Bacha Baa Botsa
Ke’ng eo ke Lokelang ho e Tseba ka ho Etsa Metsoalle Inthaneteng?—Karolo ea 2
Thathamisa lintlha tse ka tlaase mona ho latela hore na ke tsa bohlokoa hakae.
․․․․․ boinotši
․․․․․ nako
․․․․․ botumo
․․․․․ metsoalle
LINTLHENG tse ka holimo u qalile ka efe eo u nkang hore ke ea bohlokoa haholo? Ntlha eo hammoho le tse ling tse tharo, e ka ba kotsing ha u sebelisa liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona.
Na u lokela ho ba le ak’haonte websaeteng eo batho ba etsang metsoalle ho eona? Haeba u ntse u lula le batsoali ba hao, ke bona ba lokelang ho etsa qeto tabeng ena.a (Liproverbia 6:20) Ho tšoana le ntho leha e le efe eo motho a ka e etsang Inthaneteng, liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona li molemo ebile li kotsi. Haeba batsoali ba hao ba sa batle hore u be le ak’haonte websaeteng eo, u lokela ho ba mamela.—Baefese 6:1.
Ka lehlakoreng le leng, haeba batsoali ba hao ba u lumella hore u be le ak’haonte websaeteng eo batho ba etsang metsoalle ho eona, u ka qoba likotsi tsa eona joang? Sehlooho sa “Bacha Baa Botsa” se hlahileng Tsoheng! ea July 2011, se tšohlile lintlha tse peli tseo u lokelang ho li ela hloko—e leng taba ea boinotši le nako eo u e qetang moo. Sehloohong sena, re tla tšohla taba ea botumo ba hao le ea metsoalle.
BOTUMO BA HAO
Ho sireletsa botumo ba hao ho bolela hore u hlokolosi ho se fe ba bang mabaka a utloahalang a ho nahana hore u motho ea mobe. Ka mohlala, a re nke hore u na le koloi e ncha; ha e na mengoapo ebile ha ea kobeha. Na u ne u ke ke ua rata ho e boloka e le boemong boo? U ne u ka ikutloa joang haeba u ne u ka soahlamanya koloi eo ka lebaka la bohlasoa?
Ho ka ’na ha etsahala ntho e tšoanang ka botumo ba hao ha u sebelisa websaete eo batho ba etsang metsoalle ho eona. Ngoanana e mong ea bitsoang Cara o re: “Ho kenya foto e le ’ngoe feela Inthaneteng kapa ho ngola ntho e itseng motho a sa nahane, ho ka senya botumo ba hae.” Ka mohlala, nahana kamoo botumo ba hao bo ka ’nang ba ameha kateng ka lebaka la . . .
● Lifoto. Moapostola Petrose o ile a ngola, a re: “Ka linako tsohle etsang hore ba bang ba le bone le itšoere hantle.” (1 Petrose 2:12, Contemporary English Version) Ke’ng seo u se hlokometseng haeba u kile ua sheba lifoto tse liwebsaeteng tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona?
“Ka linako tse ling ke bona lifoto tsa motho eo ke neng ke nahana hore o na le seriti, ’me ho tsona a bonahala eka o noele.”—Ana ea lilemo li 19.
“Ke tseba banana ba bang ba emang ka tsela e pepesang ’mele ha ba nka lifoto. Tsela eo ba shebahalang ka eona moo e fapane hōle le eo ba shebahalang ka eona ha motho a ba shebile.”—Cara ea lilemo li 19.
U ne u ka re’ng ka motho ea kentseng foto ea hae websaeteng eo batho ba etsang metsoalle ho eona (1) a apere ka tsela e tsosang takatso kapa (2) a bonahala eka o noele?
1 ․․․․․
2 ․․․․․
● Seo u se ngolang moo. Baefese 4:29 e re: “Polelo e bolileng [“puo e litšila,” International Standard Version] e se ke ea tsoa melomong ea lōna.” Ba bang ba hlokometse hore ha batho ba buisana liwebsaeteng tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona, ba atisa ho kenyelletsa puo e tala, lesebo kapa litaba tsa boitšoaro bo litšila.
“Batho ba lokoloha haholo ha ba sebelisa liwebsaete tseo. Mantsoe a litšila ha a utloahale a le mabe hakaalo ha motho aa ngola, ho tšoana le ha aa bua. E ka ’na eaba lintho tseo u li ngolang hase litlhapa, empa li ka fana ka maikutlo a hore u rata motho eo u ngollanang le eena, u thatoloha feela kapa hona hore u bua lintho tse litšila.”—Danielle ea lilemo li 19.
U nahana hore ke hobane’ng ha batho ba bangata ba lokoloha haholo ha ba le Inthaneteng?
․․․․․
Na hoa tsotelleha hore na u kenya lifoto tse joang moo le hore na u ngola’ng? E, hoa tsotelleha! Ngoanana e mong ea bitsoang Jane o re: “Ho buuoa ka taba eo haholo sekolong. Re ’nile ra buisana ka hore bahiri ba sheba lintho tseo bakōpi ba mosebetsi ba li kentseng liwebsaeteng tseo ho etsoang metsoalle ho tsona e le hore ba tsebe hore na ke batho ba mofuta ofe.”
Bukeng ea hae e bitsoang Facebook for Parents, Dr. B. J. Fogg o re ke seo a se etsang ha a hira batho. O re: “Ke nka hore seo se nthusa ho etsa qeto e le hore ke hire motho ea itseng. Haeba ke bona lintho tse sa tsebisahaleng tlas’a lebitso la motho ea etsang kōpo ea mosebetsi, seo ha se nkhahle. Nke ke ka hira motho ea joalo. Hobane’ng? Hobane ke batla ho sebetsa le batho ba hlaphohetsoeng kelellong.”
Haeba u Mokreste, ho na le ntho ea bohlokoa le ho feta eo u lokelang ho e ela hloko—e leng hore na lintho tseo u li ngolang Inthaneteng li ka ’na tsa ama ba bang joang, ebang ke balumeli-’moho le uena kapa che. Moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Ka tsela leha e le efe ha re fane ka sesosa leha e le sefe sa ho khoptjoa.”—2 Bakorinthe 6:3; 1 Petrose 3:16.
Seo U ka se Etsang
Haeba batsoali ba hao ba u lumella ho sebelisa websaete eo batho ba etsang metsoalle ho eona, sheba lifoto tseo u li kentseng moo ’me u ipotse: ‘Lifoto tsee li bontša’ng ka ’na? Na ee ke tsela eo ke batlang ho tsebahala ka eona? Na ke tla hlajoa ke lihlong haeba batsoali ba ka, moholo oa Mokreste kapa motho eo e ka ’nang ea e-ba mohiri oa ka a ka li bona?’ Haeba u arabile ka e, potsong e qetellang, etsa liphetoho. Ke seo Kate ea lilemo li 21 a ileng a se etsa. O re: “Moholo e mong oa Mokreste o ile a buisana le ’na ka lifoto tseo ke li kentseng websaeteng eo batho ba etsang metsoalle ho eona, ’me ke ile ka ananela seo. Ke ne ke tseba hore o batla ho sireletsa botumo ba ka.”
Hape hlahloba ka hloko lintho tseo u li ngotseng moo—le tseo ba bang ba li ngotseng tlas’a lebitso la hao. U se ke ua iphapanyetsa “puo ea booatla kapa mesoaso e nyonyehang.” (Baefese 5:3, 4) Jane ea lilemo li 19 o re: “Ka linako tse ling, batho ba ngola lintho tse litšila kapa tse nang le moelelo o sa hlakang. Esita le haeba hase uena ea li ngotseng, li u hlahisa hampe hobane li ngotsoe tlas’a lebitso la hao.”
E le hore u sireletse botumo ba hao, u tla ipehela meeli efe ha u kenya lifoto websaeteng eo batho ba etsang metsoalle ho eona le ha u ngola lintho moo?
․․․․․
METSOALLE EA HAO
Haeba u ne u e-na le koloi e ncha, na u ne u tla palamisa mang kapa mang feela? Haeba batsoali ba hao ba u lumella hore u be le ak’haonte websaeteng eo batho ba etsang metsoalle ho eona, u lokela ho etsa qeto e tšoanang tabeng ea hore na ke bo-mang bao u batlang hore e be metsoalle ea hao kapa bao u ba amohelang. U tla ba hlokolosi hakae ha u ba khetha?
“Ntho feela eo batho ba bang ba batlang ho e finyella ke hore ba be le metsoalle e mengata—ha e le mengata seo sea ba thabisa. Ba ka ba ba kenya batho bao ba sa ba tsebeng lethathamong la mabitso a metsoalle ea bona.”—Nayisha ea lilemo li 16.
“Liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona li ka u thusa hore u tsosolose setsoalle le batho bao u ba qetetseng khale. Empa ka linako tse ling ho ne ho ka ba molemo hore u se ke ua tsosolosa setsoalle le batho bao.”—Ellen ea lilemo li 25.
Seo U ka se Etsang
Tlhahiso: Hlahloba mabitso ’me u ntše ao u sa a hlokeng. Hlahloba mabitso a metsoalle ea hao ’me u ntše a eo u sa e hlokeng. Lebitsong ka leng, ipotse:
1. ‘Ke tseba motho eo hantle hakae?’
2. ‘Motho eo o kenya lifoto le ho ngola lintho tsa mofuta ofe websaeteng eo batho ba etsang metsoalle ho eona?’
3. ‘Na motho eo ke motsoalle ea ntšusumelletsang ho etsa lintho tse ntle?’
“Ke atisa ho hlahloba ‘mabitso a lethathamong la metsoalle’ ea ka, khoeli ka ’ngoe. Haeba ho e-na le lebitso la motho ea sa ntjeseng litheohelang kapa eo ke sa mo tsebeng hantle, ke ea le ntša.”—Ivana ea lilemo li 17.
Tlhahiso: Iketsetse leano leo u tla le latela ha u etsa metsoalle. Beha meeli tabeng ea hore na u tla tloaelana le bo-mang websaeteng eo batho ba etsang metsoalle ho eona, feela joalokaha u etsa tabeng ea ho khetha metsoalle. (1 Bakorinthe 15:33) Ka mohlala, moroetsana e mong ea bitsoang Leanne o re: “Ke iketselitse leano la hore: Haeba ke sa u tsebe, ha ke amohele kōpo ea hao ea hore re be metsoalle. Haeba ke bona u ngotse ntho e itseng e nkukunelang, ke ntša lebitso la hao ‘lethathamong la metsoalle’ ea ka ’me nke ke ka hlola ke amohela kōpo ea hao ea hore re be metsoalle.” Ba bang le bona ba ipehetse meeli e tšoanang.
“Ha ke tloaelane le mang kapa mang feela. Ho etsa joalo ho ka ba kotsi.”—Erin ea lilemo li 21.
“Bana bao ke neng ke kena sekolo le bona ba ’nile ba nkōpa hore ke ngollane le bona liwebsaeteng tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona. Empa ha ke ne ke sa le sekolong ke ne ke leka ka matla ho ba qoba; joale ke hobane’ng ha nka itloaetsa bona hona joale?”—Alex ea lilemo li 21.
Meleng e ka tlaase mona, ngola leano leo u tla iketsetsa lona tabeng ea ho etsa metsoalle.
․․․․․
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tsoha! ha e khothalletse batho hore ba sebelise websaete e itseng ka ho khetheha kapa hona ho nyatsa e itseng. Bakreste ba lokela ho netefatsa hore tsela eo ba sebelisang Inthanete ka eona ha e khahlanong le melao-motheo ea Bibele.—1 Timothea 1:5, 19.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 10]
Maele a Bibele a re: “Haeba ho ka thoe u khethe pakeng tsa ho ba le botumo bo botle le ho ba le leruo, khetha botumo bo botle.”—Liproverbia 22:1, Today’s English Version
[Lebokose le leqepheng la 12]
KE HOBANE’NG HA U SA BOTSE BATSOALI?
Buisana le batsoali ba hao ka sehlooho sena le sa “Bacha Baa Botsa” se hlahileng Tsoheng! ea July 2011. Buisanang ka hore na ho sebelisa Inthanete ho ama joang (1) boinotši ba hao, (2) nako ea hao, (3) botumo ba hao le (4) metsoalle ea hao.
[Lebokose le leqepheng la 13]
MOLAETSA O EANG HO BATSOALI
E ka ’na eaba bana ba lōna ba tseba Inthanete ho le feta. Empa ha ba na temoho joaloka lōna. (Liproverbia 1:4; 2:1-6) Ho joalokaha Parry Aftab, eo e leng setsebi sa kamoo batho ba ka itšireletsang kateng ha ba sebelisa Inthanete, a boletse ha a re: “Bana ba tseba lintho tse ngata ka theknoloji. Batsoali bona ba tseba lintho tse ngata bophelong.”
Lilemong tsa morao tjena, batho ba bangata ba se ba rata ho sebelisa liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona. Na ngoana oa lōna o se a hōlile tsebong hoo a ka li sebelisang? Eo ke qeto eo le lokelang ho e etsa. Joalokaha ho khanna, ho sebelisa ak’haonte ea banka, kapa karete ea ho reka ka mokitlane ho na le likotsi, ho sebelisa liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona le hona ho na le likotsi. Tse ling tsa tsona ke life?
BOINOTŠI. Bacha ba bangata ha ba lemohe liphello tse tlisoang ke ho fana ka boitsebiso bo bongata haholo Inthaneteng. Ba ka beha lelapa la lōna kotsing haeba ba bolela hore na ba lula hokae, ba kena sekolo hokae, kapa hore na ba ba teng neng lapeng.
Seo le ka se etsang. Ha bana ba ne ba sa le tlaase lilemong, le ile la ba ruta ho re ba shebe likoloi ka mahlakoreng a mabeli pele ba tšela ’mila. Kaha joale ba se ba hōlile, ba ruteng ho itšireletsa ha ba sebelisa Inthanete. Balang boitsebiso bo mabapi le ho ba le boinotši, sehloohong sa “Bacha Baa Botsa,” makasineng ea khoeli e fetileng. Hape shebang Tsoha! ea October 2008, leqepheng la 3-9. Ebe le tšohla lintlha tsena le ngoana oa lōna. Lekang ho mo ruta hore a be le “bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana” tabeng ea ho itšireletsa ha a sebelisa Inthanete.—Liproverbia 3:21.
NAKO. Batho ba ka lemalla ho sebelisa liwebsaete tseo ho etsoang metsoalle ho tsona. Rick ea lilemo li 23 o re: “Ka mor’a matsatsi a seng makae feela ke butse ak’haonte, ho ne ho se ho hana ha ke khaotsa ho e sebelisa. Ke ne ke qeta lihora ke sheba litšoantšo le lintho tse ngotsoeng moo.”
Seo le ka se etsang. Balang ’me le tšohle le bana ba lōna sehlooho sa “Bacha Baa Botsa . . . Na ke Lemaletse Mecha ea Phatlalatso ea Elektronike?” se Tsoheng ea January 2011. Elang hloko ka ho khetheha lebokose le reng “Ke ne ke Lemaletse ho Etsa Metsoalle Inthaneteng,” leqepheng la 26. Thusang ngoana hore e be “ea itekanetseng mekhoeng” le hore a se ke a sebelisa Inthanete ka nako e fetang eo a e behileng. (1 Timothea 3:2) Mo hopotseng hore ho na le lintho tse ling tseo a ka li etsang, ntle le ho sebelisa Inthanete!
BOTUMO. Maele a Bibele a re: “Lintho tse ntle kapa tse mpe tseo bana ba li etsang, li bontša hore na ke batho ba mofuta ofe.” (Liproverbia 20:11, Contemporary English Version) Sena ke sona se etsahalang ha ba sebelisa Inthanete! Ho feta moo, kaha liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona li bulehetse batho bohle, lintho tseo bana ba li ngolang moo li ka ama botumo ba bona le ba lelapa.
Seo le ka se etsang. Bacha ba lokela ho tseba hore lintho tseo ba li ngolang liwebsaeteng tseo, li bontša seo ba leng sona. Hape ba lokela ho utloisisa hore lintho tse kenngoang Inthaneteng ha li hlakohe. Bukeng e bitsoang CyberSafe, Dr. Gwenn Schurgin O’Keeffe o re: “Bana ba thatafalloa ho utloisisa hore boitsebiso bo Inthaneteng ha bo hlakohe, empa ke habohlokoa hore ba qale ho ithuta taba eo. Tsela e ’ngoe ea ho hlalosetsa bana hore na ba etse’ng ha ba sebelisa Inthanete, ke ho ba hopotsa hore ba se ke ba ngola lintho tseo ba neng ba ke ke ba li bolella motho leha e le ofe ha ba ne ba se Inthaneteng.”
METSOALLE. Tanya ea lilemo li 23 o re: “Bacha ba bangata ba batla hore batho ba nke hore baa tsebahala, kahoo ba lumela ho etsa setsoalle le batho bao ba sa ba tsebeng kapa ba mekhoa e mebe.”
Seo le ka se etsang. Thusang ngoana oa lōna hore a iketsetse leano leo a tla le latela ha a etsa metsoalle. Ka mohlala, Alicia ea lilemo li 22 o iketselitse leano la hore a ke ke a kenya mabitso a metsoalle ea metsoalle ea hae lethathamong la hae. O re: “Haeba ke sa u tsebe kapa ke e-s’o ka ke kopana le uena, ha ke u kenye lethathamong la ka hobane feela u le motsoalle oa motsoalle oa ka.”
Banyalani ba bang, e leng Tim le Julia, ba ile ba ipulela ak’haonte e le hore ba hlahlobe metsoalle ea morali oa bona le lintho tse ngotsoeng tlas’a lebitso la hae. Julia o re: “Re ile ra mo bolella hore a re kenyelletse lethathamong la hae la metsoalle. Batho bao a ngollanang le bona moo, ho tšoana leha eka ba mo chaketse. Re batla ho ba tseba.”
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Feela joalokaha motho a ka soahlamanya koloi haeba a khanna ka bohlasoa, u ka senya botumo ba hao haeba u kenya lifoto tse sa lokelang u bile u ngola lintho tse litšila websaeteng eo ho etsoang metsoalle ho eona
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Na u ne u ka palamisa motho eo u sa mo tsebeng koloing ea hao hobane feela a hloka lifti? Joale ke hobane’ng ha u ka etsa setsoalle websaeteng le motho eo u sa mo tsebeng?