Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na Ehlile Satane o Teng?
    Molula-Qhooa—2014 | November 1
    • SEHLOOHO SE KA NTLE | NA EHLILE SATANE O TENG?

      Na Ehlile Satane o Teng?

      Seemahale sa lengeloi le oeleng e leng Satane

      Seemahale se Madrid, Spain, se bontšang hore Satane ke lengeloi le litšila

      “Ke hōletse naheng ea El Salvador. Ha ke sa mamele ’mè o ne a atisa hore, ‘Diabolose o tlo u nka!’ Ke ne ke ee ke mo arabe ke re, ‘Ha a tle!’ Ke ne ke lumela ho Molimo eseng ho Satane.”—ROGELIO.

      Na le uena u lumellana le Rogelio? Ke maikutlo afe ho a latelang ao u nkang hore aa utloahala?

      • Satane hase motho oa sebele; e mpa feela e le tšoantšetso ea bobe.

      • Satane ke motho oa sebele, leha ho le joalo, ha a na taba le batho.

      • Satane ke sebōpuoa se matla sa moea ’me o na le tšusumetso e mpe ho batho.

      Batho ba bangata ba tšehetsa o mong oa menahano e ka holimo. Empa na ho na le taba hore na ke maikutlo afe a nepahetseng? Haeba Satane hase ha a eo, seo se bolela hore batho ba lumelang hore o teng ba lahlehile. Haeba Satane o teng empa ha a na taba le batho, seo se bolela hore batho ba bangata ba tšaba ntho eo ba sa e tsebeng. Leha ho le joalo, haeba Satane ke mothetsi ea bolotsana, o kotsi ho feta kamoo batho ba bangata ba nahanang kateng.

      A re ke re hlahlobeng hore na Mangolo a Halalelang a arabela lipotso tsena joang: Na Satane ke tšoantšetso ea bobe kapa ke sebōpuoa sa moea? Haeba Satane o teng, na a ka u ntša kotsi? Haeba ho joalo, u ka itšireletsa joang khahlanong le eena?

  • Na Satane e Mpa e le Feela Tšoantšetso ea Bobe?
    Molula-Qhooa—2014 | November 1
    • Satane o shebile Jobo ea utloang bohloko

      SEHLOOHO SE KA NTLE | NA EHLILE SATANE O TENG?

      Na Satane ke Tšoantšetso ea Bobe?

      E ka ba ntho e bonolo ho etsa qeto ea hore Satane e mpa e le feela tšoantšetso ea bobe. Empa na ke sona seo Bibele e se rutang? Haeba ho joalo, ho tla joang hore ebe ka Bibeleng ho na le tlaleho ea moo Satane a buang le Jesu Kreste le moo a buang le Molimo ea Matla ’Ohle? Nahana ka mehlala e ’meli ea moo ho bileng le puisano e joalo.

      HA SATANE A NE A BUA LE JESU

      Ha Jesu a ne a qala tšebeletso ea hae, Diabolose o ile a mo leka ka makhetlo a mararo. Lekhetlong la pele, Satane o ile a leka ka matla ho susumelletsa Jesu hore a sebelise matla ao aa filoeng ke Molimo ka tsela ea boithati ka hore a fetole majoe bohobe. Ka mor’a moo, Diabolose o ile a re Jesu a etse booatla ka hore a behe bophelo ba hae kotsing ’me a ikhapele tlhokomelo. Qetellong Satane o ile a tšepisa Jesu mebuso eohle ea lefatše haeba feela a ne a ka mo rapela. Jesu o ile a hlōla liphephetso tseo tse tharo tsa Satane ’me lekhetlong ka leng a qotsa Mangolo.—Matheu 4:1-11; Luka 4:1-13.

      Jesu o ne a bua le mang? Na o ne a bua le bobe bo ka hare ho eena? Ho latela Mangolo, Jesu “ke ea lekiloeng ka litsela tsohle joaloka rōna, empa a se na sebe.” (Baheberu 4:15) Bibele e boetse e re: “Ha aa ka a etsa sebe, leha e le hore thetso e ile ea fumanoa molomong oa hae.” (1 Petrose 2:22) Jesu o ne a phethahetse ’me a tšepahala. Ha ho mohla a neng a nahana ka lintho tse mpe. Ho hlakile hore Jesu o ne a sa bue le bobe bo ka ho eena, ho e-na le hoo, o ne a bua le motho oa sebele.

      Puisano eo e bontša hore Satane ke motho oa sebele.

      • Hopola hore Diabolose o ile a tšepisa Jesu hore o tla mo fa mebuso ea lefatše haeba a ka mo rapela. (Matheu 4:8, 9) Haeba Satane e ne e se motho oa sebele, tšepiso eo e ne e tla ba ea lefeela. Ho feta moo, Jesu ha aa ka a hana taba ea hore mebuso eo ke ea Satane.

      • Ka mor’a hore Jesu a hlōle liphephetso tseo, Diabolose o ile “a mo tlohela ho fihlela nakong e ’ngoe e loketseng.” (Luka 4:13) Na ho ea ka tlaleho ee Satane o bonahala e le bobe bo ka ho Jesu kapa ke mohanyetsi ea phehellang?

      • Hlokomela hore ‘mangeloi a ile a tla ’me a qala ho sebeletsa’ Jesu. (Matheu 4:11) Na mangeloi ao e ne e le batho ba moea ba neng ba khothatsa Jesu le ho mo thusa ka tsela e hlokahalang? Ka sebele ho joalo. Joale ke hobane’ng ha re lokela ho etsa qeto ea hore Satane hase sebōpuoa sa moea feela tje?

      HA SATANE A NE A BUA LE MOLIMO

      Mohlala oa bobeli o amana le Jobo, monna ea neng a tšaba Molimo. Tlaleho eo e bua ka puisano eo Diabolose a ileng a ba le eona ka makhetlo a mabeli le Molimo. Makhetlong ao ka bobeli, Molimo o ile a babatsa Jobo kaha o ne a tšepahala. Satane o ile a re Jobo o sebeletsa Molimo ka mabaka a boithati, a fana ka maikutlo a hore Molimo o reka botšepehi ba Jobo. Ha e le hantle, Diabolose o ne a re o tseba Jobo ho feta kamoo Molimo a mo tsebang kateng. Jehova o ile a lumella Satane hore a senye thepa eohle ea Jobo, a bolaee bana ba hae a be a mo kulise.a Ho ile ha hlaka hamorao hore Jehova o ne a nepile ’me Satane o leshano. Molimo o ile a hlohonolofatsa Jobo ka lebaka la botšepehi ba hae.—Jobo 1:6-12; 2:1-7.

      Na ka makhetlo ao a mabeli Molimo o ne a bua le bobe bo ka ho eena? Bibele e re tsela ea Molimo oa ’nete e phethahetse. (2 Samuele 22:31) Lentsoe la Molimo le boetse le re: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle.” (Tšenolo 4:8) Ho halalela ho bolela ho hloeka kapa ho hloka sebe. Jehova o phethahetse ebile ha a na sekoli. A ke ke a etsa bokhopo.

      Puisano eo Satane a bileng le eona le Molimo e ile ea bakela Jobo mathata

      Leha ho le joalo, batho ba bang ba ka ’na ba re Jobo e ne e se motho oa sebele, kahoo puisano eo ke tšōmo. Empa na taba eo ea utloahala? Litemana tse ling tsa Bibele li bontša hore Jobo e ne e le motho oa sebele. Ka mohlala, Jakobo 5:7-11 e sebelisa mohlala oa Jobo ho khothatsa Bakreste hore ba mamelle mathata ’me e ba hopotsa hore Jehova o tla ba putsa haeba ba mamella. Na mohlala oo o ne o tla khothatsa batho haeba Jobo e ne e se motho oa sebele ’me litlhaselo tsa Satane e mpa e le monahano feela? Ho phaella moo, Bibele e boela e bua ka Jobo ho Ezekiele 14:14, 20 ha e bua ka banna ba bararo ba lokileng, ba akarelletsang Noe le Daniele. Jobo e ne e le motho oa sebele joalokaha Noe le Daniele e ne e le batho ba sebele ’me a e-na le tumelo e matla. Haeba Jobo e ne e le motho oa sebele, na hase ho utloahalang hore ebe Satane le eena ke motho oa sebele?

      Ho hlakile hore Bibele e bontša hore Satane o teng. Leha ho le joalo u ka ’na ua ipotsa, ‘Na le kajeno Satane a ka hlasela batho?’

      MEHLENG EA RŌNA TENG?

      Nahana ho se ho e-na le masholu a mangata a lulang motseng oa heno. Ho hlakile hore batho ba ne ba ke ke ba sireletseha ’me boitšoaro ba batho ba bangata bo ne bo tla hlepha. Joale nahana ka mohlala o tšoanang: Satane le bademona ba hae bao le bona e leng libōpuoa tsa moea tse ileng tsa fetohela Molimo, ba theohetse lefatšeng mona. Phello e ka ba efe? Nahana ka seo u se bonang ha u shebella litaba tsa lefatše lohle.

      • Na u bona liketso tse bontšang ho hloka kelello le tse mabifi tse ntseng li eketseha ho sa tsotellehe boiteko boo batho ba bo etsang ho li felisa?

      • Na u bona kamoo boithabiso bo bontšang boloi le boselamose bo ntseng bo eketseha ho sa tsotellehe boiteko boo batsoali ba bo etsang ho hanela bana ho bo shebella?

      • Na u bona kamoo tikoloho e ntseng e silafala kateng ho sa tsotellehe hore na batho ba leka hakae ho e sireletsa?

      • Na ebe batho ba etsa lintho tsee tsohle hobane ba susumetsoa ke matla a itseng?

      Hlokomela hore na Bibele e re ke mang ea susumetsang batho hore ba etse lintho tsena tsohle: “Drakone e khōlō ea liheloa tlaase, noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona; ea liheloa tlaase lefatšeng, ’me mangeloi a eona a liheloa tlaase le eona. . . . Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:9, 12) Ka mor’a ho hlahloba bopaki, batho ba bangata ba entse qeto ea hore Satane ke motho oa moea ea kotsi ’me ke eena ea nang le tšusumetso e khōlō ho batho.

      Mohlomong ua ipotsa hore na u ka itšireletsa joang ho eena. Ho loketse hore u ipotse potso eo. Sehlooho se latelang se tla u fa malebela.

      a Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.

  • Na re Lokela ho Tšaba Satane?
    Molula-Qhooa—2014 | November 1
    • SEHLOOHO SE KA NTLE | NA EHLILE SATANE O TENG?

      Na re Lokela ho Tšaba Satane?

      Banyalani ba tsoa ntlong ea bona e nang le moea o litšila ’me ba ea kantle ho hema moea o hloekileng

      Satane o tšoana le carbon monoxide—ha a bonahale ebile o kotsi

      Ho ka ba thata ho tseba ha khase e bitsoang carbon monoxide e le ngata ho feta tekano moeeng oo re o hemang. Kaha ha e nkhe, ebile ha e bonahale, e ka bolaea batho ba sa hlokomele. Ho ka etsahala hore ho batho ba bolailoeng ke chefo lefatšeng lohle, ba fetang halofo ba bolailoe ke eona. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho tšoha. Ho na le mekhoa ea ho tseba ha khase ena e le ngata moeeng e le hore u itšireletse. Batho ba bangata ba na le mechine e ba bontšang ha carbon monoxide e le ngata moeeng, ’me ba nka bohato ba ho baleha kotsi.

      Feela joaloka carbon monoxide, Satane ha a bonahale, ho thata hore batho ba mo lemohe ebile o kotsi haholo. Empa Molimo ha aa re lahla kherehloa. Ha ua lokela ho tšaba Satane haeba u sebelisa limpho tse latelang tseo Molimo a fanang ka tsona.

      Matla a ho ikhethela. Jakobo 4:7 e re: “Le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.” Le hoja Satane a le matla, a ke ke a u qobella hore u etse lintho tseo u sa batleng ho li etsa. U na le bolokolohi ba ho ikhethela. Petrose oa Pele 5:9 e re: “Emang khahlanong le eena [Diabolose], le tiile tumelong.” Hopola hore Satane o ile a tlohela Jesu ka mor’a hore a hane ha a mo leka ka makhetlo a mararo. (Matheu 4:11) Le uena u ka hana ha Satane a u leka.

      Ho ba le kamano le Molimo. Jakobo 4:8 e re khothalletsa ho ‘atamela ho Molimo.’ Jehova o u mema hore u be motsoalle oa hae ea haufi. U ka etsa seo joang? Tsela e molemo ke hore u ithute ka eena ka Bibeleng. (Johanne 17:3) Seo u ithutang sona ka Jehova se tla etsa hore u mo rate, ’me u tla susumelletseha ho etsa thato ea hae. (1 Johanne 5:3) Ha u ntse u atamela haufi le Ntate ua hao ea leholimong, o tla etsa’ng? Jakobo o re: ‘[Molimo] o tla u atamela.’

      Mohlankana o ithuta Bibele, ebe o rapela Molimo, ’me o senya lintho tse amanang le boloi

      Jehova o fana ka limpho tsa moea e le hore u itšireletse

      Molimo o tšepisa hore o tla u sireletsa. Liproverbia 18:10 e re: “Lebitso la Jehova ke tora e matla. Ea lokileng o balehela ho lona ’me o fuoa tšireletso.” Seo ha se bolele hore lebitso la Molimo le ka sireletsa motho. Ho e-na le hoo, se bolela hore batho ba tšepang lebitso la Molimo ba ka mo rapela neng le neng ho kōpa thuso.

      Mohlala o ka u thusang. Ha Liketso 19:19 e bua ka Bakreste ba Efese ba neng ba sa tsoa sokoloha e re: “Ba bangata ba neng ba sebelisa tsebo ea boselamose ba bokella libuka tsa bona ’me ba li chesa ka pel’a bohle. Ba kopanya theko ea tsona ’me ba fumana li ka rekoa ka likotoana tsa silevera tse likete tse mashome a mahlano.”a Bakreste bao ba ile ba chesa ntho leha e le efe e amanang le boselamose ho sa tsotellehe hore na ke bokae. Mohlala oo o ka re thusa haholo le kajeno. Batho ba bangata kajeno ba rata boloi le boselamose. Esita le lintho tsa boloi tse ka ’nang tsa bonahala li sa re letho li ka etsa hore re hlaseloe ke bademona. Ka hona, ke habohlokoa hore u lahle lintho tse joalo ho sa tsotellehe hore na u li rekile ka chelete e ngata hakae.—Deuteronoma 18:10-12.

      Rogelio, eo ho buuoeng ka eena sehloohong se qalang o ne a sa lumele hore Diabolose o teng ho tloha ha a sa le monyenyane ho fihlela ha a le lilemo li 50. Empa o ile a boela a seka-seka taba eo. Hobane’ng? O re, “Ke ne ke qala ho ba le Bibele. Ha ke ntse ke ithuta Mangolo ke ile ka bona hore Diabolose o teng. Ho tseba seo ho nthusa hore ke hanele tšusumetso ea hae.”

      “Ha ke ntse ke ithuta Mangolo ke ile ka bona hore Diabolose o teng. Ho tseba seo ho nthusa hore ke hanele tšusumetso ea hae”

      Na u ka rata ho phela ha Satane a se a le sieo? Seo se ka etsahala. Mangolo a re bolella ka nako eo ka eona Diabolose ea khelosang batho a tla “liheloa ka letšeng la mollo le sebabole.” (Tšenolo 20:10) Ho hlakile hore mollo le sebabole li ke ke tsa timetsa sebōpuoa se sa bonahaleng sa moea. Kahoo, letša la mollo le tšoantšetsa timetso ea ka ho sa feleng. Satane o tla felisoa ka ho feletseng. Ruri eo e tla ba nako e thabisang ho batho ba ratang Molimo!

      Pele seo se etsahala, tsoela pele ho ithuta ka Jehova le ka litsela tsa hae.b Nahana u se u phela ka nako eo ka eona ho tla thoe, “Satane ha a sa le eo!”

      a Haeba likotoana tsa silevera tseo ho buuoang ka tsona mona e ne e le lidenari tsa Roma, ha li kopanngoa li ne li ka lekana le moputso oa letsatsi oa basebetsi ba tloaelehileng ba 50 000, e leng chelete e ngata haholo!

      b E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi Satane le ho sebelisana le meea, sheba khaolo ea 10 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? E kōpe ho e mong oa Lipaki tsa Jehova, kapa u e bale Inthaneteng ho www.pr2711.com/st.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela