Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ka Pel’a Sanhedrin, Joale o Isoa ka Pel’a Pilato
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
    • Khaolo ea 121

      Ka Pel’a Sanhedrin, Joale o Isoa ka Pel’a Pilato

      BOSIU bo haufi le ho sa. Petrose o se a latotse Jesu ka lekhetlo la boraro, ’me litho tsa Sanhedrin li qetile nyeoe-’mōtoana ea tsona ebile li qhalane. Leha ho le joalo, li kopana hape ka Labohlano hoseng hang-hang ha bosiu bo e sa, lekhetlong lena li kopana holong ea tsona ea Sanhedrin. Mohlomong morero oa tsona ke ho fana ka ponahalo e itseng ea hore nyeoe eo ea bosiu e ne e le ea molao. Ha Jesu a tlisoa ka pel’a tsona, li bua joalokaha li ile tsa bua har’a bosiu, li re: “Ha u le Kreste, u re bolelle.”

      Jesu oa arabela, “Leha nka le bolella, le ke ke la lumela; ’me leha nka le botsa, le ke ke la nkaraba le hona.” Leha ho le joalo, ka sebete Jesu o boetse oa itsebahatsa, o re: “Ho qala joale, Mor’a motho o tla be a lule letsohong le letona la matla a Molimo.”

      Kaofela ha tsona li batla ho tseba, “Na ke ho re, u Mor’a Molimo na?”

      Jesu oa arabela: “Lea bolela; ke eena.”

      Karabelo ena e lekane ho banna bana ba ikemiselitseng ho ’molaea. Ba e nka e le ho nyefola. Baa botsa: “Lipaki re sa li batlela’ng, ha e le moo re ikutloetse molomong oa hae?” Kahoo ba tlama Jesu, baa mo khanna, ’me ba mo nehela ho ’musisi oa Moroma Ponse Pilato.

      Judase, moeki oa Jesu, o ne a ntse a shebelletse liketsahalo tseo. Ha a bona hore Jesu o ahlotsoe, oa ikoahlaea. Ka baka leo o ea ho baprista ba phahameng le baholo ho khutlisa likotoana tse 30 tsa silevera, oa hlalosa: “Ke sitiloe ha ke ekile mali a se nang molato.”

      Ba araba ba sa mo utloele bohloko: “E ka ba eng ho rōna? Ho iponele uena teng.” Kahoo Judase o lahlela likotoana tsa silevera ka tempeleng ’me oa tsamaea ebile o leka ho iphanyeha. Leha ho le joalo, ho bonahala hore lekala leo Judase a tlammeng thapo ho lona lea robeha, ’me ’mele oa hae o tsubella ho ea majoeng a tlaase, moo o phatlohang ka lehare teng.

      Baprista ba phahameng ha baa kholiseha hore na ba etse eng ka likotoana tseo tsa silevera. Ba fihlela qeto ea hore: “Ha hoa tšoanela hore li kenngoe polokelong ea tempele, hobane ke theko ea mali.” Kahoo, ka mor’a ho buisana, ba reka tšimo ea ’mōpi oa lipitsa ka chelete eo ho pata balichaba ho eona. Kahoo tšimo eo e bitsoa “Tšimo ea mali.”

      E sa ntsane e le ka meso ha Jesu a isoa khotla ha ’musisi. Empa Bajode ba tsamaeang le eena ba hana ho kena hobane ba lumela hore katamelano e joalo le Balichaba e tla ba silafatsa. Pilato o tsoela ka ntle ho ba amohela. Oa botsa: “Na le nģosa motho eo ka life?”

      Baa araba: “Hoja enoa hase sesenyi, re ka be re sa ka ra u neela eena.”

      A lakatsa ho qoba ho ikenya tšotso linaleng, Pilato oa araba: “Mo nkeng e le lōna, le mo ahlole ka molao oa lōna.”

      Ha ba senola boikemisetso ba bona ba polao, Bajode baa bolela: “Ha rea lumelloa ho bolaea motho.” Ha e le hantle, haeba ba ka bolaea Jesu nakong ea Mokete oa Paseka, mohlomong ho ka baka mofere-fere har’a sechaba, kaha ba bangata ba hlompha Jesu. Empa haeba ba ka etsa hore Baroma ba ’molaee ka qoso e amanang le lipolotiki, hona ho tla ba hlohlolla molato oa ho ikarabella ho batho.

      Ka hona baeta-pele ba bolumeli, ba sa bolele nyeoe ea bona ea pejana eo ba nyatsitseng Jesu ka baka la nyefolo ho eona, joale ba etsa liqoso tse fapaneng. Ba etsa qoso e likarolo li tharo: “Re bone motho enoa [1] a khelosa sechaba, [2] o hana ha ho ntšetsoa Cesare lekhetho; [3] hape o ipitsa Kreste, morena.”

      Qoso e tšoenyang Pilato ke ea hore Jesu o ipolela hore ke morena. Kahoo o kena ka khotla hape, o bitsetsa Jesu ho eena, ’me oa botsa: “A u morena oa ba-Jode na?” Ka mantsoe a mang, na u tlōtse molao ka ho ipitsa morena khahlanong le Cesare?

      Jesu o batla ho tseba hore na Pilato o se a utloetse hakae ka eena, kahoo oa botsa: “Hleka u iqalla taba eo u ’notši, kapa na ba bang ba u boleletse eona holim’a ka na?”

      Pilato o bolela hore ha a tsebe letho ka eena ’me o bolela hore o lakatsa ho ithuta linnete. Oa arabela: “Na ke mo-Jode, na? Sechaba sa heno le baprista ba baholo ba u neetse ’na; u entse’ng?”

      Jesu ha a leke ho qoba tseko eo ho hang, e leng ea borena. Ntle ho pelaelo karabo eo Jesu a fanang ka eona joale e makatsa Pilato. Luka 22:​66–23:⁠3; Mattheu 27:​1-11; Mareka 15:⁠1; Johanne 18:​28-35; Liketso 1:​16-20.

      ▪ Ke ka morero ofe Sanhedrin e kopanang hape hoseng?

      ▪ Judase o shoa joang, hona ho etsoa’ng ka likotoana tse 30 tsa silevera?

      ▪ Ke hobane’ng ha Bajode ba batla hore Baroma ba bolaee Jesu, ho fapana le hore ba ’molaee ka bobona?

      ▪ Ke liqoso life tseo Bajode ba nģosang Jesu ka tsona?

  • Ho Tloha ho Pilato ho ea ho Heroda le ho Khutlela Morao
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
    • Khaolo ea 122

      Ho Tloha ho Pilato ho ea ho Heroda le ho Khutlela Morao

      LE HOJA ho se boiteko boo Jesu a bo etsang ba ho leka ho patela Pilato hore ke morena, o hlalosa hore ’Muso oa hae hase tšokelo ho Roma. Jesu o re: “’Muso oa ka hase oa lefatše lena; ha ’Muso oa ka e ne e le oa lefatše lena, balateli ba ka ba ka be ba loanne, hore ke se ke ka neeloa Bajuda, empa joale ’Muso oa ka hase oa mona.” Kahoo Jesu o bolela ka makhetlo a mararo hore o na le ’Muso, le hoja e se o tsoang mohloling oa lefatše.

      Empa, Pilato o mo phehella ho ea pele: “Ha ho le joalo, na u fela u le khosi?” Hoo ho bolela hore, na u morena le hoja ’Muso oa hao e se karolo ea lefatše lee?

      Jesu o tsebisa Pilato hore o entse qeto e nepahetseng, ka ho arabela: “Ke uena u reng ke khosi. Seo ke se tsoaletsoeng, le seo ke se tletseng lefatšeng, ke hore ke pake ’nete. Mang le mang eo e leng oa ’nete o utloa lentsoe la ka.”

      E, ho ba teng ha Jesu lefatšeng ka bohona ke ho tla paka “’nete,” haholo-holo ’nete e mabapi le ’Muso oa hae. Jesu o ikemiselitse ho tšepahala ’neteng eo esita le haeba e ka hloka hore a tele bophelo ba hae. Le hoja Pilato a botsa: “’Nete ke’ng?” ha a emele tlhaloso e eketsehileng. O se a utloile ho lekaneng hoo a ka lihang kahlolo.

      Pilato o khutlela ho letšoele le emeng ka ntle ho ntlo ea ’musisi. Ka ho hlakileng a e-⁠na le Jesu lehlakoreng la hae, o bolella baprista ba phahameng le ba nang le bona: “Ha ke fumane molato ho motho enoa.”

      A halefisitsoe ke qeto ena, matšoele a qala ho phehella: “O hlohlelletsa sechaba ka ho ruta Judea eohle, ho tloha Galilea ho fihlela koano.”

      E tlameha e be Pilato o makatsoa ke cheseho ena ea Bajode e fetelletseng. Kahoo, ha baprista ba phahameng le baholo ba tsoela pele ho hooa, Pilato o retelehela ho Jesu ’me oa botsa: “Na ha u utloe bopaki bo bokaale-kaale boo ba u qosang ka bona?” Empa, Jesu ha a etse boiteko ba ho arabela. Ho tsitsa ha hae ha a tobane le liqoso tse bohale ho makatsa Pilato.

      Ha a utloa hore Jesu ke motho oa Galilea, Pilato o bona tsela ea ho itlhohlolla boikarabelo. ’Musi oa Galilea, Heroda Antipase (mora oa Heroda e Moholo), o Jerusalema bakeng sa Paseka, kahoo Pilato o romela Jesu ho eena. Pejana, Heroda Antipase o ne a ile a laela hore Johanne Mokolobetsi a khaoloe hlooho, ’me joale Heroda o ile a oeloa ke tšabo ha a utloa mehlolo eo Jesu a neng a e etsa, a tšaba hore Jesu e ne e hlile e le Johanne ea tsohileng bafung.

      Joale, Heroda o thabile haholo ka baka la tebello ea ho bona Jesu. Lebaka la sena hase hore o amehile ka boiketlo ba Jesu kapa hore o batla ho etsa boiteko leha e le bofe ba sebele ba ho tseba hore na liqoso tse khahlanong le eena ke ’nete kapa che. Ho fapana le hoo, o mpa feela a laba-labela ho tseba litaba a bile a tšepile hore o tla bona Jesu a etsa mehlolo e meng.

      Leha ho le joalo, Jesu o hana ho khotsofatsa taba-tabelo ea Heroda ea ho tseba litaba. Ha e le hantle, ha Heroda a mo hloma lipotso, oa itholela. Ba soabile, Heroda le masole a hae a mo lebetseng ba soma Jesu. Ba mo apesa seaparo se mahali-hali ’me baa mo soma. Joale ba mo khutlisetsa ho Pilato. Ka baka leo, Heroda le Pilato, bao pele e neng e le lira, e ba metsoalle e utloanang haholo.

      Ha Jesu a khutla, Pilato o bitsa baprista ba phahameng, babusi ba Bajode, le batho hammoho ’me o re: “Le tlisitse monna enoa ho ’na e le ea khelosang batho, empa bonang, ’na, ha ke ’motsisisa moo le leng teng, ha kea fumana molato ho eena ka tseo le mo qosang ka tsona. Le Heroda ha a ea o fumana, hobane o mo khutliselitse ho rōna. Ha ho letho leo a le entseng le ka lokelang lefu. Ka baka leo, ke tla mo shapa, ke nt’o mo lokolla.”

      Kahoo, Pilato o boletse habeli hore Jesu ha a na molato. O lakatsa ho mo lokolla, hobane oa hlokomela hore baprista ba nehelane ka eena ka baka la mōna feela. Empa ha Pilato a tsoela pele ho leka ho lokolla Jesu, o fumana tšusumetso e ’ngoe e matla haholoanyane ea ho etsa joalo. Ha a ntse a lutse setulong sa hae sa kahlolo, mosali oa hae o romela molaetsa, oa mo phehella: “U se ke ua ba le taba le motho eo ea lokileng, hobane ke ile ka tšoenyeha habohlōkō kajeno ha ke lora [toro eo ho bonahalang eka e ne e tsoa ho Molimo].”

      Empa, ke joang Pilato a ka lokollang monna enoa ea hlokang molato, kaha oa tseba hore o lokela ho mo lokolla? Johanne 18:​36-38, BPN; Luka 23:​4-16, BPN; Mattheu 27:​12-14, 18, 19, BPN; 14:​1, 2; Mareka 15:​2-⁠5.

      ▪ Jesu o arabela potso e mabapi le borena ba hae joang?

      ▪ Ke “’nete” efe eo Jesu a ileng a qeta bophelo ba hae ba lefatšeng a ntse a e paka?

      ▪ Kahlolo ea Pilato ke efe, batho ba arabela joang, ’me ke’ng seo Pilato a se etsang ka Jesu?

      ▪ Heroda Antipase ke mang, ke hobane’ng ha a thabile haholo ha a bona Jesu, ’me ke’ng seo a se etsang ka eena?

      ▪ Ke hobane’ng ha Pilato a lakatsa ho lokolla Jesu?

  • “Bonang, Motho ke Enoa”
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
    • Khaolo ea 123

      “Bonang, Motho ke Enoa”

      A KHAHLILOE ke ponahalo ea Jesu hape a hlokomela ho hloka molato ha hae, Pilato o phehella tsela e ’ngoe ea ho mo lokolla. O bolella matšoele hore: “Le na le mokhoa oa hore ke le lokollele motho mohl’a Paseka.”

      Barabbase, ’molai ea tummeng hampe, le eena o tšoeroe, kahoo Pilato oa botsa: “Le batla hore ke le lokollele ofe, Barabbase kapa Jesu ea bitsoang Kreste?”

      Ba susumelitsoe ke baprista ba phahameng, batho ba kōpa hore Barabbase a lokolloe empa Jesu eena a bolaoe. Pilato ha a tele, o arabela ka ho boela a botsa: “Le batla hore ke le lokollele ofe ho ba babeli bao?”

      Baa hoeletsa: “Barabbase.”

      Ka ho nyahama Pilato oa botsa: “Joale, ke etse’ng ka Jesu ea bitsoang Kreste?”

      Ka lerata le thibang litsebe, baa arabela: “Ha a khokhotheloe!” “Khokhothela! Mo khokhothele!”

      A tseba hore ba batla hore motho eo ea se nang molato a bolaoe, Pilato oa ipiletsa: “Hobane’ng, monna enoa o entse ntho efe e mpe? Ha kea fumana letho ho eena le tšoaneloang ke lefu; ka baka leo, ke tla mo shapa ’me ke mo lokolle.”

      Ho sa tsotellehe boiteko ba hae, letšoele le halefileng, le hlohlellelitsoeng ke baeta-pele ba lona ba bolumeli, le tsoela pele ho hooa: “Ha a khokhotheloe!” Le ferekantsoe ke baprista, letšoele le nyoretsoe mali. ’Me ha re hopola, matsatsi a mahlano feela pele ho mona, e ka ’na eaba ba bang ba bona ba ne ba le har’a ba ileng ba amohela Jesu ha a kena Jerusalema e le Morena! Nakong ena eohle, barutuoa ba Jesu, haeba ba teng, ba lutse ba khutsitse ’me ba ipatile.

      Pilato, ha a bona hore boipiletso ba hae ha bo thuse letho empa, ho e-⁠na le hoo, mofere-fere o ntse o tōta, o nka metsi ’me o hatlela pontšeng ea letšoele leo, ’me o re: “Ha ke na molato maling a monna enoa. Lōna ka bolōna le tlameha ho iponela.” Nakong eo sechaba sea arabela: “Mali a hae a be holim’a rōna le holim’a bana ba rōna.”

      Kahoo, a ea ka likōpo tsa bona​—⁠a bile a batla ho khotsofatsa letšoele ho e-⁠na le ho etsa seo a tsebang hore se nepahetse⁠—​Pilato o ba lokollela Barabbase. O nka Jesu ’me o laela hore a hlobolisoe ’me a shapuoe. Ena e ne e se chapo feela e tloaelehileng. The Journal of the American Medical Association e hlalosa mokhoa oa Baroma oa ho shapa tjena:

      “Hangata ntho e sebelisoang e ne e le sephali se sekhutšoanyane (flagrum kapa flagellum) se nang le marapo a letlalo a ’maloa a sa lohuoang kapa a lohiloeng a bolelele bo fapa-fapaneng, ao ho ’ona ho neng ho tlamelloa libolo tse nyenyane tsa tšepe kapa likotoana tse bohale tsa masapo a linku libakeng tse sieanang ka bolelele bo lekanang. . . . Ha masole a Roma a ne a shapa motho ka mokokotlong ka makhetlo-khetlo ka matla a maholo, libolo tsa tšepe li ne li baka matetetso a tebileng, ’me marapo a letlalo le masapo a linku a ne a seha letlalo le linama tse ka tlas’a letlalo. Joale, ha chapo ena e ntse e tsoela pele, maqeba ana a ne a hlenhlana ho ea fihla linameng tse koahetseng masapo ’me a hlahisa linama tse leketlileng tse ntseng li thothomela tse lutlang mali.”

      Ka mor’a chapo ena e bohloko, Jesu o isoa tlung ea ’musisi, ’me ho bokelloa sehlopha sohle sa mabotho. Mona masole a phaella nyeliso e ’ngoe ho eena ka ho loha mofapa-hlooho oa meutloa ’me a mo roesa oona hloohong. A mo tšoarisa leqala ka letsohong le letona, ’me a mo apesa kobo e pherese, ea mofuta o neng o aparoa ke marena. Joale aa mo soma a re: “Lumela, morena oa ba-Jode!” Hape, a mo tšoela ka mathe le ho mo jabela sefahlehong. A nka leqala le thata letsohong la hae, a le sebelisa ho mo otla hlooho, a hatella meutloa e bohale ea “mofapa-hlooho” oa hae o nyelisang haholoanyane hore e kene letlalong la hae la hlooho.

      Seriti le matla tsa Jesu tse tsotehang ha a talimane le tšoaro ena e mpe li khahla Pilato haholo hoo a susumelletsehang ho etsa boiteko bo bong ba ho mo lokolla. O bolella matšoele: “Bonang, ke mo ntšetsa ntle ho lōna, le tle le tsebe hobane ha ke fumane molato ho eena, leha o le mong.” Mohlomong o nahana hore ho bona ha ’ona boemo ba ho hlokofatsoa ha Jesu ho tla nolofatsa lipelo tsa ’ona. Ha Jesu a eme ka pel’a mokhōpi oo o hlokang mohau, a roetse mofapa-hlooho oa meutloa ’me a apere kobo e pherese ’me sefahleho sa hae se lutlang mali se le bohloko, Pilato oa phatlalatsa: “Bonang, motho ke enoa.”

      Le hoja a ntšitsoe maqeba a bile a khakhathiloe, motho ea hlahelletseng ka ho fetisisa historing eohle, motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela ke enoa o eme mona! E, Jesu o bontša seriti ka ho khutsa le botsitso tse bontšang boholo boo esita le Pilato a tlamehang ho bo amohela, hobane ka ho hlakileng mantsoe a hae ke a kopantseng tlhompho le mohau. Johanne 18:​39–19:⁠5; Mattheu 27:​15-17, 20-30, NW; Mareka 15:​6-19; Luka 23:​18-⁠25, NW.

      ▪ Pilato o leka ho lokolla Jesu ka tsela efe?

      ▪ Pilato o leka ho itlhohlolla boikarabelo joang?

      ▪ Ke eng se kopanyelletsoang ho shapuoeng?

      ▪ Ka mor’a hore Jesu a shapuoe, o songoa joang?

      ▪ Pilato o etsa boiteko bofe bo eketsehileng ba ho lokolla Jesu?

  • Baa mo Nehoa ’me ba Tsamaea ka Eena
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
    • Khaolo ea 124

      Baa mo Nehoa ’me ba Tsamaea ka Eena

      HA PILATO, a susumelitsoe ke boitšoaro bo hlomphehang bo khutsitseng ba Jesu ea hlokofatsoang, a boela a leka ho mo lokolla, baprista ba baholo ba halefa le ho feta. Ba ikemiselitse ho se lumelle letho ho kena-kenana le morero oo oa bona o mobe. Kahoo ba tsosa mohoo oa bona: “Mo khokhothele! Mo khokhothele!”

      Pilato oa arabela: “Mo nkeng ka bolōna ’me le mo khokhothele.” (Ho fapana le seo Bajode ba se boletseng pejana, ba ka ’na ba ba le matla a ho bolaea batlōli ba molao bakeng sa litlōlo tsa bolumeli tse tebileng ka ho lekaneng.) Joale, bonyane ka lekhetlo la bohlano, Pilato o phatlalatsa hore Jesu ha a na molato, o re: “Ha ke fumane phoso leha e le efe ho eena.”

      Ha Bajode ba bona hore liqoso tsa bona tsa bopolotiki ha lia atleha, ba khutlela qosong ea bolumeli ea ho nyefola e ileng ea sebelisoa lihora tse itseng pejana ha Jesu a ne a qosoa ka pel’a Sanhedrin. Ba re: “Re na le molao, ’me ho latela molao o lokela ho shoa, hobane o ikentse mora oa Molimo.”

      Qoso ena e ncha ho Pilato, ’me e mo tšosa haholo. Nakong ena o hlokomela hore Jesu hase motho ea tloaelehileng, joalokaha toro ea mosali oa hae le matla a makatsang a botho ba Jesu li bontša. Empa “mora oa Molimo”? Pilato oa tseba hore Jesu o tsoa Galilea. Leha ho le joalo, na ho ka etsahala hore e be o ile a phela pele? Pilato o boetse o mo khutlisetsa ka tlung ea ’musisi, oa botsa: “U tsoa hokae?”

      Jesu oa thōla. Pejana o ile a bolella Pilato hore ke morena, empa ’Muso oa hae hase karolo ea lefatše lena. Hona joale ha ho sa na tlhaloso e eketsehileng e ka bang le molemo. Leha ho le joalo, Pilato o ikutloa a theotsoe boemong ba hae ha Jesu a hana ho araba, ’me o halefela Jesu ka mantsoe ana: “Ha u mpuise? Na ha u tsebe hore ke na le matla a ho u lokolla hape ke na le matla a ho u khokhothela?”

      Jesu o arabela ka tlhompho: “U ka be u se na matla ho hang khahlanong le ’na hoja ua se ke ua a neoa a e-⁠tsoa holimo.” O bua ka matla ao Molimo o a fileng babusi ba batho hore ba tsamaise litaba tsa lefatše. Jesu oa eketsa: “Ke ka lebaka lena monna ea nehelaneng ka ’na ho uena a nang le sebe se seholoanyane.” Ka sebele, moprista ea phahameng Kaiafa le mahlahana a hae le Judase Iskariota kaofela ba jere boikarabelo bo tebileng haholoanyane ho feta Pilato bakeng sa ho tšoara Jesu ka tsela e se nang toka.

      Pilato a khahluoe ka ho eketsehileng ke Jesu ’me a tšaba hore e ka ’na eaba Jesu o tsoa ho Molimo, o boetse o etsa boiteko ba ho mo lokolla. Leha ho le joalo, Bajode ba hanyetsa Pilato. Ba pheta qoso ea bona ea bopolotiki, ka masene ba mo etsetsa tšoso: “Haeba u lokolla monna enoa, ha u motsoalle oa Cesare. Monna e mong le e mong ea iketsang morena o nyefola Cesare.”

      Ho sa tsotellehe liqoso tse tletseng tšokelo, Pilato o ntšetsa Jesu ka ntle hape. O boetse oa ipiletsa: “Bonang! Morena oa lōna!”

      “Mo tlose! Mo tlose! Mo khokhothele!”

      Pilato o botsa a feletsoe ke tšepo: “Ke khokhothele morena oa lōna?”

      Bajode ha baa khotsofala ka ho ba tlas’a puso ea Baroma. Ka sebele, ba hloile puso ea Roma e hatellang! Leha ho le joalo, ka boikaketsi, baprista ba baholo ba re: “Ha re na morena ha e se Cesare.”

      Pilato a tšohile hore o tla lahleheloa ke boemo ba hae ba lipolotiki le botumo, qetellong o inehela ho se batloang ke Bajode. O nehelana ka Jesu. Masole a hlobolisa Jesu seaparo se pherese ’me a mo apesa liaparo tsa hae tsa ka ntle. Ha Jesu a isoa moo a il’o khokhotheloa teng, o jarisoa thupa ea hae ea tlhokofatso.

      Joale ke motšehare oa hoseng ka Labohlano, la 14 Nisane; mohlomong e se e tla ba motšehare o moholo. Haesale Jesu a tsoha hoseng ka Labone, ’me o hlokofalitsoe ke liphihlelo tse bohloko tse latellanang. Ka ho utloahalang, ka potlako o felloa ke matla ka baka la boima ba thupa. Kahoo mofeta-ka-tsela, Simone oa Cyrene e Afrika, o qobelloa ho mo jarela eona. Ha ba ntse ba e-⁠ea pele, letšoele le leholo la batho, ho akarelletsa le basali ba hlomohileng, le ba llang le latela Jesu.

      Ha Jesu a retelehela ho basali bao, o re: “Barali ba Jerusalema, se nteleleng, le mpe le llele lōna le bara ba lōna; hobane, bonang, mehla ea tla eo ho tla thoe: Ho lehlohonolo linyopa, le mala a sa kang a tsoala, le matsoèlè a sa kang a anyesa. . . . Hobane ekare ha ba etsa tseo ho sefate se setala, ho tla etsoa joang ho se omileng?”

      Jesu o bua ka sefate sa sechaba sa Bajode, se sa ntsaneng se e-⁠na le mongobo o itseng oa bophelo ka baka la boteng ba Jesu le ho ba teng ha masala a lumelang ho eena. Empa etlare ha bana ba tlosoa sechabeng, ho tla sala feela sefate se shoeleng moeeng, e, mokhatlo o hlophisitsoeng oa sechaba o omelletseng. Ha makhotla a Roma a sebeletsang e le baphethahatsi ba kahlolo ea Molimo a timetsa sechaba sa Bajode, hoo ho tla tlisa lillo tse kaakang! Johanne 19:6-17, NW; 18:31; Luka 23:24-31; Mattheu 27:31, 32; Mareka 15:20, 21, NW.

      ▪ Baeta-pele ba bolumeli ba qosa Jesu ka eng ha liqoso tsa bona tsa bopolotiki li sa atlehe?

      ▪ Ke hobane’ng ha Pilato a tšoha le ho feta?

      ▪ Ke bo-mang ba jarang sebe se seholoanyane bakeng sa se etsahalang ka Jesu?

      ▪ Baprista ba khona joang ho etsa hore Pilato a nehelane ka Jesu hore a bolaoe?

      ▪ Jesu o bolella basali ba mo llelang eng, ’me o bolela eng ha a bua ka sefate se “setala” ’me hamorao e se e le “se omileng”?

  • Mahlomola Thupeng
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
    • Khaolo ea 125

      Mahlomola Thupeng

      LINOKOANE tse peli li khanneloa ntle ho ea bolaoa hammoho le Jesu. Haufi le motse, mokoloko oo o emisa sebakeng se bitsoang Golgotha, kapa Sebaka sa Lehata.

      Batšoaruoa ba hlobolisoa liaparo tsa bona. Joale ho fanoa ka veine e tsoakiloeng le sethethefatsi sa myrrha. Ho bonahala hore e entsoe ke basali ba Jerusalema, ’me Baroma ha ba hanele seno sena se thethefatsang bohloko ho batho ba khokhotheloang. Leha ho le joalo, ha Jesu a e latsoa, o hana ho e noa. Hobane’ng? Kamoo ho bonahalang ka teng o batla ho ba le matla a felletseng a kelello nakong ea teko e phahameng ka ho fetisisa ea tumelo ea hae.

      Joale Jesu o rapalatsoa thupeng matsoho a hae a le ka holim’a hlooho ea hae. ’Me masole a khokhothela lipekere tse khōlō matsohong le maotong a hae. O meneka ke bohloko ha lipekere li phunya nama le mesifa ea hae. Ha thupa e phahamisoa, bohloko boa tōta, hobane boima ba ’mele bo tabola maqeba a lipekere. Leha ho le joalo, ho e-⁠na le ho bua mantsoe a ba tšosang, Jesu o rapella masole a Roma: “Ntate, u ba tšoarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang.”

      Pilato o manehile mongolo thupeng o reng: “Jesu oa Nazaretha, morena oa ba-Jode.” Ho bonahala hore ha a ngole sena hobane a hlompha Jesu feela empa hape o se ngola hobane a nyatsa baprista ba Bajode ha ba mo qobelletse hore e be eena ea ahlolelang Jesu lefu. E le hore bohle ba ka bala mongolo, Pilato o laela hore o ngoloe ka lipuo tse tharo​—⁠ka Seheberu, ka Selatine seo e leng puo ea molao, le ka Segerike se tloaelehileng.

      Baprista ba baholo, ho kopanyelletsa Kaiafa le Anna, ba nyahame. Phatlalatso ena e tiileng e senya nako ea bona ea tlhōlo. Kahoo baa ipelaetsa: “Se ngole: Morena oa ba-Jode; u mpe u ngole hore ke eena ea itseng: Ke ’na morena oa ba-Jode.” A halefisitsoe ke hore e be o sebelelitse e le kofuto ea baprista, Pilato o arabela ka nyeliso e tiileng: “See ke se ngolileng, ke se ngolile.”

      Joale baprista, hammoho le letšoele le leholo, ba bokana ka thōko ho sebaka sa polao, ’me baprista ba leka ho fetola bopaki ba mongolo. Ba pheta bopaki ba bohata bo fanoeng pejana linyeoeng tsa Sanhedrin. Kahoo, ha ho makatse ha ba fetang ka tsela ba qala ho bua ka nyefolo, ba sisinya lihlooho tsa bona ka ho soma ’me ba re: “Uena, ea qhaqhang tempele, u reng u tla e tsosa ka matsatsi a mararo, ipholose he! Ha u le Mor’a Molimo, theoha sefapanong [“thupeng ea tlhokofatso,” NW]!”

      Baprista ba baholo le metsoalle ea bona ea bolumeli baa pheta-pheta: “O pholositse ba bang, eena o sitoa ho ipholosa! Ha e le eena morena oa Iseraele, a ke a theohe joale sefapanong, ’me re tla lumela ho eena. O tšepile Molimo; a o mo loele joale, ha o mo rata; hobane o itse: Ke Mor’a Molimo.”

      A nkiloe ke moea oa se etsahalang, masole le ’ona a soma Jesu. Ka ho soma a mo fa veine e bolila, ho bonahala eka a e tšoaretse ka holimonyana ho molomo oa hae o papatehileng. Baa soma: “Ekare ha u le morena oa ba-Jode, u ipholose.” Esita le linokoane​—⁠se seng se khokhothetsoe ka letsohong le letona la Jesu, ’me se seng ka ho le letšehali⁠—​lia mo soma. Nahana ka hona! Motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela, e, eena ea kopanetseng le Jehova Molimo ho bōpeng lintho tsohle, ka ho tiea o mamella nyeliso ena kaofela!

      Masole a nka liaparo tsa Jesu tsa ka ntle ’me a li arola likarolo tse ’nè. A laola ka lotho ho bona hore na liaparo tsena e tla ba tsa mang. Leha ho le joalo, kobo e ka hare, ha e na moroko, ke ea boleng bo phahameng. Kahoo masole aa bolellana a re: “A re se ke ra e hahola, re mpe re e laole ka lotho, hore re tle re tsebe hobane e tla ba ea mang.” Kahoo, ka ho se tsebe, a phethahatsa lengolo le reng: “Ba arolelane liaparo tsa ka, ’me ba laotse kobo ea ka ka lotho.”

      Ka mor’a nako, senokoane se seng se ananela hore kannete e tlameha e be Jesu ke morena. Kahoo, se khalemela ’mate oa sona, se re: “Na uena ha u tšabe Molimo ke’ng, kanthe u tsuong e le ’ngoe le enoa? Athe ha e le rōna, ho re loketse, hobane re nka se tšoanetseng tseo re li entseng; empa enoa ha a ka a etsa letho le khopo.” Joale se bua le Jesu, sea kōpa: “Morena, u nkhopole ha u kena ’musong oa hao!”

      Jesu oa arabela: “Ka ’nete ke re ho uena kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.” (NW ) Tšepiso ena e tla phethahatsoa ha Jesu a busa joaloka Morena leholimong ’me a tsosetsa sesenyi sena se bakileng bophelong lefatšeng Paradeiseng eo baphonyohi ba Harmagedone le metsoalle ea bona ba tlang ho ba le tokelo ea ho e lema. Mattheu 27:33-44; Mareka 15:22-32; Luka 23:27, 32-43; Johanne 19:17-24.

      ▪ Ke hobane’ng ha Jesu a hana ho noa veine e tsoakiloeng le sethethefatsi sa myrrha?

      ▪ Ka ho hlakileng, ke hobane’ng ha mongolo o manehiloe thupeng ea Jesu, ’me sena se baka ho arabisana hofe pakeng tsa Pilato le baprista ba baholo?

      ▪ Ke nyefolo efe e eketsehileng eo Jesu a e fumanang thupeng, ’me ho bonahala eka e susumelletsoa ke eng?

      ▪ Boprofeta bo phethahatsoa joang mabapi le se etsoang ka liaparo tsa Jesu?

      ▪ Ke phetoho efe eo senokoane se seng se e etsang, ’me Jesu o tla phethahatsa kōpo ea sona joang?

  • “Kannete Enoa e ne e le Mora oa Molimo”
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
    • Khaolo ea 126

      “Kannete Enoa e ne e le Mora oa Molimo”

      JESU ha a e-⁠s’o qete nako e telele thupeng ha, motšehare o moholo, ho hlaha lefifi le makatsang la lihora tse tharo. Sena ha sea bakoa ke hore khoeli e sirile letsatsi, kaha tsena li etsahala feela nakong ea ha khoeli e thoasitse, ’me nakong ea Paseka khoeli e tolokile. Ho feta moo, ho sira ha khoeli letsatsi ho nka metsotso e seng mekae feela. Kahoo lefifi lena le hlaha ho Molimo! E ka ’na eaba le khutsisa ba somang Jesu, esita le ho felisa litšomo tsa bona.

      Haeba ketsahalo ena e tšosang e hlaha pele sesenyi se seng se khalemela ’mate oa sona ’me se kōpa Jesu hore a se hopole, e ka ’na eaba leo ke lona lebaka la ho baka ha sona. Mohlomong ke nakong ea lefifi lena moo basali ba bane, e leng, ’m’a Jesu le ngoan’abo Salome, Maria Magdalena, le Maria ’mè oa moapostola Jakobo e Monyenyane, ba atamelang thupa ea tlhokofatso. Johanne, moapostola eo Jesu a mo ratang haholo, o na le bona moo.

      Pelo ea ’m’a Jesu e ‘hlabeha’ hakaakang ha a talimile mora eo a mo anyesitseng le ho mo fepa a fanyehiloe moo ’me a ntse a utloa bohloko bo boholo! Empa, Jesu ha a nahane feela ka bohloko ba hae, empa o nahana ka boiketlo ba ’mè oa hae. Ka boiteko bo boholo, o ōma ka hlooho o supa Johanne, ’me o re ho ’mè oa hae: “Mosali, bona, mora oa hao ke eo.” Joale, o ōma ka hlooho o supa Maria, o re ho Johanne: “Bona, ’m’ao ke eo.”

      Kahoo Jesu o neha moapostola oa hae ea ratoang haholo boikarabelo ba ho hlokomela ’mè oa hae, eo nakong ena ho bonahalang eka e se e le mohlolohali. O etsa sena hobane bara ba bang ba Maria ha ba e-⁠s’o bontše tumelo ho eena. Kahoo o beha mohlala o motle oa ho se etse tokisetso ea litlhoko tsa ’mè oa hae tsa nama feela empa hape le tokisetso ea litlhoko tsa hae tsa moea.

      Hoo e ka bang ka hora ea boraro motšehare oa mantsiboea, Jesu o re: “Ke nyoriloe.” Jesu o hlokomela hore Ntate oa hae o tlositse tšireletso ho eena e le hore botšepehi ba hae bo ka lekoa ka ho felletseng. Kahoo o hoeletsa ka lentsoe le phahameng: “Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntloheletse’ng na?” Ha ba utloa sena, ba bang ba emeng haufi le eena baa khotsa ba re: “Utloang, o bitsa Elia.” Kapele e mong oa matha ’me, a sebelisa seponse se montseng asene se ntlheng ea thupa ea hysopa, o mo fa eona hore a noe. Empa ba bang ba re: “Lesang, re ke re bone ha ekaba Elia o tla tla mo fanyolla.”

      Ha Jesu a amohela asene, oa hoeletsa: “Ho phethehile.” E, o phethile sohle seo Ntate oa hae a mo rometseng lefatšeng ho tla se etsa. Qetellong, o re: “Ntate, ke neela moea oa ka matsohong a hao!” Ka tsela ena Jesu o beha matla a hae a bophelo ho Molimo ka kholiseho ea hore Molimo o tla a khutlisetsa ho eena hape. Joale o kebisa hlooho oa shoa.

      Motsotsong oo Jesu a phefumolohang ka lekhetlo la ho qetela ka oona, ho hlaha tšisinyeho e khōlō ea lefatše, mafika aa petsoha. Tšisinyeho ena ea lefatše e matla hoo mabitla a khopotso a ka ntle ho Jerusalema a bulehang ’me litopo li betsetsoa ka ntle. Batho ba fetang ka tsela ba bonang litopo tse ntšelitsoeng ka ntle ba kena motseng ’me ba tlaleha hona.

      Ho feta moo, motsotsong oo Jesu a shoang ka oona, lesira le leholo le arolang Sehalalelo ho Sehalalelisiso ka tempeleng ea Molimo le hahoha likoto tse peli, ho tloha holimo ho ea tlaase. Ho bonahala eka lesira lena le nang le mekhabo e metle le ka ba limithara li 18 ka bophahamo ’me le boima haholo! Mohlolo ona o makatsang ha o bontše bohale ba Molimo khahlanong le babolai ba Mora oa Oona feela empa hape o bontša hore ho kena ka Sehalalelisisong, e leng leholimo ka bolona, joale ho ea khoneha ka lefu la Jesu.

      Ha batho ba utloa tšisinyeho ea lefatše ’me ba bona lintho tse etsahalang, ba tšoha haholo. Molaoli oa lebotho ea ikarabellang polaong eo o rorisa Molimo. Oa phatlalatsa: “Kannete enoa e ne e le Mora oa Molimo.” E ka ’na eaba o ne a le teng ha taba ea ho ipolela ha hae e le Mora oa Molimo e ne e buuoa nyeoeng ea Jesu ka pel’a Pilato. ’Me hona joale o kholisehile hore Jesu ke Mora oa Molimo, e, hore ka sebele ke motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela.

      Ba bang le bona baa hlolloa ka baka la liketso tsena tsa mohlolo, ’me ba qala ho khutlela hae ba itšoere lifubeng e le pontšo ea ho soaba ha bona ho tebileng le lihlong. Ha ba ntse ba talimile ketsahalo ena ba le thōko, barutuoa ba bangata ba Jesu ba basali ba ameha maikutlo ka ho tebileng ke liketsahalo tsena tse khōlōhali. Moapostola Johanne le eena o teng. Mattheu 27:45-56, BPN; Mareka 15:33-41; Luka 23:44-49; 2:34, 35; Johanne 19:25-30.

      ▪ Ke hobane’ng ha ho sira ha khoeli letsatsi e ke ke ea e-⁠ba hona ho bakang lefifi la lihora tse tharo?

      ▪ Nakoana pele ho lefu la hae, Jesu o fana ka mohlala ofe o motle ho ba nang le batsoali ba hōlileng?

      ▪ Lipolelo tsa Jesu tse ’nè tsa ho qetela pele a e-⁠shoa ke life?

      ▪ Tšisinyeho ea lefatše e baka eng, ’me ho hahoha ha lesira la tempele ho tšoantšetsa eng?

      ▪ Mehlolo eo e ama molaoli oa lebotho ea ikarabellang polaong joang?

  • O Patoa ka Labohlano—Ka Sontaha Lebitla ha le na Letho
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
    • Khaolo ea 127

      O Patoa ka Labohlano—Ka Sontaha Lebitla ha le na Letho

      HONA joale ke Labohlano motšehare oa mantsiboea, ’me Sabbatha ea la 15 Nisane e tla qala ka shoalane. Setopo sa Jesu se fanyehiloe thupeng, empa linokoane tse peli tse ka mahlakoreng a hae li sa ntsane li phela. Motšehare oa mantsiboea a Labohlano o bitsoa Hlekelo hobane ke nako eo ka eona batho ba lokisang lijo le ho qetella mesebetsi eohle e tlamang e ke keng ea ema ho fihlela ka mor’a Sabbatha.

      Sabbatha e tla tloha e qala hase Sabbatha feela e tloaelehileng (letsatsi la bosupa bekeng) empa hape ke Sabbatha e habeli, kapa e ‘khōlō.’ E bitsoa tjena hobane la 15 Nisane e leng letsatsi la pele la Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang oa matsatsi a supileng (’me ka mehla e ba Sabbatha, ho sa tsotellehe hore na o tla letsatsing lefe la beke), le oela letsatsing le tšoanang le la Sabbatha e tloaelehileng.

      Ho ea ka Molao oa Molimo, litopo ha lia tšoanela ho tloheloa li fanyehiloe thupeng bosiu kaofela. Kahoo Bajode ba kōpa Pilato hore lefu la ba ahlotsoeng le akofisoe ka ho roba maoto a bona. Kahoo, masole a roba maoto a linokoane tse peli. Empa kaha Jesu o bonahala a se a shoele, maoto a hae ha a rojoe. Hona ho phethahatsa lengolo le reng: “Ha ho lesapo la hae le tlang ho rojoa.”

      Leha ho le joalo, ho tlosa pelaelo efe kapa efe ea hore na ebe Jesu o fela a shoele, le leng la masole le mo hlaba ka lerumo lehlakoreng. Lerumo le mo phohlotsa lehlakoreng pel’a pelo, ’me hang-hang ho tsoa mali le metsi. Moapostola Johanne, eo e leng paki e boneng ka mahlo, o tlaleha hore sena se phethahatsa lengolo le leng: “Ba tla bona eo ba mo hlabileng.”

      Josefa ea hlahang motseng oa Arimathea, setho se hlomphehang sa Sanhedrin, le eena o teng sebakeng seo sa polao. O hanne ho tšehetsa khato e sa lokang ea lekhotla le phahameng khahlanong le Jesu. Ha e le hantle, Josefa ke morutuoa oa Jesu, le hoja a ile a tšaba ho itsebahatsa e le eena. Leha ho le joalo, joale, o bontša sebete ’me o ea ho Pilato ho kōpa setopo sa Jesu. Pilato o bitsa molaoli oa sesole ea ikarabellang, ’me ka mor’a hore molaoli a tiise hore Jesu o shoele, Pilato o nehelana ka setopo.

      Josefa o nka setopo ’me o se phuthela ka line e ntle e hloekileng e le ho se lokisetsa lepato. O thusoa ke Nikodema, setho se seng sa Sanhedrin. Nikodema le eena o hlōlehile ho bontša tumelo ea hae ho Jesu ka lebaka la ho tšaba ho lahleheloa ke boemo ba hae. Empa joale o tlisa sephutheloana se nang le lik’hilogramo tse 33 tsa myrrha le makhala a theko e boima. Setopo sa Jesu se phutheloa ka masela a nang le linōko tsena, ka tsela e tšoanang hantle le eo Bajode ba tloaetseng ho lokisa litopo bakeng sa lepato ka eona.

      Joale setopo se robatsoa lebitleng la khopotso le lecha la Josefa le chekiloeng lefikeng tšimong e haufinyane. Qetellong, lejoe le leholo le phikolosetsoa ka pel’a lebitla. E le hore lepato le fele pele ho Sabbatha, ho lokisoa setopo ka potlako. Kahoo, Maria Magdalena le Maria ’m’a Jakobo e Monyenyane, bao mohlomong ba neng ba ntse ba thusa ho lokisa setopo, ba potlakela hae ho lokisa linōko tse eketsehileng le lioli tse nkhang hamonate. Ka morao ho Sabbatha, ba rera ho tlotsa setopo sa Jesu e le hore se tšoarelle nako e telele.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela