-
Mahlomola TšimongMotho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
-
-
Khaolo ea 117
Mahlomola Tšimong
HA JESU a qeta ho rapela, eena le baapostola ba hae ba tšepahalang ba 11 ba binela Jehova lipina tsa thoriso. Joale ba theoha phaposing e ka holimo, ba tsoela ka ntle lefifing ho pholile e le bosiu, ’me ba khutlela morao, ba tšela Phula ea Kedrone ho ea Bethania. Empa ha ba le tseleng, ba ema sebakeng se ratoang, tšimong ea Gethsemane. Tšimo ena e fumaneha kapa e haufi le Thaba ea Mehloare. Hangata Jesu o ’nile a kopana le baapostola ba hae mona har’a lifate tsa mehloare.
Ha a siea baapostola ba robeli—mohlomong pel’a moo ho kenoang le teng tšimong—oa ba laela: “Lulang mona ha ke sa ntse ke e-ea mane ho rapela.” Joale o nka ba bang ba bararo—Petrose, Jakobo, le Johanne—’me o kenella hare tšimong. Jesu oa hlomoha ’me o khathatseha haholo. Oa ba bolella: “Sephefumolohi sa ka se utloile bohloko haholo, hoo nka shoang, salang mona, le falimehe le ’na.”
Ha Jesu a e-ea pejana, o itihela fatše ka sefahleho ’me o qala ho rapela ka matla: “Ntate, haeba ho ka etsahala, senoelo sena a se ke se mphete, empa ho se be kamoo ho ratang ’na ka teng, empa kamoo ho ratang uena.” O bolela’ng? Ke ka baka la’ng ha a ‘utloile bohloko haholo, hoo a ka shoang’? Na o koenehela qeto ea hae ea hore o tla shoa ’me a fane ka topollo?
Le hanyenyane! Jesu ha a kōpe hore a qobisoe lefu. Esita le khopolo ea ho qoba lefu la sehlabelo, joalokaha e kile ea hlahisoa ke Petrose, o e hloile. Ho fapana le hoo, o mahlomoleng hobane o tšaba hore tsela eo a tla shoa ka eona haufinyane—joaloka senokoane se eisehang—e tla tlisa thohako lebitsong la Ntat’ae. Joale o hlokomela hore ka mor’a lihora li se kae o tla khokhotheloa thupeng joaloka motho e mobe ka ho fetisisa—monyefoli oa Molimo! Sena ke sona se mo utloisang bohloko haholo.
Ka mor’a hore Jesu a rapele nako e telele, oa khutla ’me o fumana baapostola ba bararo ba robetse. Ha a bua le Petrose, o re: “Na ebe le sitiloe ho falimeha le ’na hora e le ’ngoe? Falimehang, ’me le rapele, hore le se kene molekong.” Leha ho le joalo, ha a elelloa khatello ea maikutlo eo ba bileng tlas’a eona le hore e se e le phirimana, o re: “Moea o mafolo-folo, empa ’mele oa fokola.”
Joale Jesu o boetse o tsamaea lekhetlo la bobeli ’me o kōpa hore Molimo o tlose “senoelo sena” ho eena, ke hore, karolo eo Jehova a mo abetseng eona, kapa thato ea hae, ka eena. Ha a khutla, o boetse o fumana hore baapostola ba bararo ba robetse ha ba ne ba lokela hore ebe ba rapella hore ba se kene molekong. Ha Jesu a bua le bona, ha ba tsebe hore na ba tla arabela ka ho re’ng.
Qetellong, ka lekhetlo la boraro, Jesu o ea sebakeng se thōkoana, ’me a khumame ka mangole, ka mehoo e matla le ka likhapha, oa rapela: “Ntate hoja u ka rata ho suthisa senoelo sena pel’a ka.” Jesu o ikutloa a hlabehile ka ho tebileng ka baka la thohako eo lefu la hae le kang la senokoane le tla e tlisa lebitsong la Ntat’ae. E, ho qosoa ka hore ke monyefoli—motho ea rohakang Molimo—ho bonahala ho le boima haholo hore a ka ho mamella!
Leha ho le joalo, Jesu o tsoela pele ho rapela: “Empa ho se ke ha etsoa thato ea ka, ho etsoe ea hao.” Ka kutlo Jesu o ikokobeletsa thato ea Molimo. Motsotsong ona, lengeloi le tsoang leholimong lea hlaha ’me le mo matlafatsa ka mantsoe a khothatsang. Ho ka etsahala hore lengeloi le bolella Jesu hore o fumane kamohelo ea Ntat’ae.
Leha ho le joalo, ke boima bo bokaakang bo mahetleng a Jesu! Bophelo ba hae ba ho se shoe le ba moloko ’ohle oa motho bo tsietsing. Khatello ea maikutlo e khōlō haholo. Ka hona Jesu o tsoela pele ho rapela ka matla haholoanyane, ’me mofufutso oa hae o ba joaloka marotholi a mali ha o ntse o rothela fatše. The Journal of the American Medical Association, ea hlokomela: “Le hoja ena e le taba e etsahalang seoelo, mofufutso oa mali . . . o ka ba teng maemong a maikutlo a phahameng haholo.”
Ka mor’a moo, Jesu o khutlela ho baapostola ba hae ka lekhetlo la boraro, ’me o boetse o ba fumana ba robetse. Ba khathalitsoe ke ho hlomoha haholo. Oa hooa: “Ka nako e kang ee le robetse ’me le phomotse! Ho lekane! Hora e se e fihlile! Bonang! Mor’a motho o ekoa matsohong a baetsalibe. Tsohang, a re eeng. Bonang! Ea nkekang o se a atametse.”
Ha a sa ntse a bua, Judase Iskariota oa atamela, a e-na le letšoele le leholo le nkileng lirumula le mabone le libetsa. Mattheu 26:30, 36-47, BPN; 16:21-23; Mareka 14:26, 32-43, NW; Luka 22:39-47, NW; Johanne 18:1-3; Ba-Heberu 5:7.
▪ Ka mor’a ho tloha phaposing e ka holimo, Jesu o isa baapostola hokae, ’me o etsa eng moo?
▪ Ha Jesu a ntse a rapela, baapostola ba etsa eng?
▪ Ke hobane’ng ha Jesu a le mahlomoleng, ’me o etsa kōpo efe ho Molimo?
▪ Ke eng se bontšoang ke hore mofufutso oa Jesu o ile oa ba joaloka marotholi a mali?
-
-
Ho Ekoa le ho TšoaroaMotho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
-
-
Khaolo ea 118
Ho Ekoa le ho Tšoaroa
E SA tsoa ba ka mor’a khitla bosiu ha Judase a etelletse pele letšoele le leholo la masole, baprista ba baholo, Bafarisi, le ba bang ho ea tšimong ea Gethsemane. Baprista ba lumetse ho lefa Judase likotoana tsa silevera tse 30 hore a eke Jesu.
Pejana, ha Judase a ne a lelekoa sejong sa Paseka, ho bonahala hore ka ho tobileng o ile a ea ho baprista ba baholo. Baprista bana hang-hang ba ile ba bokella liofisiri tsa bona, hammoho le sehlopha sa masole. Mohlomong Judase o ile a ba isa pele moo Jesu le baapostola ba hae ba keteketseng Paseka teng. Ha ba fumana hore ba tsamaile, letšoele le leholo le nkileng libetsa ’me le nkile lilampi le lirumula la latela Judase ho tsoa Jerusalema le ho tšela Phula ea Kedrone.
Ha Judase a etelletse pele mokoloko ho hloa Thaba ea Mehloare, o ikutloa a kholisehile hore o tseba moo a tla fumana Jesu teng. Bekeng e fetileng, ha Jesu le baapostola ba tsamaea ho ea le ho khutla pakeng tsa Bethania le Jerusalema, ba ne ba atisa ho emisa tšimong ea Gethsemane ho phomola le ho qoqa. Empa, joale, erekaha mohlomong Jesu o patehile lefifing tlas’a lifate tsa mehloare, masole a tla mo tseba joang? Mohlomong ha a e-s’o ka a ’mona pele. Kahoo Judase o fana ka pontšo, o re: “Eo ke tla mo aka, ke eena; le mo tšoare, ’me, le ee le eena, le mo tiisitse.”
Judase o etella pele letšoele le leholo la batho ho kena tšimong, o bona Jesu le baapostola ba hae, ’me o toba ho eena. A bua a bile a mo aka ka bonolo, o re: “Lumela, Rabbi!”
Jesu oa arabela o re: “U tletse’ng mona, molekan’a ka.” Joale ha a ikaraba, o re: “Judase, hleka u eka Mor’a motho ka kako na?” Empa oa teneha ka lebaka la moeki oa hae! Jesu o ea leseling la lirumula le lilampi ’me oa botsa: “Le batla mang?”
Karabo e re: “Jesu oa Nazaretha.”
Jesu o araba a eme ka sebete ka pel’a bona: “Ke ’na enoa.” Ba makalitsoe ke ho tiea ha hae ’me ba sa tsebe hore ba lebelle eng, banna bao ba sutha ka santhao ’me ba oela fatše.
Jesu o tsoela pele ka bonolo: “Ke le boleletse hore ke ’na enoa. Ha le fela le batla ’na, lesang batho bana ba ikele.” Nakoana pele ka phaposing e ka holimo, Jesu o boleletse Ntat’ae thapelong hore o bolokile baapostola ba hae ba tšepahalang ’me ha ho lea mong oa bona ea timetseng “ha e se mor’a timelo.” Joale, e le hore lentsoe la hae le ka phethahala, o kōpa hore balateli ba hae ba lesoe ba ikele.
Ha masole a hlaphoheloa likelellong, a ema, ’me a qala ho tlama Jesu, baapostola ba hlokomela se tla tloha se etsahala. Baa botsa: “Morena, a re tla hlatha ka sabole na?” Pele Jesu a arabela, Petrose, o tsomula e ’ngoe ea lisabole tse peli tseo baapostola ba tlileng le tsona, o hlasela Malkuse, mohlanka oa moprista e moholo. Sabole ea Petrose e fosa hlooho ea mohlanka empa e hlatha tsebe ea hae e ka letsohong le letona.
Jesu a bua a namola o re: “Ba leseleng ho fihlela hona!” Ha a ama tsebe ea Malkuse, o folisa leqeba. Joale o ruta thuto ea bohlokoa, o laela Petrose: “Busetsa sabole ea hao selateng sa eona, hobane bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole. Kapa na u re, nka sitoa ho rapela Ntate hona joale, ’me o ba a ea ’nea lilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e ’meli, le tse fetisang?”
Jesu o lumela ho tšoaroa, hobane oa hlalosa: “Mangolo a ka phethahala joang, a boletseng hore e ka khona ho be joalo?” ’Me oa phaella: “Na nke ke ka noa senoelo see ke se neiloeng ke Ntate?” O lumellana ka ho felletseng le thato ea Molimo ka eena!
Joale Jesu o bua le letšoele. Oa botsa: “Le tsoile hae ho tla ntšoara ka lisabole le ka melamu, joale ka ha eka ke lesholu! Ke ne ke ntse ke lula le lōna tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, ke ruta, ’me ha lea ka la ntšoara! Empa hoo hohle ho etsahetse, hore mangolo a baprofeta a phethahale.”
Ka nako eo sehlopha sa masole le molaoli oa sesole le liofisiri tsa Bajode ba tšoara Jesu ’me baa mo tlama. Ha baapostola ba bona sena, ba lahla Jesu ’me ba baleha. Leha ho le joalo, mohlankana e mong—eo e ka ’nang eaba ke morutuoa Mareka—o sala har’a letšoele. Mohlomong o ne a le ka tlung eo Jesu a keteketseng Paseka ho eona, ’me hamorao a latela letšoele ho tloha moo. Leha ho le joalo, hona joale, o hlokometsoe, ’me ho etsoa boiteko ba hore a tšoaroe. Empa o ba tlohella kobo ea hae ea line ’me oa baleha. Mattheu 26:47-56; Mareka 14:43-52; Luka 22:47-53; Johanne 17:12; 18:3-12.
▪ Ke hobane’ng ha Judase a ne a ikutloa a kholisehile hore o tla fumana Jesu tšimong ea Gethsemane?
▪ Jesu o bontša ho ameha ka baapostola ba hae joang?
▪ Ke bohato bofe boo Petrose a bo nkang ho sireletsa Jesu, empa Jesu o re’ng ho Petrose ka bohato boo?
▪ Jesu o senola joang hore o lumellana ka ho felletseng le thato ea Molimo ka eena?
▪ Ha baapostola ba lahla Jesu, ke mang ea salang, ’me ho etsahala’ng ka eena?
-
-
O Isoa ho Anna, ’me Hamorao o Isoa ho KaiafaMotho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
-
-
Khaolo ea 119
O Isoa ho Anna, ’me Hamorao o Isoa ho Kaiafa
JESU, a tlanngoe joaloka senokoane se tsebahalang, o isoa ho Anna, eo e leng moprista ea phahameng ea nang le tšusumetso e khōlō. Anna e ne e le moprista ea phahameng ha Jesu e le moshemane ea lilemo li 12 ’me a makatsa bo-rabbi ba matichere tempeleng. Bana ba ’maloa ba Anna ba ile ba sebeletsa e le baprista ba phahameng hamorao, ’me hajoale mokhoenyana oa hae Kaiafa o boemong boo.
Mohlomong Jesu o isoa lapeng la Anna ka baka la bophahamo bo hlahelletseng ka nako e telele ba moprista eo ea phahameng bophelong ba bolumeli ba Bojode. Ho emisa ha bona hore ba bone Anna ho neha Moprista ea Phahameng Kaiafa sebaka sa ho bokella Sanhedrin, lekhotla le phahameng la Bajode le nang le litho tse 71, hammoho le ho bokella lipaki tsa bohata.
Joale moprista ea phahameng Anna o hloma Jesu lipotso ka barutuoa ba hae le ka thuto ea hae. Leha ho le joalo, ha Jesu a arabela o re: “Ke buile le batho bohle pepeneneng, ka bua synagogeng le tempeleng ka mehla eohle, moo ba-Jode bohle ba phuthehelang teng; ha kea ka ka bolela letho sephiring. U mpotsetsa’ng? Botsa ba utloileng seo ke ba boleletseng sona; ke bona ba tsebang seo ke se boletseng.”
Ha a rialo, e mong oa balaoli ba emeng pel’a Jesu o mo jabela sefahlehong, o re: “Na u araba moprista e moholo joalo na?”
Jesu oa arabela: “Ha ke buile hampe, bolela bobe ba ka; empa ha ke buile hantle, u nkotlela’ng na?” Ka mor’a ho arabisana hona, Anna o romela Jesu a tlanngoe ho Kaiafa.
Hajoale baprista ba phahameng kaofela, le banna ba baholo le bangoli, e, lekhotla lohle la Sanhedrin, ba qala ho phutheha. Kamoo ho bonahalang ka teng sebaka seo ba bokaneng ho sona ke ntlo ea Kaiafa. Ka ho hlakileng, ho tšoara nyeoe e joalo bosiung ba Paseka ho khahlanong le molao oa Bajode. Empa sena ha se thibele baeta-pele ba bolumeli morerong oa bona o khopo.
Libeke tse seng kae pele, ha Jesu a tsosa Lazaro, lekhotla la Sanhedrin le ne le se le ntse le rerile hore o tlameha ho shoa. ’Me matsatsi a mabeli feela pejana, ka Laboraro, ba boholong bolumeling ba ne ba entse morero oa ho tšoara Jesu ka bomene-mene hore ba ’molaee. Nahana, o ne a se a bile a ahlotsoe pele ho nyeoe ea hae!
Joale ho etsoa boiteko ba ho fumana lipaki tse tla fana ka bopaki ba bohata e le hore Jesu a ka qosoa. Leha ho le joalo, ha ho fumanoe lipaki tse lumellanang ka bopaki ba tsona. Qetellong, ho hlaha lipaki tse peli ’me lia tiisa: “Re mo utloile a re: Ke tla qhaqha tempele ena e entsoeng ka matsoho, ke hahe e ’ngoe ka matsatsi a mararo, e sa etsoang ka matsoho.”
Kaiafa oa botsa: “Na ha u arabe letho na? Seo bao ba u nģosang ka sona ke’ng?” Empa Jesu o lula a khutsitse. Esita le qosong ena ea bohata, e leng ho tlotlollang lekhotla la Sanhedrin, lipaki ha li khone ho etsa hore litaba tsa tsona li lumellane. Kahoo moprista ea phahameng o leka leqheka le fapaneng.
Kaiafa o tseba kamoo Bajode ba hlabehang habonolo ka teng ka motho ea ipolelang hore ke Mora oa Molimo. Liketsahalong tse peli pejana, ka bohale ba ile ba bitsa Jesu monyefoli ea tšoaneloang ke lefu, ha pele ka phoso ba ne ba nahanne hore o ne a ipolela hore o lekana le Molimo. Joale, ka maqiti Kaiafa oa mo laela: “Ke u antša ka Molimo o phelang, hore u re bolelle ha eba u Kreste, Mora oa Molimo.”
Ho sa tsotellehe seo Bajode ba se nahanang, ha e le hantle, Jesu ke Mora oa Molimo. ’Me ho khutsa ho ka utloisisoa joaloka ho latola ho ba ha hae Kreste. Joale Jesu o arabela ka sebete: “Ke eena; ’me le tla bona Mor’a motho a lutse letsohong le letona la matla a Molimo, a e-tla ka maru a leholimo!”
Ha a rialo, Kaiafa, ka pontšo e matla, o hahola liaparo tsa hae, ’me oa hoeletsa: “O nyefotse! Re sa batlela’ng lipaki? Bonang, le utloile nyefolo ea hae joale. Ho joang ho lōna?”
Lekhotla la Sanhedrin lea tsebahatsa: “O tšoaneloa ke lefu.” Joale ba qala ho mo soma, ’me ba bua lintho tse ngata tse mo nyefolang. Baa mo jabela ebile ba mo tšoela ka mathe sefahlehong. Ba bang ba mo koahela sefahleho kaofela ’me ba mo otla ka litebele ’me ba bua ka mokhoa o phoqang ba re: “Kreste, u re profetele: ea u otlileng ke mang?” Boitšoaro bona bo fetelletseng, boo e seng ba molao bo etsahala nyeoeng e tšoeroeng bosiu. Mattheu 26:57-68; 26:3, 4; Mareka 14:53-65; Luka 22:54, 63-65; Johanne 18:13-24; 11:45-53; 10:31-39; 5:16-18.
▪ Ke hokae moo Jesu a isoang teng pele, ’me ke eng se mo hlahelang moo?
▪ Ke hokae moo joale Jesu a isoang teng, hona ke ka morero ofe?
▪ Kaiafa o nolofalloa joang ho etsa hore lekhotla la Sanhedrin le tsebahatse hore Jesu o tšoaneloa ke lefu?
▪ Ke boitšoaro bofe bo fetelletseng, boo e seng ba molao bo etsahalang nyeoeng?
-
-
Ho Latola ka Makhetlo LebalengMotho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
-
-
Khaolo ea 120
Ho Latola ka Makhetlo Lebaleng
KA MOR’A ho furalla Jesu tšimong ea Gethsemane le ho baleha ke tšabo hammoho le baapostola kaofela, Petrose le Johanne baa ema palehong ea bona. Mohlomong ba kopana le Jesu ha a isoa lehaeng la Anna. Ha Anna a mo romela ho Moprista ea Phahameng Kaiafa, Petrose le Johanne ba ba sala morao empa ba tsamaela thōkoana, ka ho hlakileng ba tsekahane pakeng tsa tšabo ea hore bona ka bobona ba tla bolaoa le kameho e tebileng ka se tlang ho etsahalla Morena oa bona.
Ha ba fihla ntlong e khōlō ea Kaiafa, Johanne o khona ho kena ka lebaleng, kaha moprista ea phahameng oa mo tseba. Leha ho le joalo, Petrose o sala a eme ka ntle monyako. Empa kapele Johanne oa khutla ’me o bua le molebeli oa monyako, lekhabunyane, ’me Petrose o lumelloa ho kena.
Nakong ena ho se ho bata, ’me bahlokomeli ba ntlo le basebeletsi ba moprista ea phahameng ba besitse mollo oa mashala. Petrose o kena har’a bona hore a ikomose ha a ntse a emetse qetello ea nyeoe ea Jesu. Leseling la khanya ea mollo, molebeli oa monyako ea neng a ile a lumella Petrose ho kena oa mo talimisisa. Oa khotsa: “Le uena, u ne u e-na le Jesu oa Galilea!”
A ferekantsoe ke ho tsebahatsoa, Petrose o latola pontšeng ea bohle hore ha a tsebe Jesu ho hang. O re: “Ha ke tsebe, ha ke utloe seo u se bolelang.”
Ka mor’a moo, Petrose o tsoela ka ntle haufi le heke. Mona, mosetsana e mong oa ’mona ’me le eena o re ho ba emeng moo: “Le enoa o ne a e-na le Jesu oa Nazaretha.” Petrose o boetse o latola hoo, oa hlapanya: “Motho eo ha ke mo tsebe!”
Petrose o sala lebaleng, o leka ho ipata ka hohle kamoo ho ka khonehang ka teng. Mohlomong nakong ena o tšosoa ke mokoko o llang lefifing esale hoseng haholo. Ho sa le joalo, nyeoe ea Jesu e ntse e tsoela pele, ka ho hlakileng e tšoaretsoe karolong e ’ngoe ea ntlo e ka holimo ho lebala. Mohlomong Petrose le ba bang ba emeng ka tlaase ho moo ba bona ha lipaki tse fapaneng tse tlisitsoeng ho tla fana ka bopaki li fihla le ha li tsamaea.
Ho se ho fetile hoo e ka bang hora ho tloha ha Petrose a tsebahatsoa ka lekhetlo la ho qetela e le e mong ea tsamaeang le Jesu. Hona joale ba bangata ba emeng moo baa mo atamela ’me ba re: “Le uena, u oa bona ruri; hobane puo ea hao ea u bonahatsa.” E mong oa sehlopha sena ke oa habo Malkuse, eo Petrose a neng a ile a mo khaola tsebe. O re: “Na ha kea ka ka u bona le eena tšimong eo na?”
Petrose o tiisa ka matla: “Motho eo ha ke mo tsebe!” Ha e le hantle, ka ho hlapanya le ho ikana tabeng ena, e leng ho ipitsetsa bobe haeba a sa bolele ’nete, o leka ho ba kholisa hore kaofela ba fositse.
Hang ha Petrose a latola ka lekhetlo la boraro, mokoko oa lla. ’Me motsotsong oo, Jesu, eo ho bonahalang eka o se a tsoetse ka ntle mathuleng a ka holim’a lebala, oa reteleha ’me oa mo talima. Hang-hang, Petrose o hopola seo Jesu a se boletseng lihoreng tse seng kae feela pejana phaposing e ka holimo: “Mokoko ha o e-so ho lle habeli, u tla be u se u ntatotse hararo.” A sithabelitsoe ke sebe sa hae se boima, Petrose o tsoela ka ntle ’me o lla habohloko.
Ke joang sena se neng se ka etsahala? Ka mor’a ho kholiseha hakaalo ka matla a hae a moea, ke joang Petrose a neng a ka latola Morena oa hae ka makhetlo a mararo a latellanang kapele? Ha ho pelaelo hore Petrose o hlaheloa ke maemo ao a sa lebella. ’Nete ea sokamisoa, ’me Jesu o hlahisoa joaloka senokoane se nyelisehang. Ho etsoa hore se nepahetseng se hlahe e le se fosahetseng, ea hlokang molato a hlahe e le ea molato. Kahoo ka baka la likhatello tsa ketsahalo ena, Petrose o felloa ke botsitso. Ka tšohanyetso boikutlo ba hae bo nepahetseng ba botšepehi boa ferekanngoa; ka masoabi o tepelletsoa ke tšabo ea motho. E se eka le ka mohla seo se ke ke sa re etsahalla! Mattheu 26:57, 58, 69-75; Mareka 14:30, 53, 54, 66-72; Luka 22:54-62; Johanne 18:15-18, 25-27.
▪ Petrose le Johanne ba khona ho kena ka lebaleng la moprista ea phahameng joang?
▪ Ha Petrose le Johanne ba ntse ba le lebaleng, ke’ng se etsahala’ng ka tlung?
▪ Mokoko o lla ka makhetlo a makae, ’me Petrose o latola ka makhetlo a makae hore o tseba Kreste?
▪ Ho hlapanya le ho ikana ha Petrose ho bolela’ng?
▪ Ke eng e etsang hore Petrose a latole hore o tseba Jesu?
-