-
U Tla Ema Joang ka Pel’a Setulo sa Kahlolo?Molula-Qhooa—1995 | October 15
-
-
U Tla Ema Joang ka Pel’a Setulo sa Kahlolo?
“Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae.”—MATTHEU 25:31.
1-3. Re na le lebaka lefe la ho ba le tšepo mabapi le toka?
‘O MOLATO KAPA HA A NA MOLATO?’ Ba bangata baa ipotsa ha ba utloa litlaleho tse mabapi le nyeoe e itseng. Baahloli le litho tsa lekhotla la baahloli ba ka ’na ba leka ho tšepahala, empa na hangata toka e-ea rena? Na ha u e-s’o utloe ka ho hloka toka le leeme tšebetsong ea boahloli? Ho hloka toka ho joalo ha ho hocha, joalokaha re bona setšoantšong sa Jesu se fumanoang ho Luka 18:1-8, NW.
2 Ho sa tsotellehe hore na u bile le phihlelo efe ka toka ea batho, hlokomela sephetho sa Jesu: “Na Molimo ha a na ho etsa hore toka e etsetsoe bakhethoa ba hae ba hoeletsang ho eena motšehare le bosiu . . . ? Kea le bolella, O tla etsa hore ba etsetsoe toka ka potlako. Leha ho le joalo, ha Mor’a motho a fihla, na ka sebele o tla fumana tumelo lefatšeng?”
3 E, Jehova o tla bona hore qetellong bahlanka ba hae ba fumana toka. Jesu le eena o-oa ameha, haholo-holo hona joale hobane re phela “mehleng ea qetello” ea tsamaiso ea hona joale e khopo. Kapele Jehova o tla sebelisa Mora oa hae ea matla ho felisa bokhopo lefatšeng. (2 Timothea 3:1; 2 Ba-Thessalonika 1:7, 8; Tšenolo 19:11-16) Re ka fumana temohisiso mabapi le mosebetsi oa Jesu ho se seng sa litšoantšo tsa ho qetela tseo a ileng a fana ka tsona, seo hangata se bitsoang papiso ea linku le lipōli.
4. Re ’nile ra utloisisa nako ea papiso ea linku le lipōli joang, empa ke hobane’ng ha re tla lebisa tlhokomelo papisong ena hona joale? (Liproverbia 4:18)
4 Ka nako e telele re ’nile ra ba le boikutlo ba hore papiso ena e bontša ha Jesu a lula e le Morena ka 1914 ’me ho tloha ka nako eo a fana ka likahlolo—bophelo bo sa feleng bakeng sa batho ba ipakang ba tšoana le linku, lefu la ka ho sa feleng bakeng sa lipōli. Empa ho nahana hape ka lintlha tsa papiso ena ho lebisa kutloisisong e lokisitsoeng ea nako ea eona le seo e se tšoantšetsang. Tokiso ena e hatisa bohlokoa ba mosebetsi oa rōna oa boboleli le bohlokoa ba likarabelo tsa batho. Hore re bone motheo oa kutloisiso ena e tebileng haholoanyane ea papiso ena, a re nahaneng ka seo Bibele e se bontšang mabapi le Jehova le Jesu, ka bobeli e le Marena ebile e le Baahloli.
Jehova e le Moahloli ea Phahameng ka ho Fetisisa
5, 6. Ke hobane’ng ha e le ho loketseng ho talima Jehova e le Morena le Moahloli?
5 Jehova o busa bokahohle a e-na le matla holim’a tsohle. Kaha ha a na qalo le qetello, ke “Morena oa bosafeleng.” (1 Timothea 1:17, NW; Pesaleme ea 90:2, 4; Tšenolo 15:3, NW) O na le matla a ho etsa litaelo, kapa melao, le ho phethisa tsena ka molao. Empa matla a hae a ho laela a akarelletsa ho ba Moahloli. Esaia 33:22 (NW) e re: “Jehova ke Moahloli oa rōna, Jehova ke Mofani oa litaelo oa rōna, Jehova ke Morena oa rōna; eena ka boeena o tla re boloka.”
6 Ka nako e telele bahlanka ba Molimo ba ’nile ba hlokomela Jehova e le Moahloli oa linyeoe le litseko. Ka mohlala, ka mor’a hore “Moahloli oa lefatše lohle” a lekanye bopaki mabapi le bokhopo ba Sodoma le Gomorra, o ile a ahlola baahi bao e le ba tšoaneloang ke timetso a ba a phethisa ka molao kahlolo eo e lokileng. (Genese 18:20-33, NW; Jobo 34:10-12) Ho tseba hore Jehova ke Moahloli ea lokileng eo kamehla a ka phethahatsang likahlolo tsa hae ho lokela ho re fa kholiseho e kaakang!
7. Ke joang Jehova a ileng a sebetsa e le Moahloli ha a sebetsana le Iseraele?
7 Iseraeleng ea boholo-holo, ka linako tse ling Jehova o ne a fana ka kahlolo ka ho toba. Na morao koo u ka be u sa ka ua tšelisoa ke ho tseba hore Moahloli ea phethahetseng e ne e le eena ea etsang qeto litabeng? (Levitike 24:10-16; Numere 15:32-36; 27:1-11) Molimo o ile a boela a fana ka “liqeto tsa boahloli” tse neng li le molemo ka ho feletseng e le litekanyetso tsa ho ahlola. (Levitike 25:18, 19; Nehemia 9:13; Pesaleme ea 19:9, 10; 119:7, 75, 164; 147:19, 20, bapisa le NW.) Ke “Moahloli oa lefatše lohle,” kahoo kaofela ha rōna rea ameha.—Ba-Heberu 12:23.
8. Ke pono efe e amehang eo Daniele a ileng a ba le eona?
8 Re na le bopaki ba “lipaki tse boneng ka mahlo” bo amanang le taba ena. Moprofeta Daniele o ile a fuoa pono ea libata tse mabifi tse neng li emela mebuso. (Daniele 7:1-8, 17) O ile a phaella: ‘Literone tsa beoa, ’me Moholo oa matsatsi a lula; seaparo sa hae se ne se le sesoeu joalo ka lehloa.’ (Daniele 7:9) Hlokomela hore Daniele o ile a bona literone “’me Moholo oa matsatsi [Jehova] a lula.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ipotse, ‘Na moo Daniele o ne a bona ha Molimo a fetoha Morena?’
9. Moelelo o mong oa ‘ho lula’ teroneng ke ofe? Fana ka mehlala.
9 Ha e le hantle, ha re bala hore e mong o ile “a lula” teroneng, re ka ’na ra nahana ka ha a fetoha morena, hobane ka linako tse ling Bibele e sebelisa puo e joalo. Ka mohlala: “Hang-hang ha Simeri a qala ho lula teroneng ea hae, a busa, a . . . ” (1 Marena 16:11, BPN; 2 Marena 10:30; 15:12; Jeremia 33:17) Boprofeta ba Bomessia bo ile ba re: “O tla lula fatše ’me a buse teroneng ea hae.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Kahoo, ho ‘lula teroneng’ ho ka bolela ho fetoha morena. (Zakaria 6:12, 13, NW) Jehova o hlalosoa e le Morena ea lulang teroneng. (1 Marena 22:19; Esaia 6:1; Tšenolo 4:1-3) Ke “Morena oa bosafeleng.” Leha ho le joalo, ha a bontša tšobotsi e ncha ea bobusi, ho ne ho ka boleloa hore o fetohile Morena, joalokaha eka o lula teroneng ea hae bocha.—1 Likronike 16:1, 31; Esaia 52:7; Tšenolo 11:15-17; 15:3; 19:1, 2, 6, bapisa le NW.
10. Mosebetsi o ka sehloohong oa marena a Iseraele e ne e le ofe? Bontša.
10 Empa ntlha ea sehlooho ke ena: Mosebetsi o ka sehloohong oa marena a boholo-holo e ne e le oa ho utloa linyeoe le ho fana ka likahlolo. (Liproverbia 29:14) Hopola kahlolo e bohlale ea Salomone ha basali ba babeli ba ne ba tseka ngoana. (1 Marena 3:16-28; 2 Likronike 9:8) O mong oa mehaho ea hae ea puso e ne e le ‘mathule a terone ao a neng a tla ahlolela ho ’ona,’ a neng a boetse a bitsoa “mathule a kahlolo.” (1 Marena 7:7) Jerusalema e ne e hlalosoa e le sebaka seo ho sona ‘literone li neng li beiloe, e be litulo tsa kahlolo.’ (Pesaleme ea 122:5) Ka ho hlakileng, ‘ho lula teroneng’ ho ka boela ha bolela ho sebelisa matla a boahloli.—Exoda 18:13; Liproverbia 20:8, NW.
11, 12. (a) Ke eng se neng se boleloa ke ho lula fatše ha Jehova, ho boletsoeng ho Daniele khaolo ea 7? (b) Litemana tse ling li tiisa joang hore Jehova o lula fatše bakeng sa ho ahlola?
11 Joale a re khutleleng ponong eo ho eona Daniele a ileng a bona ‘Moholo oa matsatsi a lula.’ Daniele 7:10 (NW) e-ea phaella: “Lekhotla la lula, ’me ho ne ho e-na le libuka tse ileng tsa phetloa.” E, Moholo oa Matsatsi o ne a lutse bakeng sa ho fana ka kahlolo mabapi le ho busa lefatše le ho ahlola Mor’a motho e le ea tšoanelehang ho busa. (Daniele 7:13, 14) Joale re bala hore ‘Moholo oa matsatsi o ile a fihla, ’me ha ahloleloa bahalaleli,’ ba ahlotsoeng ba tšoaneleha ho busa le Mor’a motho. (Daniele 7:22, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Qetellong “Lekhotla ka bolona la qala ho lula” le ho fana ka kahlolo e bohloko ’musong oa ho qetela oa lefatše.—Daniele 7:26, NW.a
12 Ka lebaka leo, ha Daniele a bona Molimo ‘a lula teroneng’ hoo ho ne ho bolela ho tla ha Hae ho tla fana ka kahlolo. Pejana Davida o ile a bina: “[Jehova] u emela taba tsa ka le tokelo tsa ka; u lutse teroneng ea hao, u le moahloli ea lokileng.” (Pesaleme ea 9:4, 7) ’Me Joele o ile a ngola: “A ho tsohe, a ho tle lichaba khohlong ea Josafate; hobane teng ke [Jehova] tla lula ho ahlola lichaba tsohle!” (Joele 3:12; bapisa le Esaia 16:5.) Ka bobeli Jesu le Pauluse ba ile ba ba maemong a boahloli ao ho ’ona motho e mong a ileng a lula bakeng sa ho utloa nyeoe le ho fana ka kahlolo.b—Johanne 19:12-16; Liketso 23:3; 25:6.
Boemo ba Jesu
13, 14. (a) Ke kholiseho efe eo batho ba Molimo ba neng ba e-na le eona ea hore Jesu o ne a tla fetoha Morena? (b) Jesu o ile a lula teroneng ea hae neng, ’me ke ka kutloisiso efe a ileng a busa ho tloha ka 33 C.E. ho ea pele?
13 Jehova ke Morena le Moahloli. Ho thoe’ng ka Jesu? Lengeloi le ileng la tsebisa ka tsoalo ea hae le ile la re: “Morena Molimo o tla mo nea terone ea Davida ntat’ae . . . ’me borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.” (Luka 1:32, 33) Jesu e ne e tla ba mojalefa oa ka ho sa feleng oa borena ba Davida. (2 Samuele 7:12-16) O ne a tla busa ho tsoa leholimong, hobane Davida o ile a re: “Jehova o itse ho Morena [Jesu] oa ka: Lula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng lira ho uena bonamelo ba maoto a hao. Jehova o ea otlolla Sione molamu oa matla a hao: hloma ’muso oa hao har’a lira tsa hao.”—Pesaleme ea 110:1-4.
14 Seo se ne se tla etsahala neng? Jesu ha aa ka a busa e le Morena ha e ntse e le motho. (Johanne 18:33-37) Ka 33 C.E., o ile a shoa, a tsosoa, eaba o nyolohela leholimong. Ba-Heberu 10:12 e re: ‘Eena, hobane a hlahise sehlabelo se le seng ka baka la libe, o ituletse ka ho sa feleng letsohong le letona la Molimo.’ Ke matla afe a ho laela ao Jesu a neng a e-na le ’ona? “[Molimo] oa mo lulisa letsohong le letona la oona, maholimong, ka holim’a boholo bohle, le puso eohle, le matla ’ohle, le borena bohle . . . e tle e be eena hlooho linthong tsohle [“ho phutheho,” NW].” (Ba-Efese 1:20-22) Ka lebaka la hore nakong eo Jesu o ne a e-na le matla a ho laela a borena holim’a Bakreste, Pauluse o ne a ka ngola hore Jehova “o re ntšitse matleng a lefifi, a re fetisetsa ’musong oa Mora oa hae ea ratehang.”—Ba-Kolosse 1:13, BPN; 3:1.
15, 16. (a) Ke hobane’ng ha re re Jesu ha aa ka a fetoha Morena oa ’Muso oa Molimo ka 33 C.E.? (b) Jesu o ile a qala ho busa ’Musong oa Molimo neng?
15 Leha ho le joalo, ka nako eo Jesu ha aa ka a sebetsa e le Morena le Moahloli holim’a lichaba. O ne a lutse pel’a Molimo, a letetse nako ea ho sebetsa e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Pauluse o ile a ngola ka eena: “Ke ho lefe ho mangeloi o kileng oa re, le ka mohla o le mong: Lula letsohong la ka le letona, ke be ke etse bao e leng lira ho uena bonamelo ba maoto a hao?”—Ba-Heberu 1:13.
16 Lipaki tsa Jehova li hatisitse bopaki bo bongata ba hore nako ea Jesu ea ho leta e ile ea fela ka 1914, ha a fetoha ’musi oa ’Muso oa Molimo maholimong a sa bonahaleng. Tšenolo 11:15, 18 e re: “Mebuso ea lefatše e fetohile ’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste oa hae, ’me o tla busa ka ho sa feleng.” “Lichaba li ne li halefile, ’me bohale ba hao bo hlahile.” E, lichaba li ile tsa bontša ho halefelana nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše. (Luka 21:24) Lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a seoa, likhaello tsa lijo le lintho tse tšoanang, tseo re li boneng ho tloha ka 1914 li tiisa hore hona joale Jesu o-oa busa ’Musong oa Molimo, ’me bofelo ba ho qetela ba lefatše bo atametse.—Mattheu 24:3-14, NW.
17.Ke lintlha life tsa sehlooho tseo re li fumaneng ho tla fihlela moo?
17 Ho ikhopotsa lintlha ka bokhutšoanyane: Ho ka boleloa hore Molimo o lutse teroneng e le Morena, empa ka kutloisiso e ’ngoe a ka lula teroneng ea hae ho ahlola. Ka 33 C.E., Jesu o ile a lula ka letsohong le letona la Molimo, ’me hona joale ke Morena oa ’Muso. Empa na Jesu, eo hona joale a busang e le Morena, o boetse o sebeletsa e le Moahloli? Hona ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka see, haholo-holo nakong ee?
18. Ke bopaki bofe bo teng ba hore hape Jesu e ne e tla ba Moahloli?
18 Jehova, ea nang le tokelo ea ho beha baahloli, o khethile Jesu e le Moahloli ea finyellang litekanyetso tsa Hae. Jesu o ile a bontša sena ha a bua ka ho phela ha batho moeeng: “Ntate ha a ahlole motho le a mong, empa o neile Mora kahlolo eohle.” (Johanne 5:22) Leha ho le joalo, mosebetsi oa Jesu oa boahloli o tsoela pele ho fetela ka ’nģane ho ho ahlola ho joalo, hobane ke moahloli oa ba phelang le oa bafu. (Liketso 10:42; 2 Timothea 4:1) Pauluse o kile a bolela: “[Molimo] o beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatše ka lona ka ho loka, ka monna [Jesu] eo o ’meetseng hoo, ’me o lokiselitse bohle tšepiso ea teng ka ho mo tsosa bafung.”—Liketso 17:31; Pesaleme ea 72:2-7.
19. Ke hobane’ng ha e le ho nepahetseng ho bua ka Jesu a lula fatše e le Moahloli?
19 Ka hona na ho na le se lokafatsang hore re etse qeto ea hore Jesu o lula teroneng e khanyang mosebetsing o khethehileng oa Moahloli? E. Jesu o ile a bolella baapostola: “Nchafalong ea tsohle, mohla Mor’a motho a lulang teroneng ea khanya ea hae, lōna ba ntatetseng, le tla lula le lōna literoneng tse leshome le metso e ’meli, le ahlole meloko ea Iseraele e leshome le metso e ’meli.” (Mattheu 19:28, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Le hoja hona joale Jesu e le Morena oa ’Muso, mosebetsi oa hae o eketsehileng o boletsoeng ho Mattheu 19:28 o tla akarelletsa ho lula teroneng ho ahlola nakong ea Lilemo tse Sekete. Ka nako eo o tla ahlola moloko oohle oa batho, ba lokileng le ba sa lokang. (Liketso 24:15) Ho molemo ho hopola sena ha re lebisa tlhokomelo ea rōna ho e ’ngoe ea lipapiso tsa Jesu e amanang le nako ea rōna le bophelo ba rōna.
Papiso Ena e Re’ng?
20, 21. Ke eng seo baapostola ba Jesu ba ileng ba se botsa se amanang le nako ea rōna, e leng ho lebisang potsong efe?
20 Nakoana pele Jesu a shoa, baapostola ba hae ba ile ba mo botsa: “Lintho tsee li tla etsahala neng, hona pontšo ea ho ba teng ha hao le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho e tla ba efe?” (Mattheu 24:3, NW) Jesu o ile a bolela esale pele liphetoho tsa bohlokoa tse neng li tla ba teng lefatšeng pele ‘bofelo bo hlaha.’ Nakoana pele ho bofelo boo, lichaba li tla “bona Mor’a motho a e-tla ka maru a leholimo, ka matla a maholo le ka khanya e kholo.”—Mattheu 24:14, 29, 30.
21 Leha ho le joalo, batho ba lichabeng tseo ba tla tsoella joang ha Mor’a motho a fihla ka khanya ea hae? A re fumaneng hoo papisong ea linku le lipōli, e qalang ka mantsoe ana: “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae. Lichaba tsohle li tla bokelloa pel’a hae.”—Mattheu 25:31, 32.
22, 23. Ke lintlha life tse bontšang hore papiso ea linku le lipōli ha e-ea ka ea qala ho phethahala ka 1914?
22 Na papiso ee e sebetsa nakong ea ha Jesu a ne a lula matleng a borena ka 1914, kamoo re ’nileng ra utloisisa kateng ka nako e telele? Ha e le hantle, Mattheu 25:34 e bua ka eena e le Morena, kahoo ka ho utloahalang papiso ena e sebetsa ho tloha ha Jesu a fetoha Morena ka 1914. Empa ke ho ahlola hofe hoo a ileng a ho etsa kapele ka mor’a moo? E ne e se ho ahlola “lichaba tsohle.” Ho e-na le hoo, o ile a lebisa tlhokomelo ea hae ho ba ipolelang e le ba bōpang “ntlo ea Molimo.” (1 Petrose 4:17, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Tumellanong le Malakia 3:1-3, Jesu, e le lenģosa la Jehova, ka boahloli o ile a hlahloba Bakreste ba tlotsitsoeng ba setseng lefatšeng. E ne e boetse e le nako ea kahlolo ea boahloli ho Bokreste-’mōtoana, boo ka bohata bo neng bo ipolela e le “ntlo ea Molimo.”c (Tšenolo 17:1, 2; 18:4-8) Leha ho le joalo, ha ho letho le bontšang hore ka nako eo, kapa hona hore ho tloha ka nako eo, Jesu o ile a lula bakeng sa ho ahlola lichaba tsohle qetellong e le linku kapa lipōli.
23 Haeba re hlahlobisisa mosebetsi oa Jesu papisong ena, re hlokomela hore qetellong o ahlola lichaba tsohle. Papiso ena ha e bontše hore ho ahlola ho joalo ho ne ho tla tsoela pele ka nako e telele ea lilemo tse ngata, joalokaha eka motho e mong le e mong ea shoang nakong ea lilemo tsena tse mashome tse fetileng o ile a ahloloa e le ea tšoaneloang ke lefu la ka ho sa feleng kapa bophelo bo sa feleng. Ho bonahala eka boholo ba ba shoeleng lilemong tse mashome tse sa tsoa feta ba ile lebitleng le tloaelehileng la moloko oa batho. (Tšenolo 6:8; 20:13) Leha ho le joalo, papiso ena e bontša nako ea ha Jesu a ahlola batho ba “lichaba tsohle” ba phelang nakong eo ’me ba talimane le ho lihuoa ha kahlolo ea hae ea boahloli.
24. Papiso ea linku le lipōli e tla phethahala neng?
24 Ka mantsoe a mang, papiso ena e supa nako e tlang eo ka eona Mor’a motho a tlang ho tla ka khanya ea hae. O tla lula bakeng sa ho ahlola batho ba phelang nakong eo. Kahlolo ea hae e tla be e thehiloe holim’a seo ba iponahalitseng ba le sona. Ka nako eo “phapang pakeng tsa ea lokileng le ea sa lokang” e tla be e pakiloe ka ho hlakileng. (Malakia 3:18, NW) Ho phatlalatsoa ha sebele ha kahlolo le ho lihuoa ha eona ho tla phethoa ka nako e lekanyelitsoeng. Jesu o tla fana ka likahlolo tse lokileng tse thehiloeng holim’a se totobetseng mabapi le batho ka bomong.—Bona le 2 Ba-Korinthe 5:10.
25. Mattheu 25:31 e bontša’ng ha e bua ka Mor’a motho a lula teroneng e khanyang?
25 Kahoo, sena se bolela hore ‘ho lula ha Jesu teroneng ea hae e khanyang’ bakeng sa kahlolo, ho boletsoeng ho Mattheu 25:31, ho sebetsa nakong e tlang eo ka eona Morena enoa ea matla a tla lula fatše ho phatlalatsa le ho liha kahlolo holim’a lichaba. E, pono ea kahlolo e amang Jesu e ho Mattheu 25:31-33, 46 e ka bapisoa le pono e ho Daniele khaolo ea 7, moo Morena ea busang, Moholo oa Matsatsi, a ileng a lula fatše ho phetha mosebetsi oa hae e le Moahloli.
26. Ke tlhaloso efe e ncha ea papiso ena e bonahalang?
26 Ho utloisisa papiso ea linku le lipōli ka tsela ena ho bontša hore ho fana ka kahlolo ho linku le lipōli ho sa ntse ho e-tla. Ho tla etsahala ka mor’a hore “mahlomola” a boletsoeng ho Mattheu 24:29, 30 a qalehe ’me Mor’a motho ‘a fihle ka khanya ea hae.’ (Bapisa le Mareka 13:24-26.) Joale, ha tsamaiso eohle e khopo e fihla bofelong ba eona, Jesu o tla tsamaisa lekhotla ’me a fane ka kahlolo le ho e liha.—Johanne 5:30; 2 Ba-Thessalonika 1:7-10.
27. Ke eng seo re lokelang ho thahasella ho se tseba mabapi le papiso ea ho qetela ea Jesu?
27 Sena se hlakisa kutloisiso ea rōna ea nako ea papiso ea Jesu, e bontšang nako eo ka eona linku le lipōli li tla ahloloa. Empa e re ama joang rōna ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho? (Mattheu 24:14) Na e etsa hore mosebetsi oa rōna e be oa bohlokoa bo bonyenyane, kapa e tlisa boikarabelo bo boima haholoanyane? A re boneng kamoo re amehang kateng sehloohong se latelang.
-
-
Ho na le Bokamoso Bofe Bakeng sa Linku le Lipōli?Molula-Qhooa—1995 | October 15
-
-
Ho na le Bokamoso Bofe Bakeng sa Linku le Lipōli?
“O tla khetha ba bang ho ba bang, joalo ka molisa ha a khetha linku ho lipōli.”—MATTHEU 25:32.
1, 2. Ke hobane’ng ha papiso ea linku le lipōli e lokela ho tsosa thahasello ea rōna?
KA SEBELE Jesu Kreste e ne e le Tichere e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng. (Johanne 7:46) O mong oa mekhoa ea hae ea ho ruta e ne e le ho sebelisa lipapiso, kapa litšoantšo. (Mattheu 13:34, 35) Tsena li ne li le bonolo empa li le matla ho fetiseng linnete tse tebileng tsa moea le tsa boprofeta.
2 Papisong ea linku le lipōli, Jesu o ile a supa nako ea hore a sebetse boemong bo khethehileng: “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae . . .” (Mattheu 25:31) Sena se lokela ho tsosa thahasello ea rōna hobane ke setšoantšo seo ka sona Jesu a qetellang karabo ea hae potsong ena: “Pontšo ea ho ba teng ha hao le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho e tla ba efe?” (Mattheu 24:3, NW) Empa see se bolela’ng ho rōna?
3. Pejana puong ea hae, ke eng seo Jesu a ileng a re se ne se tla etsahala hang-hang ka mor’a hore mahlomola a maholo a qalehe?
3 Jesu o ile a bolela esale pele liphetoho tse hlollang tse neng li tla tla ‘hang-hang ka mor’a’ ho qaleha ha mahlomola a maholo, e leng liphetoho tseo re li letetseng. O ile a re ka nako eo “pontšo ea Mor’a motho” e ne e tla bonahala. Sena se tla ama ka ho tebileng “lichaba tsohle tsa lefatše” tse tla “bona Mor’a motho a e-tla ka maru a leholimo, ka matla a maholo le ka khanya e kholo.” Mor’a motho o tla be a e-na le “mangeloi a hae.” (Mattheu 24:21, 29-31)a Ho thoe’ng ka papiso ea linku le lipōli? Libibele tsa kajeno li e beha khaolong ea 25, empa ke karolo ea karabo ea Jesu, e fanang ka makolopetso a eketsehileng mabapi le ho tla ha hae ka khanya ’me e lebisa tlhokomelo ho ahloleng ha hae “lichaba tsohle.”—Mattheu 25:32.
Batho ba Bohlokoa Papisong
4. Ke eng seo papiso ea linku le lipōli e se bolela’ng ka Jesu ha e qala, ’me ke mang e mong ea hlahellang?
4 Jesu o qala papiso ena ka ho re: “Mohla Mor’a motho a tlang.” Mohlomong u-ua tseba hore na “Mor’a motho” ke mang. Khafetsa bangoli ba Likosepele ba ile ba sebelisa polelo eo mabapi le Jesu. Esita le Jesu ka boeena o ile a etsa joalo, ntle ho pelaelo a hopotse pono ea Daniele ea “e mong ea kang mor’a motho” a atamela Moholo oa Matsatsi ho amohela “’muso, le hlompho, le borena.” (Daniele 7:13, 14; Mattheu 26:63, 64; Mareka 14:61, 62) Le hoja Jesu e le eena ea ka sehloohong papisong ena, ha a mong. Pejana puong ena, e qotsitsoeng ho Mattheu 24:30, 31, o ile a re ha Mor’a motho ‘a tla ka matla a maholo le ka khanya e kholo,’ mangeloi a hae a tla phetha mosebetsi oa bohlokoa haholo. Ka ho tšoanang, papiso ea linku le lipōli e bontša mangeloi a e-na le Jesu ha a ‘lula teroneng ea khanya ea hae’ ho ahlola. (Bapisa le Mattheu 16:27.) Empa Moahloli le mangeloi a hae ba leholimong, na ho joalo le ka batho bao ho buuoang ka bona papisong ee?
5. Re ka khetholla “baena” ba Jesu joang?
5 Ho nyarela papisong ena ho senola lihlopha tse tharo tseo ho hlokahalang hore re li khetholle. Ho phaella ho linku le lipōli, Mor’a motho o phaella ka sehlopha sa boraro seo ho khetholloa ha sona e leng ha bohlokoa haholo bakeng sa ho khetholla linku le lipōli. Jesu o bitsa sehlopha sena sa boraro baena ba hae ba moea. (Mattheu 25:40, 45) E tlameha ebe ke barapeli ba ’nete, hobane Jesu o ile a re: “E mong le e mong ea tla etsa thato ea Ntate . . . , ke eena e leng ngoan’eso, le khaitseli ea ka, le ’mè.” (Mattheu 12:50; Johanne 20:17) Ha a toba taba haholoanyane, Pauluse o ile a ngola ka Bakreste bao e leng karolo ea “peō ea Abrahama” le bao e leng bara ba Molimo. O ile a bitsa bana “banab’abo” Jesu le “ba nang le kabelo pitsong ea leholimo.”—Ba-Heberu 2:9–3:1; Ba-Galata 3:26, 29, NW.
6. “Ba banyenyane” ho baena ba Jesu ke bo-mang?
6 Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bua ka “ba banyenyane” ho baena ba hae? Mantsoe ao a pheta seo baapostola ba ileng ba mo utloa a se bua pejana. Ha a bapisa Johanne Mokolobetsi, ea ileng a shoa pele ho Jesu ’me ka hona a e-na le tšepo ea lefatšeng, le ba finyellang bophelong ba leholimo, Jesu o ile a re: “Ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane ’musong oa maholimo o moholo ho eena.” (Mattheu 11:11) E ka ’na eaba ba bang ba eang leholimong e ne e le ba hlaheletseng ka phuthehong, joaloka baapostola, ’me ba bang e se ba hlaheletseng hakaalo, empa kaofela ke baena ba Jesu ba moea. (Luka 16:10; 1 Ba-Korinthe 15:9; Ba-Efese 3:8; Ba-Heberu 8:11) Ka tsela ena, esita le haeba ba bang ba ne ba bonahala eka ke bao e seng ba bohlokoa lefatšeng, e ne e le baena ba hae ’me ba ne ba lokela ho tšoaroa ka tsela e lumellanang le seo.
Ke Bo-mang Bao e Leng Linku le Lipōli?
7, 8. Jesu o ile a re’ng ka linku, kahoo re ka etsa qeto efe ka tsona?
7 Mabapi le ho ahloloa ha linku rea bala: “Ke moo [Jesu] a tla bolella ba ka letsohong la hae le letona, a re: tloong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le amohele ’muso oo le o lokiselitsoeng ha e sa le lefatše le theoa. Hobane ke na be ke lapile, ’me le kile la ’nea ka ja; ke na be ke nyoriloe, ’me le kile la ’nea ka noa; ke na be ke le moeti, ’me la nkenya tlung ha lona; ke na be ke hlobotse, ’me la nkapesa; ke na be ke baba, ’me le tlile ho mpona; ke na be ke le teronkong, ’me la tla ho ’na. Etlaba hona ba lokileng ba mo arabang, ba re: Morena, ke neneng re kileng ra u bona u lapile, ’me ra u nea ua ja; leha u nyoriloe, ’me ra u nea ua noa? Ke neng re u boneng u le moeti, ’me re kileng ra u kenya tlung ha rōna; leha u hlobotse, ’me ra u apesa? Ke neng re u boneng u baba, mohlomong u le teronkong, ’me ra ea ho uena? Morena o tla ba araba, a re: Ka ’nete kea le bolella, ke re: Tseo le li entseng e monyenyane ho baena ba ka, le li entse ’na.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Mattheu 25:34-40.
8 Ka ho hlakileng, linku tse ahloloang e le tse tšoanelehang ho ba ka letsohong le letona la Jesu la tlhompho le kamohelo li emela sehlopha sa batho. (Ba-Efese 1:20; Ba-Heberu 1:3) Ke eng seo li ileng tsa se etsa hona neng? Jesu o re ka mosa, ka tlhompho le ka seatla se bulehileng li ile tsa mo fa lijo, lino le liaparo, tsa mo thusa ha a kula kapa a le teronkong. Ha linku li re ha lia etsa hona ho Jesu ka seqo, o bontša hore li ile tsa tšehetsa baena ba hae ba moea, masala a Bakreste ba tlotsitsoeng, kahoo ka kutloisiso eo li ile tsa ho etsa ho eena.
9. Ke hobane’ng ha papiso ee e sa sebetse nakong ea Lilemo tse Sekete?
9 Papiso ena ha e sebetse nakong ea Lilemo tse Sekete, hobane ka nako eo batlotsuoa e tla be e se batho ba utloisoang bohloko ke tlala, lenyora, ho kula kapa ho kenngoa teronkong. Leha ho le joalo, ba bangata ba bona ba bile le phihlelo ea lintho tse joalo nakong ea qetello ea tsamaiso ena ea lintho. Haesale ho tloha ha Satane a lahleloa lefatšeng, o fetotse masala bahlaseluoa ba ka sehloohong ba khalefo ea hae e fetisisang, o a tlisetsa ho songoa, tlhokofatso le lefu.—Tšenolo 12:17.
10, 11. (a) Ke hobane’ng ha e le ho sa utloahaleng ho nahana hore linku li akarelletsa e mong le e mong ea etsetsang baena ba Jesu ketso e mosa? (b) Ka ho loketseng linku li emela bo-mang?
10 Na Jesu o bolela hore e mong le e mong ea etsetsang e mong oa baena ba hae mosa o monyenyane, o kang ho fana ka sengoathoana sa bohobe kapa khalase ea metsi, o-oa tšoaneleha ho ba e ’ngoe ea linku tsee? Ke ’nete hore ho etsa liketso tse joalo tse mosa ho ka bontša mosa oa botho, empa ka sebele, ho bonahala ho ameha ho hongata haholo mabapi le linku tsa papiso ena. Ka mohlala, ho ke ke ha etsahala hore ebe Jesu o ne a bua ka batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng kapa baruti bao ho ka etsahalang hore ba etsetse e mong oa baena ba hae ketso e mosa. Ho e-na le hoo, ka makhetlo a mabeli Jesu o ile a bitsa linku “ba lokileng.” (Mattheu 25:37, 46) Kahoo e tlameha ebe linku ke batho bao ka nako e itseng ba ’nileng ba thusa—ka mafolo-folo ba tšehetsa—baena ba Kreste ’me ba bontša tumelo ho isa bohōleng ba ho amohela boemo bo lokileng ka pel’a Molimo.
11 Ho theosa le makholo a lilemo, ba bangata ba kang Abrahama ba ’nile ba thabela boemo bo lokileng. (Jakobo 2:21-23) Noe, Abrahama, le ba bang ba tšepahalang ba balelloa har’a “linku tse ling” tse tla rua bophelo Paradeiseng tlas’a ’Muso oa Molimo. Linakong tsa morao tjena ba limilione ba eketsehileng ba amohetse borapeli ba ’nete e le linku tse ling ’me ba fetohile ‘mohlape o le mong’ le batlotsuoa. (Johanne 10:16; Tšenolo 7:9) Bana ba nang le tšepo ea lefatšeng ba hlokomela baena ba Jesu e le baemeli ba ’Muso ’me ka hona ba ba thusitse—ka ho toba haesita le ka tsela ea moea. Jesu o nka seo linku tse ling li se etsetsang baena ba hae lefatšeng e le se entsoeng ho eena. Ba joalo ba phelang ha a e-tla ho tla ahlola lichaba ba tla ahloloa e le linku.
12. Ke hobane’ng ha linku li ka ’na tsa botsa hore na ke joang li etselitseng Jesu liketso tse mosa?
12 Haeba hona joale linku tse ling li bolela litaba tse molemo le batlotsuoa ’me li ba thusa, ke hobane’ng ha li ne li ka botsa: “Morena, ke neneng re kileng ra u bona u lapile, ’me ra u nea ua ja; leha u nyoriloe, ’me ra u nea ua noa?” (Mattheu 25:37) Ho ka ’na ha e-ba le mabaka a sa tšoaneng. Ena ke papiso. Ka eona, Jesu o bontša kameho ea hae e tebileng bakeng sa baena ba hae ba moea; o utloa seo ba se utloang, o utloa bohloko le bona. Pejana Jesu o ne a ile a re: “Ea le amohelang oa nkamohela; ’me ea nkamohelang o amohela ea nthomileng.” (Mattheu 10:40) Setšoantšong sena, Jesu o atolosa molao-motheo ona, o bontša hore se etsoang (se setle kapa se sebe) ho baena ba hae se fihla le leholimong; ho joalokaha eka se entsoe ho eena leholimong. Hape, mona Jesu o hatisa tekanyetso ea Jehova ea ho ahlola, o hlakisa hore kahlolo ea Molimo, ebang ke e amohelang kapa e nyatsang, e tiile ’me e na le toka. Lipōli li ke ke tsa etsa boikemelo bona, ‘Hoja feela re ne re ile ra u bona ka ho toba.’
13. Ke hobane’ng ha batho ba kang lipōli ba ka ’na ba bitsa Jesu “Morena”?
13 Hang ha re utloisisa hore na kahlolo e bontšoang papisong ena e fanoa neng, re fumana pono e hlakileng haholoanyane ea hore na lipōli ke bo-mang. Phethahatso e etsahala nakong eo ka eona “pontšo ea Mor’a motho e tla hlaha leholimong; ke moo lichaba tsohle tsa lefatše li tla iteta lifuba, ’me li tla bona Mor’a motho a e-tla . . . ka matla a maholo le ka khanya e kholo.” (Mattheu 24:29, 30, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ba pholohileng mahlomoleng a tlelang Babylona e Moholo ba tšoereng baena ba Morena ka tsela e tletseng lehloeo joale ka ho tsieleha ba ka ’na ba bitsa Moahloli “Morena,” ba tšepile ho pholosa bophelo ba bona.—Mattheu 7:22, 23; bapisa le Tšenolo 6:15-17.
14. Jesu o tla ahlola linku le lipōli motheong ofe?
14 Leha ho le joalo, kahlolo ea Jesu ha e na ho thehoa boipolelong bo etsoang ka ho tsieleha ba batho bao pele ba neng ba kena kereke, batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng, kapa ba bang. (2 Ba-Thessalonika 1:8) Ho e-na le hoo, moahloli o tla hlahloba boemo ba pelo le liketso tsa nakong e fetileng tsa batho esita le ho “e mong oa ba banyenyane bana [ba baena ba hae].” Ho ke ke ha latoloa hore palo ea Bakreste ba tlotsitsoeng ba setseng lefatšeng e ntse e fokotseha. Leha ho le joalo, hafeela batlotsuoa, ba etsang “lekhoba le tšepahalang le le masene,” ba ntse ba tsoela pele ho fana ka lijo tsa moea le tataiso, bao ho ka etsahalang hore e be linku ba na le monyetla oa ho etsetsa sehlopha sa lekhoba molemo, feela joalokaha ‘bongata bo boholo bo tsoang lichabeng tsohle le mefuteng eohle le merabeng eohle’ bo entse.—Tšenolo 7:9, 14.
15. (a) Ke joang ba bangata ba iponahalitseng e le ba tšoanang le lipōli? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho bolela hore na motho ke nku kapa pōli?
15 Baena ba Kreste le ba limilione ba linku tse ling ba kopaneng le bona e le mohlape o le mong ba ’nile ba tšoaroa joang? E ka ’na eaba batho ba bangata ka bobona ha ba e-s’o ka ba hlasela baemeli ba Kreste, empa hape ha baa tšoara batho ba hae ka lerato. Ka ho rata lefatše le khopo, batho ba kang lipōli ba hana molaetsa oa ’Muso, ebang ba o utloa ka ho toba kapa ka mokhoa o sa tobang. (1 Johanne 2:15-17) Ka ho hlakileng, ha ho seka-sekiloe lintho tsohle tse amehang, Jesu ke eena ea behiloeng hore a fane ka kahlolo. Hase ha rōna ho etsa qeto ea hore na ke bo-mang bao e leng linku le hore na ke bo-mang bao e leng lipōli.—Mareka 2:8; Luka 5:22; Johanne 2:24, 25; Ba-Roma 14:10-12; 1 Ba-Korinthe 4:5.
Ho na le Bokamoso Bofe Bakeng sa Sehlopha ka Seng?
16, 17. Linku li tla ba le bokamoso bofe?
16 Jesu o ile a fana ka kahlolo ea hae ea linku: “Tloong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le rue ’Muso oo le o lokiselitsoeng haesale lefatše le theoa.” Eo ke memo e mofuthu hakaakang—“Tloong”! Ho eng? Bophelong bo sa feleng, joalokaha ho bontšoa qetellong: “Ba lokileng ba [tla kena] bophelong bo sa feleng.”—Mattheu 25:34, 46, BPN.
17 Papisong ea litalenta, Jesu o ile a bontša se hlokahalang ho ba tla busa le eena leholimong, empa papisong ena o bontša se lebeletsoeng ho bafo ba ’Muso. (Mattheu 25:14-23) Ka ho toba, ka lebaka la tšehetso ea tsona e feletseng ho baena ba Jesu, linku li rua sebaka tikolohong ea lefatše ea ’Muso oa hae. Li tla thabela bophelo lefatšeng la paradeise—tebello eo Molimo a li lokiselitseng eona “ho tloha ho thehoeng ha lefatše” la batho ba ka rekolloang.—Luka 11:50, 51, NW.
18, 19.(a) Jesu o tla fana ka kahlolo efe ho lipōli? (b) Re ka kholiseha joang hore lipōli ha li na ho talimana le ho utloa bohloko ka ho sa feleng?
18 Kahlolo e lihuoang holim’a lipōli ke e fapaneng hakaakang! “Joale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letšehali: Tlohang ho ’na, lōna ba rohakiloeng, le ee mollong o sa feleng, o lokiselitsoeng Diabolose le mangeloi a hae. Hobane ke na be ke lapile, ’me ha lea ka la ’nea ka ja; ke na be ke nyoriloe, ’me ha lea ka la ’nea ka noa; ke na be ke le moeti, ’me ha lea ka la nkenya tlung ha lōna, ke na be ke hlobotse, ’me ha lea ka la nkapesa; ke na be ke le pabong, le teronkong, ’me ha lea ka la tla mpona. Ke moo le bona ba tla mo araba, ba re: Morena, ke neng re kileng ra u bona u lapile, leha u nyoriloe, leha u le moeti, leha u hlobotse, leha u baba, leha u le teronkong, ’me re sa ka ra u thusa? Ke moo a tla ba araba, a re: Ka ’nete ke re ho lōna: Ereka ha le sa ka la etsa joalo ho e mong oa ba banyenyane bana, ha lea ka la nketsa joalo le ’na.”—Mattheu 25:41-45.
19 Liithuti tsa Bibele lia tseba hore sena se ke ke sa bolela hore lisoule tse sa shoeng tsa batho ba kang lipōli li tla utloa bohloko mollong o sa feleng. Che, hobane batho ke lisoule; ha ba na lisoule tse sa shoeng. (Genese 2:7, NW; Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4, NW) Ka ho ahlolela lipōli ho ea “mollong o sa feleng,” Moahloli o bolela timetso eo ho eona ho se nang tšepo bakeng sa nako e tlang, eo hape e tla ba bofelo ba ka ho sa feleng ba Diabolose le bademona ba hae. (Tšenolo 20:10, 14) Kahoo, Moahloli oa Jehova o fana ka likahlolo tse fapaneng. O bolella linku, “Tloong”; lipōli, “Tlohang ho ’na.” Linku li tla rua “bophelo bo sa feleng.” Lipōli li tla fumana “ho khaoloa ha ka ho sa feleng.”—Mattheu 25:46, NW.b
See se Bolela’ng ho Rōna?
20, 21. (a) Ke mosebetsi ofe oa bohlokoa oo Bakreste ba nang le oona oo ba lokelang ho o etsa? (b) Ke ho arola hofe ho tsoelang pele hona joale? (c) Boemo ba batho e tla ba bofe ha papiso ea linku le lipōli e qala ho phethahala?
20 Baapostola ba bane ba ileng ba utloa karabo ea Jesu mabapi le pontšo ea ho ba teng ha hae le qetello ea tsamaiso ba ne ba e-na le ho hongata hoo ba neng ba lokela ho nahana ka hona. Ho ne ho tla hlokahala hore ba lule ba falimehile ’me ba lebetse. (Mattheu 24:42) Hape ho ne ho tla hlokahala hore ba etse mosebetsi oa ho paka o boletsoeng ho Mareka 13:10. Ka mafolo-folo Lipaki tsa Jehova li kopanela mosebetsing oo kajeno.
21 Leha ho le joalo, kutloisiso ee e ncha ea papiso ea linku le lipōli e bolela’ng ho rōna? Ha e le hantle, batho ba se ba ntse ba nka lehlakore. Ba bang ba ‘tseleng e phatlaletseng e isang timelong,’ ha ba bang ba leka ho lula ‘tseleng e tšesane e isang bophelong.’ (Mattheu 7:13, 14) Empa nako eo ka eona Jesu a tla phatlalatsa kahlolo ea ho qetela ho linku le lipōli e bontšitsoeng papisong ena e sa ntse e larile ka pele. Ha Mor’a motho a e-tla ka mosebetsi oa ho ba Moahloli, o tla etsa qeto ea hore Bakreste ba ’nete ba bangata—ha e le hantle “bongata bo boholo” ba linku tse inehetseng—ba tla tšoaneleha ho feta karolong ea ho qetela ea “mahlomola a maholo” ho kena lefatšeng le lecha. Tebello eo e lokela ho ba mohloli oa thabo hona joale. (Tšenolo 7:9, 14) Ka lehlakoreng le leng, matšoele-tšoele a tsoang ‘lichabeng tsohle’ a tla be a ipakile a tšoana le lipōli tse manganga. A ‘tla ea ho khaoloeng ha ka ho sa feleng.’ E tla ba topollo e kaakang bakeng sa lefatše!
22, 23. Kaha ho phethahala ha papiso ena ke hona ho sa ntseng ho e-tla, ke hobane’ng ha mosebetsi oa rōna oa boboleli e le oa bohlokoa haholo kajeno?
22 Le hoja ho ahlola joalokaha ho hlalositsoe papisong ena ho tla etsahala nakong e tlang e haufi, esita le hona joale ho etsahala ntho e ’ngoe ea bohlokoa. Rōna Bakreste re kopanela mosebetsing oa ho pholosa bophelo oa ho phatlalatsa molaetsa o bakang karohano har’a batho. (Mattheu 10:32-39) Pauluse o ile a ngola: “Hobane mang le mang ea rapelang lebitso la Morena [“Jehova,” NW], o tla bolokeha. Empa ba tla rapela joang eo ba sa kang ba lumela ho eena? ’Me ba tla lumela joang ho eo ba sa kang ba utloa litaba tsa hae? ’Me ba tla utloa joang, ha ’moleli a le sieo?” (Ba-Roma 10:13, 14) Tšebeletso ea rōna ea phatlalatsa e finyella batho linaheng tse ka holimo ho 230 ka lebitso la Molimo le molaetsa oa hae oa poloko. Baena ba Kreste ba tlotsitsoeng ba ntse ba eteletse pele mosebetsing ona. Hona joale ba ka bang limilione tse hlano ba linku tse ling ba ikopantse le bona. ’Me batho ho pota lefatše ba arabela molaetseng o phatlalatsoang ke baena ba Jesu.
23 Ba bangata ba senoleloa molaetsa oa rōna ha re bolela ka ntlo le ntlo kapa ka mokhoa o sa reroang. Ba bang ba ka ’na ba tseba ka Lipaki tsa Jehova le seo re se emelang ka litsela tseo re sa li tsebeng. Ha nako ea kahlolo e fihla, ke ho isa bohōleng bofe Jesu a tlang ho talima boikarabelo ba sechaba le boemo ba lelapa? Re ke ke ra bolela, ebile ha ho thuse letho ho inahanela. (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 7:14.) Hona joale ba bangata baa iphapanya, baa soma, kapa ba kopanela ka ho toba tlhorisong ea batho ba Molimo. Kahoo, ena ke nako ea makhaola-khang; batho ba joalo ba ka ’na ba fetoha bao Jesu a tla ba ahlola e le lipōli.—Mattheu 10:22; Johanne 15:20; 16:2, 3; Ba-Roma 2:5, 6.
24. (a) Ke hobane’ng ha e le ha bohlokoa hore batho ka bomong ba arabele hamolemo boboleling ba rōna? (b) Thuto ee e u thusitse hore uena ka bouena u be le boikutlo bofe mabapi le tšebeletso ea hao?
24 Leha ho le joalo, ka thabo ba bangata ba arabela hamolemo, ba ithuta Lentsoe la Molimo, ’me ba fetoha Lipaki tsa Jehova. Ba bang bao hona joale ba bonahalang eka ba tšoana le lipōli ba ka ’na ba fetoha ’me ea e-ba ba tšoanang le linku. Taba ke hore ba arabelang ’me ka mafolo-folo ba tšehetsa masala a baena ba Kreste ka mokhoa oo hona joale ba fana ka bopaki bo tla fana ka motheo oa hore ba behoe ka letsohong le letona la Jesu nakong e tlang e haufi, ha a lula teroneng ea hae ho fana ka kahlolo. Bana baa hlohonolofatsoa ’me ba tla tsoela pele ho hlohonolofatsoa. Kahoo, papiso ena e lokela ho re susumelletsa mosebetsing o chesehang haholoanyane tšebeletsong ea Bokreste. Pele e e-ba morao haholo, re batla ho etsa sohle seo re ka se khonang ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso ’me ka tsela eo re fe ba bang monyetla oa ho arabela. Joale, ho ho Jesu ho fana ka kahlolo, e nyatsang kapa e amohelang.—Mattheu 25:46, NW.
-