Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • O Patoa ka Labohlano—Ka Sontaha Lebitla ha le na Letho
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
    • Sontaha hoseng Maria Magdalena le Maria ’m’a Jakobo, hammoho le Salome, Joanna le basali ba bang, ba tlisa linōko lebitleng ho tla tlotsa setopo sa Jesu. Ha ba le tseleng baa botsana: “Ke mang ea tla re phikolosetsa lejoe, ho le tlosa monyako oa lebitla?” Empa ha ba fihla, ba fumana hore ho bile le tšisinyeho ea lefatše ’me lengeloi la Jehova le phikolositse lejoe. Balebeli ba tsamaile, ’me lebitla ha le na letho! Mattheu 27:57–28:2; Mareka 15:42–16:4; Luka 23:50–24:3, 10; Johanne 19:14, 31–20:1; 12:42; Levitike 23:5-7; Deuteronoma 21:22, 23; Pesaleme ea 34:20; Zakaria 12:10.

  • Jesu oa Phela!
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
    • Khaolo ea 128

      Jesu oa Phela!

      HA BASALI ba fumana lebitla la Jesu le se na letho, Maria Magdalena o titima ho ea bolella Petrose le Johanne. Leha ho le joalo, ka ho hlakileng basali ba bang ba sala lebitleng. Kapele-pele lengeloi lea hlaha ’me le ba memela ka hare.

      Mona basali bana ba bona lengeloi le leng hape, ’me le leng la mangeloi le re ho bona: “Ha e le lōna, le se ke la tšoha, hobane kea tseba hoba le batla Jesu, ea kileng a thakhisoa. Ha a sa le mona, hobane o tsohile joale ka ha a na a boletse. Tlong, le bone tao eo Morena a neng a beiloe ho eona. Le mpe le phakise le ee ho bolella barutuoa ba hae hore o tsohile bafung.” Kahoo, ka tšabo le ka thabo e khōlō, basali bana le bona baa titima.

      Nakong ena, Maria o se a fumane Petrose le Johanne, ’me oa ba tlalehela: “Ba tlositse Morena lebitleng, ’me ha re tsebe moo ba ’meileng teng.” Hang-hang baapostola ba babeli ba tloha moo ba titima. Johanne o siea Petrose​—⁠kaha ho bonahala eka o monyenyane ho eena⁠—​’me o fihla pele lebitleng. Nakong ena basali ba se ba tsamaile, ’me ha ho motho moo. Johanne oa inama ’me o nyarela ka lebitleng ’me o bona masela, empa o sala ka ntle ho lebitla.

      Ha Petrose a fihla, ha a tsila-tsile empa o kena ka hare. O bona masela a behiloe moo fatše hammoho le lesela le neng le sebelisitsoe ho thatela hlooho ea Jesu. Le ne le phuthiloe ’me le behiloe sebakeng se le seng. Joale Johanne le eena o kena ka lebitleng ’me o lumela tlaleho ea Maria. Empa Petrose le Johanne ha ba utloisise hore Jesu o tsositsoe, esita le hoja A ne a ba bolelletse hangata hore O tla tsosoa. Ba tsielehile, bobeli ba bona ba khutlela hae, empa Maria, ea khutletseng lebitleng, oa sala.

      Khabareng, basali ba bang ba potlaketse ho ea bolella barutuoa hore Jesu o tsositsoe, joalokaha mangeloi a ba laetse ho etsa joalo. Ha ba ntse ba titima joalo ka lebelo le leholo, Jesu o teana le bona ’me o re: “Lumelang!” Ba itihela maotong a hae ’me baa mo khumamela. Joale Jesu o re: “Se tšoheng; e-⁠eang, le bolelle banab’eso hore ba ee Galilea; ke moo ba tla mpona teng.”

      Pejana, ha ho ne ho e-⁠ba le tšisinyeho ea lefatše ’me mangeloi a itlhahisa, masole a mo lebetseng a ile a ba joaloka bafu. Ha a hlaphoheloa, hang-hang a ile a khutlela motseng ’me a bolella baprista ba baholo se etsahetseng. Ka mor’a ho kopana le “baholo” ba Bajode, ho ile ha etsoa qeto ea ho leka ho koahela taba ena ka ho neha masole tjotjo. A ile a laeloa: “E-reng: Barutuoa ba hae ba tlile bosiu, ba mo utsoitse re robetse.”

      Erekaha masole a Roma a ka ’na a fumana kotlo ea lefu ka baka la ho robala libakeng tsa ’ona tsa bolebeli, baprista baa tšepisa: “’Me leha ’musisi a utloa taba eo [ea ho khaleha ha lōna], ke rōna re tla mo kholisa, re le sireletse.” Erekaha tjotjo e ne e le e ngata ka ho lekaneng, masole a ile a etsa joalokaha a laetsoe. Kahoo, tlaleho ea bohata ea ho utsuoa ha setopo sa Jesu e ile ea hasana hohle har’a Bajode.

      Maria Magdalena, ea setseng lebitleng, o utloile bohloko haholo. Ekaba Jesu o hokae? Ha a nyarela ka lebitleng, o bona mangeloi a mabeli a apereng liaparo tse tšoeu, a itlhahisitseng hape! Le leng le lutse hloohong ’me le leng le lutse maotong moo setopo sa Jesu se neng se robetse teng. Aa botsa: “Mosali, u llela’ng?”

      Maria oa arabela: “Ke kahobane ba tlositse Moren’a ka, ’me ha ke tsebe moo ba ’meileng teng.” Joale oa reteleha ’me o bona motho e mong ea boelang a pheta potso eo: “Mosali, u llela’ng?” ’Me motho enoa o boetse oa botsa: “U batla mang?”

      Ka ho nahana hore motho enoa ke mohlokomeli oa serapa seo lebitla leo le leng ho sona, Maria o re ho eena: “Monghali, ha ekaba ke uena u mo tlositseng, mpolelle moo u ’meileng teng, ke tle ke ee, ke mo nke.”

      Motho eo o re: “Maria!” ’Me hang-hang a tseba ka tsela e tloaelehileng eo a buang le eena ka eona hore ke Jesu. Oa hooa: “Rab·boʹni!” (ke hore “Moruti!”). ’Me ka thabo e khaphatsehang, oa mo tšoara. Empa Jesu o re: “Se nkame, hobane ha ke e-⁠so ho nyolohele ho Ntate; u mpe u ee ho banab’eso, u re ho bona: Ke nyolohela ho Ntate, e leng le Ntat’a lōna, ho Molimo oa ka, e leng le Molimo oa lōna.”

      Joale Maria o titimela moo baapostola le barutuoa ba bang ba bokaneng teng. O phaella ka tlaleho ea hae tlalehong eo basali ba bang ba seng ba fane ka eona mabapi le ho bona Jesu ea tsositsoeng. Empa ho bonahala eka banna bana, ba sa kang ba kholoa basali ba pele, le Maria ha ba mo kholoe. Mattheu 28:3-15; Mareka 16:5-8; Luka 24:4-12; Johanne 20:2-18.

      ▪ Ka mor’a ho fumana lebitla le se na letho, Maria Magdalena o etsa’ng, ’me basali ba bang ba ba le phihlelo efe?

      ▪ Petrose le Johanne ba arabela joang ha ba fumana lebitla le se na letho?

      ▪ Ke mang eo basali ba bang ba kopanang le eena ha ba le tseleng ba il’o tlalehela barutuoa ka tsoho ea Jesu?

      ▪ Ke eng se etsahetseng ho masole a lebetseng, ’me karabelo ea baprista tlalehong ea ’ona e ile ea ba efe?

      ▪ Ho etsahala’ng ha Maria Magdalena a setse a le mong lebitleng, ’me karabelo ea barutuoa litlalehong tsa basali baa ke efe?

  • O Iponahatsa ka Makhetlo a Eketsehileng
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
    • BARUTUOA ba sa ntsane ba tepelletse. Ha ba utloisise hore na lebitla le se nang letho le bolela eng, ebile ha ba lumele litlaleho tsa basali. Kahoo, hamorao ka Sontaha, Kleopa le morutuoa e mong ba tloha Jerusalema ba ea Emmause, sebaka se ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 11.

      Tseleng, ha ba ntse ba buisana ka liketsahalo tsa letsatsi leo, motho e mong eo ba sa mo tsebeng o kena har’a bona. Oa botsa: “Le ntse le buisana ka taba life le ntse le tsamaea?”

      Barutuoa baa ema, lifahleho tsa bona li bontša ho khathala matla, ’me Kleopa oa arabela: “Ke uena u le mong har’a ba ahileng Jerusalema ea sa tsebeng taba tse hlahileng teng tšiung tsena.” Oa botsa: “Life?”

      Baa arabela: ‘ Tsa Jesu oa Nazaretha. Baprista ba baholo le babusi ba rōna ba mo neetse ho ahloleloa lefu, ba ba ba mo thakhisa. Ha e le rōna, re ne re tšepile hobane ke eena ea tla lopolla Iseraele.’

      Kleopa le ’mate oa hae ba hlalosa liketsahalo tse makatsang tsa letsatsi leo​—⁠tlaleho ea pono ea mohlolo ea mangeloi le lebitla le se nang letho⁠—​empa joale ba bolela ka ho makala ha bona mabapi le se boleloang ke lintho tsena. Motho enoa eo ba sa mo tsebeng oa ba khalemela: “Jo! batho ba se nang kutloisiso, ba pelo tse liehang ho lumela tsohle tse boletsoeng ke baprofeta! Hleka e ne e se tšoanelo hore Kreste a utloisoe bohloko boo, a ntoo kena khanyeng ea hae na?” Joale o ba hlalosetsa litemana tsa lengolo le halalelang tse buang ka Kreste.

      Qetellong ba fihla haufi le Emmause, ’me motho enoa eo ba sa mo tsebeng o etsa eka o fetela pele. Kahobane ba batla ho utloa ho eketsehileng, barutuoa baa mo phehella: “Hlola le rōna, hobane e se e le mantsiboea.” Kahoo oa lula ’me o emela lijo. Ha a rapela ’me a ngoatha bohobe a bile a ba neha bona, ba hlokomela hore efela e le Jesu ea nkileng ’mele oa botho. Empa joale oa nyamela.

      Joale ba utloisisa hore na ho tlile joang hore e be motho enoa eo ba sa mo tsebeng o tseba lintho tse ngata hakana! Baa botsa: “Ana lipelo tsa rōna li ne li sa chese ka hare ho rōna, ha a ntse a bua le rōna tseleng, a re hlalosetsa Mangolo na?” Ka ntle ho tieho, baa ema ’me ba khutlela morao Jerusalema ba potlakile, moo ba fumanang baapostola le ba phuthehileng hammoho le bona. Pele Kleopa le ’mate oa hae ba ka bua ho hong, ba bang ba bolela ba thabile: “Morena o tsohile bafung ka ’nete; o bile o bonoe ke Simone.” Joale bobeli ba bona ba hlalosa kamoo Jesu a iponahalitseng ho bona ka teng. Lena ke lekhetlo la bone leo a iponahalitseng ka lona ho barutuoa ba hae ba fapaneng letsatsing leo.

      Jesu o iponahatsa ka tšohanyetso lekhetlo la bohlano. Le hoja menyako e notletsoe kahobane barutuoa ba tšaba Bajode, oa kena, o ema har’a bona, ’me o re: “Khotso e be le lōna!” Ba tšohile, ba nahana hore ba bona moea. Joale, ha a hlalosa hore hase sethotsela, Jesu o re: “Le tšohela’ng? ’me mehopolo e joalo e hlahela’ng lipelong tsa lōna? Bonang liatla tsa ka le maoto a ka, hobane ke ’na ka sebele. Ntoboketseng, le bone; hobane seriti ha se na nama le masapo, joale kaha le mpona ke e-⁠na le ’ona.” Leha ho le joalo, ba ntse ba le leqe ho lumela.

      Ho ba thusa ho utloisisa hore efela ke eena Jesu, oa botsa: “Na mona le na le ntho e jeoang na?” Hoba a amohele leqa la hlapi e besitsoeng ’me a le je, o re: “Ke tsona litaba tseo nkileng ka le bolella tsona, ha ke sa na le lōna [pele ho lefu la ka], ka re: Tsohle tseo ke ngoliloeng ka tsona molaong oa Moshe le baprofeteng le lipesalemeng, e ka khona li etsahale.”

      Ha a tsoela pele ka seo, ha e le hantle, e hlileng e kang ke thuto ea Bibele ho bona, Jesu oa ba ruta: “Ho no ho ngoliloe joalo, ’me ho no ho tšoanela hore Kreste a utloisoe bohloko, ’me a tsohe bafung ka letsatsi la boraro; ho tle ho boleloe ka lebitso la hae pako le tšoarelo ea libe ho lichaba tsohle, ho qala ka Jerusalema. Lōna, le lipaki tsa taba tseo.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela