Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na U Sebelisa Theknoloji ho Buisana le ba Bang?
    Tsoha!—2012 | February
    • Na U Sebelisa Theknoloji ho Buisana le ba Bang?

      ● Nahana ka boemo bona boo e seng ba sebele. Batho ba ne ba soma Sam ka hore ha a kheme le linako. Ka lilemo, o ne a sa batle ho sebelisa theknoloji e ncha e le mokhoa oa ho buisana le ba lelapa le metsoalle. E mong le e mong, esita le bana ba Sam ba lilemong tsa bocha ba ne ba batla ho sebelisa theknoloji e ncha. Sam o ile a bua ka ho soasoa le morali oa hae ea lilemo li 16 ’me a re, “Ke hopola matsatsing a khale ha batho ba ne ba buisana ba shebane mahlong!”

      Joale Sam o ile a qala ho nahanisisa ka boemo ba hae. O ile a nahana ka batho bao a neng a qetile lilemo a sa ba bone kapa ho buisana le bona. O ile a nahana ka beng ka eena ba neng ba bonahala ba phathahane hoo a neng a sa khone ho bua le bona. Sam o ile a re ka pelong ‘Haeba ke batla ho lula ke buisana le batho bana kaofela, ke tla lokela ho qala ho sebelisa mokhoa o mocha.’ Ha Sam a bua seo, e ne e le bohareng ba lekholo la bo-20 la lilemo, mahaeng a United States. Qetellong, Sam ea neng a sa kheme le linako, o ne a nahana ka hore a be le fono.

      Nahana ka boemo bona bo etsahala ka 2012. Setloholo sa Sam, e leng Nathan se sa tsoa buisana le Roberto le Angela ka fono, e leng metsoalle ea sona e haufi e neng e falletse naheng e ’ngoe. A makaletse kamoo nako e fetang kapele kateng, Nathan o ile a re, ‘Metsoalle eo e falletse lilemo tse leshome tse fetileng!’

      Ka lilemo tse ngata, Nathan o ’nile a khotsofalla hore ka linako tse ling a letsetsoe ke beng ka eena le metsoalle e falletseng libakeng tse hōle haholo. Empa hona joale ho bonahala eka motho e mong le e mong—ho akarelletsa le bana ba Nathan ba lilemong tsa bocha—ba sebelisa websaete eo batho ba etsang metsoalle ho eona, e le hore ba buisane.

      Batho ba re Nathan ha a kheme le linako, hobane ha a batle ho sebelisa theknoloji e ncha. O re: “Ke hopola matsatsing a khale ha u ne u khona ho bua le motho fonong ’me u utloa lentsoe la hae.” Empa joale Nathan o qala ho nahanisisa ka boemo ba hae. O re ka pelong, ‘Haeba ke batla ho lula ke buisana le batho bana kaofela, mohlomong ke lokela ho qala ho sebelisa mokhoa o mocha.’

      Na u kile ua ikutloa joaloka Nathan? Ka tlhaho batho ba rata ho buisana. (Genese 2:18; Liproverbia 17:17) Kaha batho ba bangata ba sebelisa liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona e le hore ba buisane, ke’ng seo u lokelang ho se tseba ka theknoloji ee?

  • Ke Hobane’ng ha ho Ratoa Hakaale?
    Tsoha!—2012 | February
    • Ke Hobane’ng ha ho Ratoa Hakaale?

      KE MOKHOA ofe oa ho buisana le batho ba bang oo u o sebelisitseng khoeling e fetileng?

      Ho buisana le shebane mahlong

      Ho ngola lengolo kapa ho romela karete

      Ho founa

      Ho romela e-mail

      Ho romela molaetsa ka selefouno

      Ho romellana melaetsa le batho ba bang ka nako e le ’ngoe

      Ho buisana le ba bang le shebane k’homphieutheng

      Ho sebelisa li-websaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona

      Ho se ho e-na le mekhoa e mengata ea ho buisana eo batho ba ka e khethang, ’me o mong le o mong o na le melemo e itseng le likotsi. Nahana ka mehlala e ’maloa e latelang:

      HO BUISANA LE SHEBANE MAHLONG

      Molemo: Ho akarelletsa liphetoho tsohle tse nyenyane tse bang teng sefahlehong, lentsoeng le boitšisinyong ba ’mele.

      Bothata: Batho ba buisanang ba lokela ho ba sebakeng se le seng.

      HO NGOLA LENGOLO KAPA HO ROMELA KARETE

      Molemo: Ho bontša botsoalle le ho nahanela.

      Bothata: Motho o hloka nako hore a ngole lengolo ’me le qeta matsatsi pele le fihla ho motho ea le ngoletsoeng.

      HO ROMELA E-MAIL

      Molemo: E ka ngoloa ea ba ea romeloa kapele.

      Bothata: Hangata ha e bontše tsela eo motho ea e ngotseng a ikutloang ka eona—kapa ho ka ba bonolo hore e utloisisoe hampe.

      Tsela e ’ngoe ke ea ho sebelisa li-websaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona, e leng tseo ba bang ba reng ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho buisana le batho ba bang. Ho na le li-websaete tse makholo tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona, ’me e ratoang haholo ke Facebook, e nang le litho tse ka bang limilione tse 800! Makasine ea Time e re: “Haeba Facebook e ne e le naha, e ne e tla ba naha ea boraro e khōlō ka ho fetisisa, e latelang Chaena le India.” Li-websaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona ke eng, hona ke hobane’ng ha li ratoa hakaale?

      Websaete eo batho ba etsang metsoalle ho eona e lumella motho ea nang le ak’haonte hore a arolelane boitsebiso le metsoalle eo a e khethileng. Jean ea lilemo li 21 o re: “Ke tsela e molemo ea hore u lule u buisana le batho. Ho etsa metsoalle Inthaneteng e boetse ke tsela e bonolo ea ho bontša ba bang lifoto tsa ha u ne u le leetong kapa liketsahalong tse itseng.”

      Ke hobane’ng ha u sa ngole lengolo? Ba bang ba re, ‘Ho ja nako e ngata haholo,’ ’me ho etsa lifoto hoa tura. Ke hobane’ng ha u sa foune? Le hona ho ja nako e ngata—haholo-holo ha u lokela ho founela motho a le mong ka nako, ’me ba bang ba le sieo lapeng kapa u sa ba fumane ha u batla ho bua le bona. Ho ka ba joang ha u ka romela molaetsa oa e-mail? Danielle ea lilemo li 20 o tletleba ka hore: “Batho ha ba sa araba melaetsa ea e-mail, ’me le haeba ba e araba, ho ka nka libeke pele u e fumana. Athe websaeteng ea ho etsa metsoalle, ke ngola lintho tseo ke ntseng ke li etsa, ’me metsoalle ea ka e ’ngolla ka hore na letsatsi le tsamaile joang. Re tseba ka litaba tsa morao-rao hang feela ha re kena websaeteng eo. Ho bonolo!”

      Seo hase bolele hore batho ba bua lintho tse tsoileng tseleng feela ha ba kene websaeteng eo batho ba etsang metsoalle ho eona. Ka mohlala, ha ho hlaha koluoa—e kang tšisinyeho ea lefatše le tsunami e ileng ea senya likarolo tse ling tsa Japane ka la 11 March, 2011—ba bangata ba kena websaeteng ena e le hore ba tsebe hore na batho bao ba ba ratang ba ntse ba phela joang.

      Nahana ka se ileng sa etsahalla Benjamin, ea lulang United States. O re: “Ka mor’a tsunami e bileng teng Japane, mehala ea lithelefono e ne e sa sebetse. Motsoalle e mong oa ka, o ile a mpolella hore o romeletse motsoalle e mong oa rōna ea lulang Tokyo molaetsa oa e-mail, empa ha a e-s’o mo arabe. Ka eona nako eo, ke ile ka ntša selefouno ’me ka kena Inthaneteng tlas’a lebitso la motsoalle eo oa rōna. Hang-hang ke ile ka bona molaetsa o mokhutšoanyane oo a nthomeletseng oona, a mpolella hore o ntse a phela hantle, ’me o tla nthomella lintlha tse eketsehileng hamorao.”

      Benjamin o phaella ka hore: “Ke ile ka lokela ho romela melaetsa ea e-mail ho metsoalle e meng ea ka e mo tsebang e neng e se na ak’haonte websaeteng ea ho etsa metsoalle, ’me ka e romella melaetsa ka bomong. Ho ile ha nka nako hore ke fumane liaterese tsa eona ’me ke e ngolle ka bomong. E ’maloa e ile ea nkaraba ka mor’a matsatsi a seng makae. Motho a le mong o ile a nkaraba ka mor’a libeke tse ka bang peli! Batho bao ba ne ba fumana melaetsa ea e-mail e mengata haholo hoo ho neng ho se bonolo hore ba e bale kaofela. Re ka be re bolokile nako e ngata haholo haeba re ne re sebelisa websaete ea ho etsa metsoalle. Ka metsotso e seng mekae feela, e mong le e mong a ka be a tseba lintho tse etsahalang!”

      Ho hlakile hore websaete ea ho etsa metsoalle e na le melemo e itseng. Empa na e na le likotsi leha e le life? Haeba li teng, ke life, ’me u ka li qoba joang?

      [Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 5]

      KAMOO E SEBETSANG KATENG

      1. Motho o ngolla batho ba bang molaetsa o ba tsebisang lintho tse mo etsahallang ka nako eo (status update).

      2. Batho bohle ba hlahang lethathamong la metsoalle ea hao ba fumana molaetsa oa hao ha ba kena tlas’a mabitso a bona—’me le uena u fumana melaetsa ea bona ha u kena tlas’a lebitso la hao.

  • Lipotso Tse ’Nè Tseo U Lokelang ho Ipotsa Tsona ka ho Etsa Metsoalle Inthaneteng
    Tsoha!—2012 | February
    • Lipotso Tse ’Nè Tseo U Lokelang ho Ipotsa Tsona ka ho Etsa Metsoalle Inthaneteng

      Joaloka lintho leha e le life tseo motho a ka li etsang Inthaneteng, liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona li na le likotsi.a Nahana ka lipotso tse latelang.

      1 Ho Etsa Metsoalle Inthaneteng ho Ama Nako ea ka ea ho ba Boinotšing Joang?

      “Mantsoeng a mangata tlōlo ha e tlohele ho ba teng, empa ea thibang molomo oa hae o etsa ka masene.”—Liproverbia 10:19.

      Seo u lokelang ho se tseba. Ha u sa hlokomele, boitsebiso ba hao ba lekunutu, lifoto, melaetsa eo u e romeletseng batho bohle ba lethathamong la metsoalle ea hao le lintho tseo u li ngotseng ha u araba melaetsa ea bona, li ka senola ho ho ngata. Ka mohlala, li ka ’na tsa senola lintho tse kang hore na u lula hokae, u ba teng neng (le hore u ba sieo neng) lapeng, hore u sebetsa hokae kapa u kena sekolo hokae. Aterese ea hao hammoho le molaetsa o mokhutšoanyane o kang o reng, “Re ea tsamaea hosane re ea phomolong!” o lekane hore masholu a tsebe hore na a il’o thuha hokae le hona neng.

      Ka mohlala, boitsebiso bo bong—bo kang, aterese ea hao ea e-mail, letsatsi la hao la tsoalo, kapa linomoro tsa hao tsa fono—li ka u beha kotsing ea hore u hlekefetsoe, u khahlapetsoe, kapa batho ba utsoe boitsebiso ba hao ba lekunutu. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba senola habonolo feela boitsebiso bo joalo websaeteng eo ho etsoang metsoalle ho eona.

      Batho ba atisa ho lebala hore hang feela ha ba ngola taba e itseng Inthaneteng, ha e sa le lekunutu. Esita leha ba ka qaqisa hore melaetsa ea bona e romeloe “Metsoalle Feela,” ba ke ke ba khona ho laola seo metsoalle eo e ka ’nang ea se etsa ka melaetsa eo. Ka sebele, ntho leha e le efe e ngotsoeng websaeteng ea ho etsa metsoalle, e lokela ho talingoa e le e ka bonoang ke batho bohle kapa e ka etsoang hore ho be bonolo hore batho bohle ba e bone.

      Seo u ka se etsang. Tseba hantle mananeo a reretsoeng ho sireletsa boitsebiso ba hao ba lekunutu ’me u a sebelise. Etsa hore melaetsa eo u e romelang le lifoto tsa hao li bonoe ke batho bao u ba tsebang le bao u ba tšepang feela.

      Esita leha u entse joalo, hlokomela hore lintho tseo u li ngolang li ka tsejoa ke batho ba bangata ho feta kamoo u neng u lakalitse. Lula u hlahloba seo u se ngotseng tlas’a lebitso la hao, ’me u ipotse hore na ebe ho na le ntho leha e le efe eo u e senotseng moo e ka sebelisoang ke batho ba bolotsana hore ba fumane moo u lulang teng, kapa ba utsoe boitsebiso ba hao ba lekunutu. Esita le ha u ngolla metsoalle, u se ke ua ngola boitsebiso bo ka behang litaba tsa hao tsa lekunutu kapa tsa motho e mong kotsing. (Liproverbia 11:13) Haeba u e-na le taba ea lekunutu eo u batlang ho e bolella motho ea itseng, sebelisa mokhoa o mong oa ho buisana. Moroetsana e mong ea bitsoang Cameron o re: “Ha u bua le motho fonong le khona ho bua litaba tsa lekunutu ho se batho ba le utloang.”

      Ntlha ea bohlokoa. Mosali e mong ea bitsoang Kim, o akaretsa taba ena hantle, ka hore: “Haeba u ela hloko ntho eo u e etsang, u tla khona ho ba le boinotši bo itseng ha u sebelisa websaete eo batho ba etsang metsoalle ho eona. U ke ke ua kena mathateng ntle leha u ikenya ho ’ona.”

      2 Ho Etsa Metsoalle Inthaneteng ho Ama Nako ea ka Joang?

      ‘Nepisisang lintho tsa bohlokoa haholo.’—Bafilipi 1:10.

      Seo u lokelang ho se tseba. Ho etsa metsoalle Inthaneteng ho ka u jella nako ’me ha u sitisa hore u etse mesebetsi e meng ea bohlokoa. Ho joalokaha mosali e mong ea bitsoang Kay a bolela, “ha u eketsa lethathamo la batho bao u ngollanang le bona, u tla qeta nako e ngata u sebelisa websaete ea ho etsa metsoalle ’me u tla e lemalla.” Nahana ka lintlha tse boletsoeng ke batho ba reng ba ne ba tšoasehile lerabeng leo.

      “Ho thata ho khaotsa ho sebelisa websaete eo batho ba etsang metsoalle ho eona, esita leha u se u sa e rate. Ho batla ho tšoana le ho lemalla ntho e itseng.”—Elise.

      “Ho na le lintho tse ngata tseo u ka li etsang moo—u ka bapala lipapali tse itseng, ua ngola litlhahlobo, ua kena tlas’a mabitso a libini tseo u li ratang—re se re sa re letho ka ho sheba lintho tse hlahang tlas’a mabitso a metsoalle ea hao eohle.”—Blaine.

      “U ka e lemalla u sa elelloe ho fihlela ha ka letsatsi le leng ’mè oa hao a fihla lapeng ’me a u botsa hore na ke hobane’ng ha u e-s’o hlatsoe lijana.”—Analise.

      “Ha ke le sekolong ke ne ke batla ho khutlela lapeng kapele kamoo nka khonang, e le hore feela ke bone hore na ke mang ea arabileng melaetsa ea ka ea e-mail. Ke ne ke tlameha ho araba batho bohle ba nthomeletseng melaetsa le ho sheba lifoto tseo ba nkenyelitseng tsona. Ke ne ke teneha lefeela, ’me ke hloile ho sitisoa ha ke sebelisa Inthanete. Ho na le batho ba bang bao ke ba tsebang ba qetang hoo e ka bang nako eohle ba buisana le ba bang mecheng ena ea puisano—esita leha ba thabela botsoalle le batho ba bang malapeng a bona, ’me ba e sebelisa le bosiu haholo!”—Megan.

      Seo u ka se etsang. Nako ke ntho ea bohlokoa eo u sa lokelang ho e senya. Kahoo, ke hobane’ng ha u sa etse moralo oa ho e sebelisa feela joalokaha u etsa ka chelete? Qala ka ho ngola fatše nako eo u nahanang hore hoa utloahala hore u e qete u sebelisa websaete eo batho ba etsang metsoalle ho eona. Ebe ka mor’a khoeli u hlahloba hore na u sebelitse joang ntlheng eo. Etsa liphetoho moo ho hlokahalang.

      Haeba u motsoali ’me bana ba hao ba lilemong tsa bocha ba qeta nako e ngata ba sebelisa liwebsaete tseo ho etsoang metsoalle ho tsona, leka ho lemoha hore na ke hobane’ng ha ba etsa joalo. Ka mohlala, bukeng ea hae e reng Cyber-Safe Kids, Cyber-Savvy Teens, Nancy E. Willard o bolela hore tšebeliso e feteletseng ea websaete ea ho etsa metsoalle, e ka ’na ea amahanngoa le ho tšoenyeha, ho ba le khatello maikutlong le ho se itšepe. Oa ngola: “Bacha ba bangata ba tšoenyehile haholo ka hore na batho ba bang ba ba talima joang. Haeba bacha ba nka hore palo ea metsoalle eo ba buisanang le eona Inthaneteng ke eona e bontšang hore na ke ba bohlokoa hakae, seo se ka etsa hore ba e lemalle.”

      U se ke ua lumella hore websaete eo batho ba etsang metsoalle ho eona—kapa ntho leha e le efe eo u e etsang Inthaneteng—e sitise setsoalle seo u ka bang le sona le litho tsa lelapa. Don Tapscott o ile a ngola bukeng ea hae e bitsoang Grown Up Digital ’me a re: “Ntho e makatsang ka Inthanete ke hore, le hoja e etsa hore ho be bonolo hore motho a buisane le beng ka eena ba hōle, e ka boela ea mo arohanya le bona le ha ba le hammoho lapeng.”

      Ntlha ea bohlokoa. Ngoanana e mong ea bitsoang Emily o re: “Ke nahana hore ho etsa metsoalle Inthaneteng ke tsela e molemo ea ho buisana le batho. Empa joaloka ntho leha e le efe e ’ngoe, u lokela ho tseba hore u e koala neng.”

      3 Ho Etsa Metsoalle Inthaneteng ho Ama Botumo ba ka Joang?

      “Ho ba le botumo bo botle le tlhompho ho molemo ho feta ho ba le silevera le khauta.”—Liproverbia 22:1, “Contemporary English Version.”

      Seo u lokelang ho se tseba. Seo u se kenyang websaeteng eo batho ba etsang metsoalle ho eona, se u etsetsa lebitso leo ho ka ’nang ha e-ba thata hore u le hlakole. (Liproverbia 20:11; Matheu 7:17) Ekare batho ba bangata ha ba lemohe likotsi tse ka ba hlahelang. Moroetsana e mong ea bitsoang Raquel o re: “Ho bonahala eka ha batho ba kena websaeteng eo batho ba etsang metsoalle ho eona, ba khaotsa ho nahana hantle. Ba bua lintho tseo ka tloaelo ba neng ba ke ke ba li bua. Ba bang ha ba lemohe hore ho ngola molaetsa o le mong feela o litšila, ho ka senya botumo ba bona bo botle.”

      Ho senya botumo ba hao websaeteng ea ho etsa metsoalle, ho ka ba le liphello tsa nako e telele. Buka ea Grown Up Digital e re: “Ho na le lipale tse ngata tsa batho ba sebelisang liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona, ba lahlehetsoeng ke mesebetsi kapa ba hlōleha ho e fumana ka lebaka la lintho tseo ba li kentseng Inthaneteng.”

      Seo u ka se etsang. Sheba lintho tseo u li kentseng websaeteng eo batho ba etsang metsoalle ho eona, ’me u leke ho li talima ka tsela eo batho ba bang ba tla li talima ka eona. Ipotse lipotso tsena: ‘Na ee ke tsela eo ke batlang hore batho ba bang ba ntalime ka eona? Haeba motho e mong a ne a ka sheba lifoto tseo ke li kentseng moo ’me a lokela ho hlalosa hore na ke motho ea joang ho latela seo a se boneng, o ne a ka re ke motho ea joang? “Ea bapalang ka maikutlo a batho ba bang a lerato”? “Ea aparang ka tsela e tsosang takatso”? “Ea ratang menate”? Haeba ho joalo, na ee ke tsela eo ke batlang ho talingoa ka eona ha ke etsa kōpo ea mosebetsi, ka mohlala, ha mohiri oa ka oa ka moso a talima lintho tse kentsoeng tlas’a lebitso la ka? Na lifoto tsee li bontša melao ea boitšoaro eo ke phelang ka eona?’

      Haeba u mocha, ipotse: ‘Ke ne ke tla re’ng haeba motsoali oa ka, tichere, kapa motho e moholo eo ke mo hlomphang, a ne a ka sheba lintho tse kentsoeng tlas’a lebitso la ka? Na ke ne ke tla hlajoa ke lihlong ha ba ne ba ka bona le ho bala lintho tse ngotsoeng moo?’

      Ntlha ea bohlokoa. Ha ho tluoa tabeng ea botumo ba hao, hopola mantsoe a moapostola Pauluse a reng: “Seo u se jalang, ke sona seo u tla se kotula.”—Bagalata 6:7, Good News Translation.

      4 Ho Etsa Metsoalle Inthaneteng ho ka Etsa Hore ke be le Metsoalle ea Mofuta Ofe?

      “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.”—Liproverbia 13:20.

      Seo u lokelang ho se tseba. Metsoalle ea hao e ka susumetsa tsela eo u nahanang ka eona le eo u itšoarang ka eona. (1 Bakorinthe 15:33) Kahoo, ke ntho e utloahalang hore u khethe hore na ke bo-mang bao e tla ba metsoalle ea hao, websaeteng eo batho ba etsang metsoalle ho eona. Batho ba bang ba amohela likōpo tsa ho ba metsoalle tse ngata kapa esita le tse makholo tse tsoang ho batho bao ba sa ba tsebeng hakaalo—kapa bao ba sa ba tsebeng ho hang. Ba bang ba fumana hore hase batho bohle ba lethathamong la bona la metsoalle bao e leng metsoalle e molemo. Nahana ka seo ba bang ba se boletseng.

      “Haeba motho a amohela kōpo ea ho ba motsoalle e tsoang ho motho leha e le ofe feela, o imemela khathatso.”—Analise.

      “Batho ba bangata bao ke ba tsebang ba eketsa lethathamo la bona la metsoalle le hoja ba sa rate, hobane feela ba re ha ba batle ho utloisa motho ea entseng kōpo bohloko ka hore ba iphapanyetse kōpo ea hae.”—Lianne.

      “Ho tšoana leha u e-na le batho bao ka seqo. U lokela ho ba hlokolosi hore na metsoalle ea hao ke bo-mang.”—Alexis.

      Seo u ka se etsang. Iketsetse leano leo u tla le latela ha u etsa metsoalle. Ka mohlala, batho ba bang ba ipehetse meeli e itseng tabeng ea ho etsa metsoalle:b

      “Ke lumella batho hore e be metsoalle ea ka hafeela ke ba tseba—eseng ke ba tsebela hōle—empa ke ba tseba hantle.”—Jean.

      “Ke etsa setsoalle feela le batho bao e leng khale ke ba tseba. Ha ke kenye batho bao ke sa ba tsebeng lethathamong la ka la metsoalle.”—Monique.

      “Ke rata ho kenya feela mabitso a batho bao ke ba tsebang hantle le ba phelang ka melao ea boitšoaro e tšoanang le ea ka.”—Rae.

      “Haeba ke fumana kōpo ea ho ba motsoalle ho motho eo ke sa mo tsebeng, ke iphapanyetsa eona. Ke etsa qeto eo habonolo feela. Metsoalle ea ka kaofela ke batho bao ke ba tsebang le bao re seng re ntse re le metsoalle leha re se Inthaneteng.”—Marie.

      “Haeba motsoalle e mong a qala ho nkenyetsa lifoto kapa a ’ngolla melaetsa e litšila, ha ke ikoahlaee ha ke mo hlakola lethathamong la ka. Esita le haeba u sheba feela lintho tseo ba u kenyelitseng tsona, e ntse e le ho tloaelana le batho ba babe.”—Kim.

      “Ha ke sa na le ak’haonte websaeteng eo batho ba etsang metsoalle ho eona, ke ne ke kentse mananeo a sireletsang boitsebiso ba ka ba lekunutu. Ke ne ke sa lumelle hore metsoalle ea metsoalle ea ka e bale lintho tseo ke li ngotseng moo kapa e shebe lifoto tsa ka—li ne li shejoa ke metsoalle ea ka feela. Ke ne ke etsa joalo hobane ke sa tsebe hantle hore na metsoalle ea metsoalle ea ka e molemo hore nka tloaelana le eona kapa che. Ke ne ke sa e tsebe—ke bile ke sa tsebe hore na e na le botumo bofe.”—Heather.

      Ntlha ea bohlokoa. Dr Gwenn Schurgin O’Keeffe, o ile a ngola bukeng ea hae e reng CyberSafe a re: “Tsela e molemo ka ho fetisisa ke ea hore metsoalle ea hao e be feela batho bao u ba tsebang le bao u buisanang le bona leha le se Inthaneteng.”c

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Tsoha! ha e khothalletse batho hore ba sebelise websaete e itseng ka ho khetheha kapa hona ho nyatsa e itseng. Bakreste ba lokela ho netefatsa hore tsela eo ba sebelisang Inthanete ka eona ha e khahlanong le melao-motheo ea Bibele.—1 Timothea 1:5, 19.

      b Sehloohong sena re tšohla botsoalle bo tloaelehileng feela, eseng litšebelisano tsa khoebo.

      c Ho fumana lintlha tse eketsehileng ka ho etsa metsoalle Inthaneteng, sheba Tsoha! ea July 2011, leqepheng la 24-27, le ea August 2011, leqepheng la 10-13.

      [Lebokose le leqepheng la 8]

      KOALA AK’HAONTE EA HAO HA U QETILE HO E SEBELISA!

      Haeba u siea ak’haonte ea hao ea websaete e butsoe ha u sa e sebelise, u ipeha kotsing ea hore batho ba bang ba kenye lintho tse itseng tlas’a lebitso la hao. Ho ea ka ’muelli oa molao, e leng Robert Wilson, ho etsa joalo “ho tšoana le ho siea sepache kapa selefouno sebakeng sa sechaba. E mong le e mong a ka qala ho kenya lintho tse itseng tlas’a lebitso la hao.” O fana ka keletso efe? “Netefatsa hore u koala ak’haonte ea hao ha u qetile ho e sebelisa.”

      [Lebokose le leqepheng la 8]

      NA U IPEHA KOTSING?

      Phuputso e entsoeng ke Consumer Reports e senola hore batho ba bangata ba sebelisang websaete eo batho ba etsang metsoalle ho eona, “ba ipeha kotsing e ka fellang ka hore ba thuheloe matlong, ba utsoetsoe boitsebiso ba lekunutu le ho saloa morao ba sa tsebe. Ba etsang karolo ea 15 lekholong ba ne ba ngotse hore na ba lula hokae kapa hore na ba rera ho etela sebakeng se itseng neng, ba etsang karolo ea 34 lekholong ba kentse matsatsi a bona a tsoalo ’me ba etsang karolo ea 21 lekholong ba nang le bana malapeng, ba kentse mabitso a bana bao le lifoto tsa bona.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela