoa, ka matla a ke ke a bapisoa, ka bohlale a ke ke a tsekisoa, ka molemo a ke ke a etsisoa, ka mosa a ke ke a boleloa.”

Ha a phaella tlhalosong ena ea Molimo, Theofilase o tsoela pele: “Empa ke Morena, hobane O rena holim’a bokahohle; ke Ntate, hobane o bile pele ho lintho tsohle; ke Moqapi le Moetsi, hobane ke Eena ’mōpi le moetsi oa bokahohleng; ke Ea Phahameng ka ho Fetisisa, hobane O ka holimo ho tsohle; ’me ke Ea Matla ’Ohle, hobane Ka Boeena oa rena ’me o busa tsohle.”

Ka mor’a moo, o lebisa tlhokomelo e khethehileng linthong tseo Molimo a li finyeletseng, Theofilase o tsoela pele ka mokhoa oa hae o tloaelehileng oa ho hlakisa le oo ka mokhoa o itseng o pheta-phetang, o re: “Hobane maholimo ke mosebetsi oa Hae, lefatše ke pōpo ea Hae, leoatle ke mosebetsi oa liatla tsa Hae; motho ke sebōpuoa sa Hae le setšoantšo sa Hae; letsatsi, khoeli le linaleli ke pōpo ea Hae, li fana ka pontšo, le linako, le matsatsi, le lilemo, e le hore li ka sebeletsa ’me e be makhoba ho motho; ’me lintho tsohle Molimo o li entse ka lintho tse neng li le sieo e le hore ka tsona mesebetsi ea Hae le boholo ba Hae li tsebahale ’me li utloisisoe.”

Mohlala o tsoelang pele oa tlhaselo ea Theofilase ho melimo ea bohata ea mehleng ea hae o bonahala mantsoeng a hae a latelang ho Autolycus: “Mabitso a bao le reng lea ba rapela, ke mabitso a batho ba shoeleng. . . . Hona e ne e le batho ba mofuta ofe? Na hase Saturn eo ho ileng ha fumanoa hore ke lelimo, le timetsang le ho harola bana ba lona? ’Me haeba u bua ka mora oa hae Jupiter, . . . ea ileng a anyesoa ke pōli . . . ’Me liketso tse ling tsa hae,—a ba le likamano tsa botona le botšehali le beng ka eena ba haufi, a feba ’me a ba le takatso e fetelletseng.”

Ha a atolosa khang ea hae, Theofilase o matlafatsa boemo ba hae khahlanong le borapeli ba litšoantšo tsa bohetene. Oa ngola: “Na ke lokela ho tsoela pele ho pheta boieane ba liphoofolo tse neng li rapeloa ke Baegepeta, hammoho le lihahabi, le likhomo, le liphoofolo tse hlaha, le linonyana le lihlapi tsa linōka . . . Magerike le lichaba tse ling, ba rapela majoe le mahong le mefuta e meng ea lintho tse sebelisoang.” Theofilase oa phatlalatsa: “Empa ’na, ke rapela Molimo, Molimo o phelang le oa ’nete.”—Bapisa le 2 Samuele 22:47; Liketso 14:15; Baroma 1:22, 23.

Bopaki ba Bohlokoa

Likeletso le likhothatso tse bukeng ea Theofilase e likhaolo li tharo e shanofatsang Autolycus li ama litšobotsi tse ngata ’me li na le makolopetso a mangata. Libuka tse ling tsa Theofilase li ne li lebisitsoe khahlanong le Hermogenese le Marcione. O ile a boela a ngola libuka tsa thupelo le tse hahang tumelo, a eketsa litlhaloso Kosepeleng. Leha ho le joalo, ke libuka tse tharo feela tse neng li ea ho Autolycus, tse ileng tsa bolokoa moqolong o le mong o ngotsoeng ka letsoho.

Buka ea pele ke ea boinyatso e neng e ngoletsoe Autolycus ho sireletsa bolumeli ba Bokreste. Buka ea bobeli ho Autolycus e hanyetsa bolumeli ba bohetene bo tummeng, likhopolo-taba, lifilosofi le lithoko. Libuka tsa bohetene li bapisoa le Mangolo bukeng ea boraro ea Theofilase.

Qalong ea buka ea boraro ea Theofilase, ho bonahala Autolycus a ne a ntse a e-na le boikutlo ba hore Lentsoe la ’nete ke tšōmo feela. Theofilase o nyatsa Autolycus, o bolela ho re: “U mamella maoatla ka nyakallo. Ho seng joalo u ne u ke ke ua khahloa ke lithoto hore u inehele lipolelong tsa lefeela, le ho lumela litaba tsa bo-ba-re tse atileng.”

Ke life “litaba tsa bo-ba-re tse atileng”? Theofilase o senola mohloli. Baetselletsi “ka melomo e se nang bomolimo ba re qosa ka bohata, [rōna] ba rapelang Molimo, ’me re bitsoa Bakreste, ba ikemela ka hore basali ba rōna ke ba kopanelo ’me ba sebelisoa bakeng sa boitšoaro bo hlephileng ba botona le botšehali; esita le hore re kopanela likamanong tsa botona le botšehali le baralib’abo rōna, ’me ho nyefolang ka ho fetisisa le ho sehlōhō ka ho fetisisa ke hore re ja nama ea batho.” Theofilase o ile a sebetsa ka thata ho loantša pono ena ea bohetene e fosahetseng ka ho feletseng ho bao ba neng ba ipolela hore ke Bakreste lekholong la bobeli la lilemo. O ile a sebelisa leseli la ’nete le fuperoeng ka Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo.—Matheu 5:11, 12.

Ho pakang hore Theofilase o ne a tloaelane le Lentsoe la Molimo ke ho le sebelisa ha hae khafetsa le ho etsa litšupiso litemaneng tsa Bibele tsa Seheberu le tsa Segerike. E ne e le e mong oa bahlalosi ba pele-pele ba Kosepele. Litšupiso tse ngata tseo Theofilase a li entseng ka Mangolo li fana ka letlotlo la temohisiso ka monahano o neng o atile mehleng ea hae. O ile a sebelisa tsebo ea hae ea mangolo a bululetsoeng ho bontša bophahamo ba ’ona bo fetisisang holim’a filosofi ea bohetene.

Tsela eo Theofilase a hlophisang boitsebiso ba hae ka eona, mokhoa oa hae oa ho ngola o rutang le o pheta-phetang mohlomong o haelloa ke ho hong likelellong tsa ba bang. Hore na ke ho isa bohōleng bofe bokoenehi bo boletsoeng esale pele bo ileng ba ama ho nepahala ha pono ea hae, re ke ke ra bolela hajoale. (2 Bathesalonika 2:3-12) Leha ho le joalo, nakong ea lefu la hae, hoo e ka bang ka 182 C.E., ho bonahala ka ho hlakileng hore Theofilase o ne a ntse a loanela tumelo a sa khathale, eo Bakreste ba ’nete mehleng ea rōna ba thahasellang lingoliloeng tsa hae.

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Ka sebete Theofilase o ile a shanofatsa likhang tsa Autolycus

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 28]

Illustrations on pages 28 and 30 reproduced from Illustrirte Pracht - Bibel/Heilige Schrift des Alten und Neuen Testaments, nach der deutschen Uebersetzung D.Martin Luther’s

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela