Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Lintho Tsena li Lokela ho Etsahala”
    Molula-Qhooa—1999 | May 1
    • “Lintho Tsena li Lokela ho Etsahala”

      “Jesu . . . a re ho bona: ‘. . . Lintho tsena li lokela ho etsahala, empa ha e e-s’o be bofelo.’”—MATHEU 24:4-6.

      1. Ke taba efe e lokelang ho hapa thahasello ea rōna?

      HA HO pelaelo hore u thahasella bophelo bo hao le bokamoso ba hao. Joale e tlameha ebe u thahasella le taba e ileng ea hapa tlhokomelo ea C. T. Russell morao koo ka 1877. Russell, eo hamorao a ileng a theha Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a ngola The Object and Manner of Our Lord’s Return. Bukana ena e maqephe a 64 e ne e bua ka ho khutla ha Jesu, kapa ho tla ha hae ha nakong e tlang. (Johanne 14:3) Ka nako e ’ngoe ha a ne a le Thabeng ea Mehloaare, baapostola ba ile ba botsa ka ho khutla hoo: “Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao [kapa, “ho tla,” King James Version] le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?”—Matheu 24:3.

      2. Ke hobane’ng ha ho e-na le maikutlo a mangata a hanyetsanang ka seo Jesu a se boletseng esale pele?

      2 Na u tseba karabo ea Jesu ’me ua e utloisisa? E fumaneha Likosepeleng tse tharo. Moprofesa D. A. Carson o re: “Ke likhaolo tse seng kae feela tsa Bibele tse tsositseng ho se lumellane har’a bahlalosi ho feta ea Matheu 24 le tse tšoanang le eona ho Mareka 13 le Luka 21.” Joale o fana ka maikutlo a hae—ao e mpang e le a mang a maikutlo a batho a loantšanang. Hoo e ka bang lekholong la lilemo le fetileng, maikutlo a mangata a joalo a ne a bontša ho hloka tumelo. Ba neng ba fana ka ’ona ba ne ba utloisisa hore ha ho mohla Jesu a kileng a bua seo re se balang Likosepeleng, hore seo a ileng a se bua se ile sa fetoloa hamorao, kapa hore seo a se boletseng esale pele se ile sa hlōleha—ke maikutlo a qapiloeng ke tlhahlobisiso e phahameng ea Bibele. Mohlalosi e mong o bile a talima Kosepele ea Mareka ‘ho latela pono ea filosofi ea Mahayana-Buddhist’!

      3. Lipaki tsa Jehova li utloisisa boprofeta ba Jesu joang?

      3 Ka ho fapaneng, Lipaki tsa Jehova li amohela bonnete le botšepehi ba Bibele, ho kopanyelletsa le seo Jesu a se boleletseng baapostola ba bane ba neng ba e-na le eena Thabeng ea Mehloaare matsatsi a mararo pele ho lefu la hae. Ho tloha mehleng ea C. T. Russell, butle-butle batho ba Molimo ba ’nile ba e-ba le kutloisiso e hlakileng ea boprofeta boo Jesu a ileng a fana ka bona moo. Lilemong tse seng kae tse fetileng, Molula-Qhooa o hlakisitse haholoanyane pono ea bona ka boprofeta bona esita le ho e atolosa. Na u amohetse boitsebiso boo, u bona tšusumetso ea bona bophelong ba hao?a A re bo hlahlobeng.

      Phethahatso e Sisimosang Nakong e Tlang e Haufi

      4. Ke hobane’ng ha ho ka etsahala hore ebe baapostola ba ile ba botsa Jesu mabapi le nako e tlang?

      4 Baapostola ba ne ba tseba hore Jesu ke Mesia. Ka hona, ha ba ne ba utloa a bua ka lefu la hae, tsoho le ho khutla, e tlameha ebe ba ile ba makala, ‘Haeba Jesu a e-shoa ’me a tsamaea, o tla phethahatsa joang lintho tse babatsehang tseo ho lebeletsoeng hore Mesia a li phethahatse?’ Ho feta moo, Jesu o ile a bua ka bofelo ba Jerusalema le tempele ea eona. E ka ’na eaba baapostola ba ile ba ipotsa, ‘Seo se tla etsahala neng hona joang?’ Ha ba leka ho utloisisa lintho tsena, baapostola ba ile ba botsa: “Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ha lintho tsee tsohle li reretsoe ho fihla qetellong?”—Mareka 13:4; Matheu 16:21, 27, 28; 23:37–24:2.

      5. Lipolelo tsa Jesu li ile tsa phethahala joang lekholong la pele la lilemo?

      5 Jesu o boletse esale pele hore ho ne ho tla ba le lintoa, litlala tsa sekoboto, mafu a seoa, litšisinyeho tsa lefatše, ho hlouoa le ho hlorisoa ha Bakreste, bo-mesia ba bohata le ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso ka ho pharaletseng. Joale bofelo bo ne bo tla tla. (Matheu 24:4-14; Mareka 13:5-13; Luka 21:8-19) Jesu o buile sena mathoasong a selemo sa 33 C.E. Lilemong tse mashome tse latelang, barutuoa ba hae ba falimehileng ba ne ba ka hlokomela hore lintho tse boletsoeng esale pele li ne li hlile li etsahala ka tsela e ikhethang. E, histori e bontša hore pontšo eo e ile ea phethahala ka nako eo, e lebisa ho felisoeng ha tsamaiso ea Sejuda ea lintho ke Baroma ka 66-70 C.E. See se etsahetse joang?

      6. Ho ile ha etsahala eng lipakeng tsa Baroma le Bajuda ka 66 C.E.?

      6 Lehlabuleng le chesang la Judea ka 66 C.E., ba Chesehelang Bojuda ka ho Feteletseng ba ile ba etella pele tlhaselong ea balebeli ba Baroma qhobosheaneng e pel’a tempele e Jerusalema, ba tsosa pefo sebakeng se seng naheng eo. Moprofesa Heinrich Graetz, ho History of the Jews, o re: “Cestius Gallus, eo mosebetsi oa hae joaloka ’Musisi oa Syria e neng e le ho phahamisa tlhompho ea mabotho a Roma, . . . o ne a ke ke a hlola a bona ka mahlo bofetoheli bo namang ho mo potoloha a sa leke ho thibela hore bo tsoele pele. O ile a bokella mabotho a hae a sesole a maholo, ’me mahosana a linaheng tsa boahelani a ile a ithaopela ho romela makhotla a ’ona a bahlabani.” Lebotho lena la masole a 30 000 le ile la lika-liketsa Jerusalema. Ka mor’a ho loana ho ea bohōleng bo itseng, Bajuda ba ile ba chechela ka mor’a marako a pel’a tempele. “Matsatsing a mahlano a latellanang Baroma ba ile ba hlasela marako ana, empa kamehla ba ne ba tlameha ho checha ka pel’a metsu ea Bajudea. E bile feela ka letsatsi la botšelela moo ba ileng ba atleha ho cheka karolo e itseng ea lerako le ka leboea ka pel’a Tempele.”

      7. Ke hobane’ng ha barutuoa ba Jesu ba ne ba ka talima lintho ka tsela e fapaneng le ea Bajuda ba bangata?

      7 Ak’u nahane hore na Bajuda ba ile ba ferekana hakaakang, kaha e ne e le khale ba ntse ba nahana hore Molimo o ne a tla ba sireletsa le motse oa bona o halalelang! Leha ho le joalo, barutuoa ba Jesu ba ne ba ile ba lemosoa esale pele hore Jerusalema e ne e letetsoe ke tlokotsi. Jesu o ne a boletse esale pele: “Matsatsi a tla u tlela a ha lira tsa hao li tla haha thibello e nang le lithupa tse nchocho ho u likoloha ’me li tla u pota-pota ’me li u bakele mahlomola ka mahlakoreng ’ohle, ’me li tla u tabanya fatše le bana ba hao ba ka hare ho uena, ’me ha li na ho tlohela lejoe holim’a lejoe ho uena.” (Luka 19:43, 44) Empa na seo se ne se tla bolela lefu ho Bakreste ba leng ka har’a Jerusalema ka 66 C.E.?

      8. Jesu o ile a bolela esale pele ka tlokotsi efe, ’me “bakhethoa” e ne e le bo-mang bao matsatsi a neng a tla khutsufatsoa ka lebaka la bona?

      8 Ha a araba baapostola Thabeng ea Mehloaare, Jesu o ile a bolela esale pele: “Matsatsi ao e tla ba matsatsi a matšoenyeho ao a kang ’ona a e-s’o be teng ho tloha tšimolohong ea pōpo eo Molimo a ileng a e bōpa ho fihlela ka nako eo, ’me ha a na ho ba teng hape. Ha e le hantle, hoja Jehova o ne a sa khutsufatsa matsatsi ao, ha ho nama e neng e tla pholoha. Empa ka lebaka la bakhethoa bao a ba khethileng o khutsufalitse matsatsi ao.” (Mareka 13:19, 20; Matheu 24:21, 22) Ka hona, matsatsi ao a ne a tla khutsufatsoa ’me “bakhethoa” ba pholohe. E ne e le bo-mang? Ka sebele e ne e se Bajuda ba bafetoheli ba neng ba ipolela hore ba rapela Jehova empa ba lahlile Mora oa hae. (Johanne 19:1-7; Liketso 2:22, 23, 36) Bao ka sebele e leng bakhethoa morao koo e ne e le Bajuda le bao e seng Bajuda ba neng ba sebelisa tumelo ho Jesu joaloka Mesia le Mopholosi. Molimo o ne a khethile ba joalo, ’me ka Pentekonta ea 33 C.E., o ne a ba entse sechaba se secha sa moea, “Iseraele ea Molimo.”—Bagalata 6:16; Luka 18:7; Liketso 10:34-45; 1 Petrose 2:9.

      9, 10. Matsatsi a tlhaselo ea Baroma a ile a ‘khutsufatsoa’ joang, hona e le ka phello efe?

      9 Na matsatsi a ile a ‘khutsufatsoa’ ’me bakhethoa ba tlotsitsoeng ba Jerusalema ba pholoha? Moprofesa Graetz o re: “[Cestius Gallus] o ile a ba le maikutlo a hore ha ho molemo ho tsoela pele ho loantša bahale ba chesehang le ho qalisa phutuho ea nako e telele nakong eo ea selemo, ha lipula tsa lehoetla li ne li tla tloha li qala ho na . . . ’me ho ne ho ka etsahala hore li sitise lebotho la ntoa ho fumana lijo. Ka lebaka leo, mohlomong o ile a nahana hore ho bohlale haholoanyane ho menahana le mehlala.” Ho sa tsotellehe hore na Cestius Gallus o ne a nahana eng, lebotho la ntoa la Baroma le ile la tloha motseng oo, ka tahlehelo e khōlō e bakiloeng ke Bajuda ba ba lelekisang.

      10 Ho checha hoo ho makatsang ha Baroma ho ile ha lumella “nama”—barutuoa ba Jesu ba neng ba le kotsing ka har’a Jerusalema—hore ba pholohe. Histori e tlaleha hore ha monyetla ona o hlaha, Bakreste ba ile ba baleha sebakeng seo. Ke pontšo e kaakang ea matla a Molimo a ho tseba bokamoso esale pele le ho tiisa hore barapeli ba hae baa pholoha! Empa ho thoe’ng ka Bajuda ba sa lumelang ba neng ba setse Jerusalema le Judea?

      Batho ba Mehleng ea Hae ba ne ba ka a Bona

      11. Jesu o ile a re’ng ka “moloko ona”?

      11 Bajuda ba bangata ba ne ba e-na le maikutlo a hore tsamaiso ea bona ea borapeli, eo setsi sa eona e neng e le tempele, e ne e tla tsoela pele ka nako e telele. Empa Jesu o itse: “Ithuteng ntlha ena sefateng sa feiga . . . : Hang feela ha lekala la sona le lenyenyane le nolofala ’me le hlahisa makhasi, le tsebe hore lehlabula le haufi. Ka ho tšoanang le lōna, ha le bona lintho tsena tsohle, le tsebe hore o haufi o menyako. Kannete ke re ho lōna moloko ona ho hang ha o na ho feta ho fihlela lintho tsena tsohle li etsahala. Leholimo le lefatše li tla feta, empa mantsoe a ka ho hang ha a na ho feta.”—Matheu 24:32-35.

      12, 13. Barutuoa ba ne ba tla utloisisa polelo ea Jesu mabapi le “moloko ona” joang?

      12 Lilemong tse etellang 66 C.E. pele, e tlameha ebe Bakreste ba ile ba bona ha likarolo tse ngata tsa motheo tsa pontšo e nang le likarolo tse ngata li phethahala—lintoa, litlala, esita le boboleli bo pharaletseng ba litaba tse molemo tsa ’Muso. (Liketso 11:28; Bakolose 1:23) Leha ho le joalo, bofelo bo ne bo tla tla neng? Jesu o ne a bolela eng ha a ne a re: ‘Moloko ona [ka Segerike, ge·ne·aʹ] ha o na ho feta’? Jesu o ne a atisa ho bitsa matšoele a mehleng ea hae a Bajuda ba hanyetsang, ho akarelletsa le baeta-pele ba bolumeli, ‘moloko o khopo, o febang.’ (Matheu 11:16; 12:39, 45; 16:4; 17:17; 23:36) Ka hona, ha a le Thabeng ea Mehloaare, o ile a boela a bua ka “moloko ona,” ho hlakile hore o ne a sa bue ka morabe ’ohle oa Bajuda ho theosa le histori; leha e le hona hore o ne a bua ka balateli ba hae, le hoja e ne e le “morabe o khethiloeng.” (1 Petrose 2:9) Jesu o ne a sa re “moloko ona” ke nako ea bolelele bo itseng.

      13 Ho e-na le hoo, Jesu o ne a nahanne ka Bajuda ba hanyetsang morao koo ba neng ba tla latsoa ho phethahala ha pontšo eo a faneng ka eona. Mabapi le moo ho buuoang ka “moloko ona” ho Luka 21:32, Moprofesa Joel B. Green o re: “Kosepeleng ea Boraro, ‘moloko ona’ (le lipoleloana tse amanang le oona) kamehla o ’nile oa bolela sehlopha sa batho ba hanyetsang morero oa Molimo. . . . [O bua] ka batho bao ka manganga ba furallang morero oa Molimo.”b

      14. “Moloko” oo o ile oa thulana le eng, empa ke joang ho bileng le phello e fapaneng ho Bakreste?

      14 Moloko o khopo oa bahanyetsi ba Bajuda o neng o ka bona pontšo ha e phethahala le oona o ne o tla bona bofelo. (Matheu 24:6, 13, 14) ’Me o ile oa fela oa bo bona! Ka 70 C.E., lebotho la ntoa la Roma le ile la khutla, le eteletsoe pele ke Tite, mora oa Moemphera Vespasian. Mahlomola a Bajuda ba ileng ba boela ba thibelloa motseng e batla e le ao ho leng thata ho a lumela.c Paki e boneng ka mahlo Flavius Josephus e tlaleha hore ka nako eo Baroma ba neng ba ripitla motse ona ka eona, Bajuda ba ka bang 1 100 000 ba ile ba e-shoa ’me ba ka bang 100 000 ba ile ba etsoa batlamuoa, e leng bao bongata ba bona ba neng ba tla tloha ba e-shoa habohloko ka lebaka la tlala kapa ba shoella mabaleng a liketsahalo a Roma. Ka sebele, matšoenyeho a 66-70 C.E. e ne e le a maholo ka ho fetisisa ao Jerusalema le tsamaiso ea Bajuda e kileng ea e-ba ho ’ona leha e le hore e sa tla ba ho ’ona le ka mohla. Phello e ne e fapane hakaakang ho Bakreste ba neng ba etse hloko temoso ea Jesu ea boprofeta ’me ba tlohile Jerusalema ka mor’a hore mabotho a ntoa a Roma a tlohe ka 66 C.E.! Bakreste ba tlotsitsoeng, “bakhethoa,” ba ile ba “pholoha,” kapa ba bolokoa ba sireletsehile, ka 70 C.E.—Matheu 24:16, 22.

      Phethahatso e ’Ngoe e Tlang

      15. Re ka tiiseha joang hore boprofeta ba Jesu bo ne bo tla ba le phethahatso e khōloanyane ka mor’a 70 C.E.?

      15 Leha ho le joalo, eo e ne e se qetello. Pejana, Jesu o ne a ile a bontša hore ka mor’a hore motse o ripitloe, o ne a tla tla ka lebitso la Jehova. (Matheu 23:38, 39; 24:2) Joale o ile a hlakisa sena boprofeteng ba hae ba Thabeng ea Mehloaare. Ha a se a buile ka “matšoenyeho a maholo” a tlang, o ile a re ka mor’a moo Bo-Kreste ba bohata ba ne ba tla hlaha, ’me Jerusalema e ne e tla hatakeloa ke lichaba ka nako e teletsana. (Matheu 24:21, 23-28; Luka 21:24) Na ho ka etsahala hore ebe phethahatso e ’ngoe, e khōloanyane e ne e tla tla? Linnete li araba ka e. Ha re bapisa Tšenolo 6:2-8 (e ngotsoeng ka mor’a matšoenyeho a Jerusalema ka 70 C.E.) le Matheu 24:6-8 le Luka 21:10, 11, rea bona hore ntoa, likhaello tsa lijo le mafu a seoa ka tekanyo e khōloanyane li ne li larile ka pele. Mantsoe ana a Jesu a ’nile a phethahala ka tekanyo e khōloanyane ho tloha ka Ntoa ea I ea Lefatše e ileng ea qhoma ka 1914.

      16-18.Re lebeletse hore ho sa ntse ho tla etsahala eng?

      16 Hona joale ka lilemo tse mashome, Lipaki tsa Jehova li rutile hore ho phethahala ha kajeno ha pontšo ena ho paka hore “matšoenyeho a maholo” a sa ntse a e-tla. “Moloko” o khopo oa kajeno o tla bona matšoenyeho ao. Ho bonahala hore ho tla boela ho e-ba le karolo e qalang (tlhaselo ea bolumeli ba bohata), hantle feela joalokaha tlhaselo ea Gallus ka 66 C.E. e ile ea qalisa matšoenyeho a Jerusalema.d Joale, ka mor’a khefu eo bolelele ba eona bo sa boleloang, bofelo bo tla tla—timetso ea lefatše lohle, e tšoanang le ea 70 C.E.

      17 Ha a bua ka matšoenyeho a larileng ka pel’a rōna, Jesu o itse: “Kapele-pele ka mor’a matšoenyeho a matsatsi ao [ho felisoa ha bolumeli ba bohata] letsatsi le tla fifala, ’me khoeli ha e na ho fana ka leseli la eona, le linaleli li tla oa leholimong, ’me matla a maholimo a tla sisinyeha. ’Me joale pontšo ea Mora oa motho e tla bonahala leholimong, ’me joale meloko eohle ea lefatše e tla ikotla ka lebaka la ho lla, ’me e tla bona Mora oa motho a tla ka maru a leholimo ka matla le khanya e khōlō.”—Matheu 24:29, 30.

      18 Kahoo, Jesu ka boeena o bolela hore “ka mor’a matšoenyeho a matsatsi ao,” limakatso tsa leholimo tsa mofuta o itseng li tla ba teng. (Bapisa le Joele 2:28-32; 3:15.) Sena se tla tšosa le ho makatsa batho ba sa mameleng hoo ba tla “ikotla ka lebaka la ho lla.” Ba bangata ba tla “ilibana ke tšabo le tebello ea lintho tse tlang holim’a lefatše leo ho ahiloeng ho lona.” Empa Bakreste ba ’nete ba ke ke ba e-ba boemong bo joalo! Bona ba tla ‘phahamisa lihlooho, hobane topollo ea bona ea atamela.’—Luka 21:25, 26, 28.

      Kahlolo e Larile ka Pele!

      19. Re ka fumana joang hore na papiso ea linku le lipōli e tla phethahala neng?

      19 Hlokomela hore Matheu 24:29-31 e bolela esale pele hore (1) Mora oa motho oa tla, (2) ho tla hona ho tla ba ka khanya e khōlō, (3) mangeloi a tla ba le eena, ’me (4) meloko eohle ea lefatše e tla mo bona. Jesu o pheta likarolo tsena papisong ea linku le lipōli. (Matheu 25:31-46) Kahoo, re ka etsa qeto ea hore papiso ena e sebetsana le nako, ka mor’a ho qhoma ho qalang ha matšoenyeho, ha Jesu a e-tla le mangeloi a hae ’me a lula teroneng ea hae hore a ahlole. (Johanne 5:22; Liketso 17:31; bapisa le 1 Marena 7:7; Daniele 7:10, 13, 14, 22, 26; Matheu 19:28.) Ho tla ahloloa bo-mang, hona e le ka phello efe? Papiso ena e bontša hore Jesu o tla lebisa tlhokomelo ho lichaba tsohle, joalokaha eka li bokane ka pel’a terone ea hae ea leholimo.

      20, 21. (a) Ho tla etsahala eng ka linku tsa papiso ea Jesu? (b) Lipōli li tla thulana le eng nakong e tlang?

      20 Banna le basali ba kang linku ba tla behoa ka lehlakoreng le letona la Jesu la kamohelo. Hobane’ng? Hobane ba ile ba sebelisa menyetla ea bona ea ho etsetsa barab’abo se molemo—Bakreste ba tlotsitsoeng, ba tlang ho kopanela le Kreste ’Musong oa leholimo. (Daniele 7:27; Baheberu 2:9–3:1) Tumellanong le papiso ena, Bakreste ba limilione ba kang linku ba hlokometse barab’abo Jesu ba moea ’me ba ’nile ba ba tšehetsa. Ka lebaka leo, “bongata [bona] bo boholo” bo na le tšepo e thehiloeng Bibeleng ea ho pholoha ‘matšoenyeho a maholo’ ebe bo phela ka ho sa feleng Paradeiseng, karolo ea lefatšeng ea ’Muso oa Molimo.—Tšenolo 7:9, 14; 21:3, 4; Johanne 10:16.

      21 Phello e tla ba e fapaneng hakaakang bakeng sa lipōli! Ho Matheu 24:30 li hlalosoa e le tse ‘ikotlang ka lebaka la ho lla’ ha Jesu a e-tla. ’Me li na le lebaka la ho lla, hobane li tla be li iketselitse tlaleho ea ho hana litaba tse molemo tsa ’Muso, ea ho hanyetsa barutuoa ba Jesu le ho rata lefatše le fetang. (Matheu 10:16-18; 1 Johanne 2:15-17) Jesu—eseng morutuoa leha e le ofe oa hae oa lefatšeng—o etsa qeto ea hore na lipōli ke bo-mang. Ha a bua ka tsona o re: “Bana ba tla ea ho khaoloeng ho sa feleng.”—Matheu 25:46.

      22.Ke karolo efe ea boprofeta ba Jesu eo re lokelang ho lebisa tlhokomelo e eketsehileng ho eona?

      22 Tsoelo-pele ea rōna kutloisisong ea boprofeta ba Matheu khaolo ea 24 le ea 25 e ’nile ea e-ba e thabisang. Leha ho le joalo, ho na le karolo ea boprofeta ba Jesu eo re lokelang ho lebisa tlhokomelo e eketsehileng ho eona—‘ntho e nyonyehang e bakang lesupi e emeng sebakeng se halalelang.’ Jesu o ile a khothalletsa balateli ba hae ho sebelisa temoho mabapi le sena le ho itokisetsa ho nka bohato. (Matheu 24:15, 16) “Ntho e nyonyehang” ee ke eng? E ema sebakeng se halalelang neng? ’Me litebello tsa rōna tsa hona joale le tsa nakong e tlang li ameha joang? Sehlooho se latelang se tla bua ka hona.

  • “’Mali a a Sebelise Temoho”
    Molula-Qhooa—1999 | May 1
    • “’Mali a a Sebelise Temoho”

      “Ha le re heli! ’me le bona ntho e nyonyehang e bakang lesupi . . . e eme sebakeng se halalelang, . . . joale ba leng Judea a ba qale ho balehela lithabeng.”—MATHEU 24:15, 16.

      1. Temoso eo Jesu a faneng ka eona e fumanoang ho Luka 19:43, 44 e bile le phello efe?

      HORE ebe re hlokomelisoa ka tlokotsi e atamelang ho ka re nolofalletsa ho e qoba. (Liproverbia 22:3) Ka hona nahana ka boemo ba Bakreste ba neng ba le Jerusalema ka mor’a tlhaselo ea Baroma ka 66 C.E. Jesu o ne a lemositse hore motse oo o tla pota-potoa ’me o timetsoe. (Luka 19:43, 44) Bajuda ba bangata ba ile ba mo hlokomoloha. Empa barutuoa ba hae ba ile ba ela hloko temoso ea hae. Ka lebaka leo, ba ile ba pholoha tlokotsi ea 70 C.E.

      2, 3. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella boprofeta ba Jesu bo tlalehiloeng ho Matheu 24:15-21?

      2 Boprofeteng bo re amang kajeno, Jesu o ile a lokolisa pontšo e nang le likarolo tse ngata e akarelletsang lintoa, likhaello tsa lijo, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a seoa le ho hlorisoa ha Bakreste ba bolelang ka ’Muso oa Molimo. (Matheu 24:4-14; Luka 21:10-19) Jesu o ile a boela a fana ka boitsebiso bo neng bo tla thusa barutuoa ba hae ho tseba hore bofelo bo ne bo le haufi—‘ntho e nyonyehang e bakang lesupi e emeng sebakeng se halalelang.’ (Matheu 24:15) A re boeleng re hlahlobe mantsoe ao a bohlokoa re bone kamoo a ka amang bophelo ba rōna kateng hona joale le nakong e tlang.

      3 Ka mor’a ho lokolisa pontšo ena Jesu o ile a re: “Ha le re heli! ’me le bona ntho e nyonyehang e bakang lesupi, joalokaha ho builoe ka eona ka Daniele moprofeta, e eme sebakeng se halalelang, (’mali a a sebelise temoho,) joale ba leng Judea a ba qale ho balehela lithabeng. Monna ea ka holim’a ntlo a a se ke a theoha ho ntša thepa ka tlung ea hae; le monna ea tšimong a a se ke a khutlela ntlong ho ea nka seaparo sa hae sa ka ntle. Ho malimabe basali ba baimana le ba anyesang masea matsatsing ao! Le ’ne le rapele hore paleho ea lōna e se ke ea etsahala nakong ea mariha, leha e le ka letsatsi la sabatha; kaha nakong eo ho tla ba le matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o be teng ho tloha tšimolohong ea lefatše.”—Matheu 24:15-21.

      4. Ke eng se bontšang hore Matheu 24:15 e ile ea phethahala lekholong la pele la lilemo?

      4 Tlaleho ea Mareka le Luka e fana ka makolopetso a tlatsetsang. Moo Matheu a sebelisang “e eme sebakeng se halalelang,” Mareka 13:14 e re “e eme moo e sa tšoanelang.” Luka 21:20 e tlatselletsa mantsoe a Jesu: “Ha le bona Jerusalema e lika-liketsoa ke mabotho a ntoa a liahelong, joale le tsebe hore ho etsoa lesupi ha eona ho atametse.” Sena se re thusa ho bona hore phethahatso ea pele e ne e akarelletsa ho hlasela ha Baroma Jerusalema le tempele ea eona—sebaka se halalelang ho Bajuda empa e le sebaka se seng se sa halalele ho Jehova—ho ileng ha qala ka 66 C.E. Timetso e feletseng e ile ea tla ha Baroma ba ne ba timetsa motse le tempele ka 70 C.E. “Ntho e nyonyehang” e ne e le eng morao koo? ’Me e ile ea ‘ema sebakeng se halalelang’ joang? Likarabo tsa lipotso tsena li tla thusa ho hlakisa phethahatso ea kajeno.

      5, 6. (a) Ke hobane’ng ha ho ne ho tla hlokahala hore babali ba Daniele khaolo ea 9 ba be le temoho? (b) Boprofeta ba Jesu ba “ntho e nyonyehang” bo ile ba phethahala joang?

      5 Jesu o ile a khothalletsa babali ho sebelisa temoho. Babali ba eng? Mohlomong ba Daniele khaolo ea 9. Khaolong eo re fumana boprofeta bo bontšang hore na Mesia o ne a tla hlaha neng le bo boletseng esale pele hore o ne a tla “tlosoa” ka mor’a lilemo tse tharo le halofo. Boprofeta bona bo re: “Holim’a lepheo la lintho tse nyonyehang ho tla ba le se bakang lesupi; ’me ho fihlela phelisong, ntho e etselitsoeng qeto e tla tšolloa hape le holim’a seo e leng lesupi.”—Daniele 9:26, 27, NW; bona le Daniele 11:31; 12:11.

      6 Bajuda ba ile ba nahana hore sena se ne se sebetsa tabeng ea ha Antiochus IV a ne a silafatsa tempele lilemong tse ka bang 200 pejana. Leha ho le joalo, Jesu o ile a bontša se fapaneng, a phehella temoho hobane “ntho e nyonyehang” e ne e sa ntse e tla hlaha ’me e eme “sebakeng se halalelang.” Ho hlakile hore Jesu o ne a bua ka lebotho la ntoa la Baroma le neng le tla tla ka 66 C.E. ka lifolakha tse khethehileng. Lifolakha tse joalo, tseo e leng khale li sebelisoa, li ne li fana ka maikutlo a hore ke litšoantšo tse rapeloang ’me li ne li nyonyeha ho Bajuda.a Leha ho le joalo, le ne le tla ‘ema sebakeng se halalelang’ neng? Seo se ile sa etsahala ha lebotho la ntoa la Baroma, ka lifolakha tsa lona, le ne le hlasela Jerusalema le tempele ea eona, eo Bajuda ba neng ba nka hore ea halalela. Baroma ba bile ba qala ho cheka lerako la tempele. Ka sebele, ntho eo e leng khale e nyonyeha joale e ne e eme sebakeng se halalelang!—Esaia 52:1; Matheu 4:5; 27:53; Liketso 6:13.

      “Ntho e Nyonyehang” ea Kajeno

      7. Ke boprofeta bofe ba Jesu bo phethahalang mehleng ea rōna?

      7 Ho tloha Ntoeng ea I ea Lefatše, re bone phethahatso e khōloanyane ea pontšo ea Jesu e tlalehiloeng ho Matheu khaolo ea 24. Empa, hopola mantsoe a hae: “Ha le re heli! ’me le bona ntho e nyonyehang e bakang lesupi . . . e eme sebakeng se halalelang, . . . joale ba leng Judea a ba qale ho balehela lithabeng.” (Matheu 24:15, 16) Karolo ena ea boprofeta le eona e lokela ho phethahala mehleng ea rōna.

      8. Ka lilemo tse ngata, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa khetholla “ntho e nyonyehang” ea mehleng ea kajeno joang?

      8 Ha o bontša kholiseho ea bahlanka ba Jehova ea hore boprofeta bona bo ne bo tla phethahala, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa January 1, 1921, o ile oa lebisa tlhokomelo ho bona mabapi le liketsahalo tsa Bochabela bo Hare. Hamorao, tokollong ea oona ea December 15, 1929, leqepheng la 374, ka ho toba Molula-Qhooa o itse: “Sepheo se ka sehloohong sa Selekane sa Lichaba ke ho furallisa batho Molimo le Kreste, ka lebaka leo ke ntho e bakang lesupi, tholoana ea Satane le ntho e manyala mahlong a Molimo.” Ka hona ka 1919 “ntho e nyonyehang” e ile ea hlaha. Ha nako e ntse e feta, Selekane sena se ile sa nkeloa sebaka ke Machaba a Kopaneng. Ke khale Lipaki tsa Jehova li ile tsa pepesa mekhatlo ena ea batho ea khotso e le e nyonyehang mahlong a Molimo.

      9, 10. Ke joang kutloisiso ea pejana ea matšoenyeho a maholo e ileng ea ama pono ea rōna mabapi le nako eo ka eona “ntho e nyonyehang” e neng e tla ema sebakeng se halalelang?

      9 Sehlooho se etellang sena pele se ile sa akaretsa pono e hlakileng ea karolo e khōlō ea Matheu khaolo ea 24 le 25. Na tlhakiso e itseng e loketse mabapi le ‘ntho e nyonyehang e emeng sebakeng se halalelang’? Ho bonahala ho le joalo. Boprofeta ba Jesu bo amahanya ho ‘ema sebakeng se halalelang’ le ho qhoma ha “matšoenyeho” a boletsoeng esale pele. Kahoo, le hoja “ntho e nyonyehang” e bile teng ka nako e telele, kamano pakeng tsa ho ‘ema sebakeng se halalelang’ ha eona le matšoenyeho a maholo e lokela ho ama monahano oa rōna. Ka tsela efe?

      10 Batho ba Molimo ba kile ba utloisisa hore karolo ea pele ea matšoenyeho a maholo e ile ea qala ka 1914 le hore karolo ea ho qetela e ne e tla tla ntoeng ea Armagedone. (Tšenolo 16:14, 16; bapisa le Molula-Qhooa [oa Senyesemane] oa April 1, 1939, leqepheng la 110.) Kahoo, re ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha ho kile ha nahanoa hore “ntho e nyonyehang” ea kajeno e tlameha ebe e ile ea ema sebakeng se halalelang kapele ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše.

      11, 12. Ka 1969, ho ile ha fanoa ka pono efe e fetotsoeng hape ka matšoenyeho a maholo?

      11 Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena re se re bona lintho ka tsela e fapaneng. Ka Labone, la la 10 July, 1969, Kopanong ea Machaba ea “Khotso Lefatšeng” e neng e tšoaretsoe New York City, F. W. Franz, eo ka nako eo e neng e le motlatsi oa mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society, o ile a fana ka puo e hlasimollang haholo. Ha a hlahloba kutloisiso ea pele ea boprofeta ba Jesu, Mor’abo rōna Franz o ile a re: “Ho ile ha fanoa ka tlhaloso ea hore ‘matšoenyeho a maholo’ a ile a qala ka 1914 C.E. le hore a ne a sa lumelloa ho tsoela pele ho fihlela qetellong ka nako eo, empa Molimo o ile a etsa hore Ntoa ea I ea Lefatše e khaotse ka November, 1918. Ho tloha ka nako eo ho ea pele Molimo o ile a lumella khefu bakeng sa mosebetsi oa masala a hae a batlotsuoa a Bakreste ba khethiloeng pele a lumella karolo ea ho qetela ea ‘matšoenyeho a maholo’ hore e qalise ntoeng ea Armagedone.”

      12 Joale ho ile ha fanoa ka tlhaloso e fetotsoeng haholo: “Hore e lumellane le liketsahalo tsa lekholong la pele la lilemo, . . . ‘matšoenyeho a maholo’ a tšoantšetsoang ha aa ka a qala ka 1914 C.E. Ho e-na le hoo, se ileng sa etsahalla ntho ea kajeno e tšoantšetsoang ke Jerusalema ea boholo-holo ka 1914-1918 e ne e le ‘tšimoloho ea bohloko bo hlabang ba mahlomola’ feela . . . ‘Matšoenyeho a maholo’ ao ho ke keng ha hlola ho e-ba le a kang ’ona a sa ntse a larile ka pele, hobane a bolela ho timetsoa ha ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata (ho akarelletsa le Bokreste-’mōtoana) ho lateloe ke ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle’ Armagedone.” Sena se ile sa bolela hore matšoenyeho a maholo kaofela a sa ntse a larile ka pele.

      13. Ke hobane’ng ha e le ho utloahalang ho bolela hore nakong e tlang “ntho e nyonyehang” e tla ‘ema sebakeng se halalelang’?

      13 Sena se amana ka ho toba le ho lemoha ha “ntho e nyonyehang” e eme sebakeng se halalelang. Hopola se ileng sa etsahala lekholong la pele la lilemo. Baroma ba ile ba hlasela Jerusalema ka 66 C.E., empa ba ile ba checha ka tšohanyetso, e leng se ileng sa lumella “nama” eo e leng Bakreste ho pholoha. (Matheu 24:22) Ka ho loketseng, re lebeletse hore matšoenyeho a maholo a qale haufinyane, empa a tla khutsufatsoa ka lebaka le bakhethoa ba Molimo. Hlokomela ntlha ena e ka sehloohong: Mohlaleng oa boholo-holo, ‘ntho e nyonyehang e emeng sebakeng se halalelang’ e ne e amahanngoa le tlhaselo ea Baroma tlas’a Molaoli oa Mabotho Gallus ka 66 C.E. Tlhaselo ea kajeno e tšoanang le eo—ho qhoma ha matšoenyeho a maholo—e sa ntse e larile ka pele. Ka hona “ntho e nyonyehang e bakang lesupi,” e bileng teng ho tloha ka 1919, ho bonahala e sa ntse e le hona e tla ema sebakeng se halalelang.b See se tla etsahala joang? ’Me re ka ameha joang?

      Tlhaselo ea Nakong e Tlang

      14, 15. Tšenolo khaolo ea 17 e re thusa joang ho utloisisa liketsahalo tse lebisang ho Armagedone?

      14 Buka ea Tšenolo e hlalosa ho hlaseloa ha bolumeli ba bohata ho timetsang nakong e tlang. Khaolo ea 17 e bontša kahlolo ea Molimo khahlanong le “Babylona e Moholo, ’mè oa liotsoa”—’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Bokreste-’mōtoana bo phetha karolo e ka sehloohong ’me bo bolela hore bo na le kamano ea selekane le Molimo. (Bapisa le Jeremia 7:4.) Malumeli a bohata, ho akarelletsa le Bokreste-’mōtoana, ke khale a e-na le tšebelisano e sa lokelang le “marena a lefatše,” empa e tla fela ha malumeli ao a etsoa lesupi. (Tšenolo 17:2, 5) A etsuoa joalo ke mang?

      15 Tšenolo e hlalosa “sebata se ’mala o sekareleta” se bang teng ka nako e itseng, se nyamele, ebe sea khutla. (Tšenolo 17:3, 8) Sebata sena se tšehetsoa ke babusi ba lefatše. Makolopetso a fanoeng boprofeteng bona a re thusa ho khetholla sebata sena sa tšoantšetso e le mokhatlo oa khotso o bileng teng ka 1919 e le Selekane sa Lichaba (“ntho e nyonyehang”) le hore hona joale ke Machaba a Kopaneng. Tšenolo 17:16, 17 e bontša hore Molimo o sa ntse a tla kenya ka lipelong tsa babusi ba itseng ba batho ba hlaheletseng ho “sebata” sena hore ba etse ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata lesupi. Tlhaselo eo e tšoaea ho qhoma ha matšoenyeho a maholo.

      16. Ke liketsahalo life tse hlokomelehang tse etsahalang tse amang bolumeli?

      16 Kaha ho qaleha ha matšoenyeho a maholo ho sa ntse ho e-tla, na ho ‘ema sebakeng se halalelang’ ho sa ntse ho larile ka pele ho rōna? Ho bonahala joalo. Le hoja “ntho e nyonyehang” e ile ea hlaha mathoasong a lekholo lena la lilemo, kahoo e bile teng ka lilemo tse mashome, e tla ema ka tsela e khethehileng “sebakeng se halalelang” nakong e tlang e haufi. Joalokaha e tlameha ebe balateli ba Kreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba lebella ka cheseho hore ba bone kamoo ho ‘ema sebakeng se halalelang’ ho neng ho tla etsahala kateng, ho joalo le ka Bakreste ba kajeno. Rea lumela hore re tla tlameha ho letela phethahatso ea sebele hore re tsebe makolopetso ’ohle. Empa, hoa hlokomeleha hore linaheng tse ling ho se ho ntse ho e-na le ho hloea bolumeli ho hlokomelehang le ho hōlang. Mekha e meng ea lipolotiki, e nang le selekane le bao pele e neng e le Bakreste, ba khelohileng tumelong ea ’nete, e khothalletsa lehloeo khahlanong le bolumeli ka kakaretso, haholo-holo Bakreste ba ’nete. (Pesaleme ea 94:20, 21; 1 Timothea 6:20, 21) Ka lebaka leo, esita le hona joale mebuso ea lipolotiki e “loana le Konyana,” ’me joalokaha Tšenolo 17:14 e bontša, ntoa ena e tla ipha matla. Le hoja ba ke ke ba isa Konyana ea Molimo letsoho ka tsela ea sebele—Jesu Kreste a le boemong ba hae bo phahameng bo khanyang—ba tla tsoela pele ho hanyetsa barapeli ba ’nete ba Molimo, haholo-holo “bahalaleli” ba hae. (Daniele 7:25; bapisa le Baroma 8:27; Bakolose 1:2; Tšenolo 12:17.) Molimo o re tiisetsa hore Konyana le ba nang le eona ba tla hlōla.—Tšenolo 19:11-21.

      17. Re sa tsitlelle maikutlong a itseng, re ka re’ng mabapi le kamoo “ntho e nyonyehang” e tla ema sebakeng se halalelang?

      17 Rea tseba hore bolumeli ba bohata bo letetse ho etsoa lesupi. Babylona e Moholo o “tahiloe ke mali a bahalaleli” ’me o ikentse mofumahali, empa ka sebele o tla timetsoa. Tšusumetso e sa hloekang eo a e sebelisang ho marena a lefatše e tla fetoha ka potlako ha kamano eo e fetoha lehloeo le mabifi ka lehlakoreng la ‘linaka tse leshome le sebata.’ (Tšenolo 17:6, 16; 18:7, 8) Ha “sebata se ’mala o sekareleta” se hlasela seotsoa sa bolumeli, “ntho e nyonyehang” e tla be e eme ka tsela e sokelang sebakeng sa Bokreste-’mōtoana seo ho thoeng sea halalela.c Ka hona Bokreste-’mōtoana bo sa tšepahaleng, bo iponahatsang eka boa halalela, ke bona ba pele bo tla etsoa lesupi.

      ‘Ho Baleha’—Joang?

      18, 19. Ho fanoa ka mabaka afe ho bontša hore “ho balehela lithabeng” ho ke ke ha bolela ho tloha bolumeling bo bong ho ea ho bo bong?

      18 Ka mor’a ho bolela esale pele ka ‘ho ema ha ntho e nyonyehang sebakeng se halalelang,’ Jesu o ile a lemosa ba nang le temoho hore ba nke bohato. Na o ne a bolela hore ha nako e se e ile hakaalo—ha “ntho e nyonyehang” e “eme sebakeng se halalelang”—batho ba bangata ba tla baleha bolumeling ba bohata ’me ba amohele bolumeli ba ’nete? Le hanyenyane. Nahana ka phethahatso ea pele. Jesu o itse: “Ba leng Judea a ba qale ho balehela lithabeng. Monna ea ka holim’a ntlo a a se ke a theoha, leha e le ho kena ka hare ho ntša ntho leha e le efe ka tlung ea hae; le monna ea tšimong a a se ke a khutlela linthong tse ka morao ho ea nka seaparo sa hae sa ka ntle. Ho malimabe basali ba baimana le ba anyesang masea matsatsing ao! Le ’ne le rapele hore ho se ke ha etsahala nakong ea mariha.”—Mareka 13:14-18.

      19 Jesu ha aa ka a re ke ba Jerusalema feela bao ho neng ho hlokahala hore ba balehe, joalokaha eka taba ea bohlokoa e ne e le hore ho ne ho hlokahala hore ba tsoe setsing sa bolumeli ba Bajuda; leha e le hore temoso ea hae e ile ea bua ka ho tloha bolumeling bo bong ho ea ho bo bong—ho baleha ho ba bohata le ho amohela ba ’nete. Ka sebele ho ne ho sa hlokahale hore barutuoa ba Jesu ba lemosoe mabapi le ho baleha bolumeling bo bong ho ea ho bo bong; e ne e se e ntse e le Bakreste ba ’nete. ’Me tlhaselo ea 66 C.E. ha ea ka ea susumetsa litho tsa Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda tse Jerusalema le ho pholletsa le Judea ho furalla bolumeli boo le ho amohela Bokreste. Moprofesa Heinrich Graetz o re ba neng ba lelekisa Baroma ba balehang ba ile ba khutlela motseng: “Ba Chesehang ka ho Feteletseng, ba neng ba tlerola lipina tsa ntoa tsa tlhōlo, ba ile ba khutlela Jerusalema (ka la 8 October), ba e-na le tšepo e thabisang ea tokoloho le boipuso. . . . Na Molimo o ne a sa ka a ba thusa ka mohau joalokaha A ne a ile a thusa baholo-holo ba bona? Ba Chesehang ka ho Feteletseng ba ne ba sa tšoha hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang.”

      20. Barutuoa ba pele ba ile ba arabela joang temosong ea Jesu ea ho balehela lithabeng?

      20 Joale, bakhethoa bao ha ho bapisoa palo ea bona e fokolang morao koo ba ile ba nka bohato bofe ka keletso ea Jesu? Ka ho tloha Judea ’me ba balehela lithabeng tse ka mose ho Jordane, ba ile ba bontša hore e ne e se karolo ea tsamaiso ea Sejuda, ea lipolotiki kapa ea bolumeli. Ba ile ba siea masimo le mahae, ba bile ba sa phuthe le thepa ea bona ka matlung a bona. Ba kholisehile hore Jehova o tla ba sireletsa le ho ba tšehetsa, ba ile ba etelletsa borapeli ba hae ka pele ho lintho tsohle tseo ho ka bonahalang e le tsa bohlokoa.—Mareka 10:29, 30; Luka 9:57-62.

      21. Ha ho hlokahale hore re lebelle eng ha “ntho e nyonyehang” e hlasela?

      21 Joale, nahana ka phethahatso e khōloanyane. Ka lilemo tse mashome-shome re ’nile ra khothalletsa batho ho tsoa bolumeling ba bohata le ho amohela bolumeli ba ’nete. (Tšenolo 18:4, 5) Ba limilione ba entse joalo. Boprofeta ba Jesu ha bo bontše hore hang ha matšoenyeho a maholo a qhoma, matšoele a tla retelehela borapeling bo hloekileng; ka sebele, ha hoa ka ha sokoloha Bajuda ba bangata ka 66 C.E. Empa, Bakreste ba ’nete ba tla susumelletseha ka matla ho sebetsa tumellanong le temoso ea Jesu ’me ba balehe.

      22. Ho sebelisa ha rōna keletso ea Jesu mabapi le ho balehela lithabeng ho ka ’na ha akarelletsa eng?

      22 Hona joale re ke ke ra ba le makolopetso a feletseng mabapi le matšoenyeho a maholo, empa ka ho utloahalang re ka etsa qeto ea hore ho rōna, paleho eo Jesu a buileng ka eona e ke ke ea e-ba ea ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng. Batho ba Molimo ba se ba ntse ba le lefatšeng lohle, hoo e ka bang sekhutlong se seng le se seng. Leha ho le joalo, re ka tiiseha hore ha ho hlokahala hore ho balehoe, Bakreste ba tla tlameha ho tsoela pele ba bontša ka ho hlakileng hore ba fapane le mekhatlo ea bolumeli ba bohata. Hape ho totobetse hore Jesu o ile a lemosa ka hore motho a se khutlele ntlong ea hae ho ea nka liaparo kapa thepa e ’ngoe. (Matheu 24:17, 18) Ka hona, ho ka ’na ha e-ba le liteko tse larileng ka pele mabapi le kamoo re talimang lintho tse bonahalang kateng; na ke tsona lintho tsa bohlokoahali, kapa na pholoho e tla tlela bohle ba ka lehlakoreng la Molimo ke ea bohlokoa haholoanyane? E, ho baleha ha rōna ho ka ’na ha akarelletsa mathata a itseng le ho amohuoa lintho tse itseng. Re tla tlameha ho itokisetsa ho etsa eng kapa eng e hlokahalang, joalokaha batho ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba le boemong bo tšoanang le ba rōna ba ileng ba baleha Judea ba ea Perea, ka mose ho Jordane ba ile ba ho etsa.

      23, 24. (a) Ke hokae feela moo re tla fumana tšireletso? (b) Temoso ea Jesu mabapi le ‘ntho e nyonyehang e emeng sebakeng se halalelang’ e lokela ho ba le phello efe ho rōna?

      23 Re lokela ho tiiseha hore Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o kang thaba o tsoela pele ho ba setšabelo sa rōna. (2 Samuele 22:2, 3; Pesaleme ea 18:2; Daniele 2:35, 44) Ke hona moo re tla fumana tšireletso! Re ke ke ra etsisa bongata ba moloko oa batho bo tla balehela “mahaheng” ’me bo ipate “mafikeng a lithaba”—mekhatlo ea batho le litsamaiso tse ka ’nang tsa e-ba teng ka nako e khutšoanyane haholo ka mor’a hore Babylona e Moholo e etsoe lesupi. (Tšenolo 6:15; 18:9-11) Ka sebele, mehla e ka ’na ea e-ba thata haholoanyane—joalokaha e ne e tla ba thata haholoanyane ka 66 C.E. bakeng sa basali ba baimana ba ileng ba baleha Judea kapa bakeng sa mang kapa mang ea neng a lokela ho tsamaea serameng le puleng. Empa re ka tiiseha hore Molimo o tla re nolofalletsa ho pholoha. Esita le hona joale, a re matlafatseng tšepo ea rōna ho Jehova le ho Mora oa hae, eo hona joale a busang e le Morena oa ’Muso.

      24 Ha ho na lebaka la hore re tšabe se tla etsahala. Jesu o ne a sa batle hore barutuoa ba hae morao koo ba tšabe, ’me ha a batle hore re tšabe leha e le hona joale kapa nakong e tlang. O ile a re hlokomelisa e le hore re ka lokisa lipelo tsa rōna le likelello. Etsoe, Bakreste ba mamelang ba ke ke ba otloa ha timetso e tlela bolumeli ba bohata le tsamaiso ena eohle e khopo. Ba tla lemoha le ho ela hloko temoso e mabapi le ‘ntho e nyonyehang e emeng sebakeng se halalelang.’ ’Me ba tla nka bohato bo tiileng ka tumelo ea bona e sa sisinyeheng. E se eka le ka mohla re ke ke ra lebala seo Jesu a se tšepisitseng: “Ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.”—Mareka 13:13.

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a “Lifolakha tsa Baroma li ne li sireletsoa ka ho hlomphuoa ka tsela ea borapeli litempeleng tsa Roma; ’me ho hlompha ha batho bana lifolakha tsa bona ho ne ho e-na le kamano le taba ea hore ba phahametse lichaba tse ling . . . Mohlomong [ho masole] e ne e le ntho e halalelang ka ho fetisisa eo lefatše le neng le e-na le eona. Lesole la Moroma le ne le ikana ka folakha ea lona.”—The Encyclopædia Britannica, Khatiso ea bo11.

      b Ho lokela hore ho hlokomeloe hore le hoja phethahatso ea mantsoe a Jesu ka 66-70 C.E. e ka re thusa ho utloisisa kamoo a tla phethahala kateng matšoenyehong a maholo, liphethahatso tseo tse peli li ke ke tsa tšoana hantle hobane li etsahala maemong a sa tšoaneng.

      c Bona Molula-Qhooa oa May 1, 1976, leqepheng la 195-8.

      Na U sa Hopola?

      ◻ “Ntho e nyonyehang e bakang lesupi” e ile ea iponahatsa joang lekholong la pele la lilemo?

      ◻ Ke hobane’ng ha e le ho utloahalang ho nahana hore “ntho e nyonyehang” ea kajeno e tla ema sebakeng se halalelang nakong e tlang?

      ◻ Ke tlhaselo efe e etsoang ke “ntho e nyonyehang” e boletsoeng esale pele ho Tšenolo?

      ◻ Ke ho “baleha” ha mofuta ofe ho sa ntseng ho ka hlokahala ka lehlakoreng la rōna?

      [Setšoantšo se leqepheng la 16]

      Babylona e Moholo e bitsoa “’mè oa liotsoa”

      [Setšoantšo se leqepheng la 17]

      Sebata se ’mala o sekareleta sa Tšenolo khaolo ea 17 ke “ntho e nyonyehang” eo Jesu a ileng a bua ka eona

      [Setšoantšo se leqepheng la 18]

      Sebata se ’mala o sekareleta se tla etella pele tlhaselong e etsang bolumeli lesupi

  • Falimehang ’me le Khothale!
    Molula-Qhooa—1999 | May 1
    • Falimehang ’me le Khothale!

      “Ka hona, le lule le lebetse, hobane leha e le letsatsi kapa eona hora ha le li tsebe.”—MATHEU 25:13.

      1. Moapostola Johanne o ne a lebeletse eng?

      PUISANONG ea hae ea ho qetela ka Bibeleng, Jesu o ile a tšepisa: “Ke tla kapele.” Moapostola oa hae Johanne o ile a araba: “Amen! Tloo, Morena Jesu.” Moapostola enoa o ne a se na pelaelo ea hore Jesu o ne a tla tla. Johanne ke e mong oa baapostola ba neng ba ile ba botsa Jesu: “Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla be efe ea ho ba teng ha hao [ka Segerike, pa·rou·siʹa] le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” E, Johanne ka kholiseho o ne a lebeletse ho ba teng ha Jesu nakong e tlang.—Tšenolo 22:20; Matheu 24:3.

      2. Mabapi le ho ba teng ha Jesu, boemo ke bofe likerekeng?

      2 Kholiseho e joalo ea fokola kajeno. Likereke tse ngata li na le thuto ea motheo ea “ho tla” ha Jesu, empa ke litho tse seng kae feela tsa tsona tse hlileng li ho lebeletseng. Li phela ka tsela e tloaelehileng. Buka ea The Parousia in the New Testament e re: “Ho na le tšusumetso e fokolang e nepahetseng mabapi le tšepo ea Parousia bophelong, mohopolong le mosebetsing oa kereke. . . . Ho potlaka ho matla hoo ka hona kereke e lokelang ho etsa mosebetsi oa eona oa ho baka le ho phatlalatsa kosepele linaheng lisele, ho fokolisitsoe haeba ha hoa tloheloa ka ho feletseng.” Empa eseng ho e mong le e mong!

      3. (a) Bakreste ba ’nete ba ikutloa joang ka pa·rou·siʹa? (b) Hona joale re tla hlahloba eng ka ho khetheha?

      3 Barutuoa ba Jesu ba ’nete ba letetse ka thahasello bofelo ba tsamaiso e khopo ea lintho ea hona joale. Ha re ntse re etsa joalo ka botšepehi, ho hlokahala hore re lule re e-na le boikutlo bo nepahetseng ka sohle se amehang tabeng ea ho ba teng ha Jesu ’me re nke bohato bo loketseng. Seo se tla re nolofalletsa ho ‘mamella ho isa bofelong ’me re pholohe.’ (Matheu 24:13) Ha a ntse a bua ka boprofeta boo re bo fumanang ho Matheu khaolong ea 24 le ea 25, Jesu o ile a fana ka keletso e bontšang bohlale eo re ka e sebelisang molemong oa rōna oa ka ho sa feleng. Khaolo ea 25 e fupere lipapiso tseo ho ka etsahalang hore ebe ua li tseba, ho akarelletsa ea baroetsana ba leshome (baroetsana ba bohlale le

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela