-
Boikokobetso ka Paseka ea ho QetelaMotho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
-
-
Kapele Jesu le sehlopha se tsamaeang le eena ba fihla motseng ’me ba leba lehaeng leo ba tla ketekela Paseka ho lona. Ba hloa methati e nyolohelang phaposing e ka holimo e khōlō, moo ba fumanang litokisetso tsohle li se li entsoe bakeng sa mokete oa bona oa boinotšing oa Paseka. Jesu o ne a lebelletse ketsahalo ena ka cheseho, joalokaha a re: “Ke lakalitse haholo ho ja Paseka ena le lōna, ke e-so ho utloe bohloko.”
Ho latela neano, ba kopanelang Pasekeng ba noa linoelo tse ’nè tsa veine. Ka mor’a hore a amohele senoelo seo ka ho hlakileng e leng sa boraro, Jesu oa leboha ’me o re: “Se nkeng, le se sielane. Hobane ke re ho lōna: Ha ke sa tla hlola ke e-noa se beoang ke morara, ho tle ho be ho fihle ’muso oa Molimo.”
Neng-neng ha ho ntse ho jeoa, Jesu oa phahama, o behella liaparo tsa hae ka thōko, o nka thaole, ’me o tšela metsi ka mokekeng. Ka tloaelo, motho ea amohelang baeti ke eena ea neng a tla hlokomela hore maoto a moeti a hlatsoitsoe. Empa kaha ketsahalong ena ha ho na motho ea amohelang baeti ea leng teng, Jesu o hlokomela tšebeletso ena ea botho. Moapostola leha e le ofe a ka be a inketse monyetla oa ho etsa sena; leha ho le joalo, kamoo ho bonahalang ka teng kaha ho ntse ho e-na le tsekisano e itseng har’a bona, ha ho lea mong ea ho etsang. Joale ba hlajoa ke lihlong ha Jesu a qala ho ba hlatsoa maoto.
Ha Jesu a fihla ho Petrose, eena oa hana: “U ke ke ua ba ua hlatsoa maoto a ka le ka mohla o le mong.”
Jesu o re: “Ekare, ha ke sa u hlatsoe, ha u na kabelo ho ’na.”
Petrose oa arabela: “Morena, a e se be maoto a ka feela, e be le ’ona matsoho le hlooho.”
Jesu oa arabela: “Ea seng a hlatsoitsoe ha a sa na ho hlatsuoa, ha e se maoto feela, ’me etlaba o se a hloekile kahohle. Lōna le hloekile, empa e seng bohle.” O rialo hobane oa tseba hore Judase Iskariota o ntse a rera ho mo eka.
Ha Jesu a hlatsoitse maoto a bohle ba 12, ho akarelletsa le maoto a moeki oa hae, Judase, o apara liaparo tsa hae ’me o lula tafoleng hape. Joale oa botsa: “Hleka le utloisisa see ke le entseng sona na! Le mpitsa Moruti le Morena, ’me le bolela hantle, hobane ke eena. ’Me joale, ekare ha ’na, ke leng Morena le Moruti, ke hlatsoitse maoto a lōna, le lōna le tšoanetse ho hlatsoana maoto. Hobane ke le beetse mohlala, hore le etse joale ka ha ke le entse. Ka ’nete-nete ke re ho lōna: Mohlanka ha a moholo ho morena oa hae, le lenģosa ha le leholo ho ea le romileng. Ekare ha le tseba taba tseo, le lehlohonolo ha le li etsa.”
Ke thuto e ntle hakaakang ea tšebeletso ea boikokobetso! Baapostola ha baa lokela ho batla boemo ba pele, ba nahana hore ke ba bohlokoa haholo hoo ba bang ba lokelang ho ba sebeletsa ka mehla. Ba lokela ho latela mohlala o behiloeng ke Jesu. Ona hase mokhoa oa ho hlatsoa maoto ka tloaelo e pheta-phetoang. Che, empa ke mosebetsi oa ho ikemisetsa ho sebeletsa ba bang ntle ho khethollo, ho sa tsotellehe hore na mosebetsi e ka ba o tlaase kapa o sa thabiseng hakae. Mattheu 26:20, 21; Mareka 14:17, 18; Luka 22:14-18; 7:44; Johanne 13:1-17.
-
-
Sejo sa Mantsiboea sa SehopotsoMotho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
-
-
Khaolo ea 114
Sejo sa Mantsiboea sa Sehopotso
KA MOR’A hore Jesu a hlatsoe maoto a baapostola ba hae, o qotsa lengolo le ho Pesaleme ea 41:9, o re: “Ea jang bohobe le ’na o nthahile ka serethe sa hae.” Joale, a khathatsehile moeeng, oa hlalosa: “E mong oa lōna o tla nkeka.”
Baapostola ba qala ho soaba ’me ka bonngoe ba re ho Jesu: “A ke ’na na?” Esita le Judase Iskariota oa botsa. Johanne, ea sekameng pel’a Jesu tafoleng, o itšetleha sefubeng sa Jesu ’me oa botsa: “Morena, ke mang?”
Jesu oa araba: “Ke e mong oa ba leshome le metso e ’meli, eena ea kenyang letsoho le ’na morifing. Ha e le Mor’a motho, o ikela joale ka ha ho ngoliloe bakeng sa hae; empa ho malimabe motho eo, eo Mor’a motho a ekoang ke eena! Ho ka be ho le molemo ho motho eo, hola a se ke a tsoaloa.” Ka mor’a moo, Satane o boetse o kena ho Judase, o sebelisa hamolemo monyetla oa ho buleha ha pelo ea hae, e seng e fetohile e khopo. Hamorao bosiung bona boo, ka ho loketseng Jesu o bitsa Judase “mor’a timelo.”
Joale Jesu o bolella Judase: “Seo u se etsang hlo u se etse kapele.” Ha ho lea mong ho baapostola ba bang ea utloisisang seo Jesu a se bolelang. Ba bang ba nahana hore kaha Judase o tšoara mokotlana oa chelete, Jesu o ’molella hore: “U reke seo re se hlokelang mokete,” kapa hore o lokela ho tsamaea ’me a fe bafumanehi ho hong ho itseng.
Ka mor’a hore Judase a tsamaee, Jesu o thea mokete o mocha ka ho felletseng, kapa sehopotso, a e-na le baapostola ba hae ba tšepahalang. O nka bohobe, o etsa thapelo ea teboho, oa bo ngoatha, ’me o ba neha bona, o re: “Nkang, le je.” Oa hlalosa: “Hona ke ’mele oa ka o neeloang lōna; etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.”
Ha e mong le e mong a se a jele bohobe, Jesu o nka senoelo sa veine, ka ho hlakileng ke senoelo sa bone se neng se sebelisoa tšebeletsong ea Paseka. Le sona o se etsetsa thapelo ea teboho, o ba fetisetsa sona, o ba kōpa hore ba noele ho sona, ’me o re: “Senoelo sena ke selekane se secha maling a ka, a tšolleloang lōna.”
Kahoo, ha e le hantle, sena ke sehopotso sa lefu la Jesu. Selemo ka seng ka la 14 Nisane se lokela ho phetoa bakeng sa ho hopola Jesu, joalokaha a boletse. Se tla hopotsa ba se ketekang seo Jesu le Ntat’ae oa leholimo ba se etselitseng batho hore ba phonyohe thohakong ea lefu. Ho Bajode ba fetohang balateli ba Kreste, mokete ona o tla nkela Paseka sebaka.
Selekane se secha, se entsoeng se sebetsang ka mali a tšollotsoeng a Jesu, se nkela selekane sa khale sa Molao sebaka. Se buelloa ke Jesu Kreste pakeng tsa mahlakore a mabeli—ka lehlakoreng le leng, ke Jehova Molimo, ’me ka ho le leng ke Bakreste ba tsoetsoeng ka moea ba 144 000. Ntle le ho fana ka tšoarelo ea libe, selekane seo se lumella ho theoa ha sechaba sa leholimo sa marena le baprista. Mattheu 26:21-29; Mareka 14:18-25; Luka 22:19-23; Johanne 13:18-30; 17:12; 1 Ba-Korinthe 5:7.
▪ Jesu o qotsa boprofeta bofe ba Bibele mabapi le ’mate oa hae, ’me o bo sebelisa joang?
▪ Ke hobane’ng ha baapostola ba soaba haholo, ’me ke eng seo e mong le e mong oa bona a se botsang?
▪ Jesu o bolella Judase hore a etse eng, empa baapostola ba bang ba hlalosa litaelo tsee joang?
▪ Ke mokete ofe oo Jesu a o theang ka mor’a hore Judase a tsamaee, ’me o sebeletsa morero ofe?
▪ Ke bafe ba etsang mahlakore a selekane se secha, ’me selekane seo se finyella eng?
-
-
Ho Phahama PhehisanoMotho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
-
-
Khaolo ea 115
Ho Phahama Phehisano
HA SHOALANE e sa tsoa tšoara, Jesu o ile a ruta thuto e ntle ea tšebeletso ea boikokobetso ka ho hlatsoa maoto a baapostola ba hae. Ka mor’a moo, o ile a thea Sehopotso sa lefu la hae le atamelang. Joale, haholo-holo ka baka la se sa tsoa etsahala, ho etsahala ketsahalo e makatsang. Baapostola ba hae ba ameha phehisanong e matla ea hore na ke ofe ho bona ea bonahalang e le e moholo ka ho fetisisa! Ka ho hlakileng, ena ke karolo ea khang e tsoelang pele.
Hopola hore ka mor’a hore Jesu a fetohe ka ponahalo e khanyang thabeng, baapostola ba ile ba pheha khang ka hore na ke ofe har’a bona eo e leng e moholo ka ho fetisisa. Ho feta moo, Jakobo le Johanne ba ile ba kōpa maemo a hlahelletseng ’Musong, e leng ho ileng ha fella ka ho hloka kutloano ho tsoelang pele har’a baapostola. Joale, bosiung ba ho qetela a e-na le bona, e tlameha e be Jesu o soabile hakaakang ho ba bona ba entse khang hape! O etsa joang?
Ho fapana le ho omanya baapostola ka boitšoaro ba bona, ka mamello Jesu o boetse o behelana mabaka le bona: “Marena a lichaba aa li busa, ’me ba nang le matla holim’a tsona ba bitsoa Bafani. Empa, lōna ha lea lokela ho ba joalo. . . . Hobane e moholo ke ofe, ea sekameng tafoleng kapa ea sebeletsang? Na hase ea sekameng tafoleng?” Joale, ha a ba hopotsa mohlala oa hae, o re: “Empa ’na ke har’a lōna joaloka ea sebeletsang.”
Ho sa tsotellehe ho se phethahale ha bona, baapostola ba tiiselitse le Jesu litekong tsa hae. Kahoo o re: “Ke etsa selekane le lōna, joalokaha Ntate a entse selekane le ’na, bakeng sa ’muso.” Selekane sena sa botho pakeng tsa Jesu le balateli ba hae ba tšepahalang se ba tlamahanya hammoho le eena bakeng sa ho kopanela bobusing ba hae ba borena. Ke palo e lekanyelitsoeng feela ea ba 144 000 e qetellang e kentsoe selekaneng sena sa ’Muso.
Le hoja baapostola ba fuoa tebello ena e babatsehang ea ho kopanela le Kreste pusong ea ’Muso, hajoale ba sa ntse ba fokola moeeng. Jesu o re: “Bosiung bona le tla khopjoa bohle ho ’na.” Leha ho le joalo, ha a bolella Petrose hore O mo rapelletse, Jesu oa phehella: “Hang ha u se u khutlile, u matlafatse banab’eno.”
Jesu oa hlalosa: “Bana ba ka, ke sa lutse le lōna ho se hokae, le tla mpatla, ’me joale ka ha ke boleletse ba-Jude, ka re: Moo ke eang teng, lōna le ka sitoa ho tla, joale ke rialo le ho lōna. Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.”
Petrose oa botsa: “Morena, u ea kae?”
Jesu oa araba: “Moo ke eang teng, u ka sitoa ho ntatela joale; empa hamorao u tla ntatela teng.”
Petrose o batla ho tseba: “Morena, nka sitoa ke’ng ho u latela joale? Athe ke tla tela bophelo ba ka ka baka la hao.”
Jesu oa botsa: “U tla tela bophelo ba hao ka baka la ka na? Ka ’nete ke re ho uena: Uena, kajeno, ka bona bosiu bona, mokōkō ha o e-so ho lle habeli, u tla be u se u ntatotse hararo.”
Petrose o pheha khang: “Leha ho ka thoe, ke shoe le uena, nke ke ka ba ka u latola.” ’Me ha barutuoa ba bang le bona ba bolela joalo, Petrose oa ithorisa: “Leha bohle ba ka khopjoa ho uena, ’na nke ke ka khopjoa le hanyenyane.”
Ha a bua ka nako eo ka eona a ileng a roma baapostola leetong la ho bolela Galilea ba sa nka mokotlana oa chelete le mokotla oa lijo, Jesu oa botsa: “Ha lea ka la hloka letho, na ha ho joalo?”
Baa araba: “Che!”
O re: “Empa joale ea nang le mokotlana oa chelete ha a ke a o nke ka ho tšoanang le mokotla oa lijo; ’me ea hlokang sabole a ke a rekise seaparo sa hae sa ka ntle ’me a e reke. Hobane ke le bolella hore sena se ngoliloeng se tlameha ho phethahala ho ’na, ka ho khetheha, ‘O balelletsoe le ba hlokang molao.’ Hobane se nkamang sea phethahala.”
Jesu o supa nako ea ha a tla be a khokhothetsoe le ba khopo, kapa ba hlokang molao. O boetse o bontša hore ka mor’a moo balateli ba hae ba tla tobana le tlhoriso e matla. Ba re: “Morena, bona! lisabole tse peli ke tsena.”
Oa arabela: “Ho lekane.” Joalokaha re tla bona, ho ba le lisabole ha bona haufinyane ho tla lumella Jesu ho ruta thuto e ’ngoe ea bohlokoa. Mattheu 26:31-35; Mareka 14:27-31; Luka 22:24-38, NW; Johanne 13:31-38; Tšenolo 14:1-3.
▪ Ke hobane’ng ha phehisano ea baapostola e le e makatsang hakaale?
▪ Jesu o sebetsana le phehisano ee joang?
▪ Ke eng se finyelloang ke selekane seo Jesu a se etsang le barutuoa ba hae?
▪ Jesu o fana ka molao ofe o mocha, ’me ke oa bohlokoa hakae?
▪ Petrose o bontša ho itšepa ho tlōlisa joang, ’me Jesu o re’ng?
▪ Ke hobane’ng ha litaelo tsa Jesu mabapi le ho nka mokotlana oa chelete le mokotla oa lijo li fapane le tseo a faneng ka tsona pejana?
-
-
O Lokisetsa Baapostola Lefu la HaeMotho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
-
-
Khaolo ea 116
O Lokisetsa Baapostola Lefu la Hae
SEJO sa sehopotso se felile, empa Jesu le baapostola ba hae ba sa ntse ba le phaposing e ka holimo. Le hoja haufinyane Jesu a tla ba sieo, o sa na le lintho tse ngata tseo a sa tla ba bolella tsona. Oa ba tšelisa: “Pelo tsa lōna li se ferekane; lumelang ho Molimo.” Empa oa phaella: “Le ho ’na le lumele.”
Jesu o tsoela pele: “Meaho e mengata ka tlung ea Ntate; ke ea ho le lokisetsa bolulo . . . hore moo ’na ke leng teng, le lōna le be teng. ’Me moo ke eang, lea tseba, le tsela lea e tseba.” Baapostola ha ba utloisise hore Jesu o bua ka ho ea leholimong, kahoo Thomase oa botsa: “Morena, ha re tsebe moo u eang; tsela re ka e tseba joang na?”
Jesu oa arabela: “Ke ’na tsela, le ’nete, le bophelo.” E, ke feela ka ho mo amohela le ho etsisa tsela ea hae ea bophelo motho a ka kenang tlung ea leholimo ea Ntate hobane, joalokaha Jesu a bolela: “Ha ho motho ea ka tlang ho Ntate ha e se ka ’na.”
Filippi oa kōpa: “Morena, re bontše Ntate, ’me etlaba ho re lekane.” Ka ho hlakileng Filippi o batla hore Jesu a fane ka pontšo e bonahalang ea Molimo, e kang e ileng ea fuoa Moshe, Elia le Esaia ka lipono mehleng ea boholo-holo. Empa, ka sebele, baapostola ba na le ho molemonyana ho feta lipono tsa mofuta oo, joalokaha Jesu a hlokomela: “Ke lutse le lōna nako e kalo, ’me ha ua ka ua ntseba, Filippi, na? Ea mponang o bone Ntate.”
Jesu o bonahatsa botho ba Ntat’ae ka ho phethahetseng hoo ho phela le eena le ho mo ela hloko ho tšoanang hantle le ho bona Ntate ka ho toba. Leha ho le joalo, Ntate o phahametse Mora, joalokaha Jesu a lumela: “Mantsoe ao ke le bolellang ’ona, ha ke a bolele ke ’notši.” Ka ho loketseng Jesu o fa Ntat’ae oa leholimo tlotla eohle eo a e fumaneng ka baka la lithuto tsa hae.
E tlameha e be ho khothatsang baapostola hakaakang ho utloa Jesu joale a ba bolella: “Ea lumelang ho ’na, mesebetsi eo ke e etsang, o tla e etsa le eena, o tla etsa le e fetisang ena”! Jesu ha a bolele hore balateli ba hae ba tla bontša matla a ho etsa mehlolo a maholo ho feta a hae. Che, empa o bolela hore ba tla ntšetsa pele tšebeletso ka nako e teletsana, sebakeng se seholoanyane, le ho batho ba bangata haholo.
Jesu a ke ke a lahla barutuoa ba hae kherehloa ka mor’a lefu la hae. Oa tšepisa: “Tsohle tsee le tla li kōpa ka lebitso la ka, ke tla li etsa.” Ho phaella moo, o re: “Ke tla rapela Ntate, ’me o tla le nea moemeli [“mothusi,” NW] e mong, a tle a lule le lōna ka ho sa feleng, moea oa ’nete.” Hamorao, ka mor’a hore a nyolohele leholimong, Jesu o tšollela moea o halalelang holim’a barutuoa ba hae, e leng oona mothusi enoa e mong.
Lefu la Jesu le haufi, joalokaha a re: “Ho se ho se hokae, ’me lefatše ha le sa tla mpona.” Jesu e tla ba sebōpuoa sa moea seo ho seng motho ea ka se bonang. Empa hape Jesu o tšepisa baapostola ba hae ba tšepahalang: “Lōna le tla mpona; ereka ha ’na ke phela, le lōna le tla phela.” E, hase feela hore Jesu o tla hlaha ho bona ka sebōpeho sa motho ka mor’a tsoho ea hae empa ka nako e loketseng o tla ba tsosetsa ho phela le eena leholimong e le libōpuoa tsa moea.
Joale Jesu o bolela molao-motheo ona o bonolo: “Ea nang le melao ea ka, ’me a e boloka, ke eena ea nthatang; ’me ea nthatang o tla ratoa ke Ntate; le ’na ke tla mo rata, ’me ke tla ipontša eena.”
Ho sena moapostola Judase, eo hape a bitsoang Thaddea, o mo kena hanong: “Morena, ke ka’ng ha u tla ipontša rōna, u sa ipontše lefatše?”
Jesu oa arabela: “Ekare ha motho a nthata, o tla boloka lentsoe la ka; Ntate o tla mo rata . . . Ea sa nthateng, ha a boloke mantsoe a ka.” Ho fapana le balateli ba hae ba utloang, lefatše ha le natse lithuto tsa Kreste. Kahoo ha a iponahatse ho lona.
Nakong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng, Jesu o rutile baapostola ba hae lintho tse ngata. Ba ka li hopola joang kaofela, haholo-holo joalokaha, ho fihlela mothating ona, ba ntse ba hlōleha ho utloisisa ho hongata hakaale? Ka ho thabisang, Jesu oa tšepisa: “Moemeli, e leng Moea o Halalelang, eo Ntate a tla mo roma ka lebitso la ka, ke eena ea tla le ruta tsohle, ’me o tla le hopotsa le tsohle tsee ke le boleletseng tsona.”
Ha Jesu a boela a ba tšelisa, o re: “Ke le siela khotso; ke le fa khotso ea ka. . . . Lipelo tsa lōna li se ferekane.” Ke ’nete, Jesu oa tsamaea, empa oa hlalosa: “Hoja lea nthata, le ka be le thabile, ha ke itse: Ke ea ho Ntate; hobane Ntate o moholo ho ’na.”
Nako e setseng ea hore Jesu a ’ne a be le bona e khutšoanyane. O re: “Ha nka ke ka hlola ke bua le lōna haholo, hobane morena oa lefatše lena oa tla; ’me ha a na letho ho ’na.” Satane Diabolose, eena ea ileng a kena ho Judase ’me a mo susumetsa, ke morena oa lefatše. Empa Jesu ha a na bofokoli ba sebe boo Satane a ka nkang monyetla ka bona ho mo khelosa hore a se sebeletse Molimo.
Ho Thabela Kamano e Haufi-ufi
Ka mor’a sejo sa sehopotso, Jesu o ne a ntse a khothatsa baapostola ba hae ka mokhoa o sa reroang e mpa e le o tiileng. Mohlomong ke ka mor’a khitla bosiu. Kahoo Jesu oa phehella: “Emang, a re tloheng mona.” Leha ho le joalo, pele ba tloha, Jesu, a susumetsoa ke lerato la hae ho bona, o tsoela pele ho bua, o fana ka papiso e susumetsang.
Oa qala: “Ke ’na sefate sa ’nete sa morara, ’me molemi ke Ntate.” Molemi e Moholo, Jehova Molimo, o lemme sefate sena sa morara oa tšoantšetso ha a tlotsa Jesu ka moea o halalelang ha a ne a kolobetsoa ka 29 C.E. Empa Jesu o tsoela pele ho bontša hore sefate sena sa morara se tšoantšetsa ho fetang eena feela, oa hlokomela: “Lekala le leng le le leng le ho ’na, le sa beeng, oa le rema, ’me le leng le le leng le beang, oa le hlahola hore le tle le eketse ho beha. . . . Joale ka lekala ha le sitoa ho bea le ’notši, ha le sa khomarele sefate, ho joalo le lōna ha le sa nkhomarele. Ke ’na sefate sa morara, ’me lōna le makala.”
Ka Pentekonta, matsatsi a 51 hamorao, baapostola le ba bang ba fetoha makala a sefate sa morara ha moea o halalelang o tšolleloa holim’a bona. Qetellong, batho ba 144 000 ba fetoha makala a sefate sa morara sa tšoantšetso. Hammoho le kutu ea sefate sa morara, Jesu Kreste, bana ba etsa sefate sa morara sa tšoantšetso se hlahisang litholoana tsa ’Muso oa Molimo.
Jesu o hlalosa senotlolo sa ho hlahisa litholoana: “Ea lulang ho ’na, le ’na ke lula ho eena, eo o beha haholo; hobane ka ntle ho ’na le ka sitoa ho etsa letho.” Leha ho le joalo, haeba motho a sa hlahise litholoana, Jesu o re, “o lahleloa ntle, joale ka lekala, ’me oa omella; ’me makala a omeletseng a ee a roalloe, a lahleloe mollong, a che.” Ka lehlakoreng le leng, Jesu oa tšepisa: “Ha le lula ho ’na, ’me mantsoe a ka a lula ho lōna, le ka kōpa see le se ratang, ’me le tla etsetsoa sona.”
Ho phaella moo, Jesu o re ho baapostola ba hae: “Moo Ntate a tlotlisoang teng, ke ha le bea haholo: le hona ke moo le tla ba barutuoa ba ka.” Litholoana tseo Molimo o li lakatsang makaleng ke ho bonahatsa ha oona litšobotsi tse kang tsa Kreste, haholo-holo lerato. Ho feta moo, kaha Kreste e ne e le ’moleli oa ’Muso oa Molimo, litholoana tse lakatsehang li kopanyelletsa mosebetsi oa oona oa ho etsa barutuoa joalokaha a entse.
Joale Jesu oa phehella, “Lulang leratong la ka.” Leha ho le joalo, baapostola ba hae ba ka etsa hoo joang? O re, “Ha le boloka melao ea ka, le tla lula leratong la ka.” Ha a tsoela pele, Jesu oa hlalosa: “Molao oa ka ke hoba le ratane, joale ka ha ke le ratile. Ha ho motho ea nang le lerato le fetang la ea tellang metsoalle ea hae bophelo ba hae.”
Nakong ea lihora tse ’maloa, Jesu o ne a tla bonahatsa lerato lena le fetisisang ka ho fana ka bophelo ba hae bakeng sa baapostola ba hae, hammoho le ba bang bohle ba lumelang ho eena. Mohlala oa hae o lokela ho susumelletsa balateli ba hae ho ba le lerato le tšoanang la boitelo e mong ho e mong. Lerato lena le tla ba khetholla, joalokaha Jesu a boletse pejana: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.”
Ha Jesu a khetholla metsoalle ea hae, o re: “Lōna le tla ba metsoalle ea ka, ha le etsa tsohle tsee ke le laelang tsona. Ha ke sa tla le bitsa bahlanka, kahobane mohlanka ha a tsebe se etsoang ke morena oa hae; ke le bitsitse metsoalle, kahobane ke le tsebisitse tsohle tsee ke li utloileng ho Ntate.”
Eo ke kamano ea bohlokoa hakaakang hore motho a be le eona—ho ba metsoalle e haufi-ufi ea Jesu! Empa ho tsoela pele ba thabela kamano ena, balateli ba hae ba lokela ho ‘tsoela pele ba beha litholoana.’ Haeba ba ho etsa, Jesu o re, “tsohle tsee le ka li qelang ho Ntate ka lebitso la ka, [o tla] le fa tsona.” Ka sebele, oo ke moputso o moholohali oa ho beha litholoana tsa ’Muso! Ka mor’a ho phehella baapostola hape hore ‘ba ratane,’ Jesu o hlalosa hore lefatše le tla ba hloea. Leha ho le joalo, oa ba tšelisa: “Ekare ha lefatše le le hloea, le tsebe hobane le ntlhoile pele ho lōna.” Joale Jesu o senola hore ke hobane’ng ha lefatše le hloile balateli ba hae, o re: “Ereka ha le se ba lefatše, ke mpa ke le khethile lefatšeng, ka baka leo, lefatše le le hloile.”
Ha Jesu a tsoela pele ho hlalosa lebaka la lehloeo la lefatše, o tsoela pele: “Ba tla le etsa tsohle tseo ka baka la lebitso la ka, kahobane ha ba tsebe [Jehova Molimo] ea nthomileng.” Ha e le hantle, mesebetsi ea Jesu ea mohlolo, e nyatsa ba mo hloileng, joalokaha a hlokomela: “Hojane ke se ke ka etsa har’a bona mesebetsi eo ho seng motho le a mong ea e entseng, ba ka be ba se na sebe; joale ba bone, ’me ba hloile ’na le Ntate.” Kahoo, joalokaha Jesu a bolela, lengolo le phethahetse: “Ba ntlhoile feela.”
Joalokaha a entse pejana, Jesu o boetse o ba tšelisa ka ho ba tšepisa ho ba romella mothusi, moea o halalelang, e leng matla a sebetsang a Molimo. “Ke eena ea tla paka tsa ka. Le lōna le tla paka.”
Taeo e Tsoelang Pele ea ha ba Tla Arohana
Jesu le baapostola ba se ba le lekhatheng la ho tloha phaposing e ka holimo. O tsoela pele: “Ke le boleletse taba tseo, le tle le se ke la khopjoa.” Joale o fana ka temoso e tiileng: “Ba tla le leleka masynagogeng; esita le nako ea tla, eo e mong le e mong ea le bolaeang a tla hlōma eka o sebeletsa Molimo.”
Ka ho hlakileng baapostola ba ferekantsoe ka ho tebileng ke temoso ena. Le hoja Jesu pejana a ne a ile a bolela hore lefatše le tla ba hloea, o ne a sa senola ka ho tobileng hore ba tla bolaoa. Jesu oa hlalosa: “Ha ke sa ka ka le bolella tsona e sa le ho qaleng, ke hobane, ke ne ke sa na le lōna.” Leha ho le joalo, ho hotle hakaakang ho ba hlomella esale pele ka boitsebiso bona pele a e-shoa!
Jesu o tsoela pele: “Joale ke ea ho ea nthomileng, ’me ha ho e mong ho lōna ea mpotsang hore: U ea kae?” Pejana ka shoalane, ba ile ba botsa hore na o ne a e-ea hokae, empa hona joale ba tšohile haholo ke seo a ba bolelletseng sona hoo ba hlōlehang ho botsa ho tsoela pele ka sena. Joalokaha Jesu a bolela: “Empa kahobane ke le boleletse tseo, lipelo tsa lōna li tletse masoabi.” Baapostola ha baa soabisoa feela ke hobane ba utloile hore ba tla hlaheloa ke mahloriso a tšabehang ’me ba bolaoe, empa hape ba soabisitsoe ke hobane Monghali oa bona oa ba siea.
Ka hona Jesu oa hlalosa: “Ho molemo ho lōna ha nka ikela; hobane ha ke sa ee, Moemeli [“mothusi,” NW] a ke ke a tla ho lōna; empa ha ke e-ea, ke tla mo romela ho lōna.” Jesu joaloka motho a ka ba sebakeng se le seng feela ka nako e le ’ngoe, empa ha a le leholimong, a ka romela mothusi, moea o halalelang oa Molimo, ho barutuoa ba hae hohle moo ba ka bang teng lefatšeng. Kahoo ho tsamaea ha Jesu ho tla ba molemo.
Jesu o re, moea o halalelang “o tla kholisa lefatše, hore sebe se teng, le ho loka, le kahlolo.” Sebe sa lefatše, ho hlōleha ha lona ho bontša tumelo ho Mor’a Molimo, se tla pepesoa. Ho phaella moo, bopaki bo kholisang ba ho loka ha Jesu bo tla bontšoa ke ho nyolohela ha hae ho Ntate. ’Me ho hlōleha ha Satane le lefatše la hae le khopo ho senya botšepehi ba Jesu ke bopaki bo kholisang ba hore morena oa lefatše o se a ahlotsoe habohloko.
Jesu o tsoela pele: “Ke sa na le litaba tse ngata tsee nka beng ke le bolella tsona; empa ha e le joale, li ka le imela.” Ka hona Jesu o tšepisa hore ha a tšolla moea o halalelang, e leng matla a sebetsang a Molimo, oona o tla ba tataisetsa kutloisisong ea lintho tsena ho latela matla a bona a ho li utloisisa.
Ka ho khethehileng baapostola ha ba utloisise hore Jesu o tla shoa ’me ebe joale o hlaha ho bona ka mor’a hore a tsosoe. Kahoo baa botsana: “Taba ee a re bolellang eona ke ea’ng, ha a re: Ho se ho se hokae, ’me ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, ’me le tla boela le mpone; hape ha a re: Ke ea ho Ntate?”
Jesu o hlokomela hore ba batla ho ’motsa, kahoo oa hlalosa: “Ka ’nete-nete ke re ho lōna: Le tla lla, le be le lle, ’me lefatše le tla thaba; le tla utloa bohloko, empa bohloko ba lōna bo tla fetoha thabo.” Neng-neng letsatsing lona leo, mantsiboea, ha Jesu a bolaoa, baeta-pele ba lefatše ba bolumeli baa thaba, empa barutuoa ba soabile. Leha ho le joalo, masoabi a bona a fetoha thabo ha Jesu a tsosoa! ’Me thabo ea bona e tsoela pele ha a ba fa matla ka Pentekonta hore e be lipaki tsa hae ka ho tšollela moea o halalelang oa Molimo holim’a bona!
Ha Jesu a bapisa boemo ba baapostola le ba mosali ha a le mahlabeng a pelehi, o re: “Ere mosali ha a beleha, a utloe bohloko, hobane nako ea hae e tlile.” Empa Jesu o hlokomela hore mosali eo haa sa hopola mahlomola a hae hang feela ha ngoana a hlahile, ’me o khothatsa baapostola ba hae o re: “Le lōna le utloa bohloko joale; empa ke tla boela ke le bone, [ha ke se ke tsositsoe] ’me lipelo tsa lōna li tla thaba, ’me ha ho motho ea tla le amoha thabo ea lōna.”
Ho tla fihlela nakong ena, ha ho mohla baapostola ba kileng ba kōpa letho ka lebitso la Jesu. Empa joale o re: “Ntho tsohle tsee le tla li qela ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le fa tsona. . . . Hobane Ntate oa le rata e le eena, kahobane le nthatile, ’me le lumetse hobane ke tsoa ho Molimo. Ke tsoile ho Ntate, ka tla lefatšeng; joale, ke boela ke tlohela lefatše, ke ea ho Ntate.”
Mantsoe a Jesu ke khothatso e khōlō ho baapostola. Ba re: “Ke ka baka leo re lumelang hobane u tsoa ho Molimo.” Jesu oa botsa: “Joale lea lumela? Bonang, nako ea tla, le joale e se e tlile, eo le tla qhalana ka eona, e mong le e mong a ee ka tsela ea hae, le ntlohele ke ’notši.” Le hoja ho ka bonahala ho le thata ho lumela seo, sena se etsahala pele bosiu bo e-sa!
Jesu oa qetella: “Ke le boleletse taba tseo, hore le be le khotso ho ’na. Le tla ba le mahlomola lefatšeng; le mpe le bete lipelo; ke hlōtse lefatše.” Jesu o hlōtse lefatše ka hore ka botšepehi a phethe thato ea Molimo ho sa tsotellehe sohle seo Satane le lefatše la hae ba lekileng ho se etsa ho senya botšepehi ba Jesu.
Thapelo ea ho Qetela ka Phaposing e ka Holimo
Jesu a susumetsoa ke lerato le tebileng bakeng sa baapostola ba hae, o ne a ntse a ba lokisetsa lefu la hae le neng le le haufi. Joale, ka mor’a ho ba khothatsa le ho ba tšelisa haholo, o phahamisetsa mahlo a hae leholimong ’me o kōpa Ntat’ae: “Tlotlisa Mora oa hao, hore Mora oa hao a u tlotlise le eena; hobane u mo neile borena holim’a nama eohle, hore bohle bao u mo neileng bona a ba nee bophelo bo sa feleng.”
Ke sehlooho se susumetsang hakaakang seo Jesu a se kenyelletsang—bophelo bo sa feleng! A se a nehiloe “borena holim’a nama eohle,” Jesu a ka fana ka melemo ea sehlabelo sa hae sa topollo ho moloko ’ohle oa batho o shoang. Leha ho le joalo, o fana ka “bophelo bo sa feleng” ho bao Ntate a ba amohelang feela. Ha a phaella sehloohong sena sa bophelo bo sa feleng, Jesu o tsoela pele ka thapelo ea hae:
“’Me bophelo bo sa feleng, ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” E, poloko e itšetlehile ka ho tseba ha rōna Molimo le Mor’a oona. Empa ho hlokahala ho hongata ho feta feela tsebo e fellang ka hloohong.
Motho o tšoanetse ho ba tseba haufi-ufi, a hlaolele kamano ea setsoalle le bona. Motho o lokela ho ikutloa ka tsela eo ba ikutloang ka eona ka lintho ’me a bone lintho kamoo ba li bonang ka teng. ’Me ka holim’a tsohle, motho o lokela ho loanela ho etsisa litšoaneleho tsa bona tseo ho seng tse tšoanang le tsona ha a sebelisana le ba bang.
Joale Jesu oa rapela: “Ke u tlotlisitse lefatšeng, ke phethile mosebetsi oo u nong u ’neile oona hore ke o etse.” A se a phethile kabelo ea hae ho tla fihlela mothating ona ’me a kholisehile ka katleho ea hae ea nakong e tlang, oa kōpa: “Joale, uena Ntate, u ntlotlise ho uena ka khanya eo ke neng ke e-na le eona ho uena, lefatše le e-so ho be teng.” E, joale o kōpa ho khutlisetsoa khanyeng ea hae ea pele ea leholimo ka tsoho.
Ha Jesu a akaretsa mosebetsi oa hae o ka sehloohong lefatšeng, o re: “Lebitso la hao ke le senoletse batho bao u ’neileng bona lefatšeng; e ne e le ba hao, ’me u ’neile bona, ’me ba bolokile lentsoe la hao.” Jesu o sebelisitse lebitso la Molimo, Jehova, tšebeletsong ea hae ’me a bontša mokhoa o loketseng oa ho le bitsa, empa o entse ho fetang ho etsa hore lebitso la Molimo le senolehe ho baapostola ba hae. O boetse a atolosa tsebo ea bona le kananelo ea bona ka Jehova, ka botho ba hae le ka merero ea hae.
A lebisa tlotla ho Jehova joaloka ea mo Phahametseng, Ea sebetsang ka tlas’a hae, ka boikokobetso Jesu oa lumela: “Ke ba neile lipolelo tseo u ’neileng tsona, ’me ba li amohetse, ’me ba tsebile ka ’nete hobane ke tsoa ho uena, ’me ba lumetse hore ke uena u nthomileng.”
Joale Jesu oa rapela, a khetholla balateli ba hae ho batho ba bang bohle: “Kea ba rapella; ha ke rapelle lefatše, ke rapella bao u ’neileng bona . . . Enere ha ke sa na le bona lefatšeng, ka ’na ka ba boloka . . . . ke sirelelitse bao u ’neileng bona, ’me ha ho le a mong oa bona ea timetseng, ha e se mor’a timelo,” e leng Judase Iskariota. Ka oona motsotso ona, Judase o morerong oa hae o mobe oa ho eka Jesu. Kahoo, Judase o phethahatsa Mangolo a sa tsebe.
Jesu o tsoela pele ho rapela: “Lefatše le ba hloile. Ha ke u rapele hore u ba tlose lefatšeng, empa e le hore u ba sireletse bobeng. Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše.” Balateli ba Jesu ba lefatšeng, mokhatlong ona oa batho o hlophisitsoeng o busoang ke Satane, empa ba arohile ’me ka linako tsohle ba lokela ho lula ba arohile ho lona le bokhopong ba lona.
Jesu o tsoela pele: “U ba halaletse ka ’nete ea hao; lentsoe la hao ke ’nete.” Mona Jesu o re Mangolo a Seheberu a bululetsoeng ao a ’nileng a a qotsa ka mehla ke “’nete.” Empa seo a se rutileng barutuoa ba hae le seo hamorao ba se ngotseng tlas’a pululelo e le Mangolo a Segerike a Bokreste ka ho tšoanang ke “’nete.” ’Nete ena e ka halaletsa motho, ea fetola bophelo ba hae ka ho felletseng, ’me ea mo etsa motho ea arohileng lefatšeng.
Joale Jesu ha a ‘rapelle bona feela, empa o rapella le ba lumelang ho eena ka polelo ea bona.’ Ka baka leo Jesu o rapella bao e tlang ho ba balateli ba hae ba tlotsitsoeng le barutuoa ba bang ba nako e tlang ba sa ntsaneng ba tla bokelloa hore ba tle ‘mohlapeng o le mong.’ Ke eng seo a se kōpelang bana bohle?
“Bohle ba tle ba be bang, joale ka ha uena, Ntate, u le ho ’na, le ’na ke le ho uena, . . . ba tle ba be bang, joale ka ha rōna re le bang.” Jesu le Ntat’ae hase motho a le mong ka sebele, empa ba lumellana linthong tsohle. Jesu o rapella hore balateli ba hae ba thabele bonngoe bona bo tšoanang hore “lefatše le tle le tsebe hoba u nthomile, le hoba u ba ratile joale ka ha u nthatile.”
Bakeng sa bao e neng e tla ba balateli ba hae ba tlotsitsoeng, joale Jesu o etsa kōpo ho Ntat’ae oa leholimo. O kōpa eng? “Hore moo ke leng teng, le bona ba be teng le ’na, ba tle ba talime khanya ea ka, eo u ’neileng eona; hobane u nthatile lefatše le e-so ho theoe,” ke hore, pele Adama le Eva ba e-ba le bana. Nako e telele pele ho moo, Molimo o ratile Mora oa oona ea tsoetsoeng a inotši, eo e ileng ea e-ba Jesu Kreste.
Ha a qetella thapelo ea hae, Jesu o boetse oa hatisa: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao, ’me ke tla ’ne ke ba tsebise lona, hore lerato leo u nthatileng ka lona le be ho bona.” Ho baapostola, ho ithuta lebitso la Molimo ho ne ho kopanyelletsa hore bona ka bobona ba tsebe lerato la Molimo. Johanne 14:1–17:26; 13:27, 35, 36; 10:16; Luka 22:3, 4; Exoda 24:10; 1 Marena 19:9-13; Esaia 6:1-5; Ba-Galata 6:16; Pesaleme ea 35:19; 69:4; Liproverbia 8:22, 30.
▪ Jesu o ea hokae, ’me Thomase o fumana karabelo efe mabapi le tsela e eang moo?
▪ Ho ea ka kōpo ea hae, kamoo ho bonahalang ka teng Filippi o batla hore Jesu a fane ka eng?
▪ Ke hobane’ng ha ea boneng Jesu a bone le Ntate?
▪ Ke joang balateli ba Jesu ba tlang ho etsa mesebetsi e meholo ho feta eo a e entseng?
▪ Ke ka kutloisiso efe Satane a se nang taolo holim’a Jesu?
▪ Jehova o lemme sefate sa morara sa tšoantšetso neng, ’me ke neng ba bang e bileng karolo ea sefate sa morara hona joang?
▪ Qetellong, sefate sa morara oa tšoantšetso se ba le makala a makae?
▪ Ke litholoana life tseo Molimo o li lakatsang makaleng?
▪ Re ka ba metsoalle ea Jesu joang?
▪ Ke hobane’ng ha lefatše le hloile balateli ba Jesu?
▪ Ke temoso efe ea Jesu e ferekanyang baapostola ba hae?
▪ Ke hobane’ng ha baapostola ba ile ba hlōleha ho botsa Jesu hore na o ne a ea hokae?
▪ Ke eng seo baapostola haholo-holo ba hlōlehang ho se utloisisa?
▪ Jesu o tšoantša joang hore boemo ba baapostola bo tla fetoha ho tloha masoabing ho ea thabong?
▪ Jesu o re baapostola ba tla etsa eng haufinyane?
▪ Jesu o hlōla lefatše joang?
▪ Ke ka kutloisiso efe Jesu a nehiloeng “borena holim’a nama eohle”?
▪ Ho bolela eng ho tseba Molimo le Mora oa oona?
▪ Ke ka litsela life Jesu a tsebahalitseng lebitso la Molimo?
▪ “’Nete” ke eng, ’me ke joang e ‘halaletsang’ Mokreste?
▪ Ke joang Molimo, Mor’a oona, le barapeli bohle ba ’nete ba leng bang?
▪ ‘Lefatše le theiloe’ neng?
-