Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Mpho ea Bohlokoa Haholo eo Nkileng ka e Fuoa”
    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2017 | No. 6
    • Ngoanana o nkile ntja, ausi o ntse a penya k’homphieutha, ntate o nkile karete eo a e etselitsoeng ke mohats’a hae

      SEHLOOHO SE KA NTLE | “U KA RATA HO FUOA MPHO E JOANG?”

      Mpho ea Bohlokoa Haholo eo Nkileng ka e Fuoa”

      Ngoanana e mong ea lilemo li 13 o ile a ikutloa joalo ka mor’a ho fuoa ntja. ’Mè e mong oa mohoebi o ile a re ha a ntse a kena sekolo, ntate oa hae o ile a mo fa k’homphieutha ’me e ile ea mo thusa haholo. Ntate e mong eena o ne a thabile haholo hobane mosali oa hae a mo etselitse karete ka mor’a hore ba qete selemo ba nyalane.

      Selemo le selemo batho ba bangata ba qeta nako e ngata ba batla limpho tseo batho bao ba ba ratang ba ka li thabelang. Batho ba thaba haholo ha ba bona hore limpho tseo ba faneng ka tsona lia thabeloa. Le uena u ka tiisa hore limpho tseo u fanang ka tsona ke tseo batho ba ka li ratang.

      Limpho li thabisa haholo, eseng feela ha u li fumana, empa le ha u fana ka tsona. Bibele e re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso. 20:35) Joale ha motho ea fuoang a bontša hore o thabela mpho eo, ea fanang o thaba le ho feta.

      U ka etsa’ng hore uena le motho eo u mo fang mpho le khotsofale? Hape, haeba ho le thata hore u fane ka mpho eo u ka ikotlang sefuba ka eona, u ka etsa’ng hore motho eo u mo fang eona a e thabele?

  • Mpho e Khotsofatsang ke e Joang?
    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2017 | No. 6
    • Lintho tseo motho a ka fanang ka tsona e le limpho

      SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA RATA HO FUOA MPHO E JOANG?

      Mpho e Khotsofatsang ke e Joang?

      Ho thata ho tseba hore na ke mpho efe eo u ka e fang motho eaba oa e thabela. Ho feta moo, hore na mpho e bohlokoa hakae ho tsoa ka hore na ea e fuoang o ikutloa joang ka eona. Hape, ntho e molemo ho motho e mong e ka ’na ea se ke ea e-ba molemo ho e mong.

      Ka mohlala, ha u ka fa mocha fono ea morao-rao, a ka e thabela haholo. Empa motho e moholo a ka thaba haholo ha a ka fuoa lefa. Batho ba bang bona ba rata ho fuoa chelete e le hore ba reke lintho tseo ba li batlang, ebang ba bacha kapa ba baholo.

      Ho ntse ho le joalo, batho ba bangata ba etsa boiteko ba ho fana ka limpho tseo batho ba ka li thabelang. A re ke bue ka lintho tse ’nè tseo haeba re li etsa re ka atlehang ho fana ka limpho tse ka khotsofatsang rona le bao re ba fang tsona.

      Nahana ka hore na motho eo u batlang ho mo fa mpho o rata’ng. Ntate e mong ea lulang Ireland o re mpho eo a neng a e rata haholo ke baesekele eo a kileng a e fuoa ha a le monyane. O re o e filoe nakong eo a neng a hlile a e batla. Ho latela mohlala oa ntate enoa, hoa hlaka hore motho o thaba haholo ha a fuoa ntho eo a hlileng a e ratang. Kahoo, nahana ka hore na motho eo u tl’o mo fa mpho o hloka’ng. Hape, tseba hore na ke lintho life tse bohlokoa ho motho eo hobane e ka ’na eaba ke tsona tseo a ka li thabelang haholo. Ka mohlala, bo-nkhono le bo-ntate moholo ba rata ho qeta nako e ngata ba e-na le bana le litloholo tsa bona. Kahoo, ba ka thaba haholo haeba u ka ba chakela.

      U lokela ho mamela ka hloko e le hore u tle u tsebe hore na motho o hloka’ng. Bibele e re: “E mong le e mong a potlakele ho utloa, a liehe ho bua.” (Jakobo 1:19) Kahoo, letsatsi le letsatsi ha u ntse u qoqa le metsoalle le beng ka uena, ithute lintho tseo ba li ratang le tseo ba sa li rateng. Ho etsa joalo ho tla u nolofalletsa ho ba fa limpho tseo ba tla li thabela haholo.

      Motho eo u batlang ho mo fa mpho o hloka’ng? A ka e thabela haholo haeba e hlile e le ntho eo a e hlokang, ho sa tsotellehe hore na mpho eo ke ntho e nyane hakae. Empa u ka tseba joang hore na motho e mong o hloka’ng?

      Ho ka bonahala ho le bonolo hore u mo botse hore na o hloka’ng. Empa ho batho ba bangata ba ratang ho fana ka limpho, ho botsa motho hore na o batla’ng ho etsa hore ba se ke ba utloa monate oa ho fa motho mpho a sa e lebella. Hape, le hoja batho ba bang ba ka khona ho bua hore na ba rata’ng, ha ba rate eng, ha ba nolofalloe ho bua ka lintho tseo ba li hlokang.

      Sheba maemo a motho ’me u lemohe lintho tseo a hlileng a li hlokang. Ka mohlala, na motho eo ke motho oa ntate kapa oa ’mè, ke lesoha, o nyetsoe kapa o hlalane le molekane oa hae? Na o hlokahaletsoe ke molekane, oa sebetsa kapa ha a sebetse? Kahoo, nahana ka hore na ebe ke mpho efe e ka mo thusang.

      U ka bontša hore u na le temohisiso ka hore u botse batho ba kileng ba ba boemong bo tšoanang le ba motho eo u batlang ho mo fa mpho. Ba ka u bolella lintho tseo motho eo a li hlokang tseo ho ka etsahalang hore ebe batho ba bang ha ba li hlokomele. Ha u etsa joalo, u ka khona ho fana ka mpho e ka thusang motho eo u batlang ho mo fa eona.

      Nako e nepahetseng. Bibele e re: “Lentsoe le buuoang ka nako ea lona e nepahetseng le molemo hakaakang!” (Liproverbia 15:23) Lengolo lena le bontša hore ho bua mantsoe a khothatsang ka nako e nepahetseng ho ka thabisa motho haholo. Hoa tšoana le ha u fa motho mpho ka nako e nepahetseng.

      Hangata batho ba fana ka limpho ha metsoalle ea bona e nyala kapa e nyaloa, ha e e-ba le bana le ha ngoana a qeta sekolo. E le hore ba hopole liketsahalo tse kang tsena, batho ba bang ba ngola fatše hore na li tla etsahala neng e le hore ba itokisetse ho reka limpho tse loketseng.a

      Ke ’nete hore ha oa lokela ho fana ka limpho matsatsing a khethehileng kapa ha ho e-na le mekete feela. Kaha ho fana hoa thabisa, u ka fana ka mpho neng le neng ha ho khoneha. Leha ho le joalo, u lokela ho ba hlokolosi. Ka mohlala, haeba moshanyana a fa ngoanana mpho ho se na lebaka le hlakileng la ho etsa joalo, ngoanana a ka ’na a nahana hore moshanyana eo oa mo rata. Empa haeba a hlile a mo rata, ha ho phoso ho etsa joalo. Taba ena e bontša hore pele u fana ka mpho u lokela ho nahana ka hore na ke hobane’ng ha u fana ka eona.

      Lebaka la ho fana ka mpho. Mohlala o boletsoeng ka holimo oa bontša hore u lokela ho tseba hore na ke hobane’ng ha u fana ka mpho. Le hoja batho ba bangata ba na le mabaka a utloahalang a ho fana ka limpho, ba etsa phoso ea ho fana ka tsona hobane ba utloa ba tlamehile. Ka linako tse ling ha ba bang ba fana, ba lebeletse hore le bona ba fuoe ho hong.

      Etsa bonnete ba hore u na le lebaka le utloahalang la ho fana. Bibele e re: “Litaba tsohle tsa lōna li ke li etsahale ka lerato.” (1 Bakorinthe 16:14) Haeba u rata batho bao u ba fang limpho, ba tla li thabela hobane ba bona hore u motho ea seatla se bulehileng. Haeba u fana hobane u rata batho, u thabisa Molimo. Moapostola Pauluse o ile a babatsa Bakreste ba Korinthe hobane ba ne ba thusa Bakreste-’moho le bona ba Judea. O ile a re: “Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.”—2 Bakorinthe 9:7.

      Batho ba tla thabela limpho tseo u ba fang tsona haeba u etsa lintho tsena tseo re buileng ka tsona. Mabaka ana le a mang ke ’ona a entseng hore Molimo a fe batho mpho ea bohlokoa haholo. E le hore u tsebe hore na mpho eo ea bohlokoa ke efe, u ka bala sehlooho se latelang.

      a Ba bang ba fana ka limpho ka matsatsi a phomolo kapa meketeng ea matsatsi a tsoalo. Leha ho le joalo, Bibele ha e lumellane le mekete ena. Sheba sehlooho se reng “Babali ba Batla ho Tseba—Na Bakreste ba lokela ho keteka Keresemese?” se makasineng ena.

  • Mpho ea Bohlokoa ka ho Fetisisa
    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2017 | No. 6
    • Malapa a Paradeiseng

      Molimo o re file mpho ea bohlokoa haholo e re thusang ho tšepa hore ka nako e ’ngoe re tla phela re sa shoe

      SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA RATA HO FUOA MPHO E JOANG?

      Mpho ea Bohlokoa ka ho Fetisisa

      “Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng e tsoa holimo, kaha e theoha ho Ntate oa maseli a leholimo.” (Jakobo 1:17) Lengolo lena le bontša hore Jehova ke Molimo ea seatla se bulehileng. Har’a limpho tse ngata tseo Molimo a li fileng batho, ho na le ea bohlokoa ho feta tsohle. Lengolong la Johanne 3:16, Jesu o ile a re: “Etsoe Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” Mantsoe ao aa re hlakisetsa hore na mpho eo ke efe.

      Mpho ea bohlokoa eo Molimo a re fileng eona ke mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, hobane ka eena re na le tšepo ea hore re ke ke ra hlola re e-ba le sebe, re tsofala kapa re e-shoa. (Pesaleme ea 51:5; Johanne 8:34) Ho sa tsotellehe hore na re ka leka ka matla hakae, re ke ke khona ho qoba lintho tsena. Ha Molimo a fana ka mora oa hae Jesu Kreste, o entse hore batho bohle ba mo ratang ba be le tšepo ea ho phela ho se mohla ba tla shoa. Empa na ho ne ho hlokahala hore Molimo a fane ka mora oa hae? Hape ke melemo efe eo re e fumanang hobane a re shoetse?

      Bibele e re hlalosetsa hore Adama le Eva ba bopiloe ba se na sebe, ba e-na le tšepo ea hore bona le bana bao ba neng ba tla ba le bona ba tla phela paradeiseng mona lefatšeng ho se mohla ba tla shoa. (Genese 1:26-28) Litaba tse sa jeseng litheohelang ke hore ba ile ba lahleheloa ke bokamoso boo bo monate ha ba etsa sebe. Bibele e re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) Kaha Adama e ne e se e le moetsalibe, o ne a ke ke a ba le bana ba phethahetseng.

      Boemong bona, ho ne hlokahala hore ho fanoe ka bophelo ba motho ea phethahetseng e le hore batho ba se ke ba hlola ba e-ba le sebe. Ha Adama a ne a etsa sebe, o ile a khaotsa ho ba motho ea phethahetseng. Bibele e re sebe sa Adama se ile sa etsa hore bana ba hae e be makhoba a sebe le lefu. Kahoo, ho ne ho hlokahala bophelo ba motho ea phethahetseng e leng Jesu, hore batho ba tlosoe boemong boo. (Baroma 5:19; Baefese 1:7) Batho ba na le tšepo ea ho phela paradeiseng mona lefatšeng ho se mohla ba tla shoa hobane Molimo a fane ka mpho ena ea bohlokoa, e leng mora oa hae.—Tšenolo 21:3-5.

      Mpho ena eo Molimo a faneng ka eona e bohlokoa haholo hobane e fa batho monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. E le hore re bone kamoo mpho ena e leng bohlokoa kateng, a re ke re bone kamoo Molimo a ileng a etsa lintho tse ’nè tseo re buileng ka tsona sehloohong se fetileng.

      Re fumana lintho tseo re li ratang. Ha ho na motho ea ratang ho shoa. (Moeklesia 3:11) Ebile ha ho na letho leo re ka le etsang hore re se ke ra shoa, empa mpho ena eo Molimo a re fileng eona e re fa tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Bibele e re: “Etsoe moputso oo sebe se o lefang ke lefu, empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.”—Baroma 6:23.

      Re fumana lintho tseo re li hlokang. Ha ho na motho ea ka pholosang batho sebeng le lefung. Bibele e re: “Tefo ea topollo ea moea oa bona ke ea bohlokoa haholo hoo e leng sieo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Pesaleme ea 49:8) Kahoo, re hlile re hloka thuso ea Molimo hore re se ke ra ba le sebe le hore re se hlole re e-shoa. Molimo o re lopolotse litleneng tsa sebe le lefu ka ho fana ka mora oa hae.—Baroma 3:23, 24.

      Molimo o re file eona ka nako e nepahetseng. Bibele e re: “Empa Molimo o buella lerato la hae ho rōna ka hore, ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.” (Baroma 5:8) Taba ea hore Molimo o fane ka mora oa hae molemong oa rona “ha re sa ntse re le baetsalibe,” e bontša hore o re rata haholo. Kahoo, re ka lebella hore ho na le lintho tse ngata tse thabisang tseo Molimo a tla re etsetsa tsona le hoja hona joale re na le mathata ka lebaka la sebe.

      Molimo o re file eona hobane a re rata. Bibele e re bolella lebaka leo Molimo a faneng ka mora oa hae ka lona ha e re: “Lerato la Molimo le ile la bonahatsoa ho rōna ka sena, hobane Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena. Lerato le ka tsela ena, eseng hore re ratile Molimo, empa hore o ile a re rata ’me a romela Mora oa hae e le sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna.”—1 Johanne 4:9, 10.

      U ka bontša Molimo joang hore oa leboha ha a u file mpho ee ea bohlokoa? Hopola mantsoe a Jesu a hlahang ho Johanne 3:16 a hlakisang hore “e mong le e mong ea bontšang tumelo” o tla bolokeha. Bibele e re: “Tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona.” (Baheberu 11:1) Hore re be le tšepo eo, re lokela ho ithuta Lentsoe la Molimo. Ka hona, re u khothalletsa hore u ithute ka Jehova Molimo ea faneng ka mpho ena ea bohlokoa haholo. U ka boela oa batla hore na u lokela ho etsa’ng hore u fumane bophelo bo sa feleng boo re tlang ho bo fumana hobane Jesu a re shoetse.

      U ka boela oa ithuta lithuto tsena tse hlahang ka Bibeleng ho www.pr2711.com/st. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho u thusa ho ithuta litaba tsena. Re kholisehile hore ka mor’a hore u ithute ka mpho ena le kamoo e ka u tsoelang molemo kateng, le uena u tla re: “Ho lebohuoe Molimo ka Jesu Kreste Morena oa rōna!”—Baroma 7:25.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela