Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na U ka ba Motsoalle oa Molimo?
    Molula-Qhooa—2014 | December 1
    • Monna o nahana ka Molimo

      SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA BA MOTSOALLE OA MOLIMO

      Na U ka ba Motsoalle oa Molimo?

      “Ho ba motsoalle oa Molimo ho etsa hore u ikutloe u sireletsehile, eka ha ho letho leo u le hlokang bophelong ebile u tsitsitse. Ua utloa hore oa u tsotella.”—CHRISTOPHER, MOHLANKANA EA LULANG GHANA.

      “Molimo o bona mesarelo ea hao, oa u rata ebile o amehile ka uena ho feta kamoo u nahanang kateng.”—HANNAH, EA LILEMO LI 13, EA LULANG ALASKA, U.S.A.

      “Ho ba motsoalle oa Molimo ke ntho ea bohlokoa ebile ho etsa hore motho a ikutloe a imolohile kelellong.”—GINA, MOSALI EA LILEMO LI KA BANG 45 EA LULANG JAMAICA.

      Ha se Christopher, Hannah le Gina feela ba ikutloang ka tsela eo. Batho ba bangata ba litso tse fapaneng ba kholisehile hore Molimo o ba nka e le metsoalle ea hae. Na le uena u ikutloa ka tsela e tšoanang? Na u ikutloa u le motsoalle oa Molimo? Kapa na u ka rata ho ba motsoalle oa hae? E ka ’na eaba ua ipotsa: ‘Na hoa khoneha hore motho feela tje e be motsoalle oa Molimo ea Matla ’Ohle? Haeba ho joalo, seo se ka etsahala joang?’

      LE UENA U KA BA MOTSOALLE OA MOLIMO

      Ho latela Bibele, batho e ka ba metsoalle ea Molimo. Bibele e re Molimo o ile a bitsa mopatriareka Abrahama oa Moheberu “motsoalle oa ka.” (Esaia 41:8) Ela hloko memo e mofuthu e ho Jakobo 4:8 e reng: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” Kahoo, ho hlakile hore batho e ka ba metsoalle ea Molimo. Empa kaha Molimo ha a bonahale, ke joang re ka ‘atamelang’ ho eena ’me ra ba metsoalle ea hae?

      E le ho araba potso eo, nahana hore na ke eng seo batho ba se etsang hore ba qetelle e se e le metsoalle. Ba qala ka ho tsebana mabitso. ’Me ha ba buisana khafetsa ba bile ba phetlelana sefuba, setsoalle sa bona sea tiea. Ha ba ikitlaelletsa ho thusana, setsoalle sa bona se tiea le ho feta. Re lokela ho etsa se tšoanang ha re batla ho theha setsoalle le Molimo. A re boneng hore na re ka etsa seo joang.

  • Na U Tseba Lebitso la Molimo ’me Ua le Sebelisa?
    Molula-Qhooa—2014 | December 1
    • Banna ba babeli ba bolellana mabitso

      SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA BA MOTSOALLE OA MOLIMO

      Na U Tseba Lebitso la Molimo ’me Ua le Sebelisa?

      Na ho na le metsoalle ea hao e haufi eo u sa tsebeng mabitso a eona? Ha ho joalo. ’Mè e mong oa Bulgaria ea bitsoang Irina o ile a re: “Re ke ke ra ba metsoalle ea Molimo haeba re sa tsebe lebitso la hae.” Joalokaha ho hlalositsoe sehloohong se fetileng, hoa thabisa hore ebe Molimo o batla hore re be metsoalle ea hae. Ha e le hantle, ka Bibeleng Molimo o itsebisa uena ha a re: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka.”—Esaia 42:8.

      Ha e le hantle, ka Bibeleng Molimo o itsebisa uena ha a re: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka.”—Esaia 42:8

      Na Jehova oa tsotella hore na u tseba lebitso la hae ’me ua le sebelisa kapa che? Nahana ka sena: Lebitso la Molimo le ngotsoeng ka litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse tsebahalang e le Tetragrammaton, le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 ka Mangolong a pele a Seheberu. Lebitso lena le hlaha hangata ho feta lebitso leha e le lefe le hlahang ka Bibeleng. Ka sebele bona ke bopaki ba hore Jehova o batla hore re tsebe lebitso la hae re be re le sebelise.a

      Hangata pele batho e e-ba metsoalle, ba qala pele ka hore ba tsebane mabitso. Na u tseba lebitso la Molimo?

      Leha ho le joalo, batho ba bang ba nahana hore kaha Molimo oa halalela ebile o matla ’ohle, ho sebelisa lebitso la hae e ka ba ho mo hlompholla. Ke ’nete hore ho fosahetse ho sebelisa lebitso la Molimo hampe, joalokaha u ke ke ua sebelisa lebitso la motsoalle oa hao hampe. Leha ho le joalo, Jehova o batla hore batho bohle ba mo ratang ba hlomphe lebitso la hae ’me ba le tsebise ba bang. (Pesaleme ea 69:30, 31; 96:2, 8) Hopola hore Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba rapele ba re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.” Re ka kenya letsoho tabeng ea ho halaletsa lebitso la Molimo ka hore re le tsebise ba bang. Ha re etsa joalo, re tla atamela haufi le eena.—Matheu 6:9.

      Bibele e bontša hore Molimo o tsotella “ba nahanang ka lebitso la hae.” (Malakia 3:16) Ha Jehova a bua ka batho ba joalo, o re: “Ke tla mo sireletsa hobane o tsebile lebitso la ka. O tla ipiletsa ho ’na, ’me ke tla mo araba. Ke tla ba le eena mahlomoleng.” (Pesaleme ea 91:14, 15) Ho tseba lebitso la Jehova le ho le sebelisa ke habohlokoa haeba re batla ho ba metsoalle ea hae.

      a Ka masoabi, Libibele tse ngata ha li na lebitso la Molimo, le hoja le hlaha ka makhetlo a mangata hakaalo ka Mangolong a Seheberu, a tsejoang e le Testamente ea Khale. Ho e-na le hoo, le nketsoe sebaka ke litlotla tse kang “Morena” kapa “Molimo.” E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le lebitso la Molimo, sheba leqephe la 195-197 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

  • Na U ka Buisana le Molimo?
    Molula-Qhooa—2014 | December 1
    • Monna o buisana le motsoalle oa hae ka founo

      SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA BA MOTSOALLE OA MOLIMO

      Na U ka Buisana le Molimo?

      Metsoalle ea hlooho ea khomo e buisana hangata kamoo ho ka khonehang kateng ebang e le ka fono, ka e-mail, ka video, ka lengolo kapa lifahleho li talimane. Kahoo, e le hore re be le kamano e ntle le Molimo, re lokela ho buisana le eena kamehla. Empa re ka etsa seo joang?

      Re ka bua le Jehova ka thapelo. Leha ho le joalo, ha re buisana le Molimo ka thapelo, ha ho tšoane le ha re qoqa le thak’a rōna. Re lokela ho hlokomela hore ha re rapela re bua le ’Mōpi oa rōna, Ea Phahameng ka ho Fetisisa bokahohleng. Sena se lokela ho re susumelletsa hore ha re rapela re buisane le eena ka tlhompho e tebileng le e nang le tšabo. E le hore Molimo a utloe lithapelo tsa rōna, re lokela ho ela hloko lintlha tse itseng. Tse ling tsa tsona ke tsena.

      Ea pele, lithapelo li lokela ho lebisoa ho Jehova Molimo ka ho toba, eseng ho Jesu, “mohalaleli” kapa setšoantšo. (Exoda 20:4, 5) Bibele e re: “Nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo.” (Bafilipi 4:6) Ea bobeli, re lokela ho rapela ka lebitso la Mor’a Molimo, e leng Jesu Kreste. Jesu o ile a re: “Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.” (Johanne 14:6) Ea boraro, lithapelo tsa rōna li lokela ho lumellana le thato ea Molimo. Bibele e re: “Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.”a—1 Johanne 5:14.

      Metsoalle e buisana hangata kamoo ho ka khonehang

      Ka sebele setsoalle sa rōna se ke ke sa tšoarella haeba ho lula ho bua motho a le mong. Joalokaha metsoalle e thabela ho buisana, re lokela ho lumella Molimo hore a bue le rōna ’me re mo mamele. Na ua tseba hore na Molimo o bua le rōna joang?

      Kajeno Jehova Molimo o “bua” le rōna ka Lentsoe la hae, Bibele. (2 Timothea 3:16, 17) Ke hobane’ng ha re ka cho joalo? Ka mohlala: A re re u fumane lengolo le tsoang ho motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo. Ka mor’a ho le bala, u ikutloa joalokaha eka motsoalle oa hao o ne a buisana le uena. Ka tsela e tšoanang, ha u bala Bibele, u lumella Jehova hore a bue le uena. Ke kahoo Gina eo ho builoeng ka eena sehloohong se qalang a reng: “Ke nahana hore haeba ke batla ho ba motsoalle oa Molimo, ke lokela ho hlahlobisisa ‘lengolo’ leo a re ngoletseng lona, e leng Bibele. Ho bala Bibele letsatsi le letsatsi ho etsa hore ke atamele haufi le Molimo.” Na u lumella Jehova hore a bue le uena letsatsi le letsatsi ka hore u bale Lentsoe la hae Bibele letsatsi le leng le le leng? Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u atamele haufi le Molimo.

      a E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le hore na u ka atamela haufi le Molimo joang ka thapelo, sheba khaolo ea 17 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

  • Na U Etsa Lintho Tse Khahlisang Molimo?
    Molula-Qhooa—2014 | December 1
    • Monna o nkisa mosali e mong

      SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA BA MOTSOALLE OA MOLIMO

      Na U Etsa Lintho Tse Khahlisang Molimo?

      “Ha u e-na le seo u se hlokang u bue feela, ke malala-a-laotsoe ho u thusa.” Ntle ho tika-tiko u ke ke ua bua mantsoe a joalo ho motho eo u sa mo tsebeng ho hang kapa eo u mo tloaetseng feela. Empa u ne u tla a bua ka bolokolohi ho motsoalle eo u mo ratang. Ka tlhaho metsoalle e etsetsana lintho tse molemo.

      Bibele e bontša hore hangata Jehova o etsa lintho tseo a tsebang hore li tla thabisa bahlanka ba hae. Ka mohlala, Morena Davida eo e neng e le motsoalle ea haufi oa Molimo, o ile a re: “U entse lintho tse ngata, Jehova Molimo oa ka, mesebetsi ea hao e hlollang le menahano ea hao ho rōna. . . . E mengata ho feta kamoo nka e phetang!” (Pesaleme ea 40:5) Ho phaella moo, Jehova o etsetsa le batho ba sa mo tsebeng lintho tse molemo, ‘o tlatsa lipelo tsa bona ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.’—Liketso 14:17.

      Re thabela ho etsa lintho tse khahlisang batho bao re ba ratang le ho ba hlompha

      Kaha Jehova o thabela ho etsa lintho tse thabisang batho, ke ho utloahalang hore a lebelle hore batho ba batlang ho ba metsoalle ea hae ba etse lintho tse mo ‘thabisang pelo.’ (Liproverbia 27:11) Empa ka ho toba ke’ng seo u ka se etsang ho khahlisa Molimo? Bibele e araba ka ho re: “Le se ke la lebala ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang, kaha Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.” (Baheberu 13:16) Na see se bolela hore ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang ke sona feela se hlokahalang hore re khahlise Jehova?

      Bibele e re, “Kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho mo khahlisa.” (Baheberu 11:6) Kamoo ho bonahalang kateng, ke feela ka mor’a hore ‘Abrahama a behe tumelo ho Jehova’ a ileng “a bitsoa ‘motsoalle oa Jehova.’” (Jakobo 2:23) Jesu Kreste le eena o ile a hatisa bohlokoa ba ho ‘bontša tumelo ho Molimo’ e le hore a ka re hlohonolofatsa. (Johanne 14:1) Joale ke joang u ka bang le tumelo eo Molimo a batlang hore batho ba mo atamelang ba be le eona? Mohato oa pele ke ho ithuta Lentsoe la Molimo Bibele kamehla. Ha u etsa joalo, u tla fumana “tsebo e nepahetseng ea thato ea hae” ’me u tla ithuta ho mo ‘khahlisa ka botlalo.’ Kahoo, ha tsebo ea hao e nepahetseng ka Jehova e ntse e eketseha ’me u sebelisa seo u ithutang sona ka melao ea hae e lokileng, tumelo ea hao ho eena e tla matlafala ’me o tla atamela ho uena haholoanyane.—Bakolose 1:9, 10.

  • Tsela e Molemo ka ho Fetisisa ea Bophelo
    Molula-Qhooa—2014 | December 1
    • Monna o bala Bibele

      SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA BA MOTSOALLE OA MOLIMO

      Tsela e Molemo ka ho Fetisisa ea Bophelo

      U ka etsa’ng hore u be motsoalle oa Molimo? Re se re buile ka mehato e latelang eo u ka e nkang hore u be motsoalle oa hae:

      1. Tseba lebitso la Molimo e leng Jehova, ’me u le sebelise.

      2. Buisana le eena letsatsi le letsatsi ka thapelo le ka ho bala Lentsoe la hae Bibele.

      3. Ikitlaelletse ho khahlisa Jehova.

      Monna oa rapela

      Atamela ho Molimo ka ho sebelisa lebitso la hae, ho mo rapela, ho ithuta Lentsoe la hae le ka ho mo khahlisa

      Ha u nahana ka mehato ee, na u ka re u se u ntse u etsa lintho tse hlokahalang hore u be motsoalle oa Molimo? Na ho na le moo u bonang eka u ka ntlafatsa? Ho hlakile hore u lokela ho ikitlaetsa, empa meputso ea seo e mengata.

      Jennifer, oa United States o re: “Hoa putsa ho ikitlaelletsa ho ba le kamano e ntle le Molimo. Ho ba le kamano le Molimo ho tlisa melemo e mengata e kang, ho mo tšepa haholoanyane, ho utloisisa botho ba hae ’me ka holimo ho tsohle, ho mo rata haholoanyane. Ke eona ntho e etsang hore ke thabele bophelo ka ho fetisisa!”

      Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho u thusa ho ba le kamano e haufi le Molimo. Ba ka ithuta Bibele le uena ba sa u lefise. Hape u ka ea libokeng tsa bona tse sebakeng sa heno, moo u tla kopana le batho ba thabelang ho ba le kamano le Molimo.a Ha u etsa joalo, le uena u tla ikutloa joaloka mopesaleme ea ileng a re: “Empa ha e le ’na, ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na.”—Pesaleme ea 73:28.

      a Ho kōpa thuto ea Bibele kapa hore u tsebe hore na Lipaki tsa sebakeng sa heno li kenela hokae, re kōpa u botse motho ea u fileng makasine ena kapa u kene Websaeteng ea rōna e leng www.pr2711.com/st ’me u kene tlas’a karolo e reng IKOPANYE LE RŌNA ho elella botlaaseng ba leqephe.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela