Ntoa ea Casiodoro de Reina Bakeng sa Bibele ea Sepanishe
SPAIN e ne e le sebaka se kotsi ho balla Bibele ho sona lekholong la bo16 la lilemo. Kereke e K’hatholike e ne e laetse Lekhotla le Otlang Bakhelohi ho felisa ka mabifi moneketsela leha e le ofe oo e seng oa thuto ea kereke. Empa ho ne ho e-na le mohlankana e mong Spain ka boroa ea sa kang a bala Mangolo feela empa ea ileng a boela a itlama ho a fetolela ho a isa puong ea sebaka seo e le hore moahi e mong le e mong oa Spain a ka khona ho a bala. Lebitso la hae e ne e le Casiodoro de Reina.
Thahasello ea Reina Bibeleng e ile ea phahama nakong eo a neng a lula sebakeng sa boitlami ba banna San Isidro del Campo, sebaka se mathōkong a Seville, Spain. Ka bo-1550, baitlami ba bangata ba banna sebakeng sena se ikhethang sa boitlami ba ile ba qeta lihora tse eketsehileng ba bala Mangolo ho e-na le ho hlokomela mesebetsi ea bona ea kereke. ’Me molaetsa oa Bibele o ile oa fetola monahano oa bona. Ba ile ba lahla thuto ea K’hatholike mabapi le tšebeliso ea litšoantšo le tumelo ea pelekatori. Ka ho ke keng ha qojoa, pono ea bona e ile ea tsebahala tikolohong eo, ’me ba ile ba rera ho balehela linaheng tse ling, e le ha ba tšaba ho tšoaroa ke Lekhotla le Otlang Bakhelohi la Spain. Reina ke e mong oa ba 12 ba ileng ba atleha ho balehela Geneva, Switzerland.
Ka mor’a ho phonyoha hoo ha sobana-la-nale, o ile a tsamaea ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong Europe, ka tsela e itseng a khona ho qoba bahlorisi ba hae. Ka 1562 batsomi ba hae ba ferekaneng ba ile ba chesa setšoantšo sa hae Seville, empa esita le tšokelo eo e mabifi ha ea ka ea etsa hore Reina a chechele morao mosebetsing oa hae oa ho fetolela Mangolo. Ho sa tsotellehe moputso oo bahlorisi ba hae ba neng ba tšepisa ho fana ka oona haeba a tšoaroa le hore ka linako tsohle o ne a lula a tšohile ho tšoaroa, o ile a sebetsa a sa khaotse phetolelong ea hae ea Sepanishe. O ile a hlalosa: “Ntle le nako eo ke neng ke kula kapa ke le leetong ka eona, . . . ha kea ka ka beha pene fatše.”
Reina o ile a qeta mosebetsi ona ka lilemo tse leshome. Ka 1569 phetolelo ea hae ea Bibele eohle e ile ea hatisoa Basel, Switzerland. Buka ena e ikhethang e ile ea e-ba phetolelo ea pele ea Sepanishe ea ho fetoleloa ho tloha lipuong tsa qalong. Ka makholo a lilemo Libibele tsa Selatine li ne li ’nile tsa fumaneha, empa Selatine e ne e le puo ea batho ba phahameng sechabeng. Reina o ne a lumela hore Bibele e lokela ho utloisisoa ke motho e mong le e mong, ’me o ile a beha bophelo ba hae kotsing ho ntšetsa pele pakane eo.
Selelekeleng sa phetolelo ea hae, o hlalositse mabaka a hae. “Ho thibela Mangolo a Halalelang ka puo e tloaelehileng ka sebele ke thohako e fetisisang ho Molimo ’me ke kotsi boiketlong ba batho. Ona ke mosebetsi o tobileng oa Satane le bao ba laoloang ke eena. . . . ’Nete ea hore Molimo o fane ka Lentsoe la hae ho batho, ka takatso ea hore bohle ba le utloisise ’me ba le sebelise, motho leha e le ofe ea neng a tla le thibela ka puo leha e le efe e ke ke eaba o na le sepheo se setle.”
Polelo ena e ne e le e matla, kaha e ile ea phatlalatsoa lilemo tse 18 feela ka mor’a hore Lethathamo la Libuka tse thibetsoeng ke Lekhotla le Otlang Bakhelohi la Spain le thibele ka molao Bibele “ka puo ea Secastile [Sepanishe] kapa ka lipuo tse ling tsa naha.” Ka ho hlakileng, Reina ha aa ka a lumella tšabo ea batho hore e khine lerato la hae bakeng sa ’nete.
Ka ntle le hore o ne a e-na le takatso e matla ea ho etsa hore Bibele e fumanehe ho batho bohle ba buang Sepanishe, Reina o ne a boetse a batla ho hlahisa phetolelo e nepahetseng kahohle kamoo a ka khonang. Selelekeleng sa hae, o ile a qaqisa melemo ea ho fetolela ka ho toba ho tloha lipuong tsa qalong. Reina o ile a hlalosa hore liphoso tse ling li ile tsa kenella tabeng e ngotsoeng ea Selatine ea Vulgate. E ’ngoe e totobetseng ke ea ho tlosoa ha lebitso la Molimo.
Lebitso la Molimo Liphetolelong Tsa Sepanishe
Reina o ile a hlokomela hore lebitso la Molimo, Jehova, le lokela ho hlaha phetolelong e ’ngoe le e ’ngoe e hlokolosi ea Bibele, joalokaha le hlaha mangolong a qalong. O ile a hana ho latela tloaelo ea ho beha litlotla tse kang “Molimo” kapa “Morena” sebakeng sa lebitso la Molimo. Kenyelletsong ea phetolelo ea hae, o hlalositse mabaka a hae ka tsela e loketseng le e tobileng.
“Re ile ra boloka lebitso (Iehoua), ka mabaka a utloahalang haholo. La pele, ke hobane kae le kae moo le fumanoang teng phetolelong ea rōna, le fumaneha ka ho tšoanang mangolong a Seheberu, ’me rea hlokomela hore re ke ke ra le siea kapa ra le fetola ntle le haeba re etsa ka bolotsana ’me re hlompholla molao oa Molimo, o laelang hore ho se tlosoe kapa ho se eketsoe letho. . . . Tloaelo [ea ho siea lebitso], e hlohlellelitsoeng ke Diabolose, e tsoa tumela-khoeleng ea bo-rabi ba kajeno bao, le hoja ba ipolela hore baa le hlompha, ha e le hantle ba patang lebitso la Hae le halalelang, ba etsang hore batho ba Molimo ba lebale lebitso leo a lakatsang hore a khetholloe ka lona ho melimo . . . e meng kaofela.”
Takatso e babatsehang ea Reina ea ho phahamisa lebitso la Molimo e bile le liphello tse khōlō. Ho fihlela mehleng ea rōna, boholo ba liphetolelo tsa Sepanishe—ka bobeli tsa K’hatholike le tsa Prostanta—li latetse mohlala ona, li sebelisa lebitso la Molimo hohle. Boholo ba sena e bile ka lebaka la Reina, hoo e ka bang babali ba phetolelo ea Bibele e ’ngoe le e ’ngoe ea Sepanishe ba ka lemoha habonolo hore Molimo o na le lebitso la botho le mo khethollang ho melimo e meng kaofela.
Ho thahasellisang ke ’nete ea hore lebitso la Jehova ka Seheberu le bonahala ka ho hlakileng leqepheng la sehlooho la Bibele ea Reina. Reina o ile a tela bophelo ba hae bo hlomphehang ka lebaka la ho boloka Lentsoe la Molimo, a etsa hore le fumanehe ka puo eo ba limilione ba neng ba ka e bala.