-
Hlokomela Maraba a Diabolose!Molula-Qhooa—2012 | August 15
-
-
Hlokomela Maraba a Diabolose!
‘Tsoang lerabeng la Diabolose.’—2 TIM. 2:26.
U KA ARABA JOANG?
U lokela ho itlhahloba joang haeba u e-na le tloaelo ea ho tšoaea ba bang liphoso ho sa hlokahale?
U ka ithuta’ng mohlaleng oa Pilato le Petrose mabapi le hore u se ke ua inehella tšabo le ho hatelloa ke batho?
U ka qoba ho itjarisa molato ho tlōla tekanyo joang?
1, 2. Sehloohong see re tla tšohla maraba afe a Diabolose?
DIABOLOSE o tsoma bahlanka ba Jehova. Sepheo sa hae hase ho ba bolaea joalokaha setsomi se tsomang liphoofolo tse khōlō se batla ho li bolaea. Ho e-na le hoo, sepheo sa Diabolose se ka sehloohong ke hore a tšoase motho a ntse a phela e le hore a tle a mo sebelise kamoo a batlang kateng.—Bala 2 Timothea 2:24-26.
2 E le hore setsomi se tšoase phoofolo e ntse e phela, se ka ’na sa sebelisa leraba la mofuta o itseng. Se ka ’na sa leka ho etsa hore phoofolo e tsoe moo e ipatileng teng e le hore se tle se e tšoase ka sekhoketsane. Kapa se ka ’na sa sebelisa leraba le patiloeng le nang le moo le khoephetsoang teng le ka tšoasang phoofolo e sa lebella. Diabolose le eena o sebelisa maraba a joalo hore a tšoase bahlanka ba Molimo ba ntse ba phela. Haeba re sa batle hore a re tšoase, re lokela ho lula re falimehile ’me re ele hloko lintho tse re bontšang hore a mang a maraba a Satane a haufi. Sehloohong sena ho tla tšohloa hore na re ka itebela joang marabeng a mararo ao Diabolose a ’nileng a atleha ho a sebelisa. Maraba ao ke (1) ho se laole leleme, (2) tšabo le ho hatelloa ke batho (3) hammoho le ho itjarisa molato ho tlōla tekanyo. Sehloohong se latelang ho tla tšohloa maraba a mang a mabeli a Satane.
TIMA MOLLO OA HO SE LAOLE LELEME
3, 4. Haeba re sitoa ho laola maleme a rōna seo se ka hlahisa litholoana life? Fana ka mohlala.
3 Ha setsomi se batla ho ntša liphoofolo moo li ipatileng teng, se ka ’na sa chesa hlaha karolong e itseng ebe se tšoasa liphoofolo ha li leka ho baleha. Ka tsela ea tšoantšetso, Diabolose a ka rata ho chesa hlaha ka phuthehong ea Bokreste. Haeba a atleha, a ka etsa hore litho tsa phutheho li tsoe sebakeng seo se sireletsehileng ’me li oele litleneng tsa hae. Re ka ’na ra tšehetsa morero oa hae joang re sa hlokomele ebe ka tsela eo re oela lerabeng la hae?
4 Morutuoa Jakobo o ile a tšoantša leleme le mollo. (Bala Jakobo 3:6-8.) Haeba re sitoa ho laola leleme, re ka chesa hlaha ka phuthehong ka tsela ea tšoantšetso. See se ka etsahala joang? Nahana ka sena: A re re ho etsoa tsebiso sebokeng sa phutheho ea hore morali e mong oabo rōna o khethiloe ho ba pula-maliboho oa kamehla. Ka mor’a seboka, bahoeletsi ba babeli ba buisana ka taba eo. E mong o thabetse taba ena ebile o lakaletsa pula-maliboho enoa e mocha katleho. Mohoeletsi e mong eena o belaella sepheo sa pula-maliboho eo ebile o fana ka maikutlo a hore morali eo oabo rōna o mpa feela a batla ho ba motho ea hlaheletseng ka phuthehong. Ke mohoeletsi ofe ho baa ba babeli eo u ka ratang hore e be motsoalle oa hao? Ho totobetse hore na ke ofe eo lipuo tsa hae li ka chesang hlaha ka phuthehong.
5. E le hore re time hlaha ea ho se laole leleme, e ka ba hantle hore re itlhahlobe ka tsela efe?
5 Re ka tima hlaha e bakoang ke ho se laole leleme joang? Jesu o ile a re: “Molomo o bua ho tsoa ho se tletseng pelong.” (Mat. 12:34) Kahoo, bohato ba pele boo re lokelang ho bo nka ke hore re hlahlobe lipelo tsa rōna. Na re qoba maikutlo a fosahetseng a ka etsang hore re bue lintho tse ka utloisang batho ba bang bohloko? Ka mohlala, ha re utloa hore mor’abo rōna o hahamalla litokelo tse itseng tsa tšebeletso, na re lumela hore o etsa seo ka sepheo se setle kapa re nahana hore o etsa seo ka lebaka la boithati? Haeba re e-na le mokhoa oa ho nahana hore batho ba bang ba sebeletsa Jehova ka lebaka la boithati, e ka ba hantle ho hopola hore Diabolose o ile a belaella lebaka leo mohlanka ea tšepahalang oa Molimo e leng Jobo, a neng a sebeletsa Molimo ka lona. (Jobo 1:9-11) Ho e-na le hore re belaelle lintho tseo mor’abo rōna a li etsang, e ka ba hantle hore re ipotse hore na ke hobane’ng ha re mo tšoaea phoso. Na re hlile re na le lebaka le utloahalang la ho mo tšoaea phoso? Kapa na ebe lipelo tsa rōna li susumelitsoe ke moea o renang matsatsing aa a ho qetela oa ho hloka lerato?—2 Tim. 3:1-4.
6, 7. (a) Re ka ’na ra tšoaea batho bang liphoso ka mabaka afe? (b) Re lokela ho etsa’ng haeba re hlapaoloa?
6 Nahana ka mabaka a mang a ka etsang hore re tšoaee batho ba bang liphoso. Lebaka le leng e ka ’na ea e-ba hore re batla hore lintho tseo re li finyeletseng li hlahelle. Ha e le hantle, re ka ’na ra leka ho bontša hore re molemo ho feta batho ba bang ka hore re ba tšoaee liphoso. Kapa e ka ’na eaba re leka ho ikemela ha re sitiloe ho etsa se nepahetseng. Ho sa tsotellehe hore na re susumetsoa ke boikhohomoso, mōna kapa ho se itšepe, seo se ka baka tšenyo.
7 E ka ’na eaba re ikutloa eka re na le lebaka le utloahalang la ho bua ka motho e mong re mo tšoaea phoso. Mohlomong le eena ha aa ka a laola leleme ha a bua ka rōna. Haeba ho joalo, ho iphetetsa ho ke ke ha re thusa ka letho. Ho etsa joalo ho senya lintho le ho feta, ’me ke ho phetha thato ea Diabolose eseng ea Molimo. (2 Tim. 2:26) E ka ba hantle hore re etsise Jesu tabeng ena. Ha a ne a ntse a hlapaoloa, “ha aa ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola.” Ho e-na le hoo, o ile “a tsoela pele ho ’na a ipeha ho ea ahlolang ka ho loka.” (1 Pet. 2:21-23) Jesu o ne a tšepile hore Jehova o tla lokisa lintho ka tsela ea Hae le ka nako ea hae. Re lokela ho tšepa Molimo ka tsela e tšoanang. Ha re sebelisa maleme a rōna ho folisa, re boloka “tlamo e kopanyang ea khotso” ka phuthehong ea habo rōna.—Bala Baefese 4:1-3.
QOBA LERABA LA TŠABO LE LA HO HATELLOA KE BATHO
8, 9. Ke hobane’ng ha Pilato a ile a ahlolela Jesu lefu?
8 Ha phoofolo e tšoasitsoe ke leraba ha e khone ho ea moo e batlang. Ka tsela e tšoanang, motho ea inehellang tšabo kapa ho hatelloa ke batho, ka tsela e itseng ha a khone ho etsa lintho tseo a batlang ho li etsa. (Bala Liproverbia 29:25.) A re ke re nahaneng ka mohlala oa batho ba babeli ba neng ba fapane haholo ba ileng ba inehella tšabo le ho hatelloa ke batho, ’me re bone hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa bona.
9 ’Musisi oa Moroma e leng Ponse Pilato o ne a tseba hore Jesu o ne a se na molato ’me kamoo ho bonahalang kateng o ne a sa batle ho mo ntša kotsi. Ha e le hantle, Pilato o ile a bolela hore Jesu o ne a sa etsa “letho le tšoaneloang ke lefu.” Leha ho le joalo, Pilato o ile a mo ahlolela lefu. Hobane’ng? Hobane Pilato o ile a inehella khatello ea letšoele. (Luka 23:15, 21-25) Ha bahanyetsi bao ba mo hatella ’me ba batla hore a etse se batloang ke bona, ba ile ba re: “Haeba u lokolla monna enoa, ha u motsoalle oa Cesare.” (Joh. 19:12) E ka ’na eaba Pilato o ne a tšaba hore o tla lahleheloa ke maemo a hae—kapa hore o ne a ka ’na a bolaoa—haeba a ne a e-ba ka lehlakoreng la Kreste. Kahoo, o ile a itumella hore a etse thato ea Diabolose.
10. Ke eng e ileng ea etsa hore Petrose a latole Kreste?
10 Moapostola Petrose e ne e le e mong oa metsoalle ea Jesu e haufi. O ile a bolela phatlalatsa hore Jesu e ne e le Mesia. (Mat. 16:16) Petrose o ile a lula a tšepahala ha barutuoa ba bang ba ne ba sa utloisise seo Jesu a neng a se bolela ’me ba Mo furalla. (Joh. 6:66-69) Hape, ha lira tsa Jesu li ne li e-tla ho tla mo tšoara, Petrose o ile a sebelisa sabole ho sireletsa Monghali oa hae. (Joh. 18:10, 11) Leha ho le joalo, hamorao Petrose o ile a tšoha eaba o latola hore o tseba Jesu Kreste. Ka nakoana, moapostola Petrose o ile a tšoasoa ke leraba la ho tšaba batho eaba o lumella tšabo eo hore e mo sitise ho etsa se nepahetseng.—Mat. 26:74, 75.
11. Re ka ’na ra tlameha ho loana le tšusumetso efe e mpe?
11 Kaha re Bakreste, ha rea lokela ho inehela ha re hatelloa hore re etse lintho tse sa khahliseng Molimo. Bahiri kapa batho ba bang ba ka ’na ba re hatella hore re se ke ra tšepahala kapa ba ka ’na ba batla ho re susumelletsa hore re kopanele boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate. Bana ba sekolo ba ka ’na ba tlameha ho tobana le lithaka tsa bona tse lekang ho ba hatella hore ba se ke ba tšepahala ha ba ngola litlhahlobo, ba shebe litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso, ba tsube, ba sebelise lithethefatsi, ba sebelise joala hampe kapa ba kopanele boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate. Kahoo, re ka thusoa ke’ng hore re qobe leraba la ho tšaba batho le la ho hatelloa ke batho hore re etse lintho tse sa khahliseng Jehova?
12. Re ka ithuta’ng ho Pilato le Petrose?
12 A re ke re boneng hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa Pilato le oa Petrose. Pilato o ne a e-na le tsebo e fokolang ka Kreste. Leha ho le joalo, o ne a tseba hore Jesu o ne a se na molato le hore e ne e se motho feela tjee ea tloaelehileng. Empa Pilato o ne a se na boikokobetso a bile a sa rate Molimo oa ’nete. Diabolose o ile a mo tšoasa habonolo a ntse a phela. Petrose o ne a e-na le tsebo e nepahetseng a bile a rata Molimo. Leha ho le joalo, ka linako tse ling o ne a se na boikokobetso, a tšoha a bile a inehela ha a hatelloa. Pele Jesu a tšoaroa, Petrose o ile a ikotla sefuba a re: “Esita le haeba ba bang kaofela ba khoptjoa, leha ho le joalo ’na nke ke ka khoptjoa.” (Mar. 14:29) Moapostola Petrose a ka be a ile a itokisetsa liteko tseo a neng a tla thulana le tsona haeba a ne a ile a ba le maikutlo ao mopesaleme a neng a e-na le ’ona, kaha o ne a tšepile Molimo o ile a bina a re: “Jehova o ka lehlakoreng la ka; nke ke ka tšoha. Motho oa lefatše a ka nketsa’ng?” (Pes. 118:6) Bosiung ba ho qetela A le lefatšeng, Jesu o ile a nka Petrose le baapostola ba bang ba babeli eaba o kenella le bona hare serapeng sa Gethesemane. Leha ho le joalo, ho e-na le hore Petrose le bo-mphato’ae ba lule ba falimehile, ba ile ba robala. Jesu o ile a ba tsosa eaba o re: “Banna, le lule le lebetse ’me le rapela, e le hore le se ke la kena molekong.” (Mar. 14:38) Empa Petrose o ile a robala hape, ’me hamorao o ile a inehella tšabo le ho hatelloa ke batho.
13. Re ka hlōla khatello ea hore re etse se fosahetseng joang?
13 Mohlala oa Pilato le oa Petrose o ka re ruta thuto e ’ngoe ea bohlokoa: E le hore motho a atlehe ho hlōla khatello, o lokela ho ba le tsebo e nepahetseng, a be le boikokobetso, a rate Molimo a be a tšabe Jehova eseng batho. Haeba tumelo ea rōna e thehiloe tsebong e nepahetseng, re tla bua ka lintho tseo re li lumelang ka sebete le ka kholiseho. Sena se tla re thusa hore re se ke ra inehela ha re hatelloa le hore re se ke ra tšaba batho. Ha rea lokela ho inahana hore re matla ho feta kamoo re hlileng re leng matla kateng. Ho e-na le hoo, ka boikokobetso re lokela ho lumela hore re hloka matla a tsoang ho Molimo e le hore re tsebe ho hlōla khatello. Re lokela ho rapella moea oa Jehova ’me re etse hore lerato leo re mo ratang ka lona le re susumelletse ho phahamisa lebitso la hae le ho mamela melao ea hae. Ho feta moo, re lokela ho itokisetsa ho thulana le khatello le pele re hlaheloa ke teko. Ka mohlala, ho itokisa esale pele hammoho le ho rapela, ho ka thusa bana ba rōna hore ba arabele ka tsela e nepahetseng ha lithaka tsa bona li ba susumelletsa hore ba etse se fosahetseng.—2 Bakor. 13:7.a
QOBA LERABA LE PITLANG—E LENG HO ITJARISA MOLATO HO TLŌLA TEKANYO
14. Diabolose a ka batla hore re fihlele qeto efe ka liphoso tsa rōna tsa nakong e fetileng?
14 Ka linako tse ling leraba le tšoasang liphoofolo e ka ’na ea e-ba kutu kapa lejoe le boima le phahamisoang ka holim’a tsela moo hangata liphoofolo li fetang le teng. Ha phoofolo e sa hlokomeleng e khoephetsa khoele, e etsa hore kutu kapa lejoe leo le theohe ebe lea e pitla. Ho itjarisa molato ho ka tšoantšoa le mojaro oo o boima o pitlang. Ha re nahana ka phoso eo re ’nileng ra e etsa nakong e fetileng, re ka ’na ra ikutloa re “sithabetse ho isa tekanyong e fetisisang.” (Bala Pesaleme ea 38:3-5, 8.) Satane a ka rata hore re fihlele qeto ea hore Jehova a ke ke a re hauhela ebile re ke ke ra khona ho etsa seo A se batlang.
15, 16. U ka qoba leraba la ho itjarisa molato ho tlōla tekanyo joang?
15 U ka qoba leraba lee le pitlang joang? Haeba u ile ua etsa sebe se tebileng, nka bohato hona joale u lokise kamano ea hao le Jehova. Buisana le baholo ’me u kōpe hore ba u thuse. (Jak. 5:14-16) Etsa seo u ka se khonang ho lokisa phoso eo. (2 Bakor. 7:11) Haeba u khalemeloa, u se ke ua nyahama. Khalemelo ke pontšo ea hore Jehova oa u rata. (Baheb. 12:6) Ikemisetse hore u se ke ua pheta lintho tse entseng hore u qetelle u entse sebe seo, ’me u phelele boikemisetso boo. Ka mor’a hore u bake ’me u sokolohe, e-ba le tumelo ea hore sehlabelo sa Jesu Kreste sa thekollo se ka koahela liphoso tsa hao.—1 Joh. 4:9, 14.
16 Batho ba bang ba tsoela pele ho itjarisa molato oa libe tseo ba li tšoaretsoeng. Haeba sena se etsahala ho uena, hopola hore Jehova o ile a tšoarela Petrose hammoho le baapostola ba bang ha ba ile ba furalla Mora oa Hae ea ratoang nakong eo a neng a ba hloka haholo. Jehova o ile a tšoarela motho eo ka lebaka la boitšoaro bo bobe a ileng a lelekoa phuthehong ea Korinthe empa hamorao a ile a baka. (1 Bakor. 5:1-5; 2 Bakor. 2:6-8) Lentsoe la Molimo le bua ka batho ba ileng ba etsa libe tse tebileng, ba ileng ba baka eaba Molimo oa ba tšoarela.—2 Likron. 33:2, 10-13; 1 Bakor. 6:9-11.
17. Thekollo e ka re tsoela molemo joang?
17 Jehova o tla u tšoarela a be a lebale liphoso tseo u ileng ua li etsa nakong e fetileng haeba u bakile e le kannete u bile u amohela mohau oa hae. Le ka mohla u se ke ua nahana hore sehlabelo sa Jesu sa thekollo se ke ke sa koahela libe tsa hao. Ho nahana joalo e tla be e le ho tšoasoa ke le leng la maraba a Satane. Ho sa tsotellehe seo Diabolose a batlang hore u se lumele, thekollo e ka koahela libe tsa batho bohle ba ileng ba etsa sebe eaba baa baka. (Liprov. 24:16) Ho bontša tumelo thekollong ho ka u thusa hore u imolohe moroalong oa ho itjarisa molato ho tlōla tekanyo ’me ho ka u fa matla a hore u sebeletse Molimo ka pelo ea hao eohle, ka kelello ea hao eohle le ka moea oa hao oohle.—Mat. 22:37.
RE TSEBA MERERO EA SATANE
18. Re ka qoba maraba a Diabolose joang?
18 Satane ha a na taba le hore na re tšoasoa ke leraba lefe, seo a se batlang feela ke hore a re tšoase. Kaha re tseba merero ea Satane, re ka qoba hore a re qhekelle. (2 Bakor. 2:10, 11) Re ke ke ra tšoasoa ke maraba a hae haeba re rapella bohlale ba hore re tsebe ho hlōla liteko. Jakobo o ile a ngola a re: “Haeba mang kapa mang oa lōna a haelloa ke bohlale, a ’ne a kōpe Molimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise; ’me o tla bo fuoa.” (Jak. 1:5) Re lokela ho etsa lintho tse tumellanong le lithapelo tsa rōna ka hore re etse thuto ea botho kamehla le ka hore re etse seo Lentsoe la Molimo le reng re se etse. Lintho tse re thusang ho ithuta Bibele tseo re li fuoang ke sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene li re hlokomelisa ka maraba a Diabolose li bile li re thusa hore re a qobe.
19, 20. Ke hobane’ng ha re lokela ho hloea se sebe?
19 Ho rapela le ho ithuta Bibele ho ka re thusa hore re rate se molemo. Leha ho le joalo, e boetse ke habohlokoa hore re hloee se sebe. (Pes. 97:10) Re ka qoba litakatso tsa boithati haeba re nahana ka mathata ao li ka re bakelang ’ona. (Jak. 1:14, 15) Haeba re ithuta ho hloea se sebe ’me re rata se setle, lintho tseo Satane a li sebelisang ho leka ho re tšoasa li ke ke tsa re hohela hobane re tla li hloea.
20 Ruri re leboha Molimo haholo hore ebe o re thusa hore re se ke ra qhekelloa ke Satane! Jehova o re lopolla “ho ea khopo” ka thuso ea moea oa Hae o halalelang, ka Lentsoe la Hae le ka mokhatlo oa Hae. (Mat. 6:13) Sehloohong se latelang, re tla ithuta hore na ke ka tsela efe re ka qobang maraba a mang a mabeli ao Diabolose a ’nileng a atleha ho a sebelisa ho tšoasa bahlanka ba Molimo ba ntse ba phela.
-
-
Ema U Tiile ’me U Qobe Maraba a Satane!Molula-Qhooa—2012 | August 15
-
-
Ema U Tiile ’me U Qobe Maraba a Satane!
‘Ema u tiile khahlanong le maqiti a Diabolose.’—BAEF. 6:11.
U KA ARABA JOANG?
Mohlanka oa Jehova a ka qoba ho tšoasoa ke leraba la ho rata lintho tse bonahalang joang?
Ke eng e ka thusang Mokreste ea lenyalong hore a qobe ho oela lemeneng la bofebe?
Ke hobane’ng ha u lumela hore motho a ka rua molemo ka hore a eme a tiile khahlanong le ho rata lintho tse bonahalang le boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate?
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha Satane a se na mohau ho batlotsuoa hammoho le ba “linku tse ling”? (b) Ke maraba afe a Satane a tla tšohloa sehloohong see?
SATANE DIABOLOSE ha a na mohau, haholo-holo ho batho ba sebeletsang Jehova. Ha e le hantle, Satane o loantša masala a batlotsuoa. (Tšen. 12:17) Bakreste bao ba sebete, ba ’nile ba etella pele mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso mehleng ena, ’me ba senola hore Satane ke ’musi oa lefatše lena. Hape Diabolose ha a rate ba “linku tse ling” ba tšehetsang batlotsuoa le ba nang le tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng—e leng tšepo eo Satane a seng a se na eona. (Joh. 10:16) Ha ho makatse hore ebe o halefile! Ebang re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng, ho hang Satane ha a re lakaletse katleho. Sepheo sa hae ke hore a re etse liphofu tsa hae.—1 Pet. 5:8.
2 E le hore a finyelle sepheo sa hae, Satane o ’nile a cheha maraba a fapa-fapaneng. Kaha o ‘foufalitse likelello’ tsa batho ba sa lumelang, ha ba amohele litaba tse molemo, ka lebaka leo ha ba khone ho hlokomela maraba ao. Leha ho le joalo, Diabolose o boetse o tšoasa le batho ba amohetseng molaetsa oa ’Muso. (2 Bakor. 4:3, 4) Sehloohong se fetileng re bontšitsoe kamoo re ka qobang maraba a mararo ao Satane a re chehelang ’ona kateng: e leng (1) ho se laole leleme, (2) tšabo le ho hatelloa ke batho (3) hammoho le ho itjarisa molato ho tlōla tekanyo. A re ke re tšohleng kamoo re ka emang re tiile kateng khahlanong le maraba a mang a mabeli a Satane—e leng ho rata lintho tse bonahalang le ho lekeha ho etsa bofebe.
HO RATA LINTHO TSE BONAHALANG—LERABA LE BIPETSANG
3, 4. Matšoenyeho a tsamaiso ee ea lintho a ka ’na a etsa hore batho ba rate lintho tse bonahalang ka tsela efe?
3 Ho e ’ngoe ea lipapiso tsa hae, Jesu o ile a bua ka peō e jetsoeng har’a meutloa. O ile a bolela hore motho a ka ’na a utloa lentsoe “empa matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho le matla a thetsang a maruo a bipetsa lentsoe, ’me [a] fetoha ea sa beheng.” (Mat. 13:22) Ka sebele, ho rata lintho tse bonahalang ke le leng la maraba a sebelisoang ke sera sa rōna e leng Satane.
4 Ho na le lintho tse peli tseo ha li kopana li ka bipetsang lentsoe. E ’ngoe ea tsona ke “matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho.” ‘Linakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ ho na le lintho tse ngata tse ka etsang hore u tšoenyehe. (2 Tim. 3:1) Ha theko ea lintho e ntse e phahama, le tlhokahalo ea mosebetsi e ntse e eketseha, ho ka ’na ha e-ba boima hore u fumane lintho tseo u li hlokang bophelong. U ka ’na ua boela ua tšoenyeha ka bokamoso, ua ipotsa, ‘Na ebe ke tla ba le chelete e lekaneng ka mor’a hore ke ee pensheneng?’ Ka lebaka la matšoenyeho ao, batho ba bangata ba ’nile ba lelekisa maruo, ba nahana hore ha ba e-na le chelete e ngata ba ke ke ba hloka letho.
5. ‘Matla a maruo’ e ka ba a thetsang ka tsela efe?
5 Jesu o ile a bua ka ntho e ’ngoe hape—e leng “matla a thetsang a maruo.” Ha matla ao a kopana le matšoenyeho, a ka bipetsa lentsoe. Bibele ea lumela hore ‘chelete ke tšireletso.’ (Moek. 7:12) Leha ho le joalo, hase bohlale hore motho a lelekise maruo. Batho ba bangata ba hlokometse hore ha ba sebetsa ka thata e le hore ba rue, ba tšoasoa ke leraba la ho rata lintho tse bonahalang le ho feta. Ba bang ba se ba bile ba fetohile makhoba a maruo.—Mat. 6:24.
6, 7. (a) Ho rata lintho tse bonahalang ho ka ’na ha beha motho kotsing joang mosebetsing? (b) Ke lintho life tseo Mokreste a lokelang ho nahana ka tsona ha a fuoa monyetla oa hore a sebetse ka mor’a lihora tsa mosebetsi?
6 U ka ’na ua qala ho rata ho rua u sa hlokomele. Nahana ka mohlala ona. Mohiri oa hao o tla ho uena ’me o re: “Ke u tšoaretse litaba tse monate! K’hamphani ea rōna e fumane konteraka ea ho etsa mosebetsi o moholo. Sena se bolela hore u tla tlameha ho sebetsa lihora tse itseng ka mor’a mosebetsi ka likhoeli tse ’maloa. Leha ho le joalo, kea u tiisetsa hore u ke ke ua ikoahlaea ka lebaka la moputso oo u tla u fumana.” U ne u tla etsa’ng ha u etsetsoa tšepiso e joalo? Ke ’nete hore boikarabelo ba ho hlokomela ba lelapa la hao ka lintho tseo ba li hlokang ke ba bohlokoa, empa hase bona feela boikarabelo boo u nang le bona. (1 Tim. 5:8) Ho na le lintho tse ling tse ’maloa tseo u lokelang ho nahana ka tsona. U tla sebetsa nako e kae ka mor’a lihora tsa mosebetsi? Na mosebetsi oa hao oa boipheliso o tla kena-kenana le mesebetsi ea hao ea Bokreste, e akarelletsang ho ba teng libokeng tsa phutheho le Borapeli ba lōna ba Lelapa ba mantsiboea?
7 Ha u etsa qeto, ke’ng eo u tla e nka e le ntho ea bohlokoa—hore na u tla fumana chelete e kae ha u sebetsa ka mor’a lihora tsa mosebetsi kapa hore na ho tla ama bomoea ba hao joang? Na ho labalabela ho fumana chelete e ngata ho tla etsa hore u khaotse ho etelletsa lintho tse amanang le ’Muso pele bophelong ba hao? Na ua hlokomela hore na ho rata lintho tse bonahalang ho ka u ama joang haeba u ka hlokomoloha bomoea ba hao hammoho le ba lelapa la hao? Haeba sena ke se etsahalang ho uena hona joale, u ka ema u tiile joang e le hore u se ke ua bipetsoa ke lerato la lintho tse bonahalang?—Bala 1 Timothea 6:9, 10.
8. Ke mehlala efe ea Mangolo e ka re thusang hore re hlahlobe tsela eo re phelang ka eona?
8 E le hore u se ke ua bipetsoa ke ho rata lintho tse bonahalang, u lokela ho lula u ntse u hlahloba tsela eo u phelang ka eona. Le ka mohla u se ke ua tšoana le Esau, ea ileng a bontša ka liketso hore o nyelisa lintho tsa moea! (Gen. 25:34; Baheb. 12:16) Hape, u se ke ua tšoana le monna oa morui eo Jesu a ileng a re ho eena a rekise lintho tsa hae, a fe mafutsana ’me ka mor’a moo a mo latele. Ho e-na le hore a etse joalo, monna eo o ile “a tloha a saretsoe, kaha o ne a e-na le matlotlo a mangata.” (Mat. 19:21, 22) Kaha monna eo o ne a tšoasitsoe ke maruo, o ile a lahleheloa ke tokelo ea bohlokoa ea hore a latele motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela! U hlokomele hore u se ke ua lahleheloa ke tokelo ea hore u be morutuoa oa Jesu Kreste.
9, 10. Mangolo a re’ng ka lintho tse bonahalang?
9 E le hore u se ke ua tšoenyeha ho sa hlokahale ka lintho tse bonahalang, mamela keletso ena ea Jesu: “Le se ke la tšoenyeha ’me la re, ‘Re tla ja’ng?’ kapa, ‘Re tla noa’ng?’ kapa, ‘Re tla apara’ng?’ Kaha tsena tsohle ke lintho tseo lichaba li li phehellang ka tabatabelo. Etsoe Ntat’a lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle.”—Mat. 6:31, 32; Luka 21:34, 35.
10 Ho e-na le hore u be lehlatsipa la matla a thetsang a maruo, loanela ho ba le maikutlo a tšoanang le a mongoli oa Bibele e leng Agure, ea ileng a ngola a re: “U se ke ua etsa hore ke futsanehe haholo kapa ke rue haholo. Mphe feela seo ke se hlokang.” (Liprov. 30:8, Contemporary English Version) Ho hlakile hore Agure o ne a utloisisa hore chelete e ka fana ka tšireletso le hore maruo a ka thetsa. Hlokomela hore matšoenyeho a tsamaiso ena hammoho le matla a thetsang a maruo, li ka senya kamano ea motho le Jehova. Ho tšoenyeha ho sa hlokahale ka lintho tse bonahalang ho ka u senyetsa nako, ha u khathatsa ha ba ha etsa hore u felloe ke takatso ea ho phehella lintho tse amanang le ’Muso. Kahoo, ikemisetse hore u se ke ua tšoasoa ke leraba la Satane la ho rata lintho tse bonahalang!—Bala Baheberu 13:5.
BOFEBE—LEMENA LE PATILOENG KA BOHLALE
11, 12. Mokreste a ka ’na a oela bofebeng joang moo a sebetsang teng?
11 Litsomi tse batlang ho tšoasa phoofolo e matla, li ka ’na tsa cheka lemena tseleng eo phoofolo eo e atisang ho tsamaea ho eona. Hangata lemena leo le patoa ka hore le koaheloe ka lithupa le mobu. E ’ngoe ea lintho tseo Satane a atlehang haholo ho leka batho ka tsona e tšoana le leraba leo. Ke sebe sa boitšoaro bo bobe. (Liprov. 22:14; 23:27) Bakreste ba bangata ba ’nile ba oela lerabeng leo ka hore ba ipehe maemong ao ho ’ona ho ka bang bonolo hore ba oele boitšoarong bo bobe. Bakreste ba bang ba lenyalong ba ’nile ba etsa bofebe ka mor’a hore ba be le maikutlo a lerato ho motho eo eseng molekane oa bona.
12 Motho a ka ’na a ba le maikutlo a lerato a sa lokelang ho motho eo a sebetsang le eena. Ha e le hantle, patlisiso e ’ngoe e ile ea bontša hore palo e fetang halofo ea basali ba etsang bofebe le hoo e ka bang banna ba bararo ho ba bane ba febang, ba ’nile ba oela boitšoarong bo bobe le motho eo ba sebetsang le eena. Na mosebetsi oa hao oa boipheliso o hloka hore u be ’moho le batho ba bong bo fapaneng? Haeba ho joalo, u na le kamano efe le bona? Na u behile meeli ea hore le etse lintho tsa mosebetsi feela ’me le felle moo? Ka mohlala, ha morali’abo rōna a lula a qoqa le motho oa monna eo a sebetsang le eena, a ka ’na a etsa monna eo motšepuoa oa hae, a ba a mo bolella le mathata a hae a lenyalo. Boemong bo bong, ka mor’a hore monna oa Mokreste a etse setsoalle le motho oa mosali eo a sebetsang le eena, monna eo oa Mokreste a ka ’na a re: “O hlompha maikutlo a ka ebile oa ’mamela ha ke bua. Hape, oa nkananela. Ekare mosali oa ka a ka be a ntšoara ka tsela ena!” Na ua hlokomela hore na Bakreste ba boemong bo joalo ba kotsing e kae ea hore ba etse bofebe?
13. Mokreste a ka ’na a ba le maikutlo a lerato a sa lokelang joang ho motho e mong ka phuthehong?
13 Mokreste a ka ’na a ba le maikutlo a lerato a sa lokelang ho motho e mong ka phuthehong. Nahana ka mohlala ona oa se hlileng se etsahetseng. Daniel le mosali oa hae Sarah,a e ne e le bo-pula-maliboho ba kamehla. Daniel o re, “Ke ne ke le moholo ea amohelang kabelo e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke e fuoa ka phuthehong.” Daniel o ne a khannela bahlankana ba bahlano thuto ea Bibele ’me ba bararo ba bona ba ile ba kolobetsoa. Bara bana babo rōna ba bacha ba sa tsoa kolobetsoa ba ne ba hloka thuso. Ha Daniel a ne a phathahane ka mesebetsi ea hae e fapa-fapaneng ea phutheho, hangata Sarah o ne a thusa bahlankana bao. Ho e-s’o ee kae sena se ile sa fetoha tloaelo: Ha ho ne ho e-na le ntho e ba tšoenyang, Sarah o ne a ba khothatsa. Sarah o ne a hloka motho ea mo tsotellang, ’me bahlankana bana ba ne ba mo tsotella. Ho ne ho chehiloe leraba le kotsi. Daniel o re: “Mosali oa ka o ile a qeta likhoeli tse ngata a ntse a thusa batho bana ’me sena se ile sa etsa hore a khathale moeeng le maikutlong. Ha sena se kopana le taba ea hore ke ne ke mo hlokomolohile, se ile sa baka mathata a maholo. Mosali oa ka o ile a etsa bofebe le e mong oa batho bana bao nkileng ka ithuta Bibele le bona. O ile a fokola moeeng ke ntse ke le haufi le eena, empa ke ne ke phathahane ka mesebetsi ea ka ea phutheho hoo ke sa kang ka hlokomela.” U ka qoba koluoa e joalo joang?
14, 15. Ke lintho life tse ka thusang Bakreste ba lenyalong hore ba qobe ho oela lemeneng la bofebe?
14 E le hore u qobe ho oela lemeneng la bofebe, nahanisisa ka hore na boitlamo ba lenyalo bo bolela’ng. Jesu o ile a re: “Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.” (Mat. 19:6) Le ka mohla u se ke ua nahana hore mesebetsi eo u e etsang ea puso ea Molimo e bohlokoa ho feta molekane oa hao. Ho feta moo, u lokela ho hlokomela hore ho ba hōle le molekane oa hao khafetsa u etsa lintho tse sa hlokahaleng ho ka bontša hore lenyalo la hao le na le mathata ’me ho ka ’na ha etsa hore u oele molekong u be u qetelle u entse sebe se tebileng.
15 Leha ho le joalo, haeba u le moholo, ke mang ea lokelang ho hlokomela mohlape? Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lōna, eseng ka ho qobelloa, empa ka ho rata; eseng ka lebaka la lerato la leruo la ho se tšepahale, empa ka tabatabelo.” (1 Pet. 5:2) Ke ’nete hore ha ua lokela ho hlokomoloha litho tsa phutheho. Leha ho le joalo, ha u phetha boikarabelo ba hao ba bolisa ha ua lokela ho hlokomoloha boikarabelo ba hao ba ho ba monna. Ho tla be ho se na thuso—ebile ho le kotsi—hore u shebane le ho fepa phutheho moeeng empa molekane oa hao eena a “lapile.” Daniel o re, “Ha ua lokela ho phathahana haholo ka mesebetsi ea phutheho hoo u hlokomolohang lelapa la hao.”
16, 17. (a) Ke bohato bofe boo Bakreste ba lenyalong ba ka bo nkang ha ba le mosebetsing ho bontša ka ho hlaka hore ha baa ikemisetsa ho ba le maikutlo a lerato ho motho e mong eo e seng molekane oa bona? (b) Fana ka mohlala oa boitsebiso bo hlahang limakasineng tsa rōna bo ka thusang Bakreste hore ba qobe bofebe.
16 Makasineng ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! ho ’nile ha fanoa ka likeletso tse molemo tse ka thusang Bakreste ba lenyalong hore ba qobe ho oela lerabeng la bofebe. Ka mohlala, Molula-Qhooa oa September 15, 2006, o ile oa fana ka keletso ena: “Ha u le mosebetsing le libakeng tse ling, hlokomela maemo a ka ’nang a u atametsa haufi haholo le motho e mong. Ka mohlala, ho sebetsa haufi le motho oa bong bosele ka mor’a lihora tsa mosebetsi, e ka ’na ea e-ba teko. Haeba u lenyalong, u lokela ho totobatsa ka lipolelo le ka liketso hore ha u kene litabeng tsa ho ratana. Ha ho pelaelo hore joaloka motho ea inehetseng ho Molimo, u ke ke ua rata ho imemela mahlo ka ho bonya kapa ka ho apara le ho itlhopha ka mokhoa o sa hlompheheng. . . . Ho beha lifoto tsa molekane oa hao oa lenyalo le tsa bana ba hao sebakeng se bonahalang mosebetsing, ho tla hopotsa uena le ba bang hore lelapa la hao ke la bohlokoa ho uena. Ikemisetse hore u ke ke ua khothalletsa, kapa hona ho mamella mekhoa ea motho e mong ea ho u hohella litabeng tsa lerato.”
17 Sehlooho se neng se re “Ho Tšepahala Lenyalong—Ha e le Hantle ho Bolela’ng?” se Tsoheng! ea April 2009, se ile sa fana ka temoso mabapi le ho nahana ka ho kopanela liphate le motho e mong eo e seng molekane oa hao. Sehlooho seo se ile sa bontša hore ha u lula u nahana ka ho kopanela liphate le motho e mong, seo se ka etsa hore u be kotsing ea ho etsa bofebe. (Jak. 1:14, 15) Haeba u lenyalong, e ka ba hantle hore uena le molekane oa hao le lule le tšohla boitsebiso boo nako le nako. Lenyalo ke tokisetso e entsoeng ke Jehova, ’me lea halalela. Ho ipha nako ea hore uena le molekane oa hao le buisane ka lenyalo la lōna, ke tsela e ntle ea ho bontša hore u ananela lintho tse halalelang.—Gen. 2:21-24.
18, 19. (a) Litholoana tsa bofebe ke life? (b) Ho tšepahala lenyalong ho ka re tsoela molemo joang?
18 Haeba u iphumana u le tekong ea ho ba le maikutlo a lerato a sa lokelang ho motho eo e seng molekane oa hao, nahanisisa ka litholoana tse bosula tsa bohlola le bofebe. (Liprov. 7:22, 23; Bagal. 6:7) Batho ba etsang boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, ha ba khahlise Jehova ebile ba ikutloisa bohloko ba bile ba utloisa le balekane ba bona bohloko. (Bala Malakia 2:13, 14.) Ka lehlakoreng le leng, e ka ba hantle hore u nahane ka melemo eo batho ba bolokang boitšoaro bo hloekileng ba e fumanang. Hase feela hore ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa felang, empa ba boetse ba thabela bophelo bo molemo ka ho fetisisa hona joale ba bile ba na le matsoalo a hloekileng.—Bala Liproverbia 3:1, 2.
19 Mopesaleme o ile a bina a re: “Ba ratang molao oa [Molimo] ba na le khotso e ngata, ha ho khopiso ho bona.” (Pes. 119:165) Kahoo, ratang ’nete ’me “le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale” mehleng ena e khopo. (Baef. 5:15, 16) Re tsamaea tseleng e tletseng maraba ao Satane a a chehetseng ho tšoasa barapeli ba ’nete. Leha ho le joalo, re hlomeletsoe hantle e le hore re ka itšireletsa. Jehova o re file seo re se hlokang e le hore re ka ‘ema re tiile’ ’me re ‘time metsu eohle e tukang ea ea khopo’!—Baef. 6:11, 16.
-