-
Mpho e BabatsehangMolula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2017 | No. 2
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | AMOHELA MPHO EA BOHLOKOA E TSOANG HO MOLIMO!
Mpho e Babatsehang
JORDAN o tšoere mochini o betlang lipentšele o kang sekepe. Mochine ona o ka bonahala e le ntho feela ho ba bang empa ho eena ke oa bohlokoa haholo. Jordan o re: “Ntate-moholo Russell, ea neng a tloaetse ho chakela heso, o ile a mpha mochine ona ha ke sa le ngoana.” Ka mor’a lefu la ntate-moholo Russell, Jordan o ile a bolelloa hore batsoali ba hae le ntate-moholo oa hae ba ile ba matlafatsoa ke ntate-moholo Russell, nakong eo ho neng ho le thata. Jordan o re: “Kaha joale ke se ke tseba lintho tse ngata ka ntate-moholo Russell, ke nka mpho ena e le ea bohlokoa haholo ho feta leha e le neng pele.”
Joalokaha re bone, batho bang ba ka ’na ba se ke ba bona bohlokoa ba mpho e itseng kapa ba se e nkele hloohong. Empa ho motho ea e fuoang ke ea bohlokoa haholo. Bibele e hlalosa mpho eo ho seng letho le ka bapisoang le eona ka tsela ena: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.
Nahana feela! Mpho ena e ka fana ka bophelo bo sa feleng. Na ho na le mpho ea bohlokoa ho feta ee? Le hoja ba bang ba ka ’na ba se ke ba e ananela, Bakreste ba ’nete bona ba e nka e le ea “bohlokoa.” (Pesaleme ea 49:8; 1 Petrose 1:18, 19) Empa ke hobane’ng ha Molimo a fane ka bophelo ba Mora oa hae e le mpho?
Moapostola Pauluse o fana ka lebaka ha a re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle.” (Baroma 5:12) Motho oa pele e leng Adama, o ile a etsa sebe ka boomo ka ho se mamele Molimo ’me a tlisetsa batho lefu. Kahoo ka lebaka la Adama, kaofela ha rona rea shoa.
Bibele e re: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu, empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rona.” (Baroma 6:23) Molimo o ile a romela mora oa hae Jesu Kreste lefatšeng, hore a fane ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le hore a lopolle batho lefung. Ka lebaka la mpho eo e bitsoang “thekollo”, bohle ba bontšang tumelo ho Jesu ba tla fumana bophelo bo sa feleng.—Baroma 3:24.
Ha a bua ka litlhohonolofatso tseo Molimo a li fang barapeli ba hae a sebelisa Jesu Kreste, Pauluse o re: “Ho ke ho lebohuoe Molimo bakeng sa mpho ea hae e ke keng ea hlalosoa e sa lefelloeng.” (2 Bakorinthe 9:15) Ka sebele, thekollo ke mpho e babatsehang hoo re se nang mantsoe a ho e hlalosa. Empa har’a limpho tsohle tseo Molimo a li fang batho, ke hobane’ng ha thekollo e ikhetha? Ke ka tsela efe e leng mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa?a Re ka bontša joang hore rea e ananela? Fumana likarabo tsa lipotso tsena lihloohong tse latelang.
a Ka boithatelo, Jesu o ile a “nehelana ka moea oa hae bakeng sa rona.” (1 Johanne 3:16) Leha ho le joalo, kaha ke Molimo ea neng a romme Jesu, makasineng ena re tla bua ka Molimo e le eena Mofani oa thekollo.
-
-
Mpho eo Molimo a Faneng ka Eona ke ea Bohlokoa HaholoMolula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2017 | No. 2
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | AMOHELA MPHO EA BOHLOKOA E TSOANG HO MOLIMO!
Mpho eo Molimo a Faneng ka Eona ke ea Bohlokoa Haholo
Ke’ng se etsang hore mpho e be ea bohlokoa ho uena? Mohlomong ke mabaka a latelang: (1) mpho e tsoa ho mang, (2) ke hobane’ng ha a u file eona, (3) motho ea u fileng eona o entse boitelo bofe hore a u fe mpho eo, le hore (4) na mpho eo e ne hlile e le ntho eo u e hlokang ka nako eo. Ho nahana ka mabaka ana ho ka re thusa hore re ananele haholoanyane mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re e filoeng ke Molimo, e leng thekollo.
KE MANG EA FANENG KA EONA?
Limpho tse ling ke tsa bohlokoa ho rona hobane li tsoa ho batho ba itseng ba tsebahalang kapa bao re ba ratang haholo. Le hoja e le tsa boleng bo tlaase, limpho tse ling ke tsa bohlokoa hobane feela li tsoa ho setho sa lelapa kapa ho metsoalle ea rona. Ho joalo le ka mpho eo ntate-moholo Russell a ileng a e fa Jordan, eo re buileng ka eena sehloohong se fetileng. Taba ee e amana joang le mpho ea thekollo?
Bibele e re: “Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena.” (1 Johanne 4:9) Sena se etsa hore thekollo e be mpho ea bohlokoa haholo. Molimo o matla ’ohle. Ha mopesaleme a bua ka Molimo, o ile a re: “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” (Pesaleme ea 83:18). Ruri ha ho motho e mong ea ka re fang mpho ea bohlokoa hakaalo.
Bibele e boetse e re Molimo ke ‘Ntate oa rona.’ (Esaia 63:16) Ka tsela efe? O re file bophelo. Ho ekelletsa moo, Jehova ke ntate oa rona, ’me o re rata joalokaha ntate a rata bana ba hae. Ha a bua le batho ba hae ba mehleng ea Bibele, ba neng ba boetse ba bitsoa Efraime, o ile a re: “Na Efraime ke mora oa bohlokoa ho ’na, kapa ngoana ea tšoaroang ka lerato? . . . Ruri ke tla mo hauhela.” (Jeremia 31:20) Molimo o ikutloa joalo le ka barapeli ba hae ba mehleng ena. Hase feela hore ke ’Mopi oa rona ea matla ’ohle, empa hape ke Motsoalle le Ntate oa rona ea tšepahalang. Ka sebele sena se etsa hore limpho tsohle tseo a re fang tsona e be tsa bohlokoa.
KE HOBANE’NG HA MOLIMO A FANE KA MPHO EE?
Limpho tse ling li bohlokoa hobane li fanoe ka lerato, eseng ka ho qobelloa. Mofani ea se nang boithati ha a lebelle hore a buseletsoe ka lebaka la ho bontša ba bang mosa.
Molimo o re file Mora oa hae hobane a re rata. Bibele e re: “Lerato la Molimo le ile la bonahatsoa ho rōna ka sena, hobane Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng.” Hobane’ng? “E le hore re ka fumana bophelo ka eena.” (1 Johanne 4:9) Na Molimo o ne a tlamehile ho etsa joalo? Ho hang! “Thekollo e lefiloeng ke Kreste Jesu” ke ponahatso ea lerato la Molimo le “mosa oa hae o sa tšoanelang” kapa mohau oa hae.—Baroma 3:24.
Mpho ee ea Molimo e bontša mohau oa hae ka tsela efe? Bibele e re: “Molimo o buella lerato la hae ho rōna ka hore, ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.” (Baroma 5:8) Molimo o ile a susumetsoa ke lerato hore a thuse batho ba fokolang, ba baetsalibe le ba se nang mang oe! Ka hona, mpho ena ha rea e sebeletsa ebile re ke ke ra khona ho patala Molimo bakeng sa eona. Ha ho mohla ho tla ke ho be le lerato le fetang leo Molimo a re bontšitseng lona.
KE BOITELO BOFE BOO A BO ENTSENG?
Limpho tse ling ke tsa bohlokoa hobane mofani oa tsona a ile a tela lintho tse ngata e le hore a fane ka tsona. Haeba motho a tela ntho eo a e ratang haholo ’me a re fa eona, re ananela mpho eo le ho feta.
Molimo o ile “a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši.” (Johanne 3:16) Ruri Jesu e ne e le motho oa bohlokoa haholo ho eena. Lilemong tse ngata-ngata tseo Molimo a neng a ntse a bopa bokahohle ka tsona, Jesu o ne a sebetsa le eena ’me ea e-ba ‘eo Molimo a neng a mo rata ka ho khethehileng.’ (Liproverbia 8:30) Jesu ke ‘Mora oa Molimo ea ratoang’ hape ke “setšoantšo sa Molimo ea sa bonahaleng.” (Bakolose 1:13-15) Ha ho kamano e matla ho feta e teng pakeng tsa Molimo le Jesu.
Leha ho le joalo, Molimo ha aa ka “a qenehela esita le Mora oa hae.” (Baroma 8:32) Jehova o re file se molemohali seo a nang le sona. Ka ho fana ka mpho ena, Molimo o tetse ntho e kholo ka ho fetisisa ho eena.
NA RE NE RE HLILE RE HLOKA MPHO EE?
Ka linako tse ling mpho e ka ba ea bohlokoa hobane e tlile ka nako e loketseng, ka nako eo u e hlokang e le kannete. Mohlala, na u ne u ke ke oa thaba haeba motho e mong a ne a ka u patalla hore u fumane kalafo sepetlele ho pholosa bophelo ba hao? Ruri u ne u ke ke oa khaotsa ho mo leboha!
Bibele e re: “Feela joalokaha ka Adama bohle ba shoa, kahoo hape bohle ba tla phelisoa ka Kreste.” (1 Bakorinthe 15:22) Joaloka bana ba Adama, kaofela ha rona rea “shoa” kahoo re sitoa ho itokolla sebeng le lefung kapa hona ho boelana le Molimo. Re boetse re ke ke ra khona ho ‘phelisa’ batho ba bang. Bibele e beha taba ena tjena: “Ha ho le ea mong oa bona eo ka mokhoa leha e le ofe a ka lopollang esita le mor’abo, kapa a fa Molimo thekollo bakeng sa hae.” (Pesaleme ea 49:7, 8) Re hloka thekollo e le kannete hobane re ne re ke ke ra khona ho itokolla sebeng. Haeba e ne e se ka eona ho ne ho se mohla re tla boelana le Molimo.
Ka lebaka la lerato la hae le leholo, Jehova o ile a ithaopela ho lefella “kalafo” eo re neng re e hloka, e le hore ‘bohle ba ka phelisoa’ ka Kreste Jesu. Thekollo e khona ho finyella see joang? “Mali a Mora oa hae Jesu a re hloekisa sebeng sohle.” Kahoo, haeba re bontša tumelo sehlabelong sa thekollo se entsoeng ka mali a Jesu, re ka fumana tšoarelo bakeng sa libe tsa rona ’me ra ba le monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng. (1 Johanne 1:7; 5:13) Thekollo e tla thusa beng ka rona ba hlokahetseng joang? Bibele e re: “Kaha lefu le teng ka motho, tsoho ea bafu le eona e teng ka motho [e leng Jesu].”—1 Bakorinthe 15:21.a
Ha ho na mpho e ka lekanang le eo Molimo a ileng a re fa eona ka Jesu. Ha ho motho ea kileng a tela ho hongata molemong oa rona ho feta Jehova Molimo, ebile ha ho mpho eo re e hlokang ho feta sehlabelo se re lokollang sebeng le lefung. Ruri thekollo ke mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa!
a Haeba u lakatsa ho tseba ho eketsehileng ka morero oa Molimo oa ho tsosa bafu, sheba Khaolo 7 ea buka ea Ha e le Hantle ke’ng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova e fumanehang websaeteng ea www.pr2711.com/st.
-
-
U ka Bontša Joang Hore U Ananela Mpho eo Molimo a U Fileng Eona?Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2017 | No. 2
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | AMOHELA MPHO EA BOHLOKOA E TSOANG HO MOLIMO!
U ka Bontša Joang Hore U Ananela Mpho eo Molimo a U Fileng Eona?
“Lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella . . . O ile a shoela bohle e le hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela, empa ba phelele ea ileng a ba shoela.”—2 Bakorinthe 5:14, 15.
MPHO eo Molimo a re fileng eona e etsa hore re batle ho mo etsetsa ho itseng. Jesu o ile a bua ka sena ka mor’a ho folisa banna ba leshome ba neng ba tšoeroe ke lefu le bohloko, le neng le se na pheko ka nako eo. E mong oa banna bao o ile a khutlela ho Jesu ho ea mo leboha, “a tlotlisa Molimo ka lentsoe le phahameng.” Jesu o ile a re ho eena: “Ho hloekisitsoe ba leshome, na ha ho joalo? Joale, ba bang ba robong ba hokae?” (Luka 17:12-17) Re ithuta’ng tabeng ee? Ho bonolo ho lebala liketso tse mosa tseo ba bang ba re etselitseng tsona.
Thekollo e fapane hole le limpho tse ling. Ke mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Joale, u lokela ho etsa’ng ho bontša hore u ananela seo Molimo a u etselitseng sona?
Tseba Mofani oa mpho eo haholoanyane. Ha ho itlele feela hore thekollo e u fe bophelo bo sa feleng. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a bua ka sena thapelong ha a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete , le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Haeba u ne u ka bolelloa hore motho ea itseng o pholositse bophelo ba hao ha u sa le ngoana, na u ne u ke ke oa batla ho tseba haholoanyane ka motho eo le hore na o ile a susumetsoa ke’ng? Jehova Molimo, ea ileng a fana ka mpho ea thekollo e pholosang bophelo, o batla hore u mo tsebe le hore u be motsoalle oa hae. Bibele e re ho rona: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lona.”—Jakobo 4:8.
E-ba le tumelo sehlabelong sa thekollo. Bibele e re: “Ea bontšang tumelo ho Mora o na le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:36) Ho bolela’ng ho bontša tumelo? Ho bolela ho etsa liketso tse bontšang hore u na le tumelo sehlabelong sena sa thekollo. (Jakobo 2:17) Ke liketso tsa mofuta ofe tseo ho buuoang ka tsona? Haeba motho a u fa mpho ’me u e nka, u bontša hore oa e amohela. Joale, u lokela ho etsa se tšoanang ka mpho ea thekollo. Ka tsela efe? Ithute kamoo Molimo a batlang hore u phele kateng ’me u sebelise seo u ithutang sona.a Rapela ’me u kope hore Molimo a u tšoarele le hore a u thuse ho ba le letsoalo le hloekileng. Haeba u bontša tumelo sehlabelong sa thekollo, u tla ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le renang khotso le le sireletsehileng.—Baheberu 11:1.
E-ea Sehopotsong sa lefu la Jesu. Jesu o ile a theha mokete oa selemo le selemo o re thusang ho hopola mpho ea thekollo. Ha a bua ka mokete ona, Jesu o ile a re: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:19) Lipaki Tsa Jehova li tla ikhopotsa lefu la Jesu ka Labobeli, la la 11 April 2017, ka mor’a hore letsatsi le likele. Ketsahalong ena e ka nkang hora, ho tla ba le puo ea Bibele e hlalosang bohlokoa ba lefu la Jesu le melemo eo re e fumanang ka lebaka la lona. Selemong se fetileng, batho ba ka bang limilione tse 20 lefatšeng lohle ba ile ba ea Sehopotsong. Re u mema hore u be le rona ha re bontša hore re ananela mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo Molimo a re fileng eona.
a Tsela e molemo ea ho tseba haholoanyane ka Molimo ke ka ho ithuta Lentsoe la hae, e leng Bibele. Kopa e mong oa Lipaki Tsa Jehova ho u bontša hore na u ka ithuta Bibele joang kapa u kene websaeteng ea rona ea www.pr2711.com/st.
-